Ke’ng se ka Etsoang ka ho Nyahama?
MOTHO a ka loantša ho nyahama joang? Ena ke potso e ileng ea botsoa balebeli ba tsamaeang ba ’maloa, ba etelang liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova joalo-joalo. Likarabo tsa bona li ka re thusa ho hlahloba lisosa tsa ho nyahama le lipheko tsa boemo bona bo ka amang Mokreste ofe kapa ofe.
Ho sebetsana le ho nyahama ho hloka ho fetang hore motho a itlhahlobe, empa matšoao a hona a ka ’na a akarelletsa ho se thahaselle thapelo kapa thuto ea botho, ho se be teng kamehla libokeng, ho hloka cheseho esita le ho hloka botsoalle ho itseng ho Bakreste-’moho. Leha ho le joalo, le leng la matšoao a totobalang ka ho fetisisa ke ho fokotseha ha cheseho ea ho bolela evangeli. A re hlahlobeng matšoao ana ’me re nahane ka lipheko tse itseng.
Ho Nyahama Mosebetsing oa Rōna oa ho Bolela Evangeli
Jesu Kreste o ile a lemoha mathata a amanang le taelo ea ho etsa barutuoa. (Matheu 28:19, 20) O ile a roma balateli ba hae ba le joaloka “linku har’a liphiri,” a tseba hore mosebetsi oa bona oa ho bolela o ne o tla ba tlisetsa mahloriso. (Matheu 10:16-23) Empa, lena e ne e se lebaka la hore ba nyahame. Ha e le hantle, bahlanka ba Molimo bao ka tieo ba ’nileng ba itšetleha ka Jehova hangata ba ’nile ba matlafatsoa ke mahloriso.—Liketso 4:29-31; 5:41, 42.
Esita leha barutuoa ba Kreste ba ne ba se tlas’a mahloriso a matla, e ne e se kamehla ba neng ba amoheloa ka thabo. (Matheu 10:11-15) Ka ho tšoanang, kajeno hase kamehla mosebetsi oa ho bolela oa Lipaki tsa Jehova o etsoang habonolo.a Ho batho ba bangata, ho lumela ho Molimo ke taba ea botho eo ba sa batleng ho bua ka eona. Ba bang ha ba batle letho le amanang le mokhatlo oa bolumeli oo ba nang le leeme le itseng ka oona. Ntle ho pelaelo, boiphapanyo, ho se behe litholoana kapa mathata a mang a sa tšoaneng e ka ba lisosa tsa ho nyahama tseo ho leng thata ho li hlōla. Litšitiso tsee li ka hlōloa joang?
Ho Beha Litholoana Tse Molemo
Thabo eo re e fumanang tšebeletsong ea rōna e batla e itšetlehile ka litholoana tseo re li behang. Joale re ka beha litholoana tse eketsehileng joang tšebeletsong? Ha e le hantle, re “batšoasi ba batho.” (Mareka 1:16-18) Batšoasi ba litlhapi Iseraeleng ea boholo-holo ba ne ba tšoasa bosiu nakong eo ka eona ba neng ba ka tšoasa litlhapi tse ngata. Le rōna ho hlokahala hore re hlahlobe tšimo ea rōna e le hore re “tšoase” ha boholo ba batho bo le hae bo bile bo amohela molaetsa oa rōna hamolemonyana. E ka ’na ea e-ba mantsiboea, mafelo-beke kapa ka nako e ’ngoe feela. Ho latela molebeli e mong ea tsamaeang, sena se sebetsa libakeng tseo ho tsona batho ba sebetsang letsatsi lohle. O bontša hore hangata ho paka mantsiboea ho ba le liphello tse ntle haholo. Ho paka ka thelefono kapa ka mokhoa o sa reroang le hona ho re nolofalletsa ho finyella batho ba eketsehileng.
Ho tiisetsa tšebeletsong ho hlahisa liphello tse molemo. Europe Bochabela le linaheng tse ling tsa Afrika, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o tsoela pele hamolemo, ’me sena se felletse ka keketseho e ntle. Ka ho tšoanang, ho thehiloe liphutheho tse ngata libakeng tseo ka nako e telele li ’nileng tsa talingoa e le tse sa beheng kapa hona tšimong e sebetsoang khafetsa. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ea lōna e sa hlahise litholoana tse joalo?
Ho Lula U E-na le Boikutlo bo Nepahetseng
Ho hlakeloa ke lipakane tseo Jesu a ileng a li beha ho tla re thusa hore re se ke ra nyahama ha re talimane le ho iphapanya tšebeletsong. Kreste o ne a batla hore barutuoa ba hae ba batle ba tšoanelehang, eseng hore ba sokolle batho ka bongata. Ka makhetlo a mangata o ile a bontša hore bongata bo boholo bo ne bo ke ke ba amohela litaba tse molemo, feela joalokaha boholo ba Baiseraele bo sa ka ba mamela baprofeta ba khale.—Ezekiele 9:4; Matheu 10:11-15; Mareka 4:14-20.
Batho ka bomong ba “elang hloko tlhoko ea bona ea moea,” ba amohela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” ka thabo. (Matheu 5:3; 24:14) Ba batla ho sebeletsa Molimo ka tsela eo a e bontšang. Kahoo, liphello tsa mosebetsi oa rōna li amana haholoanyane le boemo ba lipelo tsa batho ho feta hore na re khona hakae ho fana ka molaetsa. Ha e le hantle, ho hlokahala hore re etse sohle seo re ka se khonang ho etsa hore litaba tse molemo li ipiletse. Empa, liphello li itšetlehile ka Molimo, hobane Jesu o itse: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha Ntate, ea nthomileng, a mo hula.”—Johanne 6:44.
Mosebetsi oa rōna oa ho bolela evangeli o etsa hore lebitso la Jehova le tsejoe. Ebang batho baa mamela kapa che, mosebetsi oa rōna oa ho bolela o tlatsetsa khalaletsong ea lebitso la Jehova le halalelang. Ho feta moo, ka mosebetsi oa rōna oa ho bolela evangeli, re bontša hore re barutuoa ba Kreste, ’me re na le tokelo ea ho kopanela thōmong ea bohlokoa ka ho fetisisa e phethahatsoang mehleng ea rōna.—Matheu 6:9; Johanne 15:8.
Ho Nyahama le Likamano
Likamano tse itseng lipakeng tsa batho, ebang ke ka lapeng kapa ka phuthehong, li ka baka ho nyahama. Ka mohlala, ho na le boikutlo ba ho se utloisisoe. Mefokolo ea balumeli-’moho le rōna le eona e ka ’na ea re nyahamisa. Le hona mona, Mangolo a ka re thusa haholo.
“Mokhatlo oohle oa barab’abo rōna” lefatšeng ka bophara o etsa lelapa le leholo la moea. (1 Petrose 2:17) Empa boikutlo ba ho ba karolo ea batho ba kopaneng bo ka fela ha mathata a hlaha ka lebaka la likhohlano tse bakoang ke botho bo sa tšoaneng. Ka sebele, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa lokoloha mathateng a joalo, kaha moapostola Pauluse o ne a lokela ho ba hopotsa khafetsa hore ba lule hammoho ka kutloano. Ka mohlala, o ile a khothatsa basali ba babeli ba Bakreste—Evodia le Syntike—hore ba rarolle liqabang tsa bona.—1 Bakorinthe 1:10; Baefese 4:1-3; Bafilippi 4:2, 3.
Haeba bothata e le boo, re ka tsosolosa lerato la sebele joang bakeng sa bara le barali babo rōna? Ka ho ikhopotsa hore Kreste o ba shoetse le hore le bona, joaloka rōna, ba sebelisitse tumelo sehlabelong sa hae sa thekollo. Re ka ba ra hopola hore boholo ba barab’abo rōna bo ikemiselitse ho etsisa Jesu Kreste ka ho beha bophelo ba bona kotsing bakeng sa rōna.
Lilemong tse itseng tse fetileng, Paris, Fora, mocha e mong oa Paki ha aa ka a qeaqea ho nka sutuk’heise e tšetseng bomo e neng e behiloe ka ntle ho Holo ea ’Muso. O ile a matha ho theosa le litepisi tsa mekato e ’maloa pele a e akhela selibeng, moo e ileng ea phatloha. Ha a botsoa hore na o susumelitsoe ke eng hore a behe bophelo ba hae kotsing ka tsela ena, o ile a araba: “Ke ile ka hlokomela hore bophelo ba rōna bo kotsing. Ka hona, ka nahana hore ho molemo hore ke shoe ke le mong ho e-na le hore re shoe kaofela.”b Ke tlhohonolofatso e kaakang ho ba le metsoalle e joalo e ikemiselitseng ho latela mohlala oa Jesu haufi-ufi hakaale!
Ho ekelletsa moo, re ka nahanisisa ka moea oa tšebelisano o neng o le teng har’a Lipaki tsa Jehova tse neng li le likampong tsa mahloriso nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše.c Haufinyane tjena, bara le barali babo rōna ba Malawi ba ile ba ema ba tiile e le Bakreste ba ’nete ba tšepahalang ka tsela e tšoanang. Na mohopolo oa hore barab’abo rōna bao re leng phuthehong e le ’ngoe le bona ba ka itšoara ka tsela e tšoanang tlas’a maemo ao ha o re susumeletse ho hlokomoloha kapa bonyane ho nyenyefatsa likhohlano tsa letsatsi le letsatsi le mathata? Haeba re hlaolela mohopolo oa Kreste, likamano tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi le barapeli-’moho le rōna e tla ba mohloli oa khatholoho, eseng oa ho nyahama.
Boikutlo bo Nyahamisang
“Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo; empa ha ho hlaha seo motho a se lumang, ke sefate sa bophelo.” (Liproverbia 13:12) Mahlong a ba bang ba bahlanka ba Jehova, bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ha bo tle kapele ho lekana. Bakreste ba bona nako eo re phelang ho eona e le e ‘mahlonoko le eo ho leng thata ho sebetsana le eona,’ hantle feela joalokaha ho etsa ba bangata ba sa lumelang.—2 Timothea 3:1-5.
Leha ho le joalo, ho fapana le ba sa lumelang, maemong ana a lekang Bakreste ba lokela ho thabela ho bona “pontšo” ea ho ba teng ha Jesu, e bontšang hore ’Muso oa Molimo o tla tloha o felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho. (Matheu 24:3-14) Esita leha boemo bo ntse bo mpefala—joalokaha ho tla hle ho be joalo nakong ea “matšoenyeho a maholo”—liketsahalo tsena ke mohloli oa thabo ho rōna hobane li bolela ho tla ha lefatše le lecha la Molimo.—Matheu 24:21; 2 Petrose 3:13.
Ha Mokreste a chechisa ka kelellong ea hae hore ’Muso oa kenella litabeng tsa kajeno, sena se ka etsa hore a sebelise nako e eketsehileng telekisong ea lintho tse bonahalang. Haeba a ka itumella ho sebelisa nako ea hae kaofela le matla linthong tse kang mosebetsi oa boipheliso le boithabiso, ho ne ho tla ba thata hore a phethahatse boikarabelo ba hae ba Mangolo hantle. (Matheu 6:24, 33, 34) Boikutlo bo joalo bo baka pherekano le ho nyahama. Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a re: “Ha ho utloahale ho leka ho phela tsamaisong ena joalokaha eka ke tsamaiso e ncha.”
Lipheko Tse Peli Tse Molemohali
Hang ha ho fumanoe bothata, motho a ka fumana pheko e ntle joang? Thuto ea botho ke o mong oa mekhoa e molemohali. Hobane’ng? Molebeli e mong ea tsamaeang o itse: “E re hopotsa hore na ke hobane’ng ha re tlameha ho etsa seo re se etsang.” E mong hape o ile a hlalosa: “Ho bolela feela hobane re tlamehile ho fetoha moroalo ha nako e ntse e feta.” Empa thuto ea botho e molemo e re thusa ho tsosolosa pono e chatsi ea karolo ea rōna ha re ntse re atamela bofelo. Tabeng e tšoanang, Mangolo a re hopotsa khafetsa hore ho hlokahala re fepehe hantle moeeng e le hore re ka thaba e le kannete ha re etsa thato ea Molimo.—Pesaleme ea 1:1-3; 19:7-10; 119:1, 2.
Baholo ba ka thusa ba bang ho hlōla ho nyahama ka ho etsa maeto a bolisa a ba khothatsang. Nakong ena eo ho eteloang batho malapeng, baholo ba ka bontša hore e mong le e mong ho rōna o ananeloa haholo ’me o sebakeng sa bohlokoa har’a batho ba Jehova. (1 Bakorinthe 12:20-26) Ha a bua ka Bakreste-’moho le eena, moholo e mong o itse: “Ha ke hatisa hore ke ba bohlokoa, ke ba hopotsa ka seo ba se finyeletseng nakong e fetileng. Ke bontša hore ke ba bohlokoa mahlong a Jehova le hore mali a Mora oa hae a fanoe molemong oa bona. Mohopolo ona o atisa ho amoheloa hantle. Hang ha sena se tšehetsoa ka litemana tsa Bibele tse utloahalang, ba nyahameng ba boemong ba ho etsa lipakane tse ncha, tse kang hore lelapa le rapele, le ithute le be le bale Bibele hammoho.”—Baheberu 6:10.
Nakong ea maeto a bolisa, ho hlokahala hore baholo ba hlokomele ho se etse hore ho bonahale eka Molimo a ke ke a khahlisoa. Ho e-na le hoo, baholo ba ka thusa balumeli-’moho le bona ba nyahameng hore ba bone mojaro o holim’a balateli ba Jesu o le bobebe. Ka hona, tšebeletso ea rōna ea Bokreste ke mohloli oa thabo.—Matheu 11:28-30.
Ho Hlōla ho Nyahama
Ho sa tsotellehe hore na ho nyahama ho bakoa ke eng, ke seoa se lokelang ho loantšoa. Leha ho le joalo, hopola hore ha re bang ntoeng ena. Haeba re nyahame, a re amoheleng thuso ea metsoalle ea rōna ea Bakreste, haholo-holo baholo. Ka ho etsa joalo, re ka ’na ra fokotsa boikutlo ba ho nyahama.
Ka holimo ho tsohle, ho hlokahala hore re retelehele ho Molimo bakeng sa thuso ea ho hlōla ho nyahama. Haeba ka tieo re itšetleha ka Jehova, a ka re thusa hore re hlōle ho nyahama ka ho feletseng. (Pesaleme ea 55:22; Bafilippi 4:6, 7) Leha ho le joalo, joaloka batho ba hae, re ka kopanela boikutlong ba mopesaleme ea ileng a bina: “Ho thaba batho ba tsebang mohoo oa thabo. Jehova, ba ntse ba tsamaea leseling la sefahleho sa hao. Ba ithabela lebitsong la hao letsatsi lohle ’me ba phahamisoa ho lokeng ha hao. Etsoe ke uena botle ba matla a bona; ’me ka kamohelo ea hao lenaka la rōna le phahame.”—Pesaleme ea 89:15-17, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se reng “Phephetso ea Ntlo le Ntlo” ho Molula-Qhooa oa November 15, 1981.
b Bona leqephe la 12 le la 13 ho Tsoha! (ea Senyesemane) ea February 22, 1985, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
c Bona lihlooho tse reng “Ka Pholoha ‘Leeto la Lefu’” ho Molula-Qhooa oa February 15, 1981 le “Ho Boloka Botšepehi Jeremane ea Bonazi” ho Tsoha! ea July 8, 1985.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Maeto a bolisa a hahang a etsoang ke baholo ba lerato a ka thusa Bakreste hore ba hlōle ho nyahama