Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 2/8 leq. 31
  • Lefatše la Papali ea Chelete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše la Papali ea Chelete
  • Tsoha!—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Bapala Papali ea Chelete ho Hobe Hakaalo?
    Tsoha!—1991
  • Bathaothuoa ba Bacha ba Papali ea Chelete—Bacha!
    Tsoha!—1995
  • Phoso ke Efe ka Papali ea Chelete?
    Tsoha!—2002
  • Na Papali ea Chelete e Loketse Bakreste?
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 2/8 leq. 31

Lefatše la Papali ea Chelete

HANGATA mochine oa slot o bitsoa sekebekoa se letsoho le le leng. Empa ho fapana le sekebekoa sa sebele, ha o qobelle motho ofe kapa ofe hore a ntše chelete; batho ba etsa mokoloko joaloka linku hore o ba qhekelle.

Ho na le mechine e joalo e ka bang 420 000 Rephabliking e Kopaneng ea Jeremane, ’me e kokona batho ba Jeremane chelete e ka bang liranta tse 2 550 000 000 selemo le selemo. Moo, batho ba limillione tse hlano basenya hora e le ’ngoe beke e ’ngoe le e ’ngoe ba tšela chelete ka har’a mechine; batho ba 80 000 ba senya lihora tse fetang tse hlano ka beke ba le mechineng eo.

Hona joale Spain e ithorisa ka mechine ea slot e 750 000. Papali ea chelete e ile ea lumelloa moo ka molao ka 1977. Ka 1988, baahi ba Spain ba ne ba se ba senya chelete e ka bang liranta tse 62 500 000 000 ka selemo mefuteng eohle ea papali ea chelete. Ho tlalehoa hore baahi ba Spain ba 200 000 ke libapali tsa papali ea chelete tse phehellang. Mataliana a ile a bapala papali ea chelete e ka etsang liranta tse 30 000 000 000 ka 1989—kapa hoo e ka bang liranta tse 525 motho ka mong, ho akarelletsoa le bana. Ka beke feela mathoasong a 1990, Mataliana a ile a senya liranta tse limillione tse 175 a becha litlholisanong tsa lipapali tsa bolo ea maoto.

Babechi United States ba senya liranta tse 500-000 000 000 selemo le selemo mefuteng ea papali ea chelete e lumelletsoeng ka molao feela! Haufinyane, mookameli oa libaka tsa papali ea chelete o ile a ithorisa: “Papali ea chelete ke feme ea naha ena e hōlang ka potlako e khōlō ka ho fetisisa, e khōlō joaloka tekanyetso ea chelete ea selemo le selemo ea [sesole sa U.S.].” O ile a amahanya lerato la Maamerika la papali ea chelete le “filosofi” le boikemisetso ba ho ipeha kotsing bo ileng ba susumetsa bafuputsi le banna ba lisang maliboho a sechaba mehleng e fetileng. Empa toro ea mobechi ea ho rua hang-hang e fapana haholo le lilemo tsa mofufutso le mosebetsi o boima tseo bafuputsi le bo-pula-maliboho ba bileng le tsona mosebetsing oa bona o kotsi.

Setsebi sa kahisano Vicki Abt, o itse: “Li-lottery li fana ka khopolo ea hore meputso ha e amane le boiteko ba hao.” Khopolo e joalo e ka baka tšenyo e khōlō ho boleng ba bophelo. Molato oa chelete, bofutsana, mekhoa e mebe ea mosebetsi, malapa a senyehileng—tsena ke liphello tse senyang tsa papali ea chelete. Ho ba limillione, bao karolo e hōlang e leng bacha, papali ea chelete e fetoha tšusumetso e sa laoleheng. Ka sebele, Bibele e nepile ha e bolela hore “mohloli oa bokhopo bohle ke ho rata chelete.”—1 Timothea 6:10, BPN.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela