Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp16 no. 2 maq. 5-7
  • Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Utloa Bohloko a ba a Shoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Utloa Bohloko a ba a Shoa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO SENYEHILE HOKAE?
  • MOLIMO O ENTSE ENG?
  • KE HOBANE’NG HA JESU A ILE A UTLOA BOHLOKO A BA A SHOA?
  • LEFU LA JESU LE U TSOELA MOLEMO JOANG?
  • Jesu oa Pholosa—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lefu le Tsoho ea Jesu li ka U Tsoela Molemo Joang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Bafu ba ka Boela ba Phela!
    Tsoha!—2008
  • Thekollo ea Kreste Tsela ea Molimo ea Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
wp16 no. 2 maq. 5-7
Batho ba mefuta eohle ba phela hamonate Paradeiseng

SEHLOOHO SE KA NTLE

Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Utloa Bohloko a ba a Shoa?

“Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe.”​—Baroma 5:12

Adama le Eva ba shebile tholoana eo ba neng ba thibetsoe ho e ja; Adama le Eva ba tsofetseng; lekase le isoa mabitleng

U ka re’ng ha motho a ka u botsa hore na u ka rata ho phela ka ho sa feleng? Batho ba bangata ba ka re e, empa ba boela ba re seo se ke ke sa etsahala. Ba re lefu ke karolo ea bophelo, le hore ke qetello ea rōna bohle.

Empa joale u ka re’ng ha motho a ka u botsa hore na u se u itokiselitse ho shoa? Batho ba bangata ba ka re che. Re ithuta’ng lipotsong tsee? Ka tlhaho re batla ho phela ho sa tsotellehe mathata ao re thulanang le ’ona. Bibele e re Molimo o bōpile batho ba e-na le takatso ea ho phela. E re “o kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona.”—Moeklesia 3:11.

Leha ho le joalo, batho ha ba phele ka ho sa feleng. Ho senyehile hokae? Na ho na le seo Molimo a se entseng ho lokisa boemo boo? Bibele e araba lipotso tsena ka tsela e khotsofatsang, ’me karabo ea eona e fana ka lebaka leo ka lona Jesu a ileng a utloa bohloko le ho shoa.

HO SENYEHILE HOKAE?

Likhaolo tse tharo tse qalang bukeng ea Bibele ea Genese, li re Molimo o ile a fa banyalani ba pele, e leng Adama le Eva tšepo ea ho phela ka ho sa feleng ’me a ba bolella hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba se ke ba lahleheloa ke eona. Li boetse li bontša kamoo banyalani bao ba ileng ba hlōleha ho mamela Molimo kateng ’me ba lahleheloa ke bophelo boo ba neng ba bo tšepisitsoe. Empa batho ba bang ba re pale ea Adama le Eva ke tšōmo feela. Leha ho le joalo, Genese ke histori e ngotsoeng ka ho nepahala joaloka Likosepele.a

Ho se mamele ha Adama ho ile ha fella ka eng? Bibele e re: “Ke ka lebaka leo, feela joalokaha sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Adama o ile a etsa sebe ka hore a se ke a mamela Molimo. O ile a lahleheloa ke tšepo ea ho phela ka ho sa feleng ’me qetellong a shoa. Kaha re litloholo tsa hae, re futsitse sebe. Kahoo rea kula, rea tsofala ebile rea shoa. Taba ea hore na ke hobane’ng ha re shoa, e lumellana le seo bo-rasaense ba se buang ka lefutso. Empa na ho na le seo Molimo a se entseng ho lokisa boemo boo?

MOLIMO O ENTSE ENG?

Molimo o lokiselitse ho reka seo Adama a entseng hore litloholo tsa hae li lahleheloe ke sona, e leng bophelo bo sa feleng. O entse seo joang?

Lengolo la Baroma 6:23 le re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” Sena se bolela hore lefu le teng ka lebaka la sebe. Adama o ile a shoa ka lebaka la sebe. Ka ho tšoanang, kaha re baetsalibe re fumana moputso oo sebe se o lefang, e leng lefu. Empa ha se molato oa rōna hobane re tsoaletsoe sebeng. Molimo o ile a bontša hore oa re rata ka ho romela Mora oa hae, e leng Jesu, e le hore a tl’o re jarela libe. O ne a tla re jarela tsona joang?

Batho ba mefuta eohle ba phela hamonate Paradeiseng

Lefu la Jesu le entse hore batho ba tle ba fumane bophelo bo sa feleng

Kaha motho ea entseng sebe, e leng Adama o ne a phethahetse, ho ne ho hlokahala motho ea phethahetseng ea tla mamela Molimo ho isa lefung hore a tl’o re lokolla sebeng. Bibele e re: “Etsoe feela joalokaha ka ho se mamele ha motho a le mong ba bangata ba ile ba etsoa baetsalibe, ka ho tšoanang ka ho mamela ha motho a le mong ba bangata ba tla etsoa ba lokileng.” (Baroma 5:19) Jesu ke eena ‘motho eo a le mong.’ O ile a tloha leholimong, ea e-ba motho ea phethahetsengb, ’me a re shoela. Lefu la hae le entse hore re amoheloe ke Molimo ’me re be le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng.

KE HOBANE’NG HA JESU A ILE A UTLOA BOHLOKO A BA A SHOA?

Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Jesu a shoe e le hore batho ba fumane bophelo bo sa feleng? Molimo ea Matla ’Ohle o ne a ka ’na a laela feela hore litloholo tsa Adama li phele ka ho sa feleng. O na le matla a ho etsa joalo. Empa o ne a tla be a sa tšepahalle seo a se buileng kaha o itse moputso oo sebe se o lefang ke lefu. Mantsoe ao a lokela ho nkeloa hloohong ’me a ke ke a fetoloa feela hobane motho a rata. A bohlokoa e le hore toka e phethoe.—Pesaleme ea 37:28.

Haeba Molimo a sa ka a phetha toka tabeng ena, batho ba ne ba ke ke ba hlola ba mo tšepa. Ho etsa mohlala, ba ne ba tla ipotsa hore na o tla phetha toka ha a khetha hore na ke litloholo life tsa Adama tse lokelang ho fumana bophelo bo sa feleng. Na ba ka mo tšepa hore o tla phethahatsa litšepiso tsa hae? Tsela eo Molimo a phethileng toka ka eona tabeng ena, e re tiisetsa hore o tla lula a etsa se nepahetseng.

Molimo o file batho tšepo ea hore ba phele ka ho sa feleng Paradeiseng ka ho romela Jesu hore a ba shoele. Ho Johanne 3:16, Jesu o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” Lefu la Jesu le bontša hore Molimo o na le toka le hore o rata batho haholo.

Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Jesu a ile a lokela ho utloa bohloko le ho shoa ka sehlōhō joalokaha ho boletsoe Likosepeleng? Kaha Jesu o ile a mamella ha a lekoa ’me a lula a tšepahala, o ile a paka hore Diabolose o leshano ha a re batho ba ke ke ba lula ba tšepahala ho Molimo ha ba lekoa. (Jobo 2:4, 5) Mohlomong ho ile ha bonahala eka Satane o bua ’nete ka mor’a hore a eke Adama. Empa Jesu ea neng a phethahetse joaloka Adama, o ile a lula a tšepahala le hoja a ile a utloa bohloko. (1 Bakorinthe 15:45) O ile a bontša hore Adama le eena a ka be a ile a tšepahala ho Molimo. Jesu o re sietse mohlala o motle ka hore a mamelle liteko. (1 Petrose 2:21) Kaha Jesu o ile a mamela, Molimo o ile a mo putsa ka hore a mo tsosetse leholimong moo a ke keng a hlola a shoa.

LEFU LA JESU LE U TSOELA MOLEMO JOANG?

Jesu o ile a fela a shoa. Lefu la hae le entse hore batho ba tle ba phele ka ho sa feleng. Na u batla ho phela ka ho sa feleng? Jesu o ile a bontša hore na re ka fumana bophelo bo sa feleng joang ha a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

Bangoli ba makasine ena ba u khothalletsa hore u ithute ka Jehova, e leng Molimo oa ’nete le ka Mora oa hae Jesu Kreste. Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno li tla thabela ho u thusa. U ka boela oa fumana lintlha tse ling ka hore u kene websaeteng ea rōna ho www.jw.org/st.

a Sheba sehlooho se reng “The Historical Character of Genesis,” bukeng ea Insight on the Scriptures, Volume 1, leqepheng la 922, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

b Molimo o ile a fetisetsa bophelo ba Mora oa hae pōpelong ea Maria, ’me a mo sireletsa ka moea o halalelang hore a se ke a futsa sebe sa Maria ea sa phethahalang.—Luka 1:31, 35.

Bohobe bo se nang tomoso boa fetisoa Sehopotsong

“Le ’ne le Etse Sena”

Bosiung ba pele Jesu a nehelana ka bophelo ba hae, o ile a bokana le baapostola ba hae ba tšepahalang eaba o theha Sehopotso sa lefu la hae. O ile a re ho bona: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li bontša hore li mamela taelo eo ka hore selemo le selemo li kopane e le hore li ikhopotse lefu la Jesu. Selemong se fetileng batho ba 19 862 783 ba bile teng Sehopotsong.

Selemong sena, Sehopotso sa lefu la Jesu se tla ba ka Laboraro la la 23 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. Re u mema hore u be teng Sehopotsong le lelapa la hao le metsoalle hore le tl’o mamela puo e thehiloeng Bibeleng. E tla hlalosa hore na ke hobane’ng ha lefu la Jesu e le la bohlokoa le hore na le ka u tsoela molemo joang. Ho kenoa mahala; ha ho ntšoe koleke. Re kōpa hore u botse Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno hore na Sehopotso se tla tšoareloa hokae le hore na se tla ba ka nako mang. Kapa u shebe websaeteng ea rōna ho www.jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela