Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 8/8 leq. 27
  • Tsenene ea Lefu e Tlositsoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsenene ea Lefu e Tlositsoe
  • Tsoha!—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Sera sa ho Qetela” se Tla Hlōloa!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • “Lefu le Metsitsoe ka ho sa Feleng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba E-shoa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lefu le Tla Felisoa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 8/8 leq. 27

Tsenene ea Lefu e Tlositsoe

HO BALA ka lefu joaloka ntho ea tlhaho kapa e tloaelehileng ke ntho e atileng. Ha e le hantle, ha ho joalo ho latela tlaleho ea Bibele. Lefu ke sera se ileng sa tlisoa ke sebe. Ho Ba-Roma 5:12 Bibele e re: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.”

Kaha Molimo o ne o sa rera hore batho ba shoe, ka lerato o butse monyetla oa hore ba pholohe lefu. Ka ho lumella Mora oa oona ho re shoela, o fane ka thekollo e loketseng bakeng sa ho lefella kotlo ea lefu. (Mattheu 20:28; 1 Johanne 2:2) Hape o tšepisitse paradeise ea lefatše lohle eo ho eona moloko ’ohle oa batho o tla ba tlas’a puso ea ’muso o mocha ka ho felletseng. ’Muso oo o tla felisa liphello tsa sebe le lefu ka ho felletseng. (Luka 18:30) Ho Tšenolo 21:3, 4 Bibele e re: “Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” Empa ho thoe’ng ka ba seng ba shoele?

Ba na le tšepo ea tsoho—tebello ea ho phela hape e le batho lefatšeng leo la Paradeise, ka ’mele le likelello tse phetseng hantle ka mokhoa o phethahetseng. E, “nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona.” (Johanne 5:28, 29) Jesu Kreste, ea romiloeng ke Molimo ho lopolla batho o tsoela pele ho re tiisetsa: “Ho ratoang ke ea nthomileng ke hore, e mong le e mong ea talimang Mora, ’me a lumela ho eena, a be le bophelo bo sa feleng; ’me ’na, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.”—Johanne 6:40.

Ke tšepo ena ea tsoho e tšelisang batho ba bangata ba shoelletsoeng ke moratuoa. Ba hlokomela hore baratuoa ba bona ba mpa feela ba “robetse lefung,” kahoo ha ba “utloe bohloko joaloka batho ba bang ba se nang tšepo.” (1 Ba-Thessalonika 4:13, The New English Bible) Ba lebelletse ho kopana le bona hape tsamaisong eo e ncha ea lintho eo Molimo o e tšepisitseng. Ba na le tumelo ho Molimo o fanang ka matšeliso le tšepo.—Ba-Roma 15:4, 13; 2 Ba-Korinthe 1:3; 2 Ba-Thessalonika 2:16.

Ke kahoo litšebeletso tsa lepato tsa Lipaki tsa Jehova li fapaneng le tse ling. E le hore Molimo o ka li amohela, Lipaki li qoba mekhoa leha e le efe e leng khahlanong le Lentsoe la oona, Bibele. Meetlo le mekhoa ea ho khabisa e theiloeng litumelong tseo Bibele e sa li ruteng lia qojoa. Hobane li rapela Molimo o le mong oa ’nete, Jehova, li hana ho fana ka tlhompho e joalo ea borapeli ho bafu ba tsona. ’Me ha li khantše leruo la tsona kapa boemo, kaha lia tseba hore sena ha se thabise Molimo. (1 Johanne 2:16, NW) Mapato a tsona ke a sa rarahanang le a nang le seriti ’me a kokobetsa bohloko ba lipelo tsa batho ba utloileng bohloko. Ho fanoa ka puo eo e leng sehopotso sa mofu, e hlalosang tšepo e fumanoang ka Bibeleng. Lia lla, empa eseng ka mokhoa o tlōlisang.

Lipaki tsa Jehova lia tseba hore haufinyane ‘sera sa ho qetela,’ se lokela ho felisoa. Joale mantsoe a boletsoeng esale pele e tla ba ’nete: “Lefu le metsitsoe ke hlōlo. Na lefu, tsenene ea hao e kae na? Uena lebitla, ho hlōla ha hao ho kae na?”—1 Ba-Korinthe 15:26, 54, 55.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela