Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 4/8 leq. 32
  • Ketsahalo e Khethehileng—Na U Tla ba Teng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ketsahalo e Khethehileng—Na U Tla ba Teng?
  • Tsoha!—1992
Tsoha!—1992
g92 4/8 leq. 32

Ketsahalo e Khethehileng—Na U Tla ba Teng?

E LE makhoba a hatelletsoeng a Egepeta lilemong tse ka holimo ho tse 3 500 tse fetileng, Baiseraele ba ne ba hloka ho lokolloa. Empa Faro o ile a hana ho lokolla makhoba a hae. Kahoo Jehova Molimo o ile a laela Baiseraele hore ba hlabe konyana le ho fafatsa mali a eona likoseneng tsa matlo a bona. Bosiung bona boo, lengeloi la Hae le ile la feta holim’a matlo ao likosene tsa ’ona li fafalitsoeng ka mali la bolaea bara ba matsibolo matlong ’ohle a Baegepeta. Mothating oo Faro o ile a lokolla Baiseraele. Ho tloha nakong eo, letsatsing leo lengeloi le ileng la feta holim’a matlo a Baiseraele ka lona, Bajode ba ile ba keteka ketsahalo ena.

Hamorao, Jesu Kreste o ile a hlaha lefatšeng. Ka letsatsi le leng, Johanne Mokolobetsi, ea neng a kolobelitse Jesu, o ile a supa ho eena ’me a re: “Bonang, ke Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.” (Johanne 1:29) Joalokaha mali a konyana ea Paseka a ne a bolela topollo ho letsibolo la Moiseraele, mali a Kreste a tšollotsoeng a ka re lokolla sebeng le lefung.

Jesu o ile a theha mokete oa sejo sa ho ikhopotsa lefu la hae la sehlabelo. O ile a neha baapostola ba hae ba tšepahalang bohobe ’me a re: “Nkang, le je; hona ke ’mele oa ka.” Joale o ile a ba neha senoelo sa veine ’me a re: “Noelang ho sona bohle; hobane hona ke mali a ka selekaneng se secha, a tšolleloang ba bangata tšoarelong ea libe.” Hape, Jesu o itse: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” (Mattheu 26:26-28; Luka 22:19, 20) Kahoo Jesu o ne a rerile hore e be mokete oa selemo le selemo oa lefu la hae.

Ka mofuthu Lipaki tsa Jehova li u mema hore u kopanele le tsona ha li keteka mokete ona oa Sehopotso. U ka ea Holong ea ’Muso e haufi le sebaka seo u leng ho sona. Botsa Lipaki tsa Jehova tse lulang sebakeng sa heno mabapi le nako e nepahetseng le sebaka. Letsatsi la mokete ona ka 1992 ke Labohlano, April 17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela