Na U Hloile ho Tšoauoa Liphoso?
NA U ka hopola lekhetlo la ho qetela leo ka lona u ileng ua tšoauoa phoso? Sena se etsahalla e mong le e mong nako le nako ka mabaka a fapaneng.
Mohlomong e mong o ile a u tšoaea phoso ka morero oa ho iphahamisa. Le hoja, hangata, e le motho ea nang le lithahasello tsa hao pelong ea u tšoaeang liphoso: Monna oa hao o ile a lemoha bofokoli bo itseng mokhoeng oa hao oa ho pheha; mosali oa hao o itse tae ea hao ha e tšoanele sutu ea hao; motsoalle oa hao o ile a u tšoaea phoso ka ho se hlokomele bophelo ba hao bo botle. Kapa mohlomong ho tšoauoa phoso e ne e le ho laeang, joaloka ho etsoang ke mohiri kapa motsoali (haeba u ngoana ea tlaase lilemong), e le hore u ka lokisa ntho e itseng eo u e buileng kapa u e entseng.
Ho sa tsotellehe hore na ke boemong bofe, na u ile ua amohela ho tšoauoa liphoso? Kapa u ne u halefile, mohlomong u bile u mo bolella hore a hlokomele tseo e leng tsa hae?
Ho ba bangata, ho tšoauoa liphoso ke phihlelo e bohloko. Baa halefa, baa hlabeha. Ba bang ba lahleheloa ke tšepo, ba etsa qeto ea hore ‘ha ho letho leo ke tsebang ho le etsa ka mokhoa o nepahetseng’ ebe ba tepella maikutlong.
Na u e mong oa ba hloileng ho tšoauoa liphoso? Ha u mokhelo; ba bangata ba ikutloa ka tsela eo. Na u ka ithuta ho fokotsa bohloko ba ho tšoauoa liphoso, u sa hanyetse ka mokhoa o tlōlisang? Sehlooho sena se tla hlahloba litsela tse tšeletseng tseo ka tsona ho tšoauoa liphoso ho ka bang monate haholoanyane. Li ka ’na tsa u thusa ho tlosa, kapa bonyane ho fokotsa, ho hlaba ha ho tšoauoa liphoso.
1. Amohela ho Tšoauoa Liphoso
Na ho bonahala e le ho sa tloaelehang ho uena hore batho ba bang ba batla ho tšoauoa liphoso, ba bile baa ho tsoma? Makasine oa Bits and Pieces o ile oa hlokomela: “Baeta-pele ba bohlale . . . baa tseba hore ba tla etsa liphoso ka linako tse ling. Ke kahoo ba batlang maikutlo ana a ba hanyetsang—ho ba thusa ho fokotsa liphoso pele ba ka li etsa, le ho lokisa liphoso tsa nako e fetileng kapele kamoo ho ka etsahalang.”
Joalokaha ba bang ba ka bona litšobotsi tsa ponahalo ea rōna tseo re ke keng ra li bona—Joaloka k’holoro e hlanohileng, tae e khopameng—ka tsela e tšoanang ba ka bona litšobotsi tsa botho ba rōna tseo re sa li boneng. Talima seo ba se lemohang e le se thusang ho e-na le ho ba se sokelang. Amohela ho u tšoaea liphoso ha bona e le monyetla oa ho ithuta ho hong. Ho etse hore e be phihlelo e u matlafatsang.
2. Laola Motšoai Liphoso oa Hao e Moholo ka ho Fetisisa
Na u itšoaea liphoso ka matla? Na u tšoenyeha ka liphoso tsa hao ka linako tsohle? Kapa ha e mong a u lemosa bofokoli ba hao, na ka kelellong u bo kenya lethathamong le lelelele la mefokolo e sa amaneng le bona?
Dr. Harold Bloomfield oa hlalosa: “Haeba re se re ntse re khathatsoa ke ho itšoaea liphoso, re tla tšoenyeha ka ho khethehileng ha re tšoauoa liphoso ke ba bang. Le haeba e mong a re rorisa ’me a re tšoaea phoso e nyenyane, re atisa ho nahanisisa ka ntho eo re haelletsoeng ho eona ho feta botle boo re bo entseng.”
E-ba ea lekanyang lintho hantle ha u itlhahloba. Ke joang u ka tsebang boemo bo lekanyelitsoeng hantle? Nahana ka motsoalle oa hao ea haufi ea tšoauoang liphoso tse tšoanang. U ne u tla batla hore a itšoare joang? Hore a ikutloele bohloko? A fele pelo? A hane keletso e molemo ka boikakaso? Che, mohlomong u ne u tla tšepa hore o tla mamela a sa utloa bohloko hakaalo ha a tšoauoa liphoso, a ho hlahlobe ka botšepehi, ’me a ho sebelise bakeng sa ho ntlafatsa botho ba hae.
Joale, ke hobane’ng ha u sa itšoare ka tsela e tšoanang?
3. Kōpa Makolopetso
“Ha ke rate boikutlo ba hao!” Na u ne u ka rata hore motho e mong a u bolelle seo? Che, lipolelo tse kang tsena li utloisa bohloko, na ha ho joalo?
Katamelo ea hao e ka bang molemo ka ho fetisisa boemong bona ke ho kōpa lintlha tse tobileng tse eketsehileng. Bukeng ea hae Conversationally Speaking, Alan Garner oa hlalosa: “Ho tšoaea liphoso hangata ho etsoa ka mokhoa o akaretsang . . . Ho kōpa lintlha tse tobileng ho tla u thusa hore u fumane hantle hore na likhanyetso tsa motho eo ke life. . . . Joaloka motlalehi oa litaba, sohle seo u ka se etsang ke ho botsa lipotso tse reretsoeng ho fumana hore na ke mang, ke eng, ke neng, kae, hobane’ng, le joang.”
Ka mohlala, pelaelong e ka holimo, u ka ’na ua arabela: ‘Ke boikutlo bofe bo tobileng boo u nahanneng ka bona?’ Haeba a ntse a sa tobe taba ka ho lekaneng, u ka ’na ua botsa hape: ‘Ke hobane’ng ha bo u halefisa? Na u ka mpha mohlala oa hore ke ile ka etsa sena neng?’ A susumelitsoe ke takatso ea hao ea ho buisana le eena ho e-na le ho mo phephetsa, lipotso tse kang tsena li ka ’na tsa thusa uena le motho ea u tšoaeang liphoso hore le lebise tlhokomelo lintlheng tse tobileng. Li ka ’na tsa senola hore na ho u tšoaea liphoso ha hae hoa utloahala kapa ke ho u nyatsa ka mokhoa o tlōlisang. ’Me li u fa nako e eketsehileng ea ho nahana ka taba eo.
4. Khutsisa Motho ea U Tšoaeang Liphoso
Ho thoe’ng haeba ea u tšoaeang liphoso a ferekane maikutlo? Dr. David Burns oa re eletsa: “Ho sa tsotellehe hore na ea u tšoaeang liphoso o nepile kapa o fositse, qalong fumana mokhoa oa ho lumellana le eena.” See se tla u tsoela molemo joang? Se etsa hore ea u tšoaeang liphoso a felloe ke mabaka a ho u hlasela, sea mo khutsisa, le ho mo etsa hore a kopanele puisanong haholoanyane.
Ka lehlakoreng le leng, haeba u itšireletsa hang-hang—joalokaha u tla sekamela ho etseng joalo haeba qoso e sa nepahala—u tla be u eketsa haholo mabaka a hore motho ea u tšoaeang liphoso a u hlasele. Joalokaha Dr. Burns a hlalosa: “U tla fumana hore matla a tlhaselo ea mohanyetsi oa hao aa eketseha!” Joale, bohato bo molemo ka ho fetisisa ke ba ho fumana ntlha eo le lumellanang ka eona pele le ka buisana ka taba efe kapa efe eo e leng mohloli oa khohlano.
5. Lebisang Tlhokomelo Tabeng, Eseng Mokhoeng oa ho e Fetisa
’Mè e mong o ile a fumana tletlebo e tsoang ho baahelani ba hae ka boitšoaro ba mora oa hae. Tletlebo ena e ile ea fetisoa ka mabifi le ka moea oa bora. ’Mè eo a ka be a ile a hlokomoloha lipolelo tsa baahelani habonolo ka hore ha li na mabaka kapa hase tsa ’nete, ’me o ile a hla a lekeha hore a etse joalo.
Ho e-na le hoo, ka mor’a ho fumana hore ho ne ho na le ’nete ka har’a ho tšoauoa phoso hona, o ile a bolella mora oa hae hore: “Hase ka mehla re hlokomelisoang liphoso tsa rōna ke batho bao re ba ratang, esita leha ho re fumantša molemo. Ha re sebelise tlhokomeliso ena e le monyetla oa ho ntlafatsa.”
Na e mong o ile a u khalemela ka bohale? Mohlomong motho eo o na le bothata ba ho khopeha kapele kapa o bile o na le mohono. Uena kapa e mong osele le ka ba le monyetla oa ho mo thusa ka bothata bona ka nako e loketseng. Empa u se ke ua hana seo a se lemohileng ho uena feela hobane a buile ka mabifi. Lebisa tlhokomelo tabeng eo u tšoauoang phoso ho eona. Na ke ’nete? Haeba ho joalo, u se ke ua itima monyetla ona oa hore u hōle.
6. Fokotsa Matla a Hona
Sena se ka ’na sa u makatsa, empa u na le taolo e itseng tabeng ea hore na ke hangata hakae le ka matla hakae u tšoauoang liphoso. Molao-motheo ona ke ’nete haholo-holo mabapi le ho tšoaea liphoso ho khalemelang ho tsoang ho batho ba boholong. Ka tsela efe?
Khale-khale, semela se setšo sa kumine se ne se ratoa ke bohle Palestina. Empa ho fapana le limela tse ling, se ne se sa poloe ka mabili a boima a ho pola. Ho e-na le hoo, se ne se poloa ka molamu kapa lere la tšepe. Ke hobane’ng ha se poloa ka mokhoa oo o khethehileng le o hlokolosi? Hobane litlhaku tsa sona tse nyenyane, tse bonolo li ne li sa hloke ho poloa ka ntho e boima le hore, ha e le hantle, e ne e ka li senya.
Buka ea Bibele ea Esaia e sebelisa semela se setšo sa kumine ho bapisa litekanyetso tse fapaneng tsa taeo. Ha motho a arabela khalemelong e bobebe tabeng e itseng, ho ke ke ha hlokahala hore a khalemeloe ka matla a maholoanyane tabeng eo.—Esaia 28:26, 27.
Kahoo u ka qoba khalemelo e matla ka hore u potlakele ho lokisa liphoso tseo u li tšoauoang ka mokhoa o bobebe. Ka mohlala, na ua elelloa hore u atisa ho fihla morao mosebetsing? Khaotsa tloaelo eo hona joale, pele mohiri oa hao a bua le uena ka eona. Na o se a u hlokomelisitse eona? Arabela hang-hang ka ho fihla ka nako mosebetsing, pele a ikutloa a tlamehile ho nka bohato bo matla haholoanyane.
U ka Sebetsana le Boemo ka Katleho
Ho tšoauoa liphoso ho ka utloisa bohloko. U ka ’na ua lakatsa hore batho ba u tlohele, ba se ke ba u ahlola, ba se ke ba etsa ‘litlhahiso tse thusang.’
Empa ho lakatsa hore batho ba u tlohele le ho hlabeha ho ke ke ha ba thibela. Ho tšoaea ba bang liphoso ke sebōpeho sa batho sa kajeno. Ho feta moo, u ke ke ua laola tekanyo ea bohlale boo ba bang ba bo sebelisang ha ba fana ka keletso e sa kōptjoang.
Ho e-na le ho ngongoreha, sebelisa hamolemo seo u ka se laolang: karabelo ea hao. Sebelisa tse ling tsa litlhahiso tse ka holimo ho sebetsana ka katleho le ho tšoauoa liphoso le ho fokotsa ho hlaba ha hona. U tla thaba hore ebe u ile ua ho etsa.
Ho Tšoaea ba Bang Liphoso
Haeba ho tšoauoa liphoso ho etsa hore u khopehe kapele, ho tšoaea ba bang liphoso ho ka ’na ha u thatafalla le uena. Litataiso tseo u ka li hopolang ha u tšoaea ba bang liphoso ke tsena:
Sebelisa mantsoe a seng makae. Ho se atlehe ho qoba ho utloisa motho eo u mo tšoaeang liphoso bohloko hangata ho bakoa ke ho bua mantsoe a mangata, a ka ’nang a fetisa molaetsa o sa hlakang.
Qoba ho bua ka phoso e ’ngoe le e ’ngoe e fokolang eo u e hlokomelang ho motho. Sena sea halefisa, ’me qetellong batho ba tla hlokomoloha pono ea hao joaloka eo eseng ea bohlokoa. Ba ka ’na ba qala le ho u koekoetla. Batho bohle ha baa phethahala ’me ba na le liphoso. Ba ke ke ba sebeletsa ho tsona kaofela ka nako e le ’ngoe. Haeba bofokoli boo u bo elelloang bo sa teba, bo tlohele. Joalokaha Bibele e hlokomela: “Lerato le koahela boieane ba libe.”—1 Petrose 4:8, NW.