Lintho tse ka bonoang Lefatšeng la Pallo
Lichaba li Phuthehela Megiddo
“BAFUPUTSI ba hlōleha ho finyella qeto e nepahetseng ka Armagedone ea lefatše,” ho tlaleha sehlooho sa litaba tsa mahlale, hore na e be ntoa ea nuclear e tla tlisa “mariha a nuclear” a leqhoa le batang kapa “lehlabula la nuclear” la lebatama le chesang.
Mohlomong u kile ua bona lipolelo tse joalo tse amahanyang “Armagedone” le mehla ea rōna e mebe. “Armagedone” ke eng? U ka’na ua batla ho tseba, kaha bophelo ba hao boa ameha.
Akhela mahlo ka holimo sebakeng se hlahelletseng sa Megiddo. Sena e ne e le sebaka sa lintoa Iseraeleng ea boholo-holo. Moapostola Johanne o ile a sebelisa lebitso la sona ha a ngola ka ‘thota e bitsoang Harmagedone [Thaba ea Megiddo], ka Seheberu, kapa Armagedone. (Tšenolo 16:16) Ho tseba boitsebiso bo bong bo amang Megiddo ho chabisa leseli mantsoeng ao.
U ka sheba moo e fumanehang teng ’mapeng o tsamaeang le sehlooho sena. E bonahala e ne e okametse litsela tse peli tse khōlō. Lithaba tsa Karmele li ne li koetse tsela e tlohang Leboea e eang Boroa pakeng tsa Egepeta ka boroa le Damaseka kapa metse e meng e meholo ha u ea Eufrate ka leboea. Ka hona makhotla a ntoa le lihlopha tsa batho ba bahoebi a ne a qobelloa ho phunyeletsa ka tselana e ka tlaase e pel’a Megiddo, tselana e ka lehlakoreng le letona la setšoantšo. Khohlong ea Jizreele tsela e tlohang Leboea e eang Boroa e paroloa ke tsela ea bohlokoa e tsamaeang pakeng tsa Tyre le Khohlo ea Jordane, kapa Samaria le Jerusalema. E lutse holim’a litsela tsena ka bobeli, Megiddo e bonahala e ne e laola batho ba fetang ka tsela, ’me khohlo e ka pel’a Megiddo ea fetoha sebaka sa lintoa tsa makhaola-khang.
Ka mohlala, ke hona mona moo Moahloli Barake a ileng a hlōla Bakanana tlas’a molaoli oa mabotho Sisera, ea neng a e-na le makoloi a tšepe a ntoa a 900. (Baahloli 4:1-3, 12-16; 5:19) Hamorao, Faro Neko a etella pele lekhotla le matla la masole a Egepeta le makoloi ho nyolosa ka tsela e lebōpong (e neng a bitsoa Via Maris, kapa Tsela ea Leoatle) ho ea tšehetsa Baassyria pel’a Eufrate. Ka lebaka le leng le itseng, morena oa Juda Josiase a rera ho loana ntoa ea machaba le Neko. Empa hokae? Le hoja e ne e le lik’hilomithara tse 90 ka leboea ho Jerusalema Josiase o ile a khetha thota e pel’a Megiddo.—2 Likronike 35:20-22; Jeremia 46:2.
O ne a tseba hore Baegepeta ba lokela ho feta moo, ’me o ne a ka ’na a nahana hore o tla ba le monyetla o motle, kaha o ne a tla be a le pel’a qhobosheane ea Iseraele. Joalokaha u ka bona, Tell (leralla la) Megiddo e khōlō haholo. Motse oo oa boholo-holo o ne o tšabisa lira ho hlasela. Salomone o ile a tiisa Megiddo, ka ho totobetseng a haha marako a maholo a majoe le monyako o moholo oa tšireletso lerakong.a (1 Marena 9:15) Ka lehlakoreng le letšehali la lerako, u ka bona lelumela le motopo, le leholo, leo e neng e le monyako oa tsamaiso e rarahaneng ea metsi. Litepisi tse telele li ne li lebisa kotopong e telele e neng e chekiloe ho phunyeletsa letlapa le ka tlaase, e neng e fa Baiseraele tsela ea ho fihla metsing a seliba nakong ea ha ba ntse ba sirelelitsoe hore ba se hlaseloe. Baepolli ba mesaletsa ea lintho tsa khale ba ile ba fumana lithako tsa setala sa lipere tse 450, mohlomong ho tloha nakong ea ho busa ha Akabe.—Bapisa 1 Marena 9:19.
Ntoeng ea makhaola-khang e neng e loaneloa pel’a Megiddo, Josiase o ile a ntšoa kotsi e mpe, ’me o ile a shoela tseleng e khutlelang Jerusalema. (2 Marena 23:28-30) E ka ’na eaba sena e ne e le sona sesosa sa ‘lillo phuleng ea khohlo ea Megiddo’ tse boleloang ho Zakaria 12:11, NW. Nakoana ka mor’a ho hlōloa ha Josiase, Babylona e ile ea atolosa tšusumetso ea eona ea sesole ho kena Judea e neng e se e fokola.—2 Marena 24:1, 2, 12-14; 2 Likronike 36:1-6.
Ka boitsebiso bo joalo bo amehang, u ka ananela hore na ke hobaneng ha ka ho Tšenolo e ileng ea fuoa moapostola Johanne, Megiddo e ka sebelisoa ka tšoantšetso ho bolela esale pele ho bokelloa ha ‘marena a lefatše le a linaha tsohle tseo ho ahiloeng ho tsona’ ho a bokellela ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o Matla ’Ohle.’ Ha ho sebaka leha se le seng lefatšeng, ka sebele esita le eona phula ea khohlo e neng e laoloa ke Tell Megiddo, se ka nkang lichaba tsohle tse loantšang Molimo. Empa Harmagedone, kapa Armagedone, ka ho loketseng e emela boemo ba ntoa eo ea makhaola-khang.—Tšenolo 16:14, 16; 19:11-21.
Ka hona tlohela bo-ralipolotiki le bo-ralitaba ka phoso ba ’ne ba nahane ka Armagedone e le ntoa ea nuclear e tla ripitla lefatše la rōna. U hopotse histori ea Megiddo, u ka utloisisa taba ena ka ho nepahetseng haholoanyane. U ka ananela hore Armagedone ke boemo boo haufinyane lichaba li tla tlisoa ho bona bakeng sa ntoa e khōlō ha Molimo o tla felisa tsamaiso ena e khopo, o hleka tsela bakeng sa lefatše le lecha la ho loka.—2 Petrose 3:11-13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a U ka bala Molula-Qhooa oa August 15, 1988, Maqephe 24-6, tlaleho e thahasellisang haholo ea monyako oa lerako la Megiddo.
[’Mapa o leqepheng la 17]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leoatle le Leholo
Ho ea Damaseka
Ho ea Tyre
Leoatle la Galilea
Akko
Lithaba tsa Karmele
Megiddo
Via Maris
Joppo
Ho ea Egepeta
Bethe-Sheane
Dothane
Samaria
Sikeme
Ho ea Jerusalema
Noka ea Jordane
Mi 0 10
Km 0 10 20
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ho itšetlehiloe ka ’mapa o hatisitsoeng ke Ntlo ea Polokelo ea Litsǒantšo tsa Histori (Pel’a Histori ea Bochabela) Est. le Phuputso ea Iseraele
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
U TLA fumana setšoantšo se seholoanyane sa Megiddo ho 1989 Almanaka ea Lipaki tsa Jehova. Litsǒantšo tsa eona tse tšeletseng li tla tšohloa selemong sena lihloohong tsa Molula-Qhooa, tseo u ka ’nang ua batla ho li boloka ’moho le almanaka hore u tle u li sebelise ka moso.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ntlo ea Polokelo ea Litsǒantšo tsa Histori (Pel’a Histori ea Bochabela) Est.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
LITSǑANTŠO tsena tse betliloeng tsa Egepeta li ka u thusa ho bona ka mahlo a kelello leeto la Faro Neko ho ea feta Megiddo, moo a ileng a hlōla Morena Josiase teng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ntlo ea Polokelo ea Litsǒantšo tsa Histori (Pel’a Histori ea Bochabela) Est.