Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 11/8 maq. 10-14
  • Palo ea Baahi ba Lefatše—Ho Thoe’ng ka Bokamoso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Palo ea Baahi ba Lefatše—Ho Thoe’ng ka Bokamoso?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho na le Batho ba Bangata Haholo?
  • Na ho Tla ba le Lijo tse Lekaneng?
  • Ho Thoe’ng ka Tikoloho?
  • Qaka ea Sebele
  • Na ho na le Bokamoso bo Khanyang?
  • Keketseho ea Palo ea Baahi ba Lefatše—Taba ea Bohlokoa Haholo
    Tsoha!—1991
  • Keketseho ea Baahi ba Lefatše, Bibele le Bokamoso
    Tsoha!—2004
  • Boemo ba Leholimo bo Ferekaneng
    Tsoha!—1998
  • Ho ba le Bana—Ho Molemo Kapa ho Tlisa Mathata?
    Tsoha!—1993
Tsoha!—1991
g91 11/8 maq. 10-14

Palo ea Baahi ba Lefatše—Ho Thoe’ng ka Bokamoso?

MATLO a oeleng, a hlokang tsamaiso ea likhoere-khoere, khaello ea lijo le metsi a hloekileng, mafu, khaello ea phepo e ntle—mathata ana le a mang a mangata ke linnete tsa letsatsi le letsatsi bophelong ba karolo e khōlō ea baahi ba lefatše. Leha ho le joalo, joalokaha re se re bone, batho ba bangata ba phelang tlas’a maemo a joalo ba tseba ho mamella mathata ao ka tsela e itseng le ho tsoela pele ba phela letsatsi le letsatsi.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka bokamoso? Na batho ba tla tlameha ho tsoela pele ba mamelletse linnete tse thata joalo tsa bophelo ka ho sa feleng? Ho rarahanyang lintho le ho feta, ho thoe’ng ka timetso ea tikoloho eo bo-rasaense le ba bang ba e bonang esale pele ka baka la palo ea baahi ba lefatše e ntseng e eketseha? Ba bolela hore ke rōna ba senyang lehae la rōna ka ho silafatsa moea, metsi le mobu tseo re itšetlehileng ka tsona. Ba boetse ba supa phello ea ho futhumala ha lefatše—ho tsoa ha likhase tse kang carbon dioxide, methane, li-chlorofluorocarbon (metsoako e sebelisoang lihatsetsing le likhase tse kang tse ka makotikoting a litebela-lephoka), tse tla fella ka hore sepaka-paka se futhumale le ho fetola boemo ba leholimo lefatšeng lohle, ’me ho qetelle ka liphello tse kotsi. Na lintho tsena tsohle qetellong li tla felisa tsoelo pele joalokaha re e tseba? Ha re ke re hlahlobeng haufi-ufi lintlha tsa sehlooho tse ’maloa.

Na ho na le Batho ba Bangata Haholo?

Pele, na palo ea baahi ba lefatše e tla ’ne e tsoele pele ho eketseha ka ho sa feleng? Na ho na le pontšo leha e le efe ea hore na e tla eketseha ho isa bohōleng bofe? Ke ’nete hore palo ea baahi ba lefatše e ntse e eketseha ho sa tsotellehe boiteko ba thero ea malapa. Keketseho ea selemo le selemo hona joale ke ea batho ba ka bang limillione tse 90 (e leng palo e batlang e lekana le ea baahi ba Mexico). Ho bonahala ho se tebello e haufi ea ho thibela sena. Leha ho le joalo, ha re talima pele, liithuti tse ngata tsa palo ea baahi ba lefatše li lumela hore palo ea baahi e tla qetella e finyelletse botsitso. Potso e leng likelellong tsa bona ke hore na ke botsitso ba boemo bofe hona bo tla finyelloa neng.

Ho latela litekanyetso tsa Mokhatlo oa Lichelete oa Palo ea Baahi oa Machaba a Kopaneng, palo ea baahi ba lefatše e ka fihla ho libillione tse 14 pele e finyella botsitso. Leha ho le joalo, ba bang ba lekanyetsa hore e ka ’na ea finyella tlhōro e mahareng a libillione tse 10 le tse 11. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, lipotso tsa bohlokoa ke tsena: Na ho tla ba le batho ba bangata haholo? Na lefatše le ka tseba ho fana ka sebaka sa bolulo bakeng sa palo ea hona joale ea baahi e imenneng ka makhetlo a mabeli kapa a mararo?

Ponong ea lipalo-palo, batho ba libillione tse 14 lefatšeng ka bophara ba ka etsa karolelano ea batho ba 104 ba lulang ho square k’hilomithara se le seng. Joalokaha re bone, karolelano ea baahi Hong Kong ke batho ba 5 592 ba lulang ho square k’hilomithara se le seng. Hona joale karolelano ea baahi Netherlands ke batho ba 430 ha Japane e le batho ba 327, ’me linaha tsena li thabela boleng ba bophelo fetang bo tloaelehileng. Ka ho hlakileng, esita leha palo ea baahi ba lefatše e ka eketseha ho feta tekanyetsong e nahannoeng, palo ea batho hase bothata.

Na ho Tla ba le Lijo tse Lekaneng?

Joale, ho thoe’ng ka lijo? Na lefatše le ka tseba ho hlahisa lijo tse ka lekanang batho ba libillione tse 10 kapa tse 14? Ka ho hlakileng, tlhahiso ea lefatše ea lijo hona joale ha ea lekana bakeng sa ho hlokomela palo ea baahi e khōlō hakana. Ha e le hantle, hangata re utloa ka tlala le khaello ea phepo e ntle. Na sena se bolela hore ha re hlahise lijo tse lekaneng bakeng sa ho hlokomela palo ea baahi ea hona joale, ho se ho sa boleloe letho ka palo eo e imenneng ka makhetlo a mabeli kapa a mararo?

Eo ke potso eo ho leng thata ho e arabela hobane e tšetlehile ka se boleloang ke “ho lekaneng.” Le hoja batho ba makholo a limillione linaheng tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng ba hlōleha ho fumana lijo tse lekaneng tsa bophelo bo botle hore feela ba ’ne ba phele, batho ba lichaba tse ruileng le tse tsoetseng pele ba bolaoa ke liphello tsa lijo tse enneng ka ho fetelletseng—li-stroke, mefuta e meng ea kankere, mafu a pelo le a mang. Sena se ama boemo ba lijo joang? Ka tekanyetso, ho hlokahala lik’hilograma tse hlano tsa lijo-thollo ho hlahisa k’hilograma e le ’ngoe ea nama ea khomo. Ka baka leo, kotara ea baahi ba lefatše ba jang nama ba ja hoo e batlang e le halofo ea poone ea lefatše.

Hlokomela seo buka Bread for the World e se bolelang mabapi le kakaretso ea tlhahiso ea lijo ea lefatše: “Haeba lijo tsa hona joale li ne li arolelanoa ka ho lekana ho batho bohle ba lefatše, ’me ho senngoa tse fokolang feela, motho e mong le e mong o ne a tla fumana lijo tse lekaneng. Mohlomong li ne li tla anela ka thata empa li ne li tla be li anetse.” Mantsoe ao a boletsoe ka 1975, lilemong tse fetang 15 tse fetileng. Boemo ke bofe kajeno? Ho latela Mokhatlo oa Mehloli ea Lefatše, “lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng, kakaretso ea lefatše ea tlhahiso ea lijo e ile ea eketseha, ea e-ba e ngata ho feta lijo tse hlokoang. Ka baka leo, lilemong tsa morao tjena, litheko tsa lijo tse ka sehloohong limmarakeng tsa lefatše tsa machaba li ile tsa theoha ka tsela ea sebele.” Liphuputso tse ling li bontša hore litheko tsa lijo tse ka sehloohong tse kang reisi, poone, linaoa, le lijo-thollo tse ling li ile tsa theoha ka halofo kapa ho feta nakong eo.

Sena sohle se bolela hore ha e le hantle bothata ba lijo ha se hore na li hlahisoa ka bongata bo bokae empa bothata ke tekanyo le litloaelo tsa ho ja. Theknoloji ea morao-rao ea liphatsa tsa lefutso e fumane litsela tse ling tsa ho hlahisa mefuta e mengata ea reisi, koro le lijo thollo tse ling tse ka hlahisoang ka makhetlo a imenneng habeli hona joale. Leha ho le joalo, litsebi tse ngata li amehile ka ho hlahisa lijalo tse tlisang chelete tse kang koae le litamati bakeng sa ho khotsofatsa takatso ea barui ho e-na le khorisa limpa tsa mafutsana.

Ho Thoe’ng ka Tikoloho?

Ba behileng taba ena leihlo ka ho eketsehileng ba ntse ba hlokomela hore keketseho ea palo ea baahi ke bo bong ba mathata a sokelang boiketlo ba moloko oa batho nakong e tlang. Ka mohlala, Paul le Anne Ehrlich bukeng ea bona The Population Explosion, ba etsa tlhahiso ea hore phello ea mosebetsi oa motho tikolohong ea rōna o ka hlalosoa ka equation ena e bonolo: Phello = palo ea baahi × tekanyo ea borui × phello ea joale ea theknoloji tikolohong.

Ka tekanyetso ena, bangoli ba pheha khang hore linaha tse kang United States li na le sepenya sa baahi, eseng hobane li e-na le batho ba bangata ka ho fetisisa, empa ka hobane boemo ba tsona ba borui bo itšetlehile ka tšebeliso ea tekanyo e phahameng ea mehloli ea tlhaho le theknoloji e imetseng tikoloho.

Ho bonahala liphuputso tse ling li tiisa sena. The New York Times e qotsa seithuti sa moruo Daniel Hamermesh se bolela hore ‘metsoako e tšolleloang moeeng e bakang ho futhumala ha lefatše e amana haholoanyane le tekanyo ea moruo ho feta lenane la lintho tse hlahisang metsoako eo. Moamerika feela ea tloaelehileng o hlahisa carbon dioxide ka makhetlo a 19 ho feta moahi feela ea tloaelehileng oa India. Ka mohlala, ho ka etsahala hore Brazil e tsoelang pele ka sekhahla moruong ’me e e-na le palo e fokolang ea keketseho ea baahi e tla chesa meru ea eona ea libakeng tse futhumetseng kapele ho feta Brazil e futsanehileng e nang le keketseho e potlakileng ea baahi.’

Ha Alan Durning oa mokhatlo oa Worldwatch Institute a bua mantsoe a tšoanang o hlokometse: “Batho ba etsang libillione bao e leng baruihali lefatšeng ba ipatletse bophelo bo meharo le bo mabotho-botho hoo polanete ena e leng kotsing. Bophelo ba sehlopha sena sa batho ba phahameng—bakhanni ba likoloi, batho ba jang nama ea khomo, ba noang soda, le batho ba ratang thepa e reretsoeng hore ka mor’a ho sebelisoa e lahloe—ba sokela tikoloho ka sehlōhō se ke keng sa lekanngoa le letho ha e se mohlomong keketseho ea palo ea baahi ba lefatše.” O bontša hore karolo ena ea “bohlano ea baruihali” ea batho e hlahisa hoo e batlang e le likarolo tse robong ho tse leshome tsa li-chlorofluorocarbon le ho fetang halofo ea likhase tse ling tse bakang ho futhumala ha lefatše tse sokelang tikoloho.

Qaka ea Sebele

Ho tsoa puisanong e hlalositsoeng ka holimo, ho hlakile hore ho beha molato keketsehong ea palo ea baahi ba lefatše feela bakeng sa masisa-pelo a tobaneng le moloko oa batho kajeno ke ho fosa ntlha ea sebele. Taba eo re tobaneng le eona hase hore re haelloa ke sebaka sa bolulo kapa hore lefatše le hlōleha ho hlahisa lijo tse lekaneng bakeng sa phepo e ntle ho motho e mong le e mong kapa hona hore mehloli eohle ea tlhaho e tla sebelisoa kaofela hore e fele leha e le neng. Ana e mpa e le matšoao a bothata feela. Taba ea sebele ke hore batho ba ntseng ba eketseha ba na le taba-tabelo e phahameng ea ho sebelisa matlotlo a lintho tse bonahalang ka ntle le ho nahana ka phello ea liketso tsa bona. Takatso ena e sa khotsofatsoeng ea ho batla lintho tse eketsehileng e baka tšenyo e khōlō tikolohong ea rōna hoo matla a lefatše a ho fepa baahi a fokolisoang ka potlako. Ka mantsoe a mang, bothata bo boholo ha boa itšetleha haholo ka palo ea batho empa bo itšetlehile ka sebōpeho sa bona.

Mongoli Alan Durning o hlalosa taba ena ka tsela ena: “Lefatšeng le nang le bophelo le le fokolang, phello ea batho e ka ’na ea itšetleha ka hore na re ka hlaolela boikutlo bo tebileng haholoanyane ba boitšoaro, bo thehiloeng melaong ea boitšoaro ea ho fokotsa tšebeliso ea lihlahisoa le ho fumana khotsofalo eo eseng ea lintho tse bonahalang.” Taba eba e nang le motheo, empa potso ena e tlameha ho botsoa, Na ho ka etsahala hore hohle lefatšeng batho ba hlaolele boitšoaro ka boithaopo, ba fokotse tšebeliso ea lihlahisoa, ’me ba phehelle khotsofalo eo e seng ea lintho tse bonahalang? Le hanyenyane. Ha re hlahloba bophelo ba ho ikhotsofatsa le bo tletseng menate bo jeleng setsi kajeno, se fapaneng ke sona se hlileng se tla etsahala. Ho bonahala batho ba bangata ba phelela lepetjo lena: “A re jeng, a re noeng, hobane hosasane re se re ea shoa.”—1 Ba-Korinthe 15:32.

Esita leha batho ba lekaneng ba ka falimehela linnete ’me ba qala ho fetola tsela ea bona ea bophelo, re ne re ke ke ra nolofalloa ke ho khutlisetsa lintho morao ka potlako. Re bone bopaki ba lihlopha tse ngata tse lekang ho sireletsa tikoloho le mekhoa e meng ea bophelo tse ileng tsa boela tsa hlaha ho theosa le lilemo. Tse ling tsa lihlopha tsena le mekhoa ena mohlomong li ile tsa atleha hore li fetohe lihlooho tsa litaba tsa likoranta, empa na ka sebele li bile le tšusumetso leha e le efe ea sebele mekhoeng ea seo ho thoeng ke sechaba se tsoetseng pele? Le hanyenyane. Bothata ke bofe? Bothata ke hore tsamaiso eohle—ea khoebo, ea temo le ea lipolotiki—e itlhomelletse ho hōlisa mokhoa oa ho sebelisa lintho tse felang kapele le tse lahloang hoba li sebelisoe. Tabeng ena ho ke ke ha e-ba le phetoho ka ntle le tsosoloso e phethahetseng ho tloha motheong ho ea pele. Seo se tla hloka lenaneo le matla haholo la ho ruta hape.

Na ho na le Bokamoso bo Khanyang?

Boemo bona bo ka bapisoa le ba lelapa le lulang ntlong eo e leng mpho e nang le thepa eohle. Hore lelapa lena le ikutloe le phutholohile ka ho felletseng, le fuoa tumello ea ho sebelisa lintho tsohle tse ka tlung hore le be le ikhotsofatse. Ho ne ho tla etsahala eng ha lelapa leo le ka qala ho senya thepa, fuluru, la pshatla lifensetere, la thiba lipeipi tse tsamaisang likhoere-khoere, la sebelisa motlakase o mongata ho feta oo circuit e o etselitsoeng, ka bokhutšoaane feela la senya ntlo ee ka ho felletseng? Na mong’a ntlo eo o ne a tla talima batho bao feela a se etse letho? Ha ho joalo. Ntle ho pelaelo o ne a tla nka khato ea ho tlosa bahiri ba senyang thepa ea hae le ho e khutlisetsa boemong ba eona bo loketseng. Ha ho motho ea neng a ka bolela hore ketso e joalo ha ea lokela.

Joale, ho thoe’ng ka lelapa la motho? Na ha re tšoane le batho ba lulang ntlong e nang le thepa eohle e fanoeng ke ’Mōpi, Jehova Molimo? E, ho joalo, hobane mopesaleme o itse: “Lefatše ke la Jehova le tsohle tse ho lona, lefatše le ba ahileng ho lona.” (Pesaleme ea 24:1; 50:12) Molimo ha oa re neha feela lintho tsohle tse hlokahalang tse re nolofalletsang bophelo—khanya, moea, metsi le lijo—empa o boetse o fane ka tsona ka bongata le ka mefuta-futa ho etsa hore bophelo ebe bo thabisang. Empa joaloka bahiri, batho ba ile ba itšoara joang? Ka bomalimabe, ha baa itšoara hantle hakaalo. Ka tsela ea sebele re senya lehae lena le letle leo re phelang ho lona. Mong’a lona, Jehova Molimo, o tla etsa’ng ka hona?

Ho “senya ba senyang lefatše”—ke sona seo Molimo o tla se etsa! (Tšenolo 11:18) O tla etsa sena joang? Bibele ea arabela: “Empa mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.

Ke eng seo re ka se lebellang tlas’a puso ea ka ho sa feleng ea ’Muso oa Molimo? Mantsoeng a moprofeta Esaia re fuoa ponelo-pele ea se tlang ho tla:

“Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je litholoana tsa eona, hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona. Ba ke ke ba sebeletsa lefeela, ba ke ke ba tsoala bana ’me ba lahleheloa ke bona kapele; hobane e tla ba leloko le hlohonolofalitsoeng ke Jehova, ’me bana ba bona ba tla ’ne ba lule le bona.”—Esaia 65:21-23.

Ke bokamoso bo khanyang hakaakang bakeng sa moloko oa batho! Lefatšeng le lecha le entsoeng ke Molimo batho ba ke ke ba hlola ba khathatsoa ke mathata a bolulo, lijo, metsi, bophelo bo botle le ho hlokomolohuoa. Qetellong, tlas’a tataiso ea Molimo, batho ba utloang ba tla tlala lefatše ’me ba rene ho lona ka ntle le ho tšaba tšokelo ea sepenya sa baahi.—Genese 1:28.

[Lebokose le leqepheng la 13]

Ke Hobane’ng Hangata Lijo li Tura Haholo?

Esita le hoja theko ea lijo e ’nile ea theoha, tloaelo ke hore litheko tsa lijo li ntse li eketseha. Hobane’ng? Lebaka le leng le bonolo ke ho lula metseng ea litoropo. Hore ho tsejoe ho fepa letšoele la batho metseng e meholo e ntseng e hōla, lijo li lokela ho tsamaisoa ka lipalangoang sebaka se selelele. Ka mohlala, phuputso ea mokhatlo oa Worldwatch e bolela hore United States, “lijo tse lekanang mothamo li tsamaea [lik’hilomithara tse 2 100] ho tloha masimong a mapolasi ho ea poleiting ea lijo tsa motšehare.” Moreki ha a lefelle lijo feela empa o tlameha ho lefella le litšenyehelo tse ipatileng tsa ho lokisoa ha lijo, ho kenngoa ha tsona ka makotikoting le ho li tsamaisa ka lipalangoang.

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 10]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Sepaka-paka sa lefatše se thibella mofuthu oa letsatsi. Empa mocheso o etsoang—o nkoang ke mahlaseli a kotsi—ha o phonyohe habonolo ka baka la meea e bakang ho futhumala ha lefatše, kahoo o phaella ho futhumaleng ha lefatše

Meea e bakang ho futhumala ha lefatše

Mahlaseli a kotsi

Mahlaseli a kotsi a thibelletsoeng

[Litšoantšo tse leqepheng la 12]

Ho hlokahala lik’hilograma tse hlano tsa lijo-thollo ho hlahisa k’hilograma e le ’ngoe ea nama ea khomo. Ka baka leo, kotara ea baahi ba lefatše ba jang nama ea khomo e ja hoo e batlang e le halofo ea lijo-thollo tsa lefatše

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela