Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha Nako eo ke e Behetsoeng ea ho Fihla Lapeng Bosiu e sa Tenyetsehe?
LEN o ne a thabela ho itsamaela ho fihlela e e-ba bosiu le metsoalle ea hae. Empa kapele ntate oa hae o ile a hlokomela hore menyaka ea Len ea bosiu hase boithabiso bo molemo. Len oa hopola: “Ka nako e ’ngoe ke ile ka kena bothateng bo boholo hoo ka libeke tse peli ke neng ke sa lumelloa ho tsoa kamoreng ea ka—ntle leha ke ea lijong le sekolong. Ke ne ke sa lokela ho fumanoa ke hlahetse ka fensetere! Ha kotlo ea ka e felile, ke ne ke itsamaela le metsoalle e meng ea ka ’me re itsamaela ho fihlela bosiu ka khitla. Ha re kena ka koloi tselaneng e kenang ka jareteng, ke ile ka bona ntate a lutse mathuleng a ntlo a ka pele a nkemetse . . .”
Bacha ba bangata ba halefisoa ke ha batsoali ba bona ba ba beha leihlo linthong tsohle tseo ba li etsang. Ngoanana e mong e mocha o re: “Ha ke e-ba mocha ea lilemo tse ka tlaase ho 20, batsoali ba ka ba ile ba qala ho mpehela lithibelo tsa mefuta eohle, tse kang ho tla bosiu ka khitla. Ho ne ho nkhalefisa haholo.” Ha bacha ba joalo ba bontša khalefo ea bona ka ho qoaketsana le batsoali, hangata phello ha se tokoloho e eketsehileng, empa ke lithibelo tse eketsehileng le tse tiileng haholoanyane.
Bakeng sa litlōlo tse nyenyane phello e ka ’na ea e-ba hore nako ea ho fihla lapeng bosiu e suthisetsoe horeng e ka pele. Bakeng sa litlōlo tse khōlō mocha a ka ’na a haneloa ka litokelo tse itseng, kapa ka nakoana a ka ’na a haneloa ho tsoa ka tlung. Ngoanana e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 oa hlalosa: “Haeba u fihla morao ho nako ka Moqebelo bosiu, mohlomong u ke ke ua tseba ho intša ho hang ka Moqebelo o latelang.” Hape ho na le ‘ho koalloa o ’notši’: ha u fumane baeti, ha u sebelise mohala, ha u shebelle thelevishene. Empa ho bacha ba bang, kotlo e tšabehang le ho feta ke ho hobelloa ka lipuo. Moshemane e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 oa bolela: “Oho, boikutlo ba ho ba molato! Ba qala ho bolela kamoo ba neng ba khathatsehile haholo ka uena ka teng. Boikutlo ba ho ba molato boa tšabeha.”
Leha ho le joalo, na hase ’nete hore batsoali ba hao baa u rata ebile ba na le tokelo ea ho batla hore u fihle lapeng ka nako e loketseng? ’Me ha u le sieo, ba tla ikutloa ba sa lokoloha, ba tšoenyehile, mohlomong ba sa khone le ho robala. Mocha eo kannete a ratang ebile a tsotellang batsoali ba hae ruri a ke ke a batla ho ikarabella ka matšoenyeho a joalo a sa hlokahaleng. Na ho ne ho ke ke ha bontša boikhabi bo fetelletseng?
Leha ho le joalo, bacha ba bangata ba ikutloa hore batsoali ba bona ba ba kentse tlas’a lithibelo tse sa lokang kapa tse sa utloahaleng. Fred ea lilemo li 18 oa hanyetsa: “Baa hlanya, ba leka ho ntšoara joaloka ngoana ea lilemo li leshome le metso e mehlano. ’Na le ntate re ntoeng e khōlō hobane ke hana ho etsa seo a se bolelang.” Empa ho na le litsela tse molemo tsa ho sebelisana le batsoali ba hao ho e-na le ho qoaketsana le bona.
Li Loketse Kapa ha Lia Lokela?
Pele ho tsohle, lithibelo tseo ke tse sa lokelang hakae? Joalokaha sehlooho se fetileng se bontšitse, mohlomong batsoali ba hao ba na le mabaka a utloahalang a ho tšoenyeha ka tšireletseho le boiketlo ba hao.a Na ebe bacha ba bang ba Bakreste bao e leng lithaka tsa hao ha ba tlas’a lithibelo tse tšoanang? Haeba ho joalo, ke mabaka afe a utloahalang ao u nang le oona a ho hanyetsa kahlolo ea batsoali ba hao?
Len e mocha eo ho builoeng ka eena qalong, o ne a sa utloisise hore ntate oa hae o ne a mo thahasella haholo. U tla hopola hore ha a ka a boloka nako eo a e behetsoeng ea ho fihla lapeng bosiu, eaba o fumana ntate oa hae a mo letetse mathuleng a ntlo a ka pele. Tharollo ea Len e bile efe? Ho se mamele ho eketsehileng. “Koloi ha e kena tselaneng e kenang ka jareteng, kapele ke ile ka khoecha setulong sa koloi hore ntate a se mpone ’me ka bolella motsoalle oa ka hore a khanne re tsamaee. Ke ile ka etsa qeto ea ho tloha lapeng.” Len o ile a tloha lapeng ’me a ikopanya le sehlopha se sa laoleheng se ileng sa etsa hore a kenele likamanong tse mpe tsa botona le botšehali, ho utsoeng likoloi, le tšebelisong e mpe ea lithethefatsi. Qetellong, o ile a kena teronkong. Na ke taba e fetelletseng? Mohlomong ho joalo. Empa e bontša hantle bonnete ba Liproverbia 1:32: “Hobane ho kheloha ha lithoto ke ho li bolaeang.”
Bacha ba bang mohlomong ba ke ke ba hana ho beheloa nako ea ho fihla lapeng bosiu, empa ba halefisoa ke hore banab’abo bona ba na le tokoloho e ngata ho ba feta. Mocha e mong ea bitsoang Patti oa tletleba: “Moholoane oa ka Mark o ne a itsamaela kamoo a ratang ka teng ho fihlela e e-ba bosiu, empa ho se mohla a haneloang ho tsoa ka tlung. Ha e le ’na—haeba ke fihlile ka morao ho nako esita le ka metsotso e ’maloa, ha ke sa fumana le monyetla oa bobeli! Ha hoa loka.” Ho bonolo ho bona hore ke hobane’ng ha boemo bo joalo bo ka ’na ba u tena. Empa pele u hoeletsa u re “ha hoa loka!” nahana ka melao-motheo ea Bibele e hlalositsoeng ho Ba-Galata 6:4, 5: “E mong le e mong a ke a leke mesebetsi eo e leng ea hae, ’me ke moo a tla ba le sebaka sa ho ithorisa ka tsa hae, e seng ka tsa ba bang [“e seng ka ho ipapisa le ba bang,” BPN]. Hobane e mong le e mong o tla jara phahlo ee e leng ea hae.”
U na le botho bo fapaneng. ’Me hore ebe moholoane oa hao o thabela litokelo tse itseng ha ho u fe tumello e tšoanang. Mohlomong moholoane oa hao o ile a lokela ho paka ho tšepahala ha hae ka nako e itseng. Le uena u tla etsa joalo. Ntle le moo, na ha u hloee taba ea hore motsoali oa hao a u bapise le moholoane oa hao? Ke hobane’ng ha uena u etsa ho tšoanang ka ho bapisa litokelo tsa lōna tse sa tšoaneng? Bukeng ea hae “After All We’ve Done for Them,” Dr. Louis Fine oa hlokomela: “Hangata batsoali ba tšoara le ho laea bana ba bona ka litsela tse sa tšoaneng. Hona e ka ba hobane ba lemoha hore bana ba bona ba na le botho bo fapaneng le litlhoko le matla a sa tšoaneng ebile ba lokela ho nkoa ba fapane.”
Leha ho le joalo, ka linako tse ling bacha ba ikutloa eka ba lefisoa bakeng sa liphoso tsa baholoane ba bona. “Feela hobane ngoan’eso o tsamaile ka koloi ’me a itsamaela ho fihlela e e-ba bosiu haholo, ho itsamaela ha ka ho fihlela bosiu ho se ho sa lumelloe. Ha ke fumane le sebaka sa ho ipaka!” Leha ho le joalo, mohlomong boemo bona hase bo hlokang toka ho latela kamoo bo bonahalang ka teng. Batsoali ba hao ba hōlile ebile ba bohlale haholoanyane ho feta ha ba ne ba hōlisa banab’eno. Ba ka tiea haholoanyane ho uena ka ho se batle ho pheta liphoso tsa bona.
Empa ke hobane’ng ha u otleloa ho fihla ka morao ho nako e khutšoanyane feela? Ha ho pelaelo hore ho haneloa ho tsoa ka tlung ha ho thabise. Kahoo hangata u tla nahana ka ho teba ka ho fihla bosiu hape lapeng. Joalokaha Marcus e mocha a boletse: “Ke ile ka otloa ka makhetlo a mangata . . . Haeba u ne u sa otloe, u ne u ke ke ua ithuta letho.” Joalokaha Bibele e bolela: “Ea elelloang taeo o tšoere tsela ea bophelo.”—Liproverbia 10:17.
Batsoali ba Sireletsang ho Tlōlisa
Ke ’nete hore ka linako tse ling kotlo e bonahala ho hang e sa lekane le “tlōlo” e entsoeng. Batsoali ba ka ’na ba u sireletsa ho tlōlisa ebile mohlomong ba batle lintho tse sa utloahaleng. Leha ho le joalo, hangata puisano e molemo e thibela mathata pele a qaleha. Haeba u tsebisa batsoali ba hao moo u eang, seo u tla beng u se etsa, motho eo u tla ba le eena, le hore u tla khutla neng, mohlomong ba ka ’na ba u neha tokoloho e itseng. Haeba ba bonahala ba sa utloahale, leka ho ba atamela ka “motsotso o tšoanelehang”—mohlomong ha ba khutsitse ebile ba se ba khatholohile. (Liproverbia 25:11) Amohela tšabo le kameho ea bona. Ba tiisetse ka lerato la hao le takatso ea hao ea ho mamela. Ba thuse ho ananela hore ho fumana tokoloho e eketsehileng ke karolo ea ho ba motho e moholo.
Ngoanana e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 o re: “Hape u tšoanetse ho ba tsebisa ka ho nepahala kamoo boemo bo leng ka teng. Ha u hlalosa hore ke hobane’ng u ke ke ua fihla lapeng kapele ka lekhetlo le itseng, hangata baa utloisisa.” Ka ho bua litaba ka tsela ea motho ea hōlileng, u hatisa ho batsoali ba hao hore ua ikarabella—hore u motho ea ka tšepjoang. Haeba batsoali ba hao ba ntse ba na le lipelaelo, mohlomong u ka hlahisa tharollo e utloahalang.
Ho thoe’ng haeba ba u fa tumello? Joale ‘etsa hore E ea hao e bolele E,’ ’me u fihle lapeng ka nako! (Mattheu 5:37, NW) Ke ’nete hore le merero e reriloeng hantle e ka nyopa. (Bapisa le Jakobo 4:13, 14.) Ho ka hlaha boemo ba tšohanyetso kapa merero ea fetoha ka tsietsi. Haeba ho joalo, haeba ho khoneha letsetsa lapeng ebe u tsebisa batsoali ba hao se etsahalang. Mocha e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 o re: “Hafeela ’mè a tseba hore ke hokae le hore ke tseleng ea ho tla lapeng, ke phetho.”
Ho etsa litlaleho tse molemo tsa nako e fetileng ke mohato o mong oa bohlokoa. Liproverbia 20:11 e re: “Esita le moshanyana o itsebahatsa ka liketso tsa hae, ha metsamao ea hae e tla ba metle, e loke.” Haeba u beha mohlala oa ho mamela le boitšoaro bo lokileng, batsoali ba hao ba ka ’na ba khutsa haeba u fihla ka morao ho nako ka lekhetlo le leng. Ho hlakile hore esita le tlalehong ea Jesu ea boitšoaro bo phethahetseng, batsoali ba hae ba ne ba “tšoenyehile” ha a ne a lahlehile. (Luka 2:48, BPN) Kahoo u se ke oa makala ha batsoali ba hao ba teneha—ba teneha hoo qalong ba ka ’nang ba se u lumelle ho hlalosa hore ke hobane’ng ha u fehlile ka morao ho nako!
Liproverbia 29:11 e re: “Lehlanya le hlahatsa khalefo ea lona; empa ea bohlale oa e tšoara, oa e khutsisa.” Lumella khalefo ea bona e fele. Ha ho se ho khutsitse hanyenyane, fana ka tlhaloso. Empa ‘bua ’nete.’ (Ba-Efese 4:25) U se ke ua khokolotsa mabaka a ho ikemela; ho tla paka feela hore u ke ke ua tšepjoa. Haeba u bile bohlasoa kapa u ile ua lebala, kōpa tšoarelo ea ’nete, ’me u ikemisetse ho amohela kotlo. Mohlomong batsoali ba hao ba tla bona ho sa hlokahale ho ntšetsa kotlo pele. Empa leha ho le joalo, ba ka ’na ba ikutloa hore lithibelo tse itseng lia hlokahala, ’me u tla lokela feela ho hapa tšepo ea bona hape.
Linako tsa ho fihla lapeng bosiu li ka ’na tsa sitisa, empa ha li sehlōhō ebile hase kotlo e sa tloaelehang. Li amohele. Haeba u sebelisana le batsoali ba hao ’me u qoba moea oa ho qoaketsana le bona, ba ka ’na ba etsa qeto ea hore ba nolofale le ho u neha tokoloho e eketsehileng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Fihla Lapeng Kapele?” tokollong ea Tsoha! ea May 8, 1992.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Hangata ho qoaketsana le batsoali ba hao ho tlisa meeli e eketsehileng tokolohong ea hao