Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 5/8 maq. 3-5
  • Melata—Bothata ba Lefatše Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Melata—Bothata ba Lefatše Lohle
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bolela’ng . . . ho re?
  • Malapa a Arohaneng
  • Melata—E ka Sebetsana le Boemo ka Katleho Joang?
    Tsoha!—1992
  • Melata—U ka e Thusa Joang?
    Tsoha!—1992
  • Melata—Ke Hobane’ng ha e Falla?
    Tsoha!—1992
  • Ebang U Letsoalloa Kapa U Molata, Molimo oa U Amohela!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 5/8 maq. 3-5

Melata—Bothata ba Lefatše Lohle

MOSEBETSI e mong eo e leng mojaki ea tsoang libakeng tsa mahaeng tsa Afrika e ka boroa o itse: “Re ea Johannesburg ho ea batla chelete hobane ha ho na mosebetsi mona.” O re: “Hoja mosebetsi o teng mona re ne re ke ke ra itšoenya ka ho ea Johannesburg.” Tlhaloso ea hae e amang maikutlo e hlalosa bothata boo melata le basebetsi ba bajaki ba bangata ba tobanang le bona.

Taba ea ho hōla ha lenane la bajaki lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng e tšosa batho ba bang. (Bona setšoantšo leqepheng la 5.) Koranta ea letsatsi le letsatsi ea Spain, El País e ile ea tlaleha: “Bochaba le lehloeo le tšabo ea melata li boetse li hlahile hape ka tšohanyetso Jeremane e ncha.” Mahoo-hoo a mabifi, a hlalosoang ke likoranta e le bacha ba marabele ba nang le tšekamelo ea Bonazi ba beolang lihlooho, a hlasetse bajaki.

Basebetsi ba bang ba ofisi e sebetsanang le bajaki ba lumela hore ba sebelisa leano la khethollo. Mosebetsi oa ofising ea bajaki naheng e ’ngoe ea Asia o ile a bolela hore mosebetsi oa hae ke ho ‘leleka melata.’ Hape, ha makasine oa Time o bua ka ho subuhlellana ha baphaphathehi ba bangata ba tsoang naheng e ’ngoe ea Europe Bochabela, o bua ka molaoli ea phahameng ea ileng a re: “Ha re batle ho etsa hore ba iketle haholo hobane re batla hore ba khutlele moo ba tsoang teng.”

Litlhaloso tse hlabang haholoanyane e bile mantsoe a mongoli oa likoranta oa Fora ea neng a kholisehile hore ‘melata e fallelang moo ke tšokelo e bakang tšabo.’ O ne a e-na le mabaka afe? Ke batho ba “morabe osele, [ba bua] lipuo lisele, [’me ba na le] litloaelo tse fapaneng le tsa rōna.” O ile a etsa qeto efe? “Re lokela ho leleka ba bangata kamoo re ka khonang, [’me re] arohanye ba setseng.”

Ka baka la maikutlo a joalo a khahlanong le melata a e pota-potileng, ha ho makatse hore ebe melata e tobana le khethollo e matla e etsoang ke matsoalloa a tšosoang ke ho subuhlellana ha eona naheng ea bona. Ka ho tšoanang, Moiseraele eo e leng letsoalloa ea utloileng bohloko o ile a belaela ka taba ea hore “batho ba hirisang matlo ba rata bajaki ba tsoang Soviet” hobane ’muso o ba fa chelete ha ba aha naheng ea Iseraele. Phello ebile hore matsoalloa a naha ena a qobelloa ho tsoa matlong a hirisoang ka baka la rente e phahameng.

Hase lekunutu hore hangata melata e sebetsa mesebetsi ea boleng bo tlaase eo matsoalloa a e eisang. Ka baka leo, batho ba fihlang bocha ba tlameha ho sebetsa tlas’a maemo a thata ba sebeletsa meputso e tlaase—haholo-holo haeba ha ba na tumello ea molao ea ho ba bajaki. Ho phaella moo, hangata mosebetsing melata ea khetholloa ka baka la boemo ba eona ba ho ba melata.

Ho sa tsotellehe hore na ke bo-mang kapa hore na ba leka ho lula hokae, bajaki ba bangata ba tobana le boemo bo bohloko ba ho folisa maikutlo a bohloko a bakoang ke ho tloha ha habo bona le ho thea maqhama a macha bakeng sa nako e tlang. Koranta ea U.S.News & World Report e bolela hore melata “hangata e qala ka ho ikutloa e qheletsoe ka thōko e bile e tšoenyehile.” Ba bang ba bona boiteko boo ba tlamehang ho bo etsa bo le boholo. Ha e bua ka batho bana, tlaleho ena e tsoela pele: “Bomalimabe ba ho lahleheloa ke lehae la pele bo kopana le ba ho hlōleha ho fumana la bobeli.” Ho ba bangata boikutlo bona ba ho hloka bolulo bo amana haholo le mosebetsi o mongata oa ho ithuta puo e ncha.

Ho Bolela’ng . . . ho re?

Na u kile ua tlameha ho ithuta puo e ’ngoe le ho itloaetsa mekhoa ea sechaba se seng? Seo se bile le phello efe ho uena? Ho ka ’na ha etsahala hore ebe, joalokaha Stanislaw Baranczak e leng mojaki oa Poland le mongoli ea leng United States a arabela: “Boiteko ba hao bo felletse ka hore u be le boikutlo ba ho belaela hore ha ua phethahala.” E, puo ke ea bohlokoa bakeng sa ho ba setho se mafolo-folo sechabeng. Ho ithuta puo e ncha e ka ba karolo e tšoenyang ea ho ikopanya le batho ba sebakeng se secha, haholo-holo ho bajaki ba hōlileng.

Ho bajaki bana, hangata ho ithuta puo ke mohloli oa mathata a mangata a sa feleng. Koranta ea Aging e bolela hore ha melata e sa khone ho sebetsana ka katleho le ho lahleheloa ke puo le litloaelo tsa sechaba sa habo eona, hangata seo se baka ho tepella maikutlo, e leng seo hamorao se sa ba lumelleng ho tsepamisa mohopolo ho se hlokahalang bakeng sa ho ithuta puo e ncha. Qetellong, molata o ba lesisitheho haholoanyane ho ipea tsietsing ’me ka linako tse ling ho mamella tlotlollo ea ho ithuta puo ena. Bothata bona boa hōla ha bana ba utloisisa puo eo le litloaelo tsa sechaba kapele ho feta batsoali ba bona. Hangata sena se etsa hore ho be le likhohlano le lekhalo la moloko malapeng a bajaki, ke hore, haeba lelapa lohle le falla hammoho.

Malapa a Arohaneng

Tse ling tsa liphello tsa ho falla ha batho ba bangata tse nang le bopaki bo fokolang ka ho fetisisa empa e le tse bohloko haholo ke tšenyo eo ho nang le eona lelapeng. Hangata malapa aa arohana ha e mong oa batsoali kapa bobeli ba bona ba siea bana ba bona tlhokomelong ea litho tse ling tsa lelapa ha ba il’o etsa boiteko ba ho fumana boemo ba moruo bo molemo haholoanyane sebakeng se seng. Second Carnegie Inquiry Into Poverty and Development in Southern Africa ha e bua ka seo e se fumaneng mabapi le ho falla ha mofuta ona e re: “Ho senya . . . sebōpeho sa lelapa.” Tlaleho ena e fana ka bopaki ba liketsahalo tse tobileng tsa kamoo malapa a ileng a qhalana ha litho tsa lelapa tse itseng li falla li le ling.

Ana ke a mang a mathata ao bajaki ba tobanang le ’ona lefatšeng lohle, re se re sa re letho ka litšenyehelo tsa ho falla, ho ngolisa bolulo ka molao, le liqeto tse lokelang ho etsoa mabapi le bophelo bo botle, matlo, thuto, le litho tse ling tsa lelapa.

Kahoo, ha re talima mathata ana kaofela, ha e le hantle ke hobane’ng ha melata e falla?

[Lebokose le leqepheng la 4]

Basebetsi-’moho Mosebetsing

LE HOJA ho na le mathata a itseng a amanang le ho falla ha melata ho ke keng ha thibeloa, ho boetse ho na le bopaki bo bongata bo bontšang hore maemong a mangata ho na le melemo e mengata eo melata e e tlisetsang naha eo e falletseng ho eona.

Makasine oa Time o re: “Ho hlakile hore Jeremane Bophirimela le basebetsi ba eona ba melata ba fumantšane molemo,” ha o phaella o re: “Lifeme tse etsang litšepe tse leng Ruhr le tse etsang makoloi a Mercedes tse leng ka thōko ho Stuttgart li sebeletsoa ke basebetsi ba melata.” Hape, ho latela National Geographic, “lifeme tsa New York tse etsang liaparo li ka be li oele” hoja e ne e se ka basebetsi ba melata.

Litsebi tsa moruo li hlokomela tlatsetso ea bohlokoa eo bajaki bana ba e etsang linaheng tseo ba falletseng ho tsona. Ho sa tsotellehe khethollo e khōlō, baahi ba Turkey, Pakistan, le Algeria ba leng Europe a ithutile ho itloaetsa boemo bona. U.S.News & World Report e re: “Ba khona ho sebetsana le boemo bona ka katleho, ho fihlela ha Europe . . . e hlokomela, hore ea ba hloka, ka mabaka a totobetseng a moruo.”

Ka baka la takatso e matla ea ho atleha linaheng tsa bona tse ncha, ho bonahala melata e khotsofetse haholoanyane ’me ha ea itšetleha ka litsamaiso tsa ’muso tsa thuso ea sechaba joalokaha matsoalloa a etsa. Moeletsi e mong oa bajaki oa U.S. ea kileng a sebetsana le litaba tsa bajaki ba fetang 3 000 o itse: “Ha ho na taba e se nang bopaki joaloka qoso ea hore bajaki ba phela ka melemo ea thuso ea sechaba.”

Hangata, libaka tsa boahelani li ’nile tsa ntlafatsoa ke melata e batlang ho ntlafatsa tikoloho ea eona. Nakong eo Afrika Boroa e neng e ba le tšubuhlellano ea baphaphathehi ba Mapotoketsi ka mor’a ho qhoma ha ntoa ea Angola le Mozambique, Mapotoketsi a ile a aha le ho ntlafatsa metsana eohle e ka thōko ho toropo ea Johannesburg.

[Lebokose le leqepheng la 5]

Lipalo-palo tse Khōlō tsa Bajaki:

▶ Bajaki ba limillione tse 4,5, ba kopanyelletsang ba limillione tse 1,5 ba Afrika Leboea, ke karolo ea 8 lekholong ea baahi ba Fora

▶ Karolong e le ’ngoe feela ea moeli oa Mexico le U.S. Balebeli ba 800 ba Moeli ona ka kakaretso ba tšoara batho ba fallang ka ntle ho tumello ea molao ba 1 500 bosiu bo bong le bo bong

▶ Karolo ea 20 lekholong ea baahi ba Australia ke melata

▶ Mohlomong batho ba millione ba tsoang Poland ba sebetsa Europe Bophirimela ka ntle ho tumello ea molao

▶ Selemong se fetileng, banna ba 350 000 ba ile ba fallela Afrika Boroa ka konteraka ea mosebetsi. Lenane la melata e se nang litokelo tsa molao tsa bolulo ke limillione tse 1,2

▶ Bonyane Majode a Soviet a 185 000 a ile a fallela Israele ka 1990

▶ Batho ba ka holimo ho 900 000 ka Boroa-Bochabela ho Asia ba falletse United States ho tloha ka 1975

▶ Bonyane batho ba sekete baa falla Hong Kong beke le beke

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela