Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 8/15 maq. 22-26
  • Ho Khathala Empa re sa Felloe ke Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khathala Empa re sa Felloe ke Matla
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bokreste ha bo Hatelle
  • ‘Le Hlobole Boima bo Bong le bo Bong’
  • Ho Hlokahala Kahlolo e Molemo le Boinyenyefatso
  • Jehova Molimo o re fa Matla
  • U se ke Ua Tela
  • Moea o Halalelang o re fa Matla a ho Hlōla Liteko le ho Nyahama
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • “A re ke re Lahleng Hohle ho re Imelang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ke’ng se ka Etsoang ka ho Nyahama?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ho Fumana Matla Hape, U sa Khathale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 8/15 maq. 22-26

Ho Khathala Empa re sa Felloe ke Matla

“Jehova, ’Mōpi oa lipheletso tsa lefatše, . . . o fana ka matla ho ea khathetseng; ’me o etsa hore matla a feletseng a atele ea se nang matla.”—ESAIA 40:28, 29.

1, 2. (a) Ke memo efe e ipiletsang e isoang ho bohle ba batlang ho sebelisa borapeli bo hloekileng? (b) Ke eng e ka bang kotsi haholo bomoeeng ba rōna?

KAHA re barutuoa ba Jesu, re tseba hantle memo ena ea hae e ipiletsang e reng: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. . . . Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Matheu 11:28-30) Bakreste ba boetse ba tšepisoa ‘linako tse khathollang tse tsoang ho Jehova.’ (Liketso 3:19) Ka sebele u ikutloetse ka bouena liphello tse khathollang tsa ho ithuta linnete tsa Bibele, tsa ho ba le tšepo e thabisang ea bokamoso le tsa ho sebelisa melao-motheo ea Jehova bophelong ba hao.

2 Leha ho le joalo, barapeli ba bang ba Jehova ba ba le linako tsa ho khathala maikutlong. Maemong a mang linako tsena tsa ho nyahama li ba khutšoanyane. Ka linako tse ling boikutlo bona ba ho khathala bo ka nka nako e telele. Ka mor’a nako, ba bang ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a hore boikarabelo ba bona ba Bokreste e se e le moroalo ho e-na le ho ba mojaro o khathollang joalokaha Jesu a ile a tšepisa. Boikutlo bona bo hlokisang tšepo bo ka ba kotsi haholo kamanong ea Mokreste le Jehova.

3. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a fana ka keletso e ho Johanne 14:1?

3 Nakoana pele Jesu a tšoaroa le ho bolaoa, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le se ke la lumella lipelo tsa lōna hore li khathatsehe. Bontšang tumelo ho Molimo, le bontše tumelo le ho ’na.” (Johanne 14:1) Jesu o buile mantsoe ana nakong eo ka eona baapostola ba hae ba neng ba tla tloha ba tobana le liketsahalo tse sehlōhō. Ka mor’a tsona ho ne ho tla qhoma mahloriso. Jesu o ne a tseba hore baapostola ba hae ba ne ba ka ’na ba khoptjoa ka lebaka la ho nyahama haholo. (Johanne 16:1) Boikutlo ba masoabi, haeba bo sa laoloe, bo ne bo ka ba fokolisa moeeng le ho ba etsa hore ba felloe ke tšepo ho Jehova. Kajeno Bakreste ba ’nete le bona ba etsahalloa ke ntho e tšoanang. Ho nyahama ka nako e telele ho ka sithabetsa motho haholo, ’me lipelo tsa rōna li ka imeloa. (Jeremia 8:18) Motho eo re leng eena ka hare a ka fokola. Ha re le tlas’a khatello ena, re ka ’na ra nyahama maikutlong le moeeng, esita le ho felloa ke takatso ea ho rapela Jehova.

4. Ke eng se ka re thusang ho thibela lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso hore li se ke tsa khathala?

4 Keletso ena ea Bibele e loketse haholo ha e re: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.” (Liproverbia 4:23) Bibele e fana ka keletso e sebetsang e re thusang ho sireletsa lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso hore li se ke tsa nyahama kapa tsa khathala moeeng. Leha ho le joalo, sa pele, ho hlokahala hore re tsebe ka ho hlaka hore na ke eng e etsang hore re khathale.

Bokreste ha bo Hatelle

5. Ke ho ikhanyetsa hofe ho bonahalang eka ho teng mabapi le ho ba morutuoa oa Kreste?

5 Ke ’nete hore ho ba Mokreste ho hloka boikitlaetso bo matla. (Luka 13:24) Jesu o bile a re: “Mang kapa mang ea sa jareng thupa ea hae ea tlhokofatso le ho ntšala morao e ke ke ea e-ba morutuoa oa ka.” (Luka 14:27) Mantsoe ana a ka ’na a bonahala a hanyetsa polelo ea Jesu e mabapi le hore mojaro oa hae o bobebe ebile oa khatholla, empa ha e le hantle, ha a e hanyetse.

6, 7. Ke hobane’ng ha ho ka thoe mofuta oa rōna oa borapeli ha o re bakele mokhathala?

6 Le hoja ho ikitlaetsa ka matla le mosebetsi o boima e le lintho tse khathatsang ’mele, li ka khotsofatsa le ho khatholla ha li etsoa ka sepheo se setle. (Moeklesia 3:13, 22) Hona ke ntho efe e ka bang molemo ho feta ho bolella baahelani ba rōna linnete tse hlollang tsa Bibele? Hape, ntoa ea rōna ea ho phela ka litekanyetso tsa Molimo tse phahameng tsa boitšoaro e fetoha lefeela ha e bapisoa le melemo eo re e thabelang ka ho phela ka litekanyetso tseo. (Liproverbia 2:10-20) Esita leha re hlorisoa, re ho nka e le tlotla ho utloa bohloko ka lebaka la ’Muso oa Molimo.—1 Petrose 4:14.

7 Ka sebele mojaro oa Jesu oa khatholla, haholo ha o bapisoa le lefifi la moea la ba keneng tlas’a joko ea bolumeli ba bohata. Molimo o re rata ka lerato le bonolo ’me ha a re imetse ntle ho lebaka. “Litaelo tsa [Jehova] ha li boima.” (1 Johanne 5:3) Bokreste ba ’nete, joalokaha bo hlalositsoe ka Mangolong, ha bo hatelle. Ho hlakile hore, mofuta oa rōna oa borapeli ha o re bakele mokhathala kapa ho nyahama.

‘Le Hlobole Boima bo Bong le bo Bong’

8. Hangata ke eng e bakang ho khathala moeeng?

8 Hangata mokhathala leha e le ofe oa moea oo re nang le oona o bakoa ke boima bo eketsehileng boo re bo jarisoang ke tsamaiso ena e khopo ea lintho. Kaha “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo,” re pota-potiloe ke matla a re hanyetsang a ka re fokolisang le a ka re hlokisang botsitso ba Bokreste. (1 Johanne 5:19) Ho hahamalla lintho tse sa hlokahaleng ho ka thatafatsa mesebetsi ea rōna ea Bokreste le ho e sitisa. Meroalo ena e eketsehileng e ka re imela ea ba ea re hatella. Ka nepo, Bibele e re eletsa hore re ‘hlobole boima bo bong le bo bong.’—Baheberu 12:1-3.

9. Ho hahamalla lintho tse bonahalang ho ka re imetsa joang?

9 Ka mohlala, hore ebe lefatše le amehile ka botebo ka bophahamo, chelete, boithabiso, ho tsamaela menate le ho hahamalla lintho tse ling tse bonahalang ho ka susumetsa monahano oa rōna. (1 Johanne 2:15-17) Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba hahamalla maruo ba ile ba thatafatsa bophelo ba bona haholo. Moapostola Pauluse oa hlalosa o re: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong. Etsoe lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:9, 10.

10. Re ka ithuta eng ka maruo setšoantšong sa Jesu sa mojali?

10 Ha re ikutloa re khathetse re bile re nyahame tšebeletsong ea rōna ho Molimo, na ebe ho hahamalla lintho tse bonahalang ho bipetsa bomoea ba rōna? Ho ka ’na ha etsahala hore ebe ho hlile ho joalo, joalokaha setšoantšo sa Jesu sa mojali se bontša. “Matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo le litakatso tsa lintho tse ling,” Jesu o ile a li tšoantša le meutloa e ‘hlaselang ’me e bipetsa’ peō ea lentsoe la Molimo e lipelong tsa rōna. (Mareka 4:18, 19) Kahoo, Bibele ea re eletsa e re: “Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng. Etsoe o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’”—Baheberu 13:5.

11. Re ka fokotsa lintho tse ka re imelang joang?

11 Ka linako tse ling, bophelo ba rōna ha bo thatafatsoe ke ho hahamalla lintho tse eketsehileng, empa bo thatafatsoa ke seo re se etsang ka lintho tseo re seng re ntse re e-na le tsona. Ba bang ba ka ’na ba nyahama maikutlong ka lebaka la ho kula, ho shoelloa ke baratuoa ba bona kapa mathata a mang a tepeletsang. Ba bone hore hoa hlokahala ho lokisa maemo nako le nako. Banyalani ba bang ba ile ba etsa qeto ea ho tlohela lintho tse ling tseo ba neng ba itlosa bolutu ka tsona le mesebetsi e meng e sa hlokahaleng. Ba ile ba hla ba phenyekolla lintho tsa bona ’me ka sebele ba tlosa thepa eohle e amanang le lintho tseo. Nako le nako, bohle re ka rua molemo ka ho hlahloba mekhoa ea rōna le matlotlo a rōna, ebe re hlobola boima bo bong le bo bong bo sa hlokahaleng e le hore re se ke ra khathala eaba re felloa ke matla meeeng ea rōna.

Ho Hlokahala Kahlolo e Molemo le Boinyenyefatso

12. Ke eng eo re lokelang ho e hlokomela ka liphoso tsa rōna?

12 Liphoso tsa rōna, esita le litabeng tse nyenyane li ka thatafatsa bophelo ba rōna. Mantsoe a Davida ke ’nete hakaakang ha a re: “Liphoso tsa ka li fetile holim’a hlooho ea ka; joaloka mojaro o boima li nkimetse haholo.” (Pesaleme ea 38:4) Hangata, ho etsa liphetoho tse seng kae tse molemo ho tla re imolla meroalo e boima.

13. Kahlolo e molemo e ka re thusa joang hore re be le pono e loketseng ka tšebeletso ea rōna?

13 Bibele e re khothalletsa ho hlaolela “bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.” (Liproverbia 3:21, 22) Bibele e re “bohlale bo tsoang holimo . . . bo na le . . . kahlolo e molemo.” (Jakobo 3:17) Ba bang ba ’nile ba ikutloa ba le tlas’a khatello ea ho itekanya le ba bang ka seo ba se etsang tšebeletsong ea Bokreste. Leha ho le joalo, Bibele ea re eletsa e re: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong. Etsoe e mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.” (Bagalata 6:4, 5) Ke ’nete hore mohlala o motle oa Bakreste-’moho le rōna o ka re khothatsa hore re sebeletse Jehova ka pelo eohle, empa bohlale bo sebetsang bo tla re thusa ho beha lipakane tse ka finyelloang ho latela maemo a rōna.

14, 15. Re ka bonahatsa bohlale bo sebetsang joang ha re ela hloko litlhoko tsa rōna tsa ’mele le tsa maikutlo?

14 Ha re e-na le kahlolo e molemo esita le linthong tse bonahalang e se tsa bohlokoa hakaalo, seo se tla re thusa ho thibela mokhathala. Ka mohlala, na re hlaolela mekhoa e loketseng e khothalletsang ho phela hantle ’meleng? Nahana ka mohlala oa banyalani ba bang ba sebetsang ofising e ’ngoe ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. Ba bone hore bohlale bo sebetsang ke ba bohlokoa bakeng sa ho thibela mokhathala. Mosali o re: “Ho sa tsotellehe hore na re na le mosebetsi o mongata hakae, re leka ho robala hoo e ka bang ka nako e tšoanang bosiu bo bong le bo bong. Hape re ikoetlisa ’mele kamehla. Ka sebele sena se re thusitse haholo. Re ithutile hore na re fokola hokae, ’me re etsa lintho ka tšoanelo. Re leka hore re se ke ra ipapisa le batho ba bonahalang ba e-na le matla a sa feleng.” Na re ja lijo tse hahang ’mele le ho phomola ka ho lekaneng kamehla? Ha re hlokometse bophelo ba rōna ka kakaretso, re ka fokotsa ho khathala maikutlong le moeeng.

15 Ba bang ba rōna ba na le litlhoko tse khethehileng. Ka mohlala, morali’abo rōna e mong oa Mokreste o entse tšebeletso ea nako e tletseng libakeng tse ngata tse nang le maemo a thata. O ’nile a ba le mathata a maholo a ho kula, a akarelletsang kankere? Ke eng e mo thusang ho thulana ka katleho le maemo a sithabetsang? O re: “Ho bohlokoa hore ke be le nako eo ka eona nka bang mong ebile e le moo ho khutsitseng tu! Ha ke utloa ho imeloa kelellong le mokhathala li ntse li eketseha, ke nako eo ka eona ke hlokang ka potlako metsotso ea ho khutsa moo ke leng mong to! e le hore nka bala le ho phomola.” Bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana li re thusa ho elelloa le ho ela hloko litlhoko tsa rōna ka bomong ’me kahoo re qobe ho khathala moeeng.

Jehova Molimo o re fa Matla

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa haholo ho hlokomela bophelo ba rōna ba moea? (b) Ke eng eo re lokelang ho e akarelletsa kemisong ea rōna ea letsatsi le letsatsi?

16 Ha e le hantle, ke habohlokoa haholo hore re hlokomele bophelo ba rōna ba moea. Ha re e-na le kamano e haufi-ufi le Jehova Molimo, re ka ’na ra khathala ’meleng, empa re ke ke ra khathala ho mo rapela. Jehova “o fana ka matla ho ea khathetseng; ’me o etsa hore matla a feletseng a atele ea se nang matla.” (Esaia 40:28, 29) Moapostola Pauluse ea neng a tseba bonnete ba mantsoe ana o ile a ngola a re: “Ha re tele, empa le haeba motho eo re leng eena ka ntle a ntse a senyeha, ka sebele motho eo re leng eena ka hare o ntse a nchafatsoa letsatsi le letsatsi.”—2 Bakorinthe 4:16.

17 Hlokomela poleloana ena e reng “letsatsi le letsatsi.” Sena se bolela hore letsatsi le letsatsi re lokela ho sebelisa seo Jehova a re fang sona. Moromuoa e mong ea ileng a sebetsa ka botšepehi ka lilemo tse 43, o ile a tlameha ho tobana le linako tsa ho khathala ’meleng le ho nyahama. Empa ha aa ka a felloa ke matla. O re: “Ke itloaelitse ho tsoha hoseng e le hore pele ke qala mosebetsi ofe kapa ofe nka ba le nako ea ho rapela Jehova le ho bala Lentsoe la hae. Kemiso ena ea letsatsi le letsatsi e nthusitse hore ke mamelle ho fihlela hona joale.” Ka sebele re ka itšetleha ka matla a tšehetsang a Jehova haeba kamehla, e, “letsatsi le letsatsi,” re mo rapela re bile re thuisa ka litšobotsi le litšepiso tsa hae tse phahameng.

18. Bibele e fana ka matšeliso afe ho batho ba tšepahalang ba hōlileng kapa ba kulang?

18 Sena ke sa bohlokoa ka ho khethehileng ho ba ikutloang ba nyahame ka lebaka la botsofali le ho kula. Batho ba joalo ba ka ’na ba nyahama, ba sa nyahamisoe ke ho ipapisa le batho ba bang, empa ba nyahamisoa ke ho bapisa seo ba kileng ba e-ba sona le seo ba leng sona hona joale. Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore Jehova o tlotla batho ba hōlileng! Bibele e re: “Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.” (Liproverbia 16:31) Jehova o tseba mefokolo ea rōna ’me o nka borapeli ba rōna bo etsoang ka pelo eohle e le ba bohlokoa ho sa tsotellehe mefokolo. ’Me mesebetsi e metle eo re seng re e entse e tlalehiloe ka tsela e ke keng ea tlosoa mohopolong oa Molimo. Mangolo a re tiisetsa sena: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.” (Baheberu 6:10) Kaofela ha rōna rea thaba hore ebe har’a rōna ho na le ba tšepahetseng ho Jehova ka mashome a lilemo!

U se ke Ua Tela

19. Re rua molemo joang ka ho phathahana ho etseng se molemo?

19 Batho ba bangata ba lumela hore ho sebelisa ’mele ka thata kamehla ho ka felisa mokhathala. Ka ho tšoanang, mesebetsi ea kamehla ea moea e thusa ho imolla motho hore a se ke a khathala moeeng le maikutlong. Bibele e re: “A re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale. Joale, ka sebele, hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” (Bagalata 6:9, 10) Hlokomela poleloana ena e reng “ho etsa se setle” le e reng “re sebetseng se molemo.” Lipoleloana tsena li fana ka maikutlo a hore re sebetse. Ka sebele ho etsetsa batho ba bang lintho tse molemo ho ka thibela hore re se ke ra khathala tšebeletsong ea rōna ho Jehova.

20. Re ka loantša ho nyahama ka ho qoba bo-mang?

20 Ho fapana le seo, ho tloaelana le batho ba hlokomolohang melao ea Molimo esita le ho etsa lintho le bona, e ka ba moroalo o khathatsang. Bibele e re lemosa ka ho re: “Boima ba lejoe le boima ba lehlabathe—empa matšoenyeho a leoatla a boima ho feta tsona ka bobeli.” (Liproverbia 27:3) Re ka loantša ho nyahama le ho khathala ka ho qoba batho ba nang le menahano e hlokisang botsitso, ba ratang ho tšoaea ba bang liphoso le ho ba nyatsa.

21. Re ka khothatsa ba bang joang libokeng tsa Bokreste?

21 Liboka tsa Bokreste ke tokisetso e tsoang ho Jehova e ka re tlatsang matla a moea. Ke hona moo re nang le monyetla o motle haholo oa hore re khothatsane ka taeo e khathollang le botsoalle. (Baheberu 10:25) Bohle ka phuthehong ba lokela ho loanela ho bua ka mokhoa o hahang ha ba fana ka litlhaloso libokeng tsa phutheho kapa ha ba fana ka lipuo sethaleng. Ba etellang pele e le mesuoe ba na le boikarabelo bo khethehileng ba ho khothatsa ba bang. (Esaia 32:1, 2) Esita leha ho hlokahala khothatso kapa khalemelo, ea fanang ka keletso o lokela ho bua ka mokhoa o khathollang. (Bagalata 6:1, 2) Ha ho pelaelo hore lerato la rōna ho batho ba bang le tla re thusa hore re se ke ra felloa ke matla ha re sebeletsa Jehova.—Pesaleme ea 133:1; Johanne 13:35.

22. Ke hobane’ng ha re ka ba sebete ho sa tsotellehe hore ha rea phethahala?

22 Ho rapela Jehova nakong ena ea bofelo ho tsamaisana le mosebetsi. ’Me Bakreste le bona ba angoa ke ho khathala kelellong, ho hlabeha maikutlo le maemo a sithabetsang. Re batho ba sa phethahalang ba sa tieang feela joaloka letsopa. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Re na le letlotlo lena lijaneng tsa letsopa, e le hore matla a fetang se tloaelehileng e ka ba a Molimo eseng a tsoang ho rōna.” (2 Bakorinthe 4:7) Ha ho pelaelo hore re tla khathala, empa e se eka re ke ke ra felloa ke matla kapa ra tela. Ho e-na le hoo, a re ‘beng sebete ’me re re: “Jehova ke mothusi oa ka.”’—Baheberu 13:6.

Tlhahlobo e Khutšoanyane

• Meroalo e meng eo re ka khonang ho ikimolla eona ke efe?

• Ke joang le rōna re ka sebetsang “se molemo” ho Bakreste-’moho le rōna?

• Jehova o re matlafatsa joang ha re ikutloa re khathetse kapa re nyahame?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Jesu o ne a tseba hore ho nyahama ka nako e telele ho ka tšoenya baapostola ba hae

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ba bang ba tlohetse lintho tse itseng tsa ho itlosa bolutu le mesebetsi e sa hlokahaleng

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho sa tsotellehe mefokolo ea rōna, Jehova o nka borapeli ba rōna bo etsoang ka pelo eohle e le ba bohlokoa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela