Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 2/15 maq. 13-18
  • Thekollo ea Kreste Tsela ea Molimo ea Poloko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thekollo ea Kreste Tsela ea Molimo ea Poloko
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Felisa Sebe le Lefu
  • Ho Koahela Litšenyehelo Tsa Sebe
  • “Thekollo e Lekanang”
  • Bohlokoa ba Bophelo bo Phethahetseng ba Botho
  • Ho Rua Molemo Thekollong ea Kreste
  • Thekollo—Pontšo ea Lerato
  • Thekollo ke Mpho ea Bohlokoa e Tsoang ho Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Thekollo ke Mpho ea Molimo e Khōlō ka ho Fetisisa
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Jehova o Fana ka “Tefo Bakeng sa ho Lopolla Batho ba Bangata”
    Atamela ho Jehova
  • Lefu la Jesu le Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 2/15 maq. 13-18

Thekollo ea Kreste Tsela ea Molimo ea Poloko

“Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—JOHANNE 3:16.

1, 2. Hlalosa tlokotsi e hlahetseng moloko oa batho.

NKA hore u tšoeroe ke lefu le bolaeang haeba u ke ke ua buuoa. U ne u tla ikutloa joang haeba tefello ea hore u buuoe e le ka holimo ho matla a hao? U ne u tla ikutloa joang teng haeba chelete ea ba lelapa le metsoalle e kopane e ntse e ke ke ea u lefella? Ho tobana le qaka e sokelang bophelo joalo e ne e ka ba ho ferekanyang!

2 Boemo bona bo tšoantšetsa boemo bo hlahetseng moloko oa batho. Batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ile ba bōptjoa ba phethahetse. (Deuteronoma 32:4) Ba ne ba lebeletse ho phela ka ho sa feleng le ho phethahatsa morero oa Molimo oa hore: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona.” (Genese 1:28) Leha ho le joalo, Adama le Eva ba ile ba fetohela ’Mōpi oa bona. (Genese 3:1-6) Ho se mamele ha Adama le Eva ha hoa ka ha tlisetsa bona feela sebe empa ho ile ha se tlisetsa le bana ba bona ba neng ba e-s’o tsoaloe. Hamorao monna ea tšepahalang Jobo o ile a re: “Na ho ka ntšuoa motho ea hloekileng mothong ea litšila? Le hanyenyane.”—Jobo 14:4.

3. Lefu le nametse ho batho bohle joang?

3 Kahoo, sebe se tšoana le boloetse bo re tšoaelitseng kaofela, kaha Bibele e re “bohle ba entse sebe.” Boemo bona bo na le liphello tse sokelang bophelo. Ha e le hantle, “moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 3:23; 6:23) Ha ho le ea mong oa rōna ea ka se phemang. Batho bohle ba etsa sebe, kahoo, batho bohle baa shoa. Kaha re litloholo tsa Adama, re tsoaletsoe tlokotsing ena. (Pesaleme ea 51:5) Pauluse o ile a ngola: “Ka motho a le mong sebe se ile sa kena lefatšeng le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Empa sena hase bolele hore ha re na tšepo ea poloko.

Ho Felisa Sebe le Lefu

4. Ke hobane’ng ha batho ba ke ke ba felisa ho kula le lefu ka bobona?

4 Ho ne ho tla hlokahala eng ho felisa sebe le liphello tsa sona, e leng lefu? Ho hlakile hore ho ne ho tla hlokahala ntho e ’ngoe eo ho seng motho leha e le ofe ea ka fanang ka eona. Mopesaleme o ile a bina koli-ea-malla: “Tefello ea bophelo ba motho e feta matla a hae, a ke ke a e lekana le ka mohla! Motho a ke ke a phela ho-ea-ho-ile, a se ke a tseba lebitla.” (Pesaleme ea 49:9, 10, BPN) Ke ’nete hore re ka ’na ra khona ho eketsa bophelo ba rōna ka lilengoana tse seng kae ka ho ja lijo tse matlafatsang ’mele le ka ho itlhokomela ka meriana, empa ha ho le ea mong oa rōna ea ka felisang boemo ba boetsalibe boo re bo futsitseng. Ha ho le ea mong oa rōna ea ka etsollang liphello tse fokolisang tsa botsofali ’me a busetsa ’mele ea rōna phethehong eo Molimo a neng a e reretse eona qalong. Ka sebele Pauluse o ne a sa feteletse litaba ha a ne a ngola hore ka lebaka la sebe sa Adama, batho ba bōpiloeng ba ile ba “behoa tlas’a lefeela”—kapa joalokaha The Jerusalem Bible e beha taba, “ba ile ba sitisoa ho finyella morero oa bona.” (Baroma 8:20) Leha ho le joalo, ka thabo ’Mōpi ha aa re lahla kherehloa. O entse tokisetso ea ho tlosa sebe le lefu hang le ka ho sa feleng. Joang?

5. Molao o neng o fuoe Iseraele o ne o bontša tlhompho e tebileng ea toka joang?

5 Jehova o “rata ho loka le toka.” (Pesaleme ea 33:5, NW) Molao oo a neng a o file Iseraele o bontša tlhompho e tebileng ea ho etsa lintho ka teka-tekano le ka toka ho bohle. Ka mohlala, ho o mong oa melao ena, re bala hore ‘bophelo bo lefshoe ka bophelo.’ Ka mantsoe a mang, haeba Moiseraele a ne a bolaea e mong, le eena o ne a tlameha ho lahleheloa ke bophelo ba hae bakeng sa boo a bo nkileng. (Exoda 21:23; Numere 35:21) Ka tsela ena, toka ea bomolimo e ne e tla be e khotsofalitsoe.—Bapisa le Exoda 21:30.

6. (a) Ke ka kutloisiso efe Adama a ka bitsoang ’molai? (b) Adama o ile a lahla bophelo ba mofuta ofe, hona ho ne ho tla hlokahala sehlabelo sa mofuta ofe ho khotsofatsa toka?

6 Ha Adama a etsa sebe, o ile a fetoha ’molai. Ka kutloisiso efe? Ea hore o ne a tla fetisetsa ho litloholo tsohle tsa hae boemo ba boetsalibe—’me kahoo a li fetisetse lefu. Ke ka lebaka la ho se mamele ha Adama hore ebe hona joale ’mele ea rōna ea sohlokeha le hona ho totobela lebitleng. (Pesaleme ea 90:10) Sebe sa Adama se na le liphello tse tebileng le ho feta. Hopola hore seo Adama a ileng a itahlela sona le ho se lahlela bana ba hae e ne e se bophelo feela bo tloaelehileng ba lilemo tse ka bang 70 kapa 80. O ile a lahla bophelo bo phethahetseng—ha e le hantle, bophelo bo sa feleng. Kahoo, haeba ‘bophelo bo lokela ho lefshoa ka bophelo,’ ke bophelo ba mofuta ofe bo neng bo tla lokela ho fanoa e le hore toka e khotsofatsoe boemong bona? Ka ho utloahalang, e ne e tla lokela ho ba bophelo bo phethahetseng ba botho—bophelo boo joaloka ba Adama, bo nang le matla a ho hlahisa batho ba phethahetseng. Haeba bo etsoa sehlabelo, bophelo bo phethahetseng ba botho bo ne bo sa tl’o khotsofatsa se hlokoang ke toka feela empa hape bo ne bo tla bula tsela ea hore sebe le liphello tsa sona, e leng lefu, li felisoe ka ho feletseng.

Ho Koahela Litšenyehelo Tsa Sebe

7. Hlalosa se boleloang ke lentsoe “thekollo.”

7 Ka Bibeleng, tefo e hlokahalang bakeng sa ho re lopolla sebeng e bitsoa “thekollo.” (Pesaleme ea 49:7, NW) Ka Sesotho, lentsoe leo le ka sebelisoa ha ho buuoa ka tefo e batloang ke mokoeteli bakeng sa motho eo a mo koetetseng. Ke ’nete hore thekollo eo Jehova a e lefileng ha e amane le ho koeteloa ho itseng. Leha ho le joalo, khopolo ea tefo eona e ntse e tšoana. Ha e le hantle, leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le “thekollo” le hlile le bolela “ho koahela.” E le hore e koahele sebe seo, thekollo e lokela ho lekana hantle le ntho eo e reretsoeng ho e koahela—e leng bophelo bo phethahetseng ba botho ba Adama.

8. (a) Hlalosa molao-motheo oa thekollo. (b) Molao-motheo oa thekollo o amana joang le rōna re le baetsalibe?

8 Sena se lumellana le molao-motheo o fumanoang Molaong oa Moshe—molao-motheo oa thekollo. Haeba Moiseraele a ne a futsaneha ’me a ithekisa bokhobeng ho motho eo e seng Moiseraele, mong ka eena o ne a ka mo rekolla (kapa, a mo lokolla) ka ho lefa tefo eo ho neng ho nkoa hore e lekana tekanyetso ea lekhoba. (Levitike 25:47-49) Bibele e re kaha re batho ba sa phethahalang re “makhoba a sebe.” (Baroma 6:6; 7:14, 25) Ho ne ho tla hlokahala eng ho re rekolla? Joalokaha re se re bone, bophelo bo phethahetseng ba botho bo lahlehileng bo ne bo tla hloka hore bo lefshoe ka bophelo bo phethahetseng ba botho—eseng ka bo ka holimo ho bona le teng eseng ka bo ka tlaase ho bona.

9. Jehova o entse tokisetso ea ho koahela sebe joang?

9 Ke ’nete hore rōna batho re tsoaloa re sa phethahala. Ha ho le ea mong oa rōna ea lekanang le Adama; ha ho le ea mong oa rōna ea ka lefang thekollo e hlokoang ke toka. Joalokaha ho boletsoe sethathong, ho tšoana le ha re tšoeroe ke boloetse bo sokelang bophelo ’me re sitoa ho lefella litšenyehelo tsa tšebetso ea ho buuoa e ka re phekolang. Boemong bo joalo, na re ne re ke ke ra ananela haeba motho e mong a kenella ’me a re koahella litšenyehelo tseo? Ke sona seo Jehova a ileng a se etsa! O entse tokisetso ea ho re lopolla sebeng, hang le ka ho sa feleng. E, o ikemiselitse ho re fa ntho eo le ka mohla re neng re ke ke ra e kokomosa ka borōna. Joang? Pauluse o ile a ngola: “Mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 6:23) Johanne o ile a hlalosa Jesu e le “Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.” (Johanne 1:29) A re hlahlobeng kamoo Jehova a ileng a sebelisa Mora oa hae ea ratoang kateng ho lefa thekollo.

“Thekollo e Lekanang”

10. Boprofeta bo mabapi le “peō” bo ile ba lebisa ho Josefa le Maria joang?

10 Hang ka mor’a borabele ba Edene, Jehova o ile a tsebahatsa morero oa hae oa ho hlahisa “peō,” kapa ngoana, e neng e tla rekolla moloko oa batho sebeng. (Genese 3:15) Ka letoto la litšenolo tsa bomolimo, Jehova o ile a tsebahatsa leloko le neng le tla hlahisa peō ena. Ha nako e ntse e e-ea, litšenolo tsena li ile tsa lebisa ho Josefa le Maria, balebeletsani ba neng ba phela Palestina. Torong, Josefa o ile a bolelloa hore Maria o ne a emolisitsoe ke moea o halalelang. Lengeloi le ile la re: “O tla beleha mora, ’me u mo rehe lebitso la Jesu, etsoe o tla pholosa batho ba habo libeng tsa bona.”—Matheu 1:20, 21.

11. (a) Jehova o ile a lokisetsa joang hore Mora oa hae a tsoaloe e le motho ea phethahetseng? (b) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khona ho fana ka “thekollo e lekanang”?

11 Kemolo ena e ne e se kemolo feela e tloaelehileng, kaha Jesu o ne a phetse leholimong pele. (Liproverbia 8:22-31; Bakolose 1:15) Matla a etsang mehlolo a Jehova a ne a fetiselitse bophelo ba hae ka pōpelong ea Maria, a etsa hore Mora enoa ea ratoang oa Molimo a tsoaloe e le motho. (Johanne 1:1-3, 14; Bafilippi 2:6, 7) Jehova o ile a tataisa lintho hore Jesu a se ke a silafatsoa ke sebe sa Adama. Kahoo, Jesu o ile a tsoaloa a phethahetse. Ka hona, o ne a e-na le seo Adama a ileng a se lahla—bophelo bo phethahetseng ba botho. Qetellong, ha e-ba le motho ea ka koahelang litšenyehelo tsa sebe! ’Me ke sona seo Jesu a ileng a se etsa ka la 14 Nisane, 33 C.E. Letsatsing leo la bohlokoa, Jesu o ile a lumella bahanyetsi ba hae hore ba mo bolaee, kahoo a fana ka “thekollo e lekanang.”—1 Timothea 2:6.

Bohlokoa ba Bophelo bo Phethahetseng ba Botho

12. (a) Hlalosa phapang ea bohlokoa e teng pakeng tsa lefu la Jesu le lefu la Adama. (b) Jesu o fetohile “Ntate oa ka ho sa Feleng” joang ho batho ba mamelang?

12 Ho na le phapang pakeng tsa lefu la Jesu le lefu la Adama—phapang e totobatsang molemo oa thekollo. Adama o ne a tšoanela ho shoa, kaha ha aa ka a mamela ’Mōpi oa hae ka boomo. (Genese 2:16, 17) Ka lehlakoreng le leng, Jesu o ne a sa tšoanela ho shoa ho hang, kaha “ha aa ka a etsa sebe.” (1 Petrose 2:22) Kahoo, ha Jesu a e-shoa, o ne a e-na le ho hong ho molemohali hoo Adama oa moetsalibe a neng a se na hona ha a e-shoa—tokelo ea bophelo bo phethahetseng ba botho. Ka hona, lefu la Jesu le ne le e-na le molemo oa sehlabelo. Hoba a nyolohele leholimong e le motho oa moea, o ile a hlahisa molemo oa sehlabelo sa hae ho Jehova. (Baheberu 9:24) Ka ho etsa seo, Jesu o ile a reka batho ba baetsalibe ’me a fetoha Ntate oa bona e mocha, a nkela Adama sebaka. (1 Bakorinthe 15:45) Ka ho loketseng, Jesu o bitsoa “Ntate oa ka ho sa Feleng.” (Esaia 9:6, NW) Nahana hore na sena se bolela eng! Adama, ntate oa moetsalibe, o ile a fetisetsa lefu ho bana bohle ba hae. Jesu, Ntate ea phethahetseng, o sebelisa molemo oa sehlabelo sa hae ho fa batho ba mamelang bophelo bo sa feleng.

13. (a) Tšoantšetsa kamoo Jesu a ileng a hlakola molato o neng o bakiloe ke Adama. (b) Ke hobane’ng ha sehlabelo sa Jesu se sa koahele sebe sa batsoali ba rōna ba pele?

13 Empa ke joang lefu la motho a le mong le ka koahelang libe tsa ba bangata? (Matheu 20:28) Sehloohong se seng se hatisitsoeng lilemong tse seng kae tse fetileng, re ile ra tšoantšetsa thekollo ka tsela ena: Ak’u nahane ka feme e khōlō e nang le bahiruoa ba makholo-kholo. Mookameli e mong ea sa tšepahaleng oa feme o liha khoebo; feme eo ea koaloa. Joale batho ba makholo-kholo ba tsoa mosebetsing ’me ha ba khone ho lefa melato ea bona. Balekane ba bona ba lenyalo, bana, e, le batho bao feme e ba kolotang kaofela ba utloa bohloko ka lebaka la bolotsana ba motho eo a le mong! Joale morui e mong ea fanang oa tla ’me o lefa molato oohle oa feme eo ebile o e bula hape. Joale ho hlakoloa ha molato oo o le mong ho lopolla bahiruoa ba bangata, malapa a bona, le batho bao feme e ba kolotang. Empa na mookameli eo oa pele oa feme o ba le monyetla oa ho kopanela katlehong e ncha ea moruo? Che, eena o teronkong ’me ka tsela ena o lahlehetsoe ke mosebetsi oa hae ’me a ke ke a hlola a o fumana! Ka ho tšoanang, ho hlakoloa ha sebe se le seng sa Adama ho tlisetsa bana ba hae ba limilione melemo—empa eseng Adama.”

14, 15. Ke hobane’ng ha Adama le Eva ba ka bitsoa baetsalibe ba ka boomo, hona boemo ba rōna bo fapane le ba bona joang?

14 Sena ke toka. Hopola hore Adama le Eva e bile baetsalibe ba ka boomo. Ba ile ba khetha ho se mamele Molimo. Athe rōna re tsoalloa sebeng. Ha re na boikhethelo. Ho sa tsotellehe hore na re ikitlaetsa ka matla hakae, re ke ke ra qoba ho etsa sebe ka ho feletseng. (1 Johanne 1:8) Ka linako tse ling re ka ’na ra ikutloa joaloka Pauluse, ea ileng a ngola: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na. Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka. Ke monna ea sōtō hakaakang!”—Baroma 7:21-24.

15 Leha ho le joalo, re na le tšepo ka lebaka la thekollo! Joalokaha Molimo a tšepisitse, Jesu ke peō eo “lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa” ka eona. (Genese 22:18; Baroma 8:20) Sehlabelo sa Jesu se bulela ba sebelisang tumelo ho eena menyetla e babatsehang. A re hlahlobeng e meng ea eona.

Ho Rua Molemo Thekollong ea Kreste

16. Ho sa tsotellehe boemo ba rōna ba boetsalibe, ke melemo efe eo re ka e thabelang hona joale ka lebaka la thekollo ea Jesu?

16 Mongoli oa Bibele Jakobo oa lumela hore “kaofela re khoptjoa hangata.” (Jakobo 3:2) Leha ho le joalo, ka lebaka la thekollo ea Kreste liphoso tsa rōna li ka tšoareloa. Johanne oa ngola: “Haeba mang kapa mang a fela a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, Jesu Kreste, ea lokileng. ’Me ke sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.” (1 Johanne 2:1, 2) Ke ’nete hore ha rea lokela ho nka sebe habobebe. (Jude 4; bapisa le 1 Bakorinthe 9:27.) Empa haeba re fosa re ka tšollela lipelo tsa rōna ho Jehova, re kholisehile hore o “itokiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5; 130:3, 4, NW; Esaia 1:18; 55:7; Liketso 3:19) Kahoo, thekollo e re nolofalletsa ho sebeletsa Molimo ka letsoalo le hloekileng ’me e re bulela monyetla oa ho mo atamela ka thapelo ka lebitso la Jesu Kreste.—Johanne 14:13, 14; Baheberu 9:14.

17. Ka lebaka la thekollo, ke litlhohonolofatso life tse tla fumaneha nakong e tlang?

17 Thekollo ea Kreste e bula tsela ea hore morero oa Molimo o phethahale—hore batho ba mamelang ba phele ka ho sa feleng Paradeiseng ea lefatšeng. (Pesaleme ea 37:29) Pauluse o ile a ngola: “Ho sa tsotellehe hore na litšepiso tsa Molimo li ngata hakae, li fetohile E, ka eena [Jesu].” (2 Bakorinthe 1:20) Ke ’nete hore lefu ‘le busitse e le morena.’ (Baroma 5:17) Thekollo e fana ka motheo oa hore Molimo a felise ka ho feletseng ‘sera sena sa ho qetela.’ (1 Bakorinthe 15:26; Tšenolo 21:4) Thekollo ea Jesu e ka ruisa le ba shoeleng molemo. Jesu o ile a re: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae [Jesu] ’me ba tsoe.”—Johanne 5:28, 29; 1 Bakorinthe 15:20-22.

18. Ke phello efe e kotsi eo sebe se e baketseng batho, hona e tla etsolloa joang lefatšeng le lecha la Molimo?

18 Nahana kamoo ho tla thabisa kateng ho phela ka tsela eo bophelo bo neng bo reretsoe ho ba ka eona—e se nang matšoenyeho a re hatellang kajeno! Sebe ha sea re fapanya le Molimo feela empa se boetse se re fapantse le likelello, lipelo le ’mele ea rōna. Leha ho le joalo, Bibele e tšepisa hore lefatšeng le lecha la Molimo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” E, moloko oa batho o ke ke oa hlola o hlaseloa ke ho kula ’meleng le maikutlong. Hobane’ng? Esaia oa araba: “Batho ba lulang naheng eo e tla ba ba tšoaretsoeng liphoso tsa bona.”—Esaia 33:24, NW.

Thekollo—Pontšo ea Lerato

19. Rōna ka bomong re lokela ho itšoara joang mabapi le thekollo ea Kreste?

19 Lerato le ile la susumelletsa Jehova hore a romele Mora oa hae ea ratoang lefatšeng. (Baroma 5:8; 1 Johanne 4:9) Ka lehlakoreng le leng, lerato le ile la susumelletsa Jesu hore a ‘latsoe lefu bakeng sa motho e mong le e mong.’ (Baheberu 2:9; Johanne 15:13) Ka ho loketseng, Pauluse o ile a ngola: “Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella . . . O ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela ’me a tsosoa.” (2 Bakorinthe 5:14, 15) Haeba re ananela seo Jesu a re etselitseng sona, re tla bontša ka liketso. Ha e le hantle, thekollo e re bulela monyetla oa ho lopolloa lefung! Ka sebele, ha re batle hore liketso tsa rōna li fane ka maikutlo a hore re nka sehlabelo sa Jesu e le ntho feela tjee.—Baheberu 10:29.

20. Ke litsela life tse ling tseo re ka bolokang “lentsoe” la Jesu ka tsona?

20 Re ka bontša joang hore ka ho teba re ananela thekollo? Nakoana pele a tšoaroa, Jesu o ile a re: “Haeba leha e le mang a nthata, o tla boloka lentsoe la ka.” (Johanne 14:23) “Lentsoe” la Jesu le akarelletsa taelo ea hae ea hore re kopanele ka cheseho ho phethahatseng thomo e reng: ‘Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse.’ (Matheu 28:19) Ho mamela Jesu ho boetse ho hloka hore re bontše barab’abo rōna ba moea lerato.—Johanne 13:34, 35.

21. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba teng moketeng oa Sehopotso ka la 1 April?

21 Tsela e ’ngoe e molemohali ea ho bontša hore re ananela thekollo ke ka ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste, seo selemong sena se tla tšoaroa ka la 1 April.a Hona le hona ke karolo ea “lentsoe” la Jesu, kaha ha a ne a theha mokete ona, Jesu o ile a laela balateli ba hae: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Ka ho ba teng ketsahalong ena ea bohlokoa ka ho fetisisa le ka ho ela hloko sohle seo Kreste a se laetseng, re tla bontša hore re lumela ka tieo hore thekollo ea Jesu ke tsela ea Molimo ea poloko. Ka sebele, “ha ho poloko ho mang kapa mang e mong.”—Liketso 4:12.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Selemong sena, la 1 April le lumellana le la 14 Nisane, 33 C.E., e leng letsatsi leo Jesu a ileng a shoa ka lona. Botsa Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno nako e tobileng le sebaka seo ho tla tšoareloa mokete oa Sehopotso ho sona.

Na U sa Hopola?

◻ Ke hobane’ng ha batho ba ke ke ba koahela boemo ba bona ba boetsalibe?

◻ Ke ka tsela efe Jesu e leng “thekollo e lekanang”?

◻ Jesu o ile a sebelisa tokelo ea hae ea bophelo bo phethahetseng ba botho molemong oa rōna joang?

◻ Ke litlhohonolofatso life tse tlelang moloko oa batho ka lebaka la thekollo ea Kreste?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ke motho ea phethahetseng feela—ea lekanang le Adama—ea neng a ka khotsofatsa se hlokoang ke toka

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Kaha Jesu o ne a e-na le tokelo ea bophelo bo phethahetseng ba botho, lefu la hae le bile le molemo oa sehlabelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela