Na Ruri ho ka ba le Ntoa e Lokileng?
MAKHOLONG a lilemo a fetileng, Bokreste-’mōtoana bo buile haholo ka khopolo ea “ntoa e lokileng.” Selemo se fetileng makasine oa Time o hatisitse lethathamo la litlhokahalo tsa motheo tse tšeletseng tseo litsebi tsa thuto ea bolumeli li nahanang hore ntoa e tšoanetse ho ba le tsona hore e bitsoe e “lokileng.” Histori e bontša hore ha ho le e le ’ngoe ho lintoa tse tšehelitsoeng ke Bokreste-’mōtoana e ileng ea finyella litlhokahalo tsena.
Empa Harmagedone, ntoa eo Molimo o tšepisitseng ho e tlisa khahlanong le tsamaiso ena ea lintho e senyehileng, e finyella litlhokahalo tsohle tse tšeletseng tsa litsebi tsa thuto ea bolumeli.
“E phehella ‘tsela e lokileng,’ joaloka boitšireletso kapa ho hlōla bobe.” Harmagedone e tla tlosa ho ba teng ha likarolo tsohle tsa lefatše le lebe leo molimo oa lona e leng Satane Diabolose. Ka hona, ka Harmagedone ho ka boleloa ka Mohlabani oa “Motšepehi le Oa ’nete” oa Molimo, Kreste Jesu, hore “o ahlola le ho loana ka ho loka.”—Tšenolo 19:11; 2 Ba-Korinthe 4:4.
“E phatlalatsa le ho tsamaisoa ke ‘matla a tšoanelehang.’” Harmagedone e khetholloa ka ho se nang phoso e le “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle”—ntoa ea oona. Ke mang ea nang le matla a tšoanelehang ho feta ’Mōpi oa bokahohle ka boeena?—Tšenolo 16:14; bona hape le 11:17, 18; bapisa le Esaia 36:10.
“Ke eona ‘tsela ea ho qetela’ ka mor’a hore boiteko ba khotso bo hlōlehe.” Ka likete-kete tsa lilemo joale, ’Mōpi o ’nile a khothatsa—a ba a kōpa—moloko oa batho ho “boelana le Molimo” le ho “sebeletsa Jehova ka tšabo.” Empa ka ho hana ho mamela mehato ea khotso le litemoso tse tsoang ho Molimo ka lilemo tse 6 000, motho ha a siela ’Mōpi tsela e ’ngoe ha e se ntoa.—2 Ba-Korinthe 5:20; Pesaleme ea 2:2, 10-12.
“Bonyane ‘ho ka etsahala’ hore e atlehe.” Nahana ka mahlakore a loanang. Ka lehlakoreng le leng ho na le matla a kopantsoeng a lichaba tsa lefatše lena, le lipokello tsa tsona tsa libetsa tsa ntoa tse tšabehang. Ka lehlakoreng le leng ke ’Mōpi oa bokahohle. E ’ngoe ea lipōpo tse nyenyane tsa hae, letsatsi, ke sebōpi se seholo sa mocheso oa matla a nuclear se matla hoo leha lichaba li ne li ka etsa hore libetsa tsa tsona tsa nuclear li qhome ka nako e le ’ngoe ka ho qhoma ho hoholo, ho qhoma hoo ho ne ho tla tšoana le ho khantša thutsoana ea mollo ha ho bapisoa. Jehova o na le matla ’ohle a maholo a pōpo ho tiisa hore ntoa ena ea atleha.—Esaia 40:15; 54:17.
“E lokela ho lumellana ka ho ‘lekanang’—molemo o tla finyelloa o tla feta tšenyo e entsoeng.” Nahana ka bokamoso bo se nang ntoa ea Molimo ea Harmagedone. Moloko oa batho o sekametse ka thata ho ipolaeeng. Ha motho a ka tlohelloa hore a sebelise litšekamelo tsa hae, ho ka nka nako e kae hore a senye lefatše lena le ho le theolela tlaase tseleng e hlabisang lihlong ea timetso, e leng ea ho qetela har’a mefuta ea libōpuoa tseo a li felisitseng ka mokhoa o tšoanang? Na e tla ba motšehare o le mong oa mantsiboea oa koluoa ea nuclear? kapa mashome a ’maloa a lilemo tsa tšilafatso ea lefatše lohle? Ka tsela leha e ka ba efe, moloko oa batho o lebile timelong haeba Molimo o sa kenelle litabeng tsa batho. Ka lehlakoreng le leng, nahana ka molemo oo Harmagedone e tšepisang ho o finyella—bokamoso ba khotso ho batho ba bomolimo lefatšeng lena, ha ho sa tla ba le tšilafalo, ha ho sa tla ba le ntoa, ha ho sa tla ba le bofutsana, ha ho sa tla ba le boloetse kapa le lona lefu. Molimo oa tšepisa: “Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.”—Tšenolo 21:3-5.
“E-ea ‘khetha,’ e qoba ho ntša kotsi ho ba sa loaneng ka moo ho ka khonehang.” Harmagedone e tla khetha. “Hobane ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše.”—Pesaleme ea 37:9.
Bohle ba lakatsang ho pholoha ntoa ena e lokileng ba lokela ho ithuta motheo oa ho ‘itšepela Jehova’ ka thuto ea botho ea Lentsoe la hae.