Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 8/8 leq. 21
  • Lefu—Seoa sa Lefatše Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefu—Seoa sa Lefatše Lohle
  • Tsoha!—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bophelo bo Bolelele Haholoanyane?
    Tsoha!—1995
  • Ke Hobane’ng ha re Tšaba Lefu?
    Tsoha!—2007
  • Ha Motho a Shoa o ea Hokae?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng?
    Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 8/8 leq. 21

Lefu—Seoa sa Lefatše Lohle

SELEMO se seng le se seng batho ba limillione tse 50 baa shoa lefatšeng lohle. Sena se bolela hore ho shoa batho ba 137 000 ka letsatsi, ba 5 700 ka hora, ba ka bang 100 ka motsotso, kapa ba ka holimo ho ba bararo ka metsotso e meng le e meng e ’meli. Ha ho na lelapa leo e leng mokhelo tabeng ea seoa sa lefu. Morena kapa motho feela ea tloaelehileng, morui kapa mofutsana, monna kapa mosali—kaofela baa shoa.

Mongoli oa Amerika ea tsebahalang eo e leng moqapi le ea tsamaisang lipuisano pakeng tsa lichaba Benjamin Franklin o ile a ngolla motsoalle oa hae ka 1789 a re: “Lefatšeng lena ha ho na ntho eo motho a ka tiisehang ka eona ntle le lefu le ho lefa makhetho.” Leha ho le joalo, seo a se hlokometseng se tloaelehile. Hoo e ka bang lilemo tse 2 800 pejana, Morena Salomone ea bohlale oa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele o ile a re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa.” Leha ho le joalo, o ne a tiisa feela se ileng sa buuoa lilemong tse 3 000 pele motho oa pele a ba teng lefatšeng: “Hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.”—Moeklesia 9:5; Genese 3:19.

Le hoja lefu e bile ntho e ke keng ea qojoa ho theosa le histori ea batho, e ntse e le mohloli oa masoabi a maholo. Ke ka nepo ho ileng ha boleloa hore takatso ea rōna e tloaelehileng ke ho phela, eseng ho shoa. Kamano eo re nang le eona le litho tsa lelapa le metsoalle ke tlamahano e matla hoo re lakatsang ho e ntšetsa pele. Empa ha lilemo li ntse li feta, tlamahano ena e senngoa ke lefu. Bo-nkhono le bo-ntate moholo ba rōna, batsoali ba rōna, le metsoalle baa shoa.

Guinness Book of World Records e re: “’Nete ke hore ho batho ba ka holimo ho lilemo tse lekholo ke ba seng bakae feela ba phelang ho fihlela ba le ka holimo ho lilemo tse 113 ’me hona joale moeli o pakiloeng ka ho felletseng oa bolelele ba bophelo ba motho ha u lumelle motho ofe le ofe ea phelang hore a keteke letsatsi leha le le leng la tsoalo le latelang la bo120.” Kahoo, ha ho na motho ea phelang kajeno ea neng a le teng ha Winston Churchill a hlaha (1874) kapa Mohandas Gandhi (1869), ha Russia e rekisetsa United States Alaska ka 1867, kapa ha Abraham Lincoln a bolaoa ka tšohanyetso ka 1865—re se re sa re letho ka liketsahalo tsohle tsa histori tsa lekholo la bo19 tse ileng tsa etella tsena pele.

Ha e le hantle, ho sa tsotellehe ho kenella ha bongaka ba kajeno le saense, bolelele ba bophelo ba motho bo ntse bo lekana le bo ileng ba boleloa ke motho oa boholo-holo Moshe ha a re: “Matsatsi a ho phela ha rōna ke lilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le ’meli; boikakaso ba tsona ke khathatso le bomalimabe; hobane bophelo ba rōna bo fela kapele, bo ikela koo.” (Pesaleme ea 90:10) Sena e ne e le kakaretso ea taba. Moshe ka boeena o ile a phela lilemo tse 120.

Ho sa tsotellehe hore na bophelo bo tletse likhathatso hakae, lefu la moratuoa le tlisa masoabi le bohloko bo ikhethang. Hangata ho na le phello e sa thabiseng bophelong bo botle ba batho ba ntseng ba phela hape ho tumme ka ho tlisa ho kula le lefu. Ho sa tsotellehe hore ke setho sefe sa lelapa se shoang, ho na le boikutlo bo boholo ba tahlehelo. Joalokaha ngaka e ’ngoe ea mafu a kelello e bontša: “Ha motsoali oa hao a e-shoa, u lahlehetsoe ke nako ea hao e fetileng. Ha ngoana oa hao a e-shoa u lahlehetsoe ke bokamoso ba hao.” Bohloko le khatello ea maikutlo tse tlang ka mor’a ketsahalo ena e ka ba tse ke keng tsa hlalosoa. Lefu la moratuoa le atisa ho baka moroalo o boima tabeng ea tšebeliso ea chelete, e leng se mpefatsang maemo. Khatello ea ho khomarela mekhoa le meetlo ea lepato e itseng e ka eketsa bohloko.

Leha ho le joalo, na ho na le tsela eo ka eona re ka fokotsang khatello e ’ngoe le moroalo o boima o bang teng ha moratuoa oa rōna a e-shoa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela