Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
Likopano tsa selemo le selemo tsa Lipaki tsa Jehova ke tse ling tsa liketsahalo tse hlahelletseng tsa selemo. Letoto la likopano tsa setereke le qalileng bohareng ba 1999 le ne le e-na le sehlooho se reng “Lentsoe la Molimo la Boprofeta.” Lenaneo leo le ne le totobatsa bohlokoa ba ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng ’me le ile la hatisa sena ka tšoantšiso e amang tlaleho ea Jakobo le Esau. Lipuo li ne li akarelletsa kakaretso ea boprofeta bo bukeng ea Daniele le ho tšohloa ho batsi ha buka ea Habakuke. Lenaneo le ile la totobatsa hore tsamaiso ena ea khale e haufi le ho fela. Ntle le ho tšohla mosebetsi oa ho paka o etsoang hona joale, le ile la tsepamisa likelello tsa rōna litebellong tse thabisang tse akarellelitsoeng tšepisong e thabisang ea Jehova ea ho “etsa hore lintho tsohle li be ncha.”—Tšen. 21:5.
Ba tlileng kopanong ba ile ba thabela ho amohela ka lipuo tse 47 buka e ncha e nang le sehlooho se reng Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! Korea ho bile le thabo e eketsehileng—e, nyakallo e fetisisang—ha ho amoheloa New World Translation of the Holy Scriptures ka Sekorea.
Ho makatsang ke hore le hoja ntoa e ne e loanne ka likhoeli tse itseng, ho ile ha etsahala hore Yugoslavia ho lokolloe Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Seserbia. Ka lebaka la tšebelisano e haufi ea machaba, Mangolo a Segerike a Bakreste a ne a boetse a lokolloa ka Secroatia le Semacedonia linaheng tsa boahisani. Lingoliloeng tsena li ile tsa amoheloa ka meokho ea thabo.
Ho ne ho e-na le lebaka le khethehileng la thabo Yugoslavia. Naha ena e ne e itokiselitse ntoa khoeli eohle ea March. Ho hlaseloa ha Belgrade ka liqhomane ho ne ho tla bolela hore lipuisano tsa lithelefono li ne li ke ke tsa tšeptjoa, ’me ho ne ho tla ba le mathata a hore bafetoleli ba Belgrade ba fetisetse mosebetsi oa bona khatisong ea Jeremane. Ka Labobeli, la la 23 March, ho ile ha totobala hore ho tla qaleha litlhaselo tsa moeeng ’me ka lebaka leo barab’abo rōna ba neng ba lokisetsa tokollo ena ea kopano Belgrade ba ile ba ikemisetsa ho sebetsa bosiu kaofela. Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, lifaele tse hlokahalang tsa elektronike li ne li le tseleng. Lihora tse seng kae hamorao, tlhaselo ea liqhomane e ile ea qala. Ho sa tsotellehe ’nete ea hore sehlopha sena sa bafetoleli se ile sa tlameha ho ea litšabelong tsa liqhomane, se ne se thabile!
Thabo ea sona e ile ea phethahala likhoeli tse ’nè hamorao ha Bibele e hatisitsoeng e lokolloa har’a nyakallo e khōlō kopanong ea Belgrade. Ha e mong le e mong a se a iphumanetse ea hae, ba tlileng kopanong ba ile ba qhalana ka potlako. Barab’abo rōna ba ne ba e-ea moo ba robalang teng ho ea bala Bibele eo! Le hoja ba pota-potiloe ke lefatše leo ho lona likarohano tsa merabe le bolumeli li feletseng ka lipolao le lehloeo le sisimosang, ba ne ba kholisehile hore ba amohetse mpho e ntle ka ho fetisisa.
Mafelo-bekeng a latelang, kopano ea pele ho tse robeli e ile ea tšoaroa Indonesia, e leng naha e ’ngoe e khōlō Bochabela eo le eona e hlasetsoeng ke pefo ea lihlopha tsa bolumeli le tsa lipolotiki. Kopanong e neng e le Jakarta, ho bile teng ba 15 666 ba tsoang likarolong tse ngata tsa naha. Ka lekhetlo la pele, kolobetso e ile ea etsetsoa sebakeng sa kopano, ’me thabo e ne e khaphatseha ha bamameli ba shebeletse lithelevisheneng tse khōlō ha ho ntse ho kolobetsoa ba 430. Leha ho le joalo, thabo e ile ea fihla sehlohlolong ha ho phatlalatsoa hore New World Translation e feletseng e se e hatisitsoe ka Seindonesia le hore ho na le tšepo ea hore e tla fumaneha haufinyane hore e isoe ho batho.
Ho Phehella Tsela ea Molimo ea Bophelo
Ha e le hantle, selemo sa tšebeletso sa 1999 se qalile morao koana ka September 1998. Likhoeling tse qalang tsa selemo sa tšebeletso, Likopano tsa Machaba tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo” li ne li tsoela pele. Tse ngata li ne li se li ile tsa tšoaroa United States le Europe. Empa ho tloha ka September ho fihlela ka January, likopano tse ling tse 13 tsa machaba li ile tsa tšoareloa Afrika, Asia, Australia le Latin America.
Ea pele ho tsona selemong sa tšebeletso sa 1999 e ile ea tšoareloa São Paulo, Brazil, ho tloha ka la 18 ho fihlela ka la 20 September, 1998. Likopano li ile tsa tšoaroa ka nako e le ’ngoe libakeng tse ling tse 16, ho akarelletsa le Lebaleng la Lipapali la Maracanã le leholo haholo le Rio de Janeiro. Ba likete-kete ba neng ba tlile kopanong ba ne ba e-tsoa linaheng tse 15. Ba ne ba akarelletsa baromuoa ba 54, bao ba 23 ba bona ba neng ba tlohile Brazil ho ea sebeletsa Mozambique. Ka Sontaha ha ho tekoa qeto e bolelang hore tsela ea Molimo ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea bophelo, kakaretso e hlollang ea ba 516 333 libakeng tsena tse 17 e ile ea e amohela ka ho arabela ka Sim (E,) e matla!
Mafelong a beke eona eo, ba bang hape ba 63 886 ba ile ba tlala Lebaleng la Lipapali la Olympic, Seoul, Korea. Matsatsing a pele ho kopano ena, baeti ba tsoang mose ba 3 046 ba ile ba amoheloa boema-fofane ke Lipaki tse makholo tsa Makorea, tse neng li akarelletsa baralib’abo rōna ba neng ba apere liaparo tsa sehahabo bona tse mebala-bala. Ka mor’a puo ea ho qetela, ha baeti ba tsoang lichabeng ba leba libeseng tsa bona, ba likete-kete ba neng ba tlile kopanong ba ile ba ema ka mona le ka mane ba iketsa seo ba bang ba ileng ba se bitsa phaseje ea lerato, ’me ha baeti ba ntse ba feta, Lipaki tsa Makorea li ne li ntse li hoeletsa baeti ba tsona li re, “Re tla le bona Paradeiseng!” hape li re, “Rea le rata!” Meokho ea thabo e ile ea keleketla mahlong a ba bangata.
Meokho ea ba neng ba etetse Seoul e ne e e-s’o ome ha Leholiotsoana Georges le hlasela Puerto Rico. Kopano e latelang ea machaba e ne e lokela ho qala Puerto Rico ka Labohlano le latelang. Na e ne e tla ba teng? Ka lebaka la sefefo sena, ho ne ho lebeletsoe hore sehlekehleke sena kaofela se ne se tla hloka motlakase ka libeke-beke. Metsi a ile a koaloa; boema-fofane ba San Juan bo ile ba koaloa; matlo a barab’abo rōna ba neng ba ikemiselitse ho amohela baeti ba makholo ba tsoang mose ho maoatle a ile a ameha. Ka lebaka la koluoa ena, har’a libaka tse ’nè tse neng li lokiselitsoe likopano, re ile ra sala ka Lebala la Lipapali la Hiram Bithorn feela. Leha ho le joalo, ntho e makatsang ke hore mathata ana a ile a rarolloa ka ho latellana. Ba bileng teng kopanong ba ile ba fihla tlhōrōng ea ba 15 065!
Nako e fetang khoeli ka mor’a moo, ho tloha ka la 30 October ho ea ho la 1 November, ho ile ha tšoaroa likopano tse tharo tsa machaba Australia (Brisbane, Melbourne le Sydney). John Barr, Milton Henschel, Lloyd Barry, le Theodore Jaracz, ba Sehlopha se Busang, ba bile teng likopanong tseo. Ba babeli ba ho qetela ba kile ba sebeletsa Australia. Ho ne ho le teng baromuoa ba bangata ba chesehang ba nkiloeng Australia ’me ba isoa libakeng tse ling.
Ho ea qetellong ea 1998, likopano tse ling hape tsa machaba li ile tsa tšoareloa Afrika. Nairobi, Kenya, barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse sa tšoaneng tse 16 ba ile ba thabela ho balelloa har’a ba 24 502 ba neng ba khobokane Moi International Sports Centre ka December.
Bekeng e latelang, ho ile ha tšoaroa likopano tsa machaba tse ’nè Afrika Boroa (Cape Town, Durban, Johannesburg le Pretoria), ka kakaretso ea ba 83 858 ba bileng teng, ’me ba 1 626 ba ile ba kolobetsoa. Likopano tsena tsa machaba li ile tsa lateloa ke likopano tsa setereke tse 18. Ba bileng teng ho tsona ba ne ba le 53 901, ’me ha kolobetsoa ba bang hape ba 1 065. Nakong ena ho ile ha lokolloa New World Translation e feletseng ea Setsonga. Lerato le bonngoe tse neng li totobetse har’a bana bohle ba neng ba tlile likopanong e ne e le bopaki bo totobetseng ba hore kannete ba tšoaneloa ke tlhaloso ea Jesu ha a ne a re: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Joh. 13:35.
Mafelong a beke eona eo bofelong ba December, ho ile ha tšoaroa kopano Abidjan, Côte d’Ivoire, Afrika Bophirimela. Lenaneo le ne le le ka Sefora, Senyesemane le Setwi. Le hoja ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 6 000 feela naheng eo—’me mohlomong le ba 500 ba neng ba e-tsoa ka ntle ho naha—palo ea ba bileng teng e ile ea fihla ho ba 16 009 bao ho neng ho sa lebelloa hore ba tla ba teng ho tla tla ithuta ka tsela ea Molimo ea bophelo!
Qetellong, ho koala letoto lena la lefatše ka bophara la likopano tsa machaba tse 32, bahoeletsi ba Costa Rica ba fetang 19 000 ba ile ba thabela ho ba le ba 34 431 ba ileng ba khobokana moo ka matsatsi a mararo a pele a selemo sa 1999. Boema-fofane Lipaki tsa moo tse ka bang 4 000 li ile tsa kopanela ho amoheleng baeti ba ileng ba fihla ka lifofane tse 42 tsa machaba. Ba ile ba iketsa phaseje ea Lipaki e opang mahofi le e lumelisang baeti ba fihlang ka “Bienvenidos, hermanos!” (Lea amoheloa barab’abo rōna!) Kameho e mofuthu e ileng ea bontšoa ke barab’abo rōna e bile ea susumetsa morekisi e mong oa seterateng oa boema-fofaneng hore a kōpe thuto ea lehae ea Bibele!
Letoto lena la likopano tsa machaba le bile le phello e ntle ho ba bangata bao e seng Lipaki ba ileng ba shebella lerato le bonahalang har’a ba tlileng kopanong. Le boetse la tiisa maqhama a machaba har’a Lipaki tsa Jehova ka botsona. E ne e le bopaki bo bonahalang ba hore, ha e le hantle, Jehova o bokella ‘bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle’—e leng batho ba itšetlehileng ka Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste, bakeng sa poloko—ka morero oa hore ba bolokehe ho ea kena lefatšeng la Hae le lecha la ho loka.—Tšen. 7:9, 10.
Ho Rata “ka Ketso le ’Nete”
Lerato leo Lipaki tsa Jehova li le bontšanang ha le felle feela ka ho tšehisana le ho lumelisana ka matsoho Liholong tsa tsona tsa ’Muso. Le akarelletsa ho fetang ho amohela ka mofuthu baeti ba tlileng likopanong ba e-tsoa linaheng tse ling. Joaloka liithuti tsa Bibele, Lipaki tsa Jehova li tseba hantle se ngotsoeng ho 1 Johanne 3:17, 18: “Mang kapa mang ea nang le mokhoa oa lefatše lena oa ho tšehetsa bophelo ’me a bona mor’abo a hloka ’me leha ho le joalo a mo koalla monyako oa qenehelo ea hae e bonolo, lerato la Molimo le lula ka tsela efe ho eena? Bana ba banyenyane, a re rateng . . . ka ketso le ’nete.” Selemong se fetileng lifefo tse matla, komello le lintoa tsa lehae li qobeletse batho ba bangata ba Jehova maemong a joalo a ho hloka. Mokhatlo oa machaba oa bara ba motho o arabetse joang?
Ka September 1998, likhohola li ile tsa senya Setereke sa Chiapas Mexico. Libeke tse seng kae hamorao, Leholiotsoana Georges le ile la puputla St. Kitts, Nevis, Puerto Rico, Dominican Republic le Haiti eaba le otla karolo e ka boroa ea United States. Hoo e ka bang khoeli ka mor’a moo, Leholiotsoana Mitch, ka meea e puputlang ka lebelo la lik’hilomithara tse 290 ka hora, le ile la kena ka sekhahla Honduras, la pupetsa likarolo tse ling tsa Nicaragua ka metsi eaba le hohoretsa El Salvador le Guatemala pele le kokobela Mexico. Ho phaella Liholong tsa ’Muso tse 50 le Liholong tsa Kopano tse 2, mahae a Lipaki tsa Jehova a fetang 1 800 a ile a heleha kapa a senyeha hampe. Lijalo li ile tsa senyeha. Thepa ea batho e ile ea senyeha. Libakeng tse ling ho ile ha tlameha hore ho tlosoe liphutheho kaofela.
Lijo, metsi, liaparo le meriana li ne li hlokahala haholo. Lipaki tse libakeng tse sa angoang ke lifefo li ile tsa arabela ka potlako. Libakeng tse ling, eitse hang ha Lipaki li utloa ka tšenyo ena tsa qala ho hlaha ofising ea lekala ka lijo, liaparo le chelete bakeng sa ho thusa barab’abo tsona ba Bakreste. Moo barab’abo rōna ba neng ba sitoa ho kena ka makoloi, kapa literaka libakeng tse oetsoeng ke koluoa hore ba ise liphallelo, ba ne ba sebelisa liketsoana, libaesekele le mekotlana e jaroang. Baholo ba moo ba ile ba etsa se matleng a bona ho khutlisetsa marulelo matlong a barab’abo rōna. Lingaka tsa Lipaki li ile tsa ithaopela ho thusa.
Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se ile sa hokahanya phano ea chelete e thusang hammoho le ho romelloa ha lijo, liaparo le thepa ea ho haha tse neng li hlokahala kapele tse neng li e-tsoa linaheng tse haufi. Thepa e ile ea romelloa ka lifofane tse hiriloeng, ka likepe le ka literaka. Bara le barali babo rōna ba libakeng tsa koluoa ba ile ba bolela kananelo ea bona ba sa phetse bakeng sa lerato le bontšitsoeng ke mokhatlo oa bara ba motho oa lefatše ka bophara.
Likomiti tsa Kaho tsa Libaka, tse lokiselitsoeng ho thusa ka kaho ea Liholo tsa ’Muso, li ile tsa hlophisoa ho ea thusa ho hloekisa le ho lokisa matlo. Lihlopha tse supileng tsa baithaopi ba ka bang 30 sehlopha ka seng tse tsoang United States li ile tsa tsamaea ka litšenyehelo tsa tsona ho ea qeta beke li lokisa matlo a Lipaki tsa habo tsona St. Kitts le Nevis. Baithaopi ba bang ba 600 ba ile ba tsamaea ka sefofane ho ea Puerto Rico ho ea thusa ka ho lokisa le ho tsosa matlo moo. Tumellanong le tataiso ea Bibele e ho Bagalata 6:10, ba ile ba ameha haholo ho thuseng bara le barali babo bona moeeng. Empa hape ba ile ba lokisa marulelo a sekolo se seng le matlo a baahisani ba bang ba seng ba hōlile ba neng ba se na bana ba ba thusang. Dominican Republic teng, Lipaki tsa moo li ile tsa hloekisa sebaka se pota-potileng sepetlele se seng.
Puerto Rico sehlopha sa barab’abo rōna se ile sa nka leeto le eang motseng o thabeng oa Yabucoa ho ea thusa ho tsosa ntlo eo morali’abo rōna oa Paki a neng a lula ho eona le monna oa hae eo e seng Paki. Baahelani ba ne ba ile ba mo tšeha ha a bolela hore oa tseba hore barab’abo ba Bakreste ba tla tla ho tla mo thusa. Ha barab’abo rōna ba fihla, o ile a tlaloa ke thabo. Ka lihora tse seng kae feela, bashebelli ba ka bang 200 ba ne ba bokane ka mose ho seterata. Ba ile ba shebella letšehare lohle ha sehlopha sa barab’abo rōna se ntse se sebetsa. Ka mor’a ho kenya lemati la ka pele, barab’abo rōna ba ile ba fa morali’abo rōna sehlopha sa lipalesa le linotlolo tsa ntlo ea hae e tsositsoeng. Ha ho bonesoa mabone a motlakase, baahelani ba ile ba opa mahofi. Batho ba bangata ba seterateng seo, bao pele ho moo ba neng ba qoba Lipaki, joale ba ne ba ikemiselitse ho mamela molaetsa oa ’Muso ka lebaka la seo ba se boneng letsatsing leo.
Ho sa le joalo, ho la Europe, Ukraine bophirimela, ka November sekhohola se matla se ile sa baka tlokotsi e eketsehileng ’me Amerika Boroa, Colombia, le teng tšisinyeho ea lefatše e ile ea baka koluoa e eketsehileng ka January. Batho ba Jehova ba ile ba fana ka thuso e tšoanang e lerato.
Ha ntoa ea lehae e boetse e tsoha Angola ka 1999, sena se ile sa fella ka baphaphathehi ba 1 700 000. Barab’abo rōna ba sebelitse ka thata ho thusa Lipaki tsa habo bona tse fetohileng baphaphathehi, hammoho le ba bang ba bangata, hore ba be le lintho tsa motheo tse hlokahalang bophelong. Lithane tse 34 tsa lijo le liaparo tse ileng tsa romeloa li tsoa makaleng a Italy, Portugal le Afrika Boroa, li ile tsa abeloa ba ileng ba tlameha ho siea mahae a bona le metse ea habo bona. Ho ile ha khoneha hore thepa ena e fihlisoe le libakeng tsa ntoa moo ho hlasela ka liqhomane ho tsoetseng pele ka likhoeli tse telele.
Ha selemo sa tšebeletso se qala, lekala la Congo (Kinshasa) le ile la tsebisa Sehlopha se Busang hore ka mor’a ntoa ea lehae, lekala le hloka liphallelo hore le thuse batho ba fetang 200 000. Ho ile ha etsoa litokisetso kapele hore makala a Brithani, Belgium, Fora, Switzerland le Afrika Boroa a romelle lijo le ho fana ka chelete e tla reka thepa e eketsehileng linaheng tse ling tsa Afrika. Ho ile ha bokelloa thepa ea liphallelo ea lithane tse fetang 75 ’me ea romeloa ka sefofane e tsoa ho Lipaki tsa Jehova tsa Europe.
Empa ntoa ea Congo e ne e sa lala. Ho ile ha hlaha maqakabetsi a macha. Ka la 7 February, 1999, lelapa la Bethele la ntlo-khōlō, New York, le ile la etsetsoa tsebiso e latelang mabapi le boemo bo Democratic Republic of Congo: “Ka lebaka la ntoa ea lehae, bahoeletsi ba 30 000 ka Bochabela naheng ena ba itšetlehile ka liphallelo. Ofisi ea lekala ea Kinshasa e sitoa ho teana le bara bana babo rōna ka lebaka la ntoa. Leha ho le joalo, Sehlopha se Busang se lumeletse Belgium hore e ise liphallelo ka sefofane. Sefofane sa pele se tla tsamaea bekeng ena ’me leeto la bobeli le tla qala ka la 20 February. Leetong la bobeli ho tla romelloa le sehlopha sa tsa bongaka.” Barab’abo rōna ba tsoang Europe ba ile ba sebetsa le likomiti tse 11 tse khethiloeng ka molao tse entsoeng ka Lipaki tsa Jehova tsa Congo Bochabela.
Baphaphathehi ba bang ba ne ba balehetse linaheng tsa boahisani. Ba baloang ka likete ba ne ba ile haufi Zambia. Ke hona teng moo mekhatlo ea liphallelo e ileng ea fana ka thuso e khōlō; Lipaki li ile tsa tlatsetsa ka likobo, liaparo le thepa ea ho apeha le ea temo. Mora e mong oabo rōna ea hōlileng o ile a ilibana ha a fuoa kobo. Ho ne ho se mohla a kileng a fuoa kobo e ncha e neng e tla ipitsa ka eena. Ha molebeli e mong oa potoloho a leba Zambia, o ile a fumana mor’abo rōna e mong ea holofetseng tlas’a sefate. Molebeli oa potoloho o ile a mo palamisa baesekele ea hae eaba oa e sutumetsa. Ha moepa o ne o le moholo, mor’abo rōna o ne a theoha ebe o khasa ka mangole le matsoho a tlameletsoeng likhechana tsa thaere ho fihlela ba fihla ka holimo. Qetellong, ba ile ba fihla ba sireletsehile Kaputa, Zambia. Hona teng lekala le ile la fa bohle lingoliloeng tsa Seswahili hore ba li sebelise libokeng tsa bona tsa phutheho. Ka April, sebokeng seo barab’abo rōna ba tsoang ofising ea lekala ba neng ba se tšoaretse ba fetang 2 000 ba baphaphathehi bana, ba ile ba ba fa khothatso e lerato ea moea. Baphaphathehi—batho ba baholo le bana—boholo ba se na libuka tsa ho bina, ba ne ba bina ho tsoa pelong lipina tse kang “Jehova Mopholosi,” “Jehova Qhobosheane ea Rōna,” “Rea U Boka, Jehova” le “Tšepiso ea Molimo ea Paradeise.”
Ho Bolela Litaba Tse Molemo ka Cheseho
Leha ho le joalo, ntho e hlokomelehang haholo ke lerato le bontšoang ke Lipaki tsa Jehova ha li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Tumellanong le taelo eo li e filoeng ke Jesu Kreste, li leka ho finyella motho e mong le e mong eo ho khonehang hore li mo finyelle ka litaba tse molemo. (Mar. 13:10) Ha li etsa sena, lia itela ebile li tela le lichelete tsa tsona ka bolokolohi. Selemong se fetileng, tlhōrō ea ba 5 912 492 e ile ea kopanela mosebetsing ona, ’me e ile ea nehela lihora tse 1 144 566 849 mosebetsing ona. Lipaki tse ngata li ile tsa lokisa litaba tsa tsona e le hore li sebetse e le bo-pula-maliboho ba kamehla kapa ba thusang.
Bo-pula-maliboho bana ba maemong a mangata a sa tšoaneng. Ba likete ke bacha ba qetileng thuto ea bona ea sekolo e amoheloang ke molao kapa ba lokisitseng kemiso ea bona ea sekolo e le hore e ka ba bo-pula-maliboho ha ba ntse ba kena sekolo. Ba bang ke bo-’malelapa; ba bang ke banna ba ntseng ba sebetsa hore ba phelise malapa a bona. Moholo e mong eo e bileng e leng hlooho ea lelapa St. Lucia o khona ho bula maliboho hobane o hlokolosi ho ‘ba le leihlo le talimmeng ’nģa e le ’ngoe.’ (Mat. 6:19-22) Haufinyane ha a ne a fuoa monyetla oa mosebetsi o lefang haholo, o ile a o hana hobane ho ne ho tla bolela ho sebetsa lihora tse eketsehileng mosebetsing, ho fosoa ke liboka tsa Bokreste, ho ba sieo lapeng ka likhoeli tse tšeletseng le ho tlohela mosebetsi oa bopula-maliboho. O ile a khetha ho batla ’Muso pele, a kholisehile hore Jehova o tla tsoela pele ho hlohonolofatsa boiteko ba hae ba ho hlokomela lelapa la hae.
Paki e ’ngoe e lilemo li 95 ea Antigua e ’nile ea thabela mosebetsi oa bopula-maliboho bo thusang hang kapa habeli ka selemo ka nako e telele haholo. Ha e hlalosa hore na ke hobane’ng ha e tsoela pele ho ikitlaetsa ka tsela ena, e re: “Jehova o mphile matla a eketsehileng, ’me ke ho nka e le monyetla oa hore ke bontše hore kea mo rata.”
Morali e mong oabo rōna oa Denmark ea bohareng ba lilemo tsa bo-60 o ile a etsa qeto ea hore e tla ba pula-maliboho ea thusang. Hobane’ng? O ile a hlalosa: “Ke lumela hore ke susumelitsoe ke ho bala Bibele. . . . Ke kholisehile hore hantle feela joalokaha ka mohlala u ka susumetsoa hampe ke thelevishene, ho bala Lentsoe la Jehova letsatsi le leng le le leng le hona ho ka u susumelletsa linthong tse ntle. Hoo ho mphile tšusumetso e matla.”
Ka lebaka la khatello e eketsehileng eo batho ba e utloang hohle ha ba hlokomela litlhoko tsa bona tsa nama, ka January 1999 Sehlopha se Busang se ile sa fetola lihora tse hlokahalang ho bo-pula-maliboho ba kamehla (se li tlosa ho lihora tse 90 se li theolela ho tse 70 ka khoeli) le ho bo-pula-maliboho ba thusang (ho tloha ho tse 60 ho ea ho tse 50). Seo e bile khothatso e kaakang! Se nolofalelitse ba bangata ba neng ba se ba ntse ba bula maliboho hore ba lule e le bo-pula-maliboho, ’me ba bang ba likete ba ile ba ngolisa. Ho ba bangata, hoo e bile bopaki bo eketsehileng ba hore “Morena o mosa.”—1 Pet. 2:3.
Likhoeli ka mor’a phetoho ena, lekaleng la Australia ho ile ha bonahala keketseho e fetang karolo ea 400 lekholong palong ea ba ngolisitseng e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Colombia ho bonahetse keketseho ea hoo e ka bang karolo ea 300 lekholong. Ukraine palo ea bo-pula-maliboho e ile ea nyoloha khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ’me tlaleho e bontša keketseho e fetang karolo ea 42 lekholong ea ba neng ba le teng selemong se fetileng. Micronesia ka karolelano, phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea ekelletsoa bo-pula-maliboho ba babeli kapa ho feta. Liberia, moo barab’abo rōna ba bangata ba kollang ntsi hanong, ba phela ka bonyane boo ba bo fumanang ka thekiso ea letsatsi le letsatsi, ka mor’a phetoho e entsoeng lihoreng tsa bo-pula-maliboho ba kamehla ho bile le litlhōrō tse robeli tse latellanang tsa bo-pula-maliboho.
Manane a bo-pula-maliboho ba thusang le ’ona a ile a phahama. Likhoeling tsa pele tse tharo tsa 1999, Austria ho bile le keketseho ea karolo ea 56 lekholong ho feta selemong se fetileng. Nakong eona eo, Malaysia e tlalehile keketseho ea karolo ea 103 lekholong ea bo-pula-maliboho ba thusang. Denmark e fihletse keketseho ea karolo ea 91 lekholong likhoeling tsa pele tse tšeletseng tsa selemo. Korea, moo January e leng khoeli e ratoang haholo bakeng sa tšebeletso e eketsehileng, ba etsang karolo ea 57 lekholong ba ne ba le tšebeletsong e itseng ea bopula-maliboho.
Ho sa le joalo, lenaneo la “Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang” le tsoela pele ho beha litholoana tse molemo. Morali e mong oabo rōna Phuthehong ea Sefilipino ea Anchorage, Alaska, o ile a re: “Ke bile ’neteng ka lilemo tse 11. Tšebeletso ea tšimo e ne e le tloaelo feela, kaha ke ne ke e-ea ke sa nahana ka lipakane tsa letho.” Empa ka mor’a ho sebetsa ka nako e itseng le pula-maliboho e mong oa moo, o ile a hlakeloa hore na tšebeletso ea tšimo e bolela’ng. O ile a utloisisa hore mosebetsi ona o potlakile. O ile a thahasella batho haholoanyane ’me a khona ho qala lithuto tsa mahae tsa Bibele. Afrika Boroa morali’abo rōna oa pula-maliboho o ile a thusa mohoeletsi e mong hore a fumane thabo e khōloanyane ka hore a bue le ba fetang ka tsela e le hore a se ke a emela feela hore batho ba mo arabe ka inthak’homo. Ntho e ’ngoe eo ba neng ba e etsa e ne e le ho lula hammoho ’me ba buisane ka lipakane tse fapa-fapaneng tsa tšebeletso. Qetellong ea lenaneo lena la likhoeli tse tšeletseng, mohoeletsi eo e ne e le pula-maliboho oa kamehla. Eena hammoho le mothusi oa hae, o fumana thabo e fetang eo a kileng a ba le eona tšebeletsong.
’Nete ea Bibele e Hatisitsoeng
Haesale ho tloha mehleng ea Moshe, Jehova o ’nile a fana ka litaelo tsa moea tse ngotsoeng. Kamehla li ’nile tsa tiisoa ka litaelo tsa molomo. Empa lingoliloeng e ’nile ea e-ba tšobotsi ea bohlokoa ha ho hasoa litaba tse molemo. Bibele hammoho le lingoliloeng tse e hlalosang li ’nile tsa hatisoa ka bongata bo boholo. Selemong sena se fetileng feela, ho ile ha hatisoa likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse 1 026 706 628; libuka tse 41 579 805 le libukana tse 71 221 759 hammoho le lipampitšana tse ngata haholo tse ileng tsa etsoa ke Lipaki tsa Jehova. Tsena li entsoe ka lipuo tse 332.
Batho ba libakeng tse ngata ba ruile molemo mosebetsing ona. Lihlekehlekenyana tsa Tuvalu li na le baahi ba 9 403 feela. Ho hatisoa Molula-Qhooa ka puo ea bona, ’me ho na le batho ba 45 ba rapelang Jehova moo. Le hoja Central African Republic e le thōko le lefatše la liindasteri, Molula-Qhooa le Tsoha! li ajoa ka bophara teng—ka Searabe, Sefora, Selingala, Senyesemane, Sesango le Sezande. Ho na le Lipaki tse 2 305 naheng eo, ’me selemong sena se fetileng batho ba menang palo eo ka makhetlo a fetang a mahlano ba ile ba tla Sehopotsong. Angola e tsekolotsoe ke ntoa ea lehae, ’me batho ba bangata ke mekōpakōpa, empa selemong sena se fetileng Molula-Qhooa o ile oa qala ho ba teng khoeli le khoeli ka Seumbundu e le hore o be le molemo lipotolohong tse peli tsa Lipaki tsa Jehova tsa Angola le ho batho ba bangata bao li ba thusang moeeng. Limakasine tse fetang limilione tse 26 li ile tsa isoa ho batho Ukraine selemong sena se fetileng. Ka mor’a ho batla Molimo oa ’nete ka lilemo tse 20, monna e mong o ile a kholiseha hore o fumane ’nete ha a bala tokollo e le ’ngoe feela ea Tsoha! Bahoeletsi ba 107 045 ba Ukraine ba ile ba thabela ho bona ba bang ba 12 320 ba kolobetsoa selemong se fetileng.
Colombia pampitšana e bitsoang Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng? e ile ea fuoa mosali e mong ea tepeletseng kelellong. Ho ne ho se mohla a kileng a thahasella bolumeli, empa mora oa hae o ne a bolailoe ke tšisinyeho ea lefatše, ’me sehlooho sena se ile sa fela sa tsosa tjantjello ea hae. E ile ea lebisa thutong ea Bibele. Lithuania Paki e ile ea fa mosali e mong bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Mosali enoa o ne a le tsietsing a hloka thuso e ka fanoang ke Molimo feela. O ile a lumela ho ba le thuto ea lehae ea Bibele ’me ka potlako a tsoela pele hore a inehele le ho kolobetsoa. E, lingoliloeng li thabeloa ke ba bangata ’me ke lisebelisoa tsa bohlokoa ha ho tsebahatsoa litaba tse molemo.
Ho Rutoa ke Jehova
Jehova o tsoela pele ho ruta bahlanka ba hae ka litsela tse ngata le tse sa tšoaneng, ho ba hlomellela mosebetsi oo ba o etsang hona joale le ho ba lokisetsa mosebetsi oa nako e tlang. (Esa. 54:13) Ho phaella moo, ho mengoa batho ka bomong linaheng tse fetang 230 hore ba rue molemo lenaneong le babatsehang la thuto la Jehova. Ba limilione ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ ba arabetse, ’me selemong sena se fetileng ka karolelano batho ba joalo ba ne ba khanneloa lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 4 433 884, khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ba sa lefisoe. (Lik. 13:48) Ba ile ba amohela mahlohonolo a makaakang ha ba bona Mangolo a ba hlakela ka tsela eo ba neng ba ka e utloisisa hantle!
Thuto e fanoang ke Jehova ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae e boetse e akarelletsa ho koetlisa ka litsela tse khethehileng tse sa tšoaneng. Selemong sena ho boetse ho na le ba likete ba ruileng molemo Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho ha ba ne ba qeta selemo sa bona sa pele e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Selemong sena sa tšebeletso, makala a 40 a ile a boela a ba le Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Barab’abo rōna ba tšoanelehang ba bile ho sona ba e-tsoa Linaheng tsa Amerika, Asia, Europe, Afrika le lihlekehlekeng tsa leoatle—linaheng tse 89 kaofela. Ho na le ba 2 174 ba fumaneng thupelo ena e khethehileng. Litho tsa Likomiti tsa Makala tse tsoang linaheng tse 43 li ile tsa tlisoa Setsing sa Thuto sa Watchtower se Patterson, New York, bakeng sa lenaneo le khethehileng la koetliso la likhoeli tse peli. Liithuti tse neng li tlile Sekolong sa Gileade, moo li ileng tsa thabela thuto e akaretsang ea Bibele ka likhoeli tse hlano, li ile tsa fuoa likabelo tsa hore e e’o ba baboleli le mesuoe ea Lentsoe la Molimo linaheng tse 31.
Ho phaella moo, Setsing sa Thuto sa Watchtower ho ile ha qalisoa sekolo se secha sa balebeli ba tsamaeang. Sehlopha sa pele, sa litho tse 48, se ile sa ngolisa ka May bakeng sa thupelo ea libeke tse robeli. Ba neng ba le teng e ne e le balebeli ba potoloho le ba setereke ba United States le Canada. Koetliso eo ba neng ba e fumana e ne e arotsoe lipakeng tsa thupelo ea ka tlelaseng le mosebetsi Lefapheng la Tšebeletso. Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea mosebetsi oa bona e ile ea fuoa tlhokomelo, ’me sena e tla ba thuso e khōlō ho bara le barali babo rōna ba likete-kete ba liphuthehong le lipotolohong tseo ba li sebeletsang. Basali ba balebeli ba tsamaeang, ba neng ba tsamaile le banna ba bona, ha ba le Patterson ba ne ba arotse nako ea bona lipakeng tsa kabelo ea mosebetsi oa Bethele le tšebeletso ea tšimo liphuthehong tse haufi. Beke e ’ngoe le e ’ngoe ba ne ba boetse ba e-ba teng puong ea sekolo e neng e le molemo ka ho khetheha ho bona hammoho le barab’abo rōna.
‘Ho tla Hlaha Hore e be Bopaki’
Jesu o ile a bolela esale pele hore balateli ba hae ba tla ‘hulanyetsoa ka pel’a marena le babusisi.’ Tekanyo eo sena se etsahetseng ka eona ho pota lefatše lohle lekholong la bo20 la lilemo e phaella bopaking ba hore re phela matsatsing a qetello. See se etsahala ka lebaka lefe? Hase hobane Lipaki tsa Jehova li sa utloe molao. Ho fapana le hoo, ke ‘ka lebaka la lebitso la Jesu Kreste’—hobane li lumela hore Kreste ke Morena oa leholimo le hobane tsona, joaloka Jesu, hase “karolo ea lefatše.” Ntle ho moo, Jesu o boletse esale pele hore hoo ho ne ho ‘tla hlaha hore e be bopaki.’ (Luka 21:12, 13; Mat. 24:9; Joh. 17:16) Hoo ho etsahetse e le kannete selemong se fetileng sa tšebeletso. Ho fanoe ka bopaki ho ba boholong linaheng tse ngata ha ho ne ho etsoa boiteko bo tiileng ba ho sireletsa tokelo ea Lipaki tsa Jehova ea ho rapela ntle ho tšitiso.
Ka 1998 Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho le ile la bua nyeoe e neng e ama Lipaki tsa Jehova tsa Bulgaria. E ne e bakiloe ke eng? ’Muso oa Bulgaria o ne o hanne hore Lipaki tsa Jehova hammoho le lihlopha tse ling tse 20 tsa bolumeli li ngolisoe ka molao. Lebaka le leng leo ka lona ho neng ho hannoe ka boipiletso bo eang Lekhotleng le Phahameng ka ho Fetisisa la Bulgaria ke hobane Lipaki tsa Jehova ha li lumele thuto ea Boraro-bo-bong le lithuto tse ling tsa Bokreste-’mōtoana tseo e seng tsa Bibele. Sena se ile sa fella ka ho tšoaroa, ho qhaloa ha liboka tsa borapeli le ho nkoa ka likhoka ha lingoliloeng tsa bolumeli. Lekhotla la Europe le ile la phehella Bulgaria hore e rarolle litaba le Lipaki tsa Jehova ka mosa. Ka lebaka leo, ka October 1998, Bulgaria e ile ea ngolisa Lipaki tsa Jehova hape ka molao. Sena se ile sa bula tsela ea hore baromuoa ba bane ba tsoang sehlopheng sa bo106 sa Gileade ba romeloe Bulgaria hore ba e’o thusa bahoeletsi ba moo ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ho batho ba moo.
Mathata a tsa molao a amang Lipaki tsa Jehova Fora le ’ona a feletse ka bopaki bo pharaletseng. Lipaki li sentsoe lebitso phatlalatsa. Mekhatlo e loantšang malumeli a bokhelohi e qapile litlaleho tse mpe ka tsona. Ka 1996 tlaleho e ’ngoe ea paramente e ile ea hlalosa Lipaki tsa Jehova e le ‘sehlotšoana sa borapeli sa bokhelohi se kotsi,’ ’me ka January 1999 ’muso o ile oa batla lekhetho la karolo ea 60 lekholong menehelong eohle eo li e amohelang, le hoja ho ne ho se ntho ea mofuta ona e neng e kile ea etsetsoa bolumeli bofe kapa bofe. Lipaki tsa Jehova li ile tsa arabela ka letšolo la matsatsi a mararo, ho tloha ka la 29 January, 1999, leo ho lona li ileng tsa aba likopi tse limilione tse 12 tsa pampitšana e nang le sehlooho se reng People of France, You Are Being Deceived! (Batho ba Fora, Lea Thetsoa!)
Ka letsatsi la pele la letšolo lena, ho ile ha tšoaroa lipuisano le ba mecha ea litaba ho hlalosa hore na ho etsoa’ng. Motšehare o moholo, TV le liteishene tsa seea-le-moea li ne li phatlalatsa taba ena. Likoranta le limakasine tse fetang 60 tsa sechaba le tsa libaka li ne li tlaleha mosebetsi ona, li sebelisa lihlooho tse kang “Jehova o Mema Fora Hore e be Paki” le “Letšolo la Lipaki tsa Jehova la ho Pepesa ‘’Nete.’”
Ka letsatsi la pele, bahoeletsi ba mashome a likete ba ile ba aba pampitšana ena ka ntle ho liteishene tsa literene, lifeme, liofisi, mabenkele, limmaraka le hohle. Ke batho ba seng bakae feela ba ileng ba e hana.
Mor’abo rōna ea neng a bolela haufi le chankana o ile a atameloa ke molebeli e mong. Ha molebeli eo a fuoa pampitšana ena, o ile a re: “Ke tla kōpa tse fetang moo; ho na le batho ba bangata ka hare ka mona.” Ketsahalong e ’ngoe, maqheku le maqhekoana a mang a neng a khutlela lehaeng la ’ona ka bese a ile a bolela hore a soabile hore ebe ha aa fumana pampitšana ena. Moqhobi oa bese o ile a kōpa hore ba e batlang ba phahamise matsoho; eaba o khannela sebakeng seo a neng a bone Paki ho sona ’me a kōpa palo e hlokahalang.
Ka lehlakoreng le leng, ’marakeng o mong motseng oa Grenoble, mosali e mong ea neng a amohetse pampitšana o ile a seohela Paki e neng e mo file eona ka mahlapa. Mor’abo rōna ha aa ka a mo natsa. Leha ho le joalo, barekisi ba literateng le beng ba mabenkele, bao tlhokomelo ea bona e neng e hapiloe ke lerata la mosali enoa ba ile ba phasoloha: “Pele-ea-pele Jehova!” Eaba mohanyetsi eo oa tsamaea.
Ka kakaretso, phello e ile ea e-ba efe? Ho pholletsa le Fora liphutheho li ile tsa kena moeeng ke mosebetsi ona. Ba makholo ba neng ba se ba sa tsoele pele ba ile ba utloa lipelo tsa bona li ba susumelletsa ho kopanela letšolong lena le khethehileng. Bahoeletsi ba likarolong tsohle tsa naha ba ile ba bolela hore ba khotsofetse haholo hore ebe ba bile le monyetla oa ho sireletsa tumelo ea bona ka tsela ena. Ofisi ea lekala e ile ea amohela lifouno tse ngata le mangolo tse tsoang sechabeng. Ba bang ba ne ba bontša leeme. Ba bangata ba ne ba bontša hore baa re tšehetsa. Mafelong ao a beke kaofela, batho ba ne ba kōpa hore ba eteloe, ’me ho ile ha qalisoa lithuto tsa Bibele tse ngata.
Ho thoe’ng ka lekhetho le boima le neng le behiloe ke ’muso? Ha ho arabeloa bohatong bo nkiloeng, ba boholong ba ’nile ba hlaseloa ka bopaki ba molao bo bongata bo ngotsoeng mabapi le Lipaki tsa Jehova—e leng bopaki ba sebele! Ho entsoe boipiletso ka molao oa lekhetho ’me taba ea oona e tla tsekoa ho ea fihla Lekhotleng la Europe la Litokelo tsa Botho haeba ho hlokahala.
Ka lilemo Lebatooa la Oradell, New Jersey, U.S.A., le ne le kena-kenana le boboleli ba litaba tse molemo. Lebatooa lena le ne le bolela hore Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa etsa mosebetsi oa tsona oa phatlalatsa ntle leha li ka qala ka ho fumana lengolo la tumello le ho qhoaela libeche tse li khethollang. Boiteko bo sa khaotseng ba ho kholisa ramotse le lekhotla la lebatooa hore litlhokahalo tsena ha li lumellane le molao oa motheo bo ne bo sa atlehe. Qetellong, e le hore ho loantšoe molao ona oa lebatooa, ho ile ha hlahleloa nyeoe ka Lekhotleng la Setereke la Sebaka la United States Seterekeng sa New Jersey. E ne e le ka lekhetlo la pele, ka mor’a lilemo tse 50, ho nkoa bohato bona ba ho sireletsa tokelo ea rōna ea ho kopanela mosebetsing oa phatlalatsa United States. Tletlebong ea rōna lekhotleng, ho ne ho loketse hore re hlalose sebōpeho sa mosebetsi oa rōna le motheo oa oona oa Mangolo; kahoo ho ile ha fanoa ka bopaki bo botle.
Ka la 8 March, 1999, Moahloli oa Lekhotla la Setereke o ile a kopana le baemeli ba Lefapha la rōna la Molao le litho tsa Lebatooa la Oradell ’me a laela lebatooa hore le fetole melao ea lona. Ka la 16 March, sebokeng sa bona sa lekhotla la lebatooa, lekhotla le ramotse ba ile ba fetisa qeto e lokollang mekhatlo ea bolumeli tabeng ea mangolo a tumello le libeche. Litaba tse molemo li ka boela tsa boleloa Oradell ntle ho lithibelo tse seng molaong oa motheo!
Neng le neng ha ho buuoa ka lebitso la Jehova kapa batho ba bitsoang ka lebitso la hae ka khotla, nakong ea ha paramente e lutse, kapa lipuisanong tsa ketsa-molao, batho ba “boemong bo phahameng” bao ho ka ’nang ha etsahala hore ba se ke ba utloa molaetsa oa ’Muso hangata, baa pakeloa. (1 Tim. 2:2) Empa ka linako tse ling, monyetla oa ho paka ke o tobileng haholoanyane le o batsi. Ho bile joalo Russia.
Ka lekhotleng le moqotetsane Moscow, Russia, ho tloha ka September 1998 ho fihlela ka March 1999, ho ile ha etsoa boiteko bo tiileng ba ho thibela mosebetsi oa bolumeli oa Lipaki tsa Jehova Moscow. Leha ho le joalo, ho e-na le ho khutsisa Lipaki tsa Jehova, lekhotla lena le ile la fana ka monyetla o khethehileng oa hore ho fanoe ka bopaki bo matla.
Ofisi ea Mochochisi ea Moscow, eo hamorao e ileng ea tlatsoa ke Lekala la Toka la Moscow, tšebelisanong le mokhatlo o loantšang malumeli a bokhelohi o amanang le Kereke ea Orthodox ea Russia, e ile ea kenya liqoso tse se nang bopaki tse batlang hore ho qhaloe Phutheho ea Moscow ea Lipaki tsa Jehova. Ka tloaelo, lekhotla la linyeoe tsa molao oa litokelo le ne le tla nka hore ho sekaseka lithuto le litumelo tsa bolumeli ka ho li nyatsa ka lekhotleng ha hoa lokela. Leha ho le joalo, liqoso li ne li ama litumelo le mekhoa ea Lipaki tsa Jehova, ka hona, lintho tsena li ile tsa fetoha lintho tsa sehlooho nyeoeng ena.
Ka lekhotleng, ’muelli oa molao oa bochochisi o ile a pheha khang ea hore lingoliloeng tsa rōna li khothalletsa bora ba bolumeli. Joang? Re ruta hore re na le bolumeli ba ’nete. Ha ho le joalo, ’muelli oa molao oa baqosuoa, e le e mong oa Lipaki tsa Jehova ka boeena, o ile a fa moahloli le mochochisi Libibele eaba o bala Baefese 4:5: “Morena o mong, tumelo e ’ngoe, kolobetso e ’ngoe.” Ha a tsoela pele ka bopaki ba hae ba Mangolo, mor’abo rōna oa Lerussia o ile a hanyetsa liqoso tse ling tse tletlebong ea mochochisi ka ho qotsa mangolo a kang Jakobo 1:27, Johanne 17:16, le Tšenolo 18:1-4, a bontšang hore ke habohlokoa ho ‘aroha lefatšeng.’ Mochochisi o ile a arabela ka ho beha lebaka la hore lengolo la ho qetela, le buang ka Babylona e Moholo, le nyefola bolumeli ba batho ba bang ha le sebelisoa ho bona. Leha ho le joalo, hamorao, moprofesa e mong oa filosofi, eo e bileng e leng tichere ea univesithi, o ile a re: “Ha litsebi li qosa Lipaki tsa Jehova ka lithuto tsa tsona, ha li lemohe hore ha e le hantle li qosa Bibele.”
Nyeoe ena e ile ea fana ka monyetla oa ho balla lekhotla lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova tseo bochochisi bo neng bo li akarellelitse tletlebong ea bona. Leha ho le joalo, lekhetlong lena likarolo tse qotsitsoeng li ile tsa baloa ho akarelletsoa taba e potolohileng e le hore litumelo tsa rōna li emeloe hantle, kahoo ho tlosoa motheo leha e le ofe oa lebaka la ho qosa. Litsebi tse etellang pele tsa Russia li ile tsa hlahisa liphuputso tse nang le bopaki bo totobetseng tse seng ka tlaase ho bohlano tse hanyetsang litseko tsa mochochisi. Ho ile ha boela ha hatisoa liqeto le litumellano tsa makhotla a machaba tse hlokang hore ho hlomphuoe tokoloho ea bolumeli.
Jesu a ka be a ile a tsoella joang tlas’a molao oa 1997 oa Russia o fileng mochochisi motheo oa ho nka khato ea molao? Nakong ea nyeoe, karolo ena e ile ea sebetsoa ke ’muelli oa molao oa baqosuoa oa Canada, eo le eena e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a bolella lekhotla: ‘Ho ke ke ha latoloa hore Jesu o ile a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae, a sebelisa mantsoe a Johanne 8:44, 45, ho bona: “Le tsoa ho ntate oa lōna Diabolose.” Joalokaha ho bontšitsoe ho Matheu 15:2-9, Jesu o ile a nyatsa lineano tse hananang le Lentsoe la Molimo. Ka seo a se buileng ho Matheu 10:34-37, na Jesu o ne a leka ho senya malapa? Che, o ne a mpa a bolela feela phello e ke keng ea qojoa ka lebaka la tsela eo batho ba itšoarang ka eona. Hape, Luka 18:15, 16 e bontša hore Jesu o ile a mema bana ba banyenyane hore ba tle ho eena. Na ka tsela eo o ne a eka bacha le bana ba banyenyane hore e be Bakreste? Hona ke hobane’ng ha baeta-pele ba bolumeli ba ne ba batla ho thibela Jesu ho bolela? Johanne 11:47, 48 e bontša hore ke hobane ba bangata ba ne ba latela Jesu, ’me baruti ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba ikutloa hore ba lahleheloa ke litho. Re ka ’na ra bona ho tšoana ho itseng kajeno.’ Ho ne ho totobetse hore hoja Jesu Kreste o ne a bolela Moscow kajeno, liqoso tse tobisitsoeng ho Lipaki tsa Jehova nyeoeng ena li ne li ka tobisoa le ho eena. Empa ea phoso ke mang? Ho hlakile hore ke baqosi, hobane Jesu “ha aa ka a etsa sebe.”—1 Pet. 2:22.
Ha a arabela lipotso tse phahamisitsoeng ke bochochisi mabapi le lithuto tsa Lipaki tsa Jehova, ’muelli oa molao oa Lerussia eo e leng mor’abo rōna, o ile a bala Bibeleng ho Daniele 2:44, 45 le 2 Timothea 3:1-5. Hamorao thapameng eo bopaki bo ile ba fanoa ke Paki eo habo eona bopaki bo qalileng ka batsoali ba batsoali ba eona, eo pale ea bophelo ba eona e bontšang hore Lipaki tsa Jehova li bile Russia ka mashome a lilemo. Bopaki ba eona e ne e boetse e le khopotso ea mahlomola ao Lipaki tsa Jehova li ileng tsa a mamella ha li ntse li leleketsoe Siberia le ka lebaka la liketso tse ling tsa khatello tsa lilemong tsa ha li ne li thibetsoe ke ’muso oa Soviet Union.—Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea April 22, 1999, leqepheng la 20-5.
’Muelli oa molao oa boraro oa baqosuoa le eena o ne a emela Lipaki tsa Jehova. Eena hase e mong oa Lipaki tsa Jehova, empa hase motho ea leeme ’me o na le phihlelo ea ho sireletsa litsekong tsa litokelo tsa botho. Le eena o ile a ba le monyetla oa ho phetla Bibele le ho lebisa lekhotla litemaneng tse sa tšoaneng. Ka mor’a ho supa Tšenolo 14:1; 16:16; 20:6; le Pesaleme ea 37:9, 10, o ile a phephetsa “setsebi” sa bolumeli sa bochochisi hore se supe moo Lipaki tsa Jehova li fositseng teng. Se ile sa hlōleha ho etsa joalo.
Ho khahlisang ke hore ka la 29 April, 1999, Lekala la Toka la sechaba la Russia le ile la boela la ngolisa Lipaki tsa Jehova e le mokhatlo oa bolumeli. Leha ho le joalo, hoo ha hoa ka ha fella ka hore nyeoe e ka lekhotleng la Moscow e qhaloe kapa hona hore kahlolo e emele Lipaki tsa Jehova. Ho e-na le hoo, lekhotla le emetse ho hlahlojoa ha lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova ke sehlopha sa “litsebi” se khethiloeng ke moahloli. Ho sa tsotellehe qeto e tla fihleloa, re ka kholiseha hore e tla ‘hlaha hore e be bopaki.’—Mat. 10:18.
Ho phaella bopaking bo filoeng ba boholong ka lekhotleng, litaba tse mabapi le nyeoe ena li ile tsa tlala hohle Russia ka likoranta le mecha ea thelevishene. Letsatsi le leng le le leng Lipaki tsa Jehova tsa Russia le tsona li ne li fepela mecha ea litaba le sechaba ka tsoelo-pele ea nyeoe ena. Ho ne ho qotsoa taba e feletseng ho lingoliloeng tsa Watch Tower tse neng li etselletsoa ke bochochisi, ’me hape ho fanoa ka histori e ngata e hlokahalang bakeng sa ho utloisisa Lipaki. Bonyane ke lik’hamphani tse supileng tse tsebisahalang tsa machaba tsa litaba tse bileng le baemeli ka linako tse sa tšoaneng ha nyeoe ena e ntse e tsoela pele. Liofisi tsa boemeli tsa lichaba tse ling le mekhatlo ea litokelo tsa botho li ile tsa bontša thahasello e khōlō tsoelo-peleng ea nyeoe ena. Ka la 11 March, Paramente ea Europe e ile ea fetisa qeto e ipiletsang ho batho ba mefuta eohle ba boholong Russia hore ba tiise hore tokoloho ea borapeli e teng ’me ka tsela eo ba phele ka litumellano tsa machaba tseo ’muso oa bona e leng karolo ea tsona. Khoeling e latelang, litho tse 11 tsa Seboka sa Paramente sa Lekhotla la Europe li ile tsa saena tokomane e ’ngoe e bontšang kameho ka mokhoa oo nyeoe ea Moscow e tsoelang pele ka oona.
Ho sa le joalo, barab’abo rōna ba Moscow le Russia eohle ba lemoha hantle hore ‘ba hloiloe’ ke bahanyetsi ba molaetsa oa ’Muso. St. Petersburg ho ile ha qhomisoa bomo ea khase sebokeng se seng sa phutheho. Morali e mong oabo rōna ea seng a hōlile o ile a hlaseloa ka sebetsa ke mohanyetsi e mong ha a ntse a le tšebeletsong ea tšimo. Ho koeneheloa ha litumellano tsa khirisetsano ho ile ha hlokisa Lipaki tsa Moscow tse 2 000 libaka tsa liboka, ha li qobella hore li batle libaka tse ling. Ka August ha Lipaki tsa Jehova li ne li tšoere kopano Moscow ho sa tsotellehe boiteko ba ho e thibela, ka Moqebelo thapama li ile tsa tlameha ho tsoa ka lebaleng la lipapali ka lebaka la ho tšosoa ka hore ho na le seqhomane. Leha ho le joalo, ho ile ha kolobetsoa ba 600 kopanong eo, ’me batho ba fetang 15 100 ba ile ba khutla ka Sontaha ho tla mamela karolo e setseng ea lenaneo.
Ka lebaka la likhatello tse ngata le tse sa tšoaneng tse tobisoang ho Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara ha li ntse li tsoela pele le tšebeletso ea tsona, e ile ea e-ba ho loketseng hore barab’abo rōna ba ikarabellang ba kopane ka April 1999 ho buisana ka litlhoko tsa hona joale tsa ‘ho sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo.’—Bafil. 1:7.
Lipaki tsa Jehova li kholisehile ka botlalo hore joalokaha Bibele e bolela, ha ho sebetsa leha e le sefe se ‘etsoang khahlanong le bahlanka ba Jehova’ se tla atleha. (Esa. 54:17, NW) Ho Jeremia 1:19, ho etsoa tšepiso ena: “Ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.”
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Daniel Sydlik ha a lokolla buka e reng “Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!” ka Senyesemane
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Chong-il Park ha a lokolla “New World Translation” ka Sekorea
[Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]
Nairobi, Kenya—e ’ngoe ea likopano tsa machaba tse 32
[Litšoantšo tse leqepheng la 14]
Holimo ka ho le letšehali: Ho laeloa thepa ea liphallelo Belgium hore e romelloe Afrika. Tlaase: Baphaphathehi ba tsoang Congo ba fuoa litaelo ’me ba kopanela ho bineleng Jehova lithoriso tse tlohang pelong
[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]
Libuka li lokisetsoa ho romeloa libakeng tse ling ntlo khōlō ea lefatše