Lipotso Tse Tsoang ho Babali
‘Ntoa ea Molimo ea Matla ’Ohle’ ea Har–Magedone ke eng, ’me e tla fella ka eng?—Tšenolo 16:14, 16.
Ka mantsoe a bonolo feela, ntoa ea Har–Magedone ke ntoa e tlang ea lefatše ka bophara eo ho eona Jesu Kreste, Morena ea khethiloeng ke Jehova, a tla timetsa lira tsa Molimo. Bibele e hlalosa hore lira tsena, e leng “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona,” li phuthoa ke “lipolelo tse bululetsoeng ke bademona” ’me li bokelleloa hammoho “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle . . . sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone.”—Tšenolo 16:14, 16.
Sebaka seo mahlakore a loanang a bokanang ho sona hase sebaka sa sebele. Lebitso lena la Har–Magedone, le ngoloang e le “Armagedone” liphetolelong tse ling tsa Bibele, le bolela “Thaba ea Megido.” (Tšenolo 16:16) Ha ho e-s’o be le thaba e bitsoang ka lebitso leo. Ho feta moo, “marena a lefatše le mabotho a ’ona” a ke ke a phutheha kaofela sebakeng se le seng. (Tšenolo 19:19) Ha e le hantle, ‘sebaka’ sena se bolela boemo boo babusi ba lipolotiki ba lefatše le batšehetsi ba bona ba behoang ho bona, e leng boemo ba ho hanyetsa Jehova le “mabotho a neng a le leholimong” a laoloang ke “Morena oa marena le Khosi ea likhosi,” Jesu Kreste.—Tšenolo 19:14, 16.
Re lokela ho hlokomela hore “Har–Magedone,” ke lentsoe le amanang le motse oa boholo-holo oa Baiseraele o bitsoang Megido. Motse oa Megido o neng o lutse botleng ka bochabela ho Thaba ea Karmele, o ne o le mateanong a litsela tse khōlō tsa khoebo le tsa ntoa tsa mehleng eo. E ne e boetse e le sebaka sa lintoa tsa makhaola-khang. Ka mohlala, ke “metsing a Megido” moo Moahloli Barake oa Iseraele a ileng a hlōla lebotho le matla la Bakanana le neng le eteletsoe pele ke Molaoli Sisera. (Baahloli 4:12-24; 5:19, 20) Tikolohong eo, ke hona moo hape Moahloli Gideone a ileng a hlōla lebotho la Bamediane. (Baahloli 7:1-22) Bibele e amahanya Megido le ntoa e tlang e le ho re tiisetsa hore Molimo o tla hlōla ka ho feletseng mabotho ’ohle a bohanyetsi, ka Mora oa hae.
Phello ea ntoa ea Har–Magedone e tla ba efe? E tla felisa bobolu le bokhopo bohle lefatšeng. E tla bula monyetla oa mehla e babatsehang ka ho fetisisa paleng eohle ea batho. (Tšenolo 21:1-4) Ha lefatše le laoloa ka lerato ke ’Muso oa Molimo, le tla fetoloa paradeise eo ho eona ba lokileng ba tla phela ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 37:29.