Armagedone—Ke Qaleho ea Nako e Thabisang
LENTSOE lena “Armagedone” le tsoa lentsoeng la Seheberu “Har–Magedone,” kapa “Thaba ea Megido.” Le hlaha ho Tšenolo 16:16, e reng: “Tsa a bokellela sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone.” Ke bo-mang ba bokelloang Armagedone, hona hobane’ng? Litemaneng tse peli feela pele ho eo, ho Tšenolo 16:14, rea bala: “Marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” a bokelloa “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” Ha ho pelaelo hore lipolelo tseo li hlahisa lipotso tse ling tse thahasellisang haholo. “Marena” aa a loanela hokae? A tseka eng, hona a loantša mang? Joalokaha ba bangata ba nahana, na a tla sebelisa libetsa tse ripitlang batho ba bangata? Na ho na le batho ba tla pholoha Armagedone? E-re Bibele e arabe lipotso tsena.
Na hore ebe ho buuoa ka “Thaba ea Megido” ho bolela hore Armagedone e tla loaneloa thabeng e itseng e Bochabela bo Hare? Che. Taba ea pele, ho hang thaba e joalo ha e eo—sebakeng sa Megido ea boholo-holo, ho na le tutulu feela e bophahamo ba limithara tse ka bang 20 e okametseng phula e haufi le eona. Ho phaella moo, sebaka se potolohileng Megido se senyenyane haholo hore ‘marena ’ohle a lefatše le mabotho a ’ona’ a ka fella ho sona. (Tšenolo 19:19) Leha ho le joalo, Megido e ne e le sebaka seo ho sona ho neng ho loaneloa lintoa tse mahlo-mafubelu le tsa makhaola-khang historing ea Bochabela bo Hare. Kahoo, lebitso lena Armagedone le tšoantšetsa ntoa ea makhaola-khang, eo ho eona ka ho hlakileng ho tlang ho ba le mohlōli a le mong feela.—Bona lebokose le reng “Megido—Ke Tšoantšetso e Loketseng,” leqepheng la 5.
Armagedone e ke ke ea e-ba ntoa e pakeng tsa lichaba tsa lefatše feela, kaha Tšenolo 16:14 e bolela hore “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” a ka lehlakoreng la lireng “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” Jeremia o ile a bolela boprofeteng ba hae bo bululetsoeng hore, “ba bolailoeng ke Jehova” ba tla hasanngoa “ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho fihlela pheletsong e ’ngoe ea lefatše.” (Jeremia 25:33) Kahoo, Armagedone hase ntoa ea batho e loaneloang feela sebakeng se itseng se Bochabela bo Hare. Ke ntoa ea Jehova, ’me e tla ba lefatšeng lohle.
Leha ho le joalo, hlokomela hore ho Tšenolo 16:16, Armagedone e bitsoa ‘sebaka.’ Ka Bibeleng ‘sebaka’ se ka ’na sa bolela boemo bo itseng—tabeng ena, ke boemo boo ho bona lefatše lohle le tla be le ikopantse hore le be khahlanong le Jehova. (Tšenolo 12:6, 14) Ka Armagedone lichaba tsohle tsa lefatše li ikopanya hammoho hore li loantše “mabotho a neng a le leholimong” a laoloang ke “Morena oa marena le Khosi ea likhosi,” Jesu Kreste.—Tšenolo 19:14, 16.
Ho thoe’ng ka maikutlo a hore Armagedone e tla ba koluoa eo ho eona ho tla sebelisoa libetsa tse ripitlang batho ba bangata kapa hore e tla ba ho thulana ha lihloliloeng tsa leholimo? Na Molimo ea lerato a ka lumella hore batho le lefatše, e leng lehae la bona, ba felisoe habohloko joalo? Che. O bolela ka ho toba hore ha aa ka a ‘bōpela lefatše lefeela’ empa o le ‘etselitse hore le be le baahi.’ (Esaia 45:18; Pesaleme ea 96:10) Ka Armagedone, Jehova ha a na ho timetsa lefatše la rōna ka khanare ea mollo. Ho e-na le hoo, o tla “felisa ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.
Armagedone—E Tla Tla Neng?
Ka lilemo-lemo, potso ea bohlokoa haholo eo batho ba ’nileng ba ipotsa ntho li hana ho fela ka eona ke e reng, Armagedone e tla tla neng? Ho hlahloba buka ea Tšenolo re ipapisitse le likarolo tse ling tsa Bibele ho ka re thusa ho hlokomela nako ea ntoa ena ea bohlokoa ka ho fetisisa. Tšenolo 16:15 e amahanya Armagedone le nako ea ha Jesu a e-tla joaloka lesholu. Jesu le eena o sebelisa puo eo ea tšoantšetso ha a hlalosa ho tla ha hae ha a tlil’o liha kahlolo tsamaisong ena ea lintho.—Matheu 24:43, 44; 1 Bathesalonika 5:2.
Joalokaha boprofeta bo phethahetseng ba Bibele bo bontšitse, re ’nile ra phela matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho ho tloha ka 1914.a Nako eo Jesu a ileng a e bitsa “matšoenyeho a maholo” e tla tšoaea karolo e qetellang ea matsatsi a ho qetela. Bibele ha e bolele hore na nako eo e tla ba telele hakae, empa litlokotsi tse tla ba teng nakong eo li tla ba mpe ho feta litlokotsi leha e le life tse kileng tsa etsahala lefatšeng. Matšoenyeho ao a maholo a tla fihla sehlohlolong sa ’ona ka Armagedone.—Matheu 24:21, 29.
Kaha Armagedone ke ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,’ ha ho letho leo batho ba ka le etsang hore ba e chechisetse morao. Jehova o khethile “nako e behiloeng” ea hore ntoa eo e qale. “E ke ke ea siuoa ke nako.”—Habakuke 2:3.
Molimo ea Lokileng o Loana Ntoa ea Toka
Empa ke hobane’ng ha Molimo a tla loana lefatšeng lohle? Armagedone e amana haufi le e ’ngoe ea litšobotsi tsa hae tse ka sehloohong, e leng toka. Bibele e re: “Jehova o rata toka.” (Pesaleme ea 37:28) O bone liketso tsohle tsa ho hloka toka tse etsahetseng historing ea motho. Ho totobetse hore ha li mo khahlise. Kahoo, o khethile Mora oa hae hore a loane ntoa e lokileng e le hore a felise tsamaiso ena eohle e khopo.
Ke Jehova feela ea ka loanang ntoa e nang le toka e le kannete le e tlang ho timetsa feela ba lokeloang ke timetso le eo ho eona batho ba lipelo li lokileng ba tlang ho sireletsoa, ho sa tsotellehe hore na ba hokae lefatšeng. (Matheu 24:40, 41; Tšenolo 7:9, 10, 13, 14) Ke eena feela ea nang le tokelo ea ho qobella puso ea hae lefatšeng lohle, etsoe ke eena ea le bōpileng.—Tšenolo 4:11.
Jehova o tla sebelisa eng ho timetsa lira tsa hae? Ha re tsebe. Seo re se tsebang ke hore ho na le lintho tseo a ka li sebelisang ho timetsa lichaba tse khopo la rita. (Jobo 38:22, 23; Sofonia 1:15-18) Leha ho le joalo, barapeli ba Molimo ba lefatšeng ba ke ke ba loana ntoeng eo. Pono e ho Tšenolo khaolo ea 19 e bontša hore ke mabotho a leholimo feela a tla e hlanaka le Jesu Kreste. Ha ho le ea mong oa bahlanka ba Jehova ba Bakreste ba lefatšeng ea tlang ho ba le seabo ntoeng eo.—2 Likronike 20:15, 17.
Molimo ea Bohlale o Fana ka Temoso e Lekaneng
Ho thoe’ng ka baphonyohi? Ha e le hantle, ha ho motho ea lokelang ho timela ka Armagedone. Moapostola Petrose o ile a re: “Jehova . . . ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) ’Me moapostola Pauluse o ile a bolela hore ‘thato ea Molimo ke hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.’—1 Timothea 2:4.
Ka lebaka leo, ka bohlale Jehova o entse bonnete ba hore “litaba tse molemo tsa ’muso” li boleloa lefatšeng lohle, ka lipuo tse makholo. Hohle batho ba fuoa monyetla oa ho pholoha le ho bolokeha. (Matheu 24:14; Pesaleme ea 37:34; Bafilipi 2:12) Ba nkang bohato bo loketseng ka litaba tse molemo ba ka pholoha Armagedone ’me ba phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise ba phethahetse. (Ezekiele 18:23, 32; Sofonia 2:3; Baroma 10:13) Na see hase sona seo re ka se lebellang ka Molimo eo e leng lerato?—1 Johanne 4:8.
Na Molimo ea Lerato a ka Loana?
Leha ho le joalo, ba bangata baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo eo e leng lerato a tla bolaea batho ba bangata le ho ba timetsa. Boemo bona bo ka bapisoa le ba ntlo e tletseng likhoto. Na ha u lumele hore mong’a ntlo ea hlokolosi o lokela ho sireletsa bophelo bo botle le boiketlo ba lelapa la hae ka hore a bolaee likhoto tseo ka ho feletseng?
Ka ho tšoanang, lebaka le etsang hore ntoa ea Armagedone e loanoe ke hobane Jehova a amehile ka ho teba ka batho. Morero oa Molimo ke ho etsa hore lefatše e be paradeise le ho etsa hore moloko oa batho e be o phethahetseng ’me o be le khotso, ho se “ea etsang hore ba thothomele.” (Mikea 4:3, 4; Tšenolo 21:4) Joale ho tla etsahala’ng ka batho ba thatafaletsang ba bang ho phela ka khotso le tšireletseho? Molemong oa batho ba lokileng, Molimo o lokela ho tlosa tseleng batho bao ba kang likhoto, e leng batho ba khopo hoo ba ke keng ba fetoha.—2 Bathesalonika 1:8, 9; Tšenolo 21:8.
Kajeno lintoa tse ngata le tšollo ea mali li bakoa ke puso ea batho ba sa phethahalang le ba phehellang lithahasello tsa boithati tsa linaha tsa bona. (Moeklesia 8:9) E le ha e batla ho atolosa tšusumetso ea eona, mebuso ea batho ho hang ha e re letho ka ’Muso oa Molimo o seng o hlomiloe. Ha ho bonahale eka mebuso ea batho e tla nyahlatsa bobusi ba eona hore e ikokobelletse Molimo le Kreste. (Pesaleme ea 2:1-9) Ka hona, mebuso e joalo e lokela ho tlosoa tseleng ho hleka sebae bakeng sa puso e lokileng ea ’Muso oa Jehova o taolong ea Kreste. (Daniele 2:44) Ntoa ea Armagedone e lokela ho loanoa e le hore ho rarolloe ka ho feletseng tseko ea hore na ke mang ea nang le tokelo ea ho busa lefatše lena le moloko oa batho.
Ha Jehova a nka bohato ntoeng ea Armagedone seo se tla tsoela moloko oa batho molemo. Maemong ana a ntseng a mpefala le ho feta a lefatše, ke puso e phethahetseng ea Molimo feela e tla khotsofatsa litlhoko tsa batho ka ho feletseng. Khotso ea ’nete le katleho li tla tlisoa ke ’Muso oa hae feela. Haeba Molimo a ne a ke ke a kenella, maemo a ne a tla ba joang lefatšeng? Na lehloeo, pefo le lintoa li ne li ke ke tsa tsoela pele ho utloisa moloko oa batho bohloko joalokaha ho ’nile ha e-ba joalo nakong ea lilemo tse makholo tsa puso ea motho? Ha e le hantle, ntoa ea Armagedone e tla tsoela moloko oa batho molemo haholo!—Luka 18:7, 8; 2 Petrose 3:13.
Ntoa e Tla Felisa Lintoa Tsohle
Armagedone e tla etsa ntho eo ho seng mohla ntoa e ’ngoe e kileng ea e etsa—e leng ho felisa lintoa tsohle. Kaofela ha rōna re labalabela nako eo ka eona ntoa e ke keng ea hlola e e-ba teng, na ha ho joalo? Leha ho le joalo, matsapa ’ohle a batho a ho felisa ntoa a hlōlehile. Ho hlōleha ha batho khafetsa joalo hore ba felise ntoa ho mpa ho totobatsa kamoo mantsoe a Jeremia e leng ’nete kateng ha a re: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Ha e bua ka seo Jehova a tla se etsa, Bibele e tšepisa hore: “O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo; o chesa likoloi mollong.”—Pesaleme ea 46:8, 9.
Nakong e tlang ha lichaba li hlaselana ka libetsa tsa tsona tse bolaeang ebile li batla ho senya tikoloho, Moetsi oa lefatše o tla nka khato—ka Armagedone ea Bibele! (Tšenolo 11:18) Ka hona, ntoa ena e tla phetha seo batho ba tšabang Molimo ba ’nileng ba se lebella ka lilemo-lemo. E tla paka hore Mong’a lefatše, e leng Jehova Molimo, ke eena ea loketseng ho busa pōpo eohle ea hae.
Kahoo, batho ba ratang ho loka ha baa lokela ho tšaba Armagedone. Ho e-na le hoo, e ba fa lebaka la hore ba be le tšepo. Ntoa ea Armagedone e tla felisa bobolu le bokhopo bohle lefatšeng ’me e bule tsela bakeng sa tsamaiso e ncha ea lintho e lokileng, tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo oa Bomesia. (Esaia 11:4, 5) Ho e-na le hore e qetelle ka tlokotsi e tšosang, Armagedone e tla tšoaea ho qaleha ha nako e thabisang bakeng sa batho ba lokileng ba tlang ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise.—Pesaleme ea 37:29.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, khaolo ea 11, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]
MEGIDO—KE TŠOANTŠETSO E LOKETSENG
Megido ea boholo-holo e ne e le sebakeng sa bohlokoa haholo, e phahametse karolo e ka bophirimela ea Phula e nonneng ea Jezriele, karolong e ka leboea ea Iseraele. Ke hona moo khoebo ea machaba e neng e laoloa teng le moo litsela tsa mabotho a ntoa li neng li teana teng. Kahoo, Megido e ile ea fetoha sebaka seo ho loaneloang lintoa tsa makhaola-khang ho sona. Bukeng ea hae e bitsoang Cities of the Biblical World—Megiddo, moprofesa Graham Davies o re: “Bahoebi le bafalli ba hlahang ka makhalo ’ohle ba ne ba kena habonolo . . . motseng oa Megido; empa ka nako e tšoanang, haeba o ne o le matla ka ho lekaneng, o ne o ka laola hore na ke bo-mang ba kenang ka makhalo ao e le hore o laole maemo a khoebo le a ntoa. Ka hona, ha ho makatse hore ebe hangata [lichaba] . . . li ne li loanela ho hapa motse oo ’me ha li se li o hapile, li ne li o sireletsa ka thata.”
Histori e telele ea Megido e qalile lilemong tse fetang 3 500 tse fetileng ha ’musi oa Moegepeta ea bitsoang Thutmose III a ne a hlōla babusi ba Bakanana sebakeng seo. E ile ea tsoela pele joalo ka makholo a lilemo ho fihlela ka 1918 ha Molaoli oa Mabotho oa Brithani, Edmund Allenby a ne a hlōla lebotho la Turkey habohloko. Ke hona Megido moo Molimo a ileng a etsa hore Moahloli Barake a hlōle Jabine Morena oa Mokanana ka ho feletseng. (Baahloli 4:12-24; 5:19, 20) Hona tikolohong eo, Moahloli Gideone o ile a fekisa Bamidiane. (Baahloli 7:1-22) Ebile ke hona sebakeng seo moo Morena Akazia le Morena Josiase ba ileng ba bolaeloa teng.—2 Marena 9:27; 23:29, 30.
Kahoo, ho amahanya Armagedone le sebaka seo ho loketse, kaha ke sebaka seo ho sona ho ileng ha loaneloa lintoa tse ngata tsa makhaola-khang. Ha ho le joalo, Armagedone ke tšoantšetso e loketseng ea ha Molimo a hlōla ka ho feletseng makhotla ’ohle a mo hanyetsang.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Lefatšeng ka bophara, batho baa lemosoa ebile ba fuoa monyetla oa ho pholoha Armagedone
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Armagedone e tla tšoaea ho qaleha ha nako e thabisang