“Bohlale bo Pakoa ke Mesebetsi ea Bona Hore bo Lokile”
1. Batho ba bang ba nka mosebetsi oa rōna joang?
1 Ka linako tse ling beng ba matlo ba sa re utloisiseng kapa ba filoeng ka ntle ho letsoho mabapi le Lipaki Tsa Jehova, ba ka ’na ba re tšoara hampe. Mohlomong maikutlo a bona a susumelitsoe ke litlaleho tse leeme tsa litaba. Libakeng tse ling re bile re bitsoa “lequloana le kotsi.” Re lokela ho etsa’ng ha re nyatsuoa ka tsela eo?
2. Ke eng e tla re thusa hore re se ke ra nyahama ha re nyatsuoa?
2 U se ke Ua Nyahama: Lekholong la pele la lilemo batho ba bangata ba ne ba sa utloisise Jesu le bahlanka ba bang ba Jehova ba bile ba ba etselletsa. (Lik. 28:22) Empa ha baa ka ba e-ba lihlong ho etsa tšebeletso ea bona ha batho ba ba nyatsa. Jesu o ile a re: “Bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.” (Mat. 11:18, 19) O ile a tsoela pele a etsa thato ea Ntate oa hae ka cheseho, a kholisehile hore batho ba batlang ’nete ba tla bona hore litaba tse molemo ke tsa bohlokoa. Re ka qoba ho nyahama ka hore re hopole hore Mora oa Molimo ka boeena o ile a tšoaroa joalo.
3. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala ha re buuoa hampe le ha re hanyetsoa?
3 Jesu o ile a bolela hore lefatše le ne le tla hloea balateli ba hae feela joalokaha le ile la mo hloea. (Joh. 15:18-20) Kahoo, kajeno ha rea lokela ho makala ha re buuoa hampe le ha re hanyetsoa. Ha e le hantle, re ka lebella hore lintho tseo li ate ha bofelo bo ntse bo atamela ’me khalefo ea Satane e ntse e tota. (Tšen. 12:12) Re lokela ho thaba hobane lintho tsena li bontša hore lefatše la Satane le tla tloha le timetsoa.
4. Haeba batho ba re tšoara hampe ha re bolela litaba tse molemo, re lokela ho etsa’ng?
4 Araba ka Mosa: Ha beng ba matlo ba re tšoara hampe, kamehla re lokela ho ba araba ka mosa le ka bonolo. (Liprov. 15:1; Bakol. 4:5, 6) Haeba re fumana monyetla, re ka ’na ra hlalosetsa mong’a ntlo ea ratang ho tseba ’nete hore Lipaki Tsa Jehova li etselletsoa ka lintho tse ngata kapa re ka ’na ra mo botsa hore na ke hobane’ng ha a e-na le maikutlo ao. Ha re mo araba ka bonolo a ka ’na a belaela hore na seo a se utloileng se buuoa ka Lipaki Tsa Jehova ke ’nete ebe oa mamela lekhetlong le latelang ha Paki e mo etela. Leha ho le joalo, haeba mong’a ntlo a halefile haholo, ho ka ba molemo hore ka boikokobetso re tsamaee. Re ka kholiseha hore ho sa tsotellehe hore na ba bang ba re talima joang, Jehova eena o nka tšebeletso ea rōna e le ea bohlokoa.—Esa. 52:7.