Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq khao. 54
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba E-shoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Batho ba E-shoa?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Jesu oa Pholosa—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Utloa Bohloko a ba a Shoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Ha Sebe se se se le Sieo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq khao. 54

Ke Hobane’ng ha Batho ba E-shoa?

Karabo ea Bibele

Ke ha tlhaho ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha batho ba e-shoa, haholo-holo ha re lahleheloa ke motho eo re leng haufi le eena. Bibele e re: “Motsu o hlahisang lefu ke sebe.”​—1 Bakorinthe 15:56.

Ke Hobane’ng ha Batho ba Etsa Sebe ’me ba E-shoa?

Batho ba pele, e leng Adama le Eva, ba ile ba shoa hobane ba ile ba siteloa Molimo. (Genese 3:17-19) Lefu e ne e le lona feela phello ea borabele ba bona khahlanong le Molimo, hobane “mohloli oa bophelo” o ho eena.​—Pesaleme ea 36:9; Genese 2:17.

Adama o ile a fetisetsa sebe ho bana bohle ba hae. Bibele e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Batho bohle baa shoa hobane kaofela ba etsa sebe.​—Baroma 3:23.

Kamoo lefu le tla felisoa kateng

Molimo o tšepisa hore ho tla ba le nako eo ka eona a “tla metsa lefu ka ho sa feleng.” (Esaia 25:8) E le hore a felise lefu, o lokela ho felisa le sesosa sa lona, e leng sebe. Molimo o tla etsa sena ka Jesu Kreste, ea “tlosang sebe sa lefatše.”​—Johanne 1:29; 1 Johanne 1:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela