Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bhs khao. 5 maq. 52-61
  • Thekollo ke Mpho ea Bohlokoa e Tsoang ho Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thekollo ke Mpho ea Bohlokoa e Tsoang ho Molimo
  • Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Bala le Seo Bibele e se Rutang (bh)
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • THEKOLLO KE ENG?
  • JEHOVA O REKOLLOTSE BATHO JOANG?
  • THEKOLLO E KA U RUISA MOLEMO JOANG?
  • U KA BONTŠA JOANG HORE U ANANELA THEKOLLO?
  • Jehova o Fana ka “Tefo Bakeng sa ho Lopolla Batho ba Bangata”
    Atamela ho Jehova
  • Tsoela Pele U Ananela Thekollo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Topollo e Lekanang le se Lahlehileng Bakeng sa Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lefu la Jesu le Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
bhs khao. 5 maq. 52-61

KHAOLO EA 5

Thekollo Ke Mpho Ea Bohlokoa E Tsoang Ho Molimo

1, 2. (a) Mpho e ba ea bohlokoa ha e le joang? (b) Ke hobane’ng ha thekollo e le mpho ea bohlokoa?

KE MPHO efe eo u e ratang haholo eo u kileng oa e fuoa? Ha ho hlokahale hore mpho e be turu hore e be ea bohlokoa. Empa e ba ea bohlokoa haholo haeba e le ntho eo u e ratang kapa eo u hlileng u e hlokang.

2 Har’a limpho tsohle tseo Molimo a re fileng tsona, ho na le e ’ngoe eo re hlileng re e hlokang ho feta tsohle. Ke mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo a e fileng batho. Khaolong ena re tl’o ithuta hore Jehova o re file Mora oa hae e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. (Bala Matheu 20:28.) Seo se bontša hore Jehova o re rata haholo.

THEKOLLO KE ENG?

3. Ke hobane’ng ha re shoa?

3 Jehova o fane ka thekollo e le hore batho ba tšoareloe libe ba be ba phele ka ho sa feleng. (Baefese 1:7) E le hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha batho ba ne ba hloka thekollo, re lokela ho tseba se ileng sa etsahala serapeng sa Edene. Batsoali ba rona ba pele, e leng Adama le Eva, ba ile ba etsa sebe. Ka lebaka leo, ba ile ba shoa. Rona re shoa hobane re futsitse sebe seo sa bona.—Sheba tlhaloso ea borobong lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

4. Jehova o ne a file Adama lintho life?

4 Jehova o bopile Adama a phethahetse. Seo se bolela hore o ne a phetse hantle kelellong le ’meleng. Ho ne ho se mohla a tla kula, a tsofale kapa a shoe. Kaha Jehova o bopile Adama, ho tšoana le ha e le ntate oa hae. (Luka 3:38) Jehova o ne a lula a buisana le eena. Adama o ne a tseba hantle seo Molimo a batlang hore a se etse, hape o ne a filoe mosebetsi o mo natefelang.—Genese 1:28-30; 2:16, 17.

5. Ho re Adama o bopiloe “ka setšoantšo sa Molimo” ho bolela’ng?

5 Adama o ne a bopiloe “ka setšoantšo sa Molimo.” (Genese 1:27) Sena se bolela hore o bopiloe a e-na le makhabane ao Molimo a nang le oona, a kang lerato, bohlale, toka le matla. Adama e ne e se mochine kaha o ne a ka ikhethela seo a batlang ho se etsa, ebang ke se fosahetseng kapa se nepahetseng. Hoja ebe Adama o ile a khetha ho mamela Molimo, a ka be a ntse a phela le hona joale.

6. Adama o ile a fumana liphello life ka lebaka la ho se mamele Molimo? Ho se mamele ha Adama ho re amme joang?

6 Adama o ile a ahloleloa lefu ka lebaka la ho se mamele Molimo. O ile a senya kamano e ntle eo a neng a e-na le eona le Jehova, a lahleheloa ke bophelo bo phethahetseng a ba a tebeloa Paradeiseng. (Genese 3:17-19) Adama le Eva ba ile ba e-ba le bokamoso bo lerootho ka mor’a hore ba siteloe Molimo. Ka lebaka la ho se mamele ha Adama, “sebe se ile sa kena lefatšeng . . . le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Ha Adama a etsa sebe, e ile ea e-ba lekhoba la sebe le lefu, eaba ka bomalimabe rea mo futsa. (Baroma 7:14) Litaba tse monate ke hore ka le leng re tla tsoa bokhobeng bona.

7, 8. Thekollo ke eng?

7 Thekollo ke eng? Ha e le hantle, thekollo e ka bolela lintho tse peli. Ea pele, ke ho lokolla motho kapa ntho e ’ngoe. Ea bobeli, ke ho patala ntho e sentsoeng kapa e lahlehileng.

8 Ha ho motho ea neng a ka lefella tšenyo eo Adama a e bakileng ha a etsa sebe ’me a re tlisetsa lefu. Empa Jehova o ile a etsa ho hong ho re lokolla sebeng le lefung. Re tl’o ithuta hore na thekollo e re thusa joang.

JEHOVA O REKOLLOTSE BATHO JOANG?

9. Thekollo e ne e lokela ho lefshoa joang?

9 Kaofela ha rona re baetsalibe. Kahoo, ha ho letho leo motho a ka iketsetsang lona kapa a le etsetsa ba bang hore re fumane bophelo boo Adama a bo lahlileng. (Pesaleme ea 49:7, 8) Thekollo e ne e lokela ho lefshoa ka bophelo ba motho e mong ea phethahetseng. Ke kahoo ho thoeng ke “thekollo e lekanang.” (1 Timothea 2:6) E le hore Jehova a re rekolle, o ne a hloka ho fana ka se tšoanang hantle le seo Adama a se lahlileng.

10. Jehova o fane ka thekollo joang?

10 Jehova o fane ka thekollo joang? O ile a roma Jesu hore a tle lefatšeng. (1 Johanne 4:9, 10) Jesu o ne a ikemiselitse ho siea Ntate oa hae le bophelo ba hae ba leholimong. (Bafilipi 2:7) Jehova o ile a tlosa Jesu leholimong a mo tlisa lefatšeng, ’me Jesu a tsoaloa e le motho ea phethahetseng, ea se nang sebe.—Luka 1:35.

Jesu o bolaoa ka sehlooho

Jehova o re rekollotse ka Mora oa hae

11. Motho a le mong o ile a etsa’ng hore batho bohle ba fumane bophelo boo Adama a bo lahlileng?

11 Adama o ile a etsa hore batho bohle ba be le sebe ha a khetha ho se mamele Jehova. Na ho na le motho ea neng a ka etsa hore bana bohle ba Adama ba se ke ba shoa? E, o teng. (Bala Baroma 5:19.) Kaha Jesu ha a na sebe, o ile a re shoela e le hore re fumane bophelo boo Adama a ileng a bo lahla. (1 Bakorinthe 15:45) Ka bophelo ba hae bo phethahetseng, o ne a ka etsa hore bana bohle ba Adama ba se ke ba shoa.—1 Bakorinthe 15:21, 22.

12. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lokela ho utloa bohloko bo otlang pelo?

12 Bibele e hlalosa kamoo Jesu a ileng a utloa bohloko kateng pele a shoa. O ile a shapuoa, a khokhotheloa thupeng ’me a tlameha ho qeta nako a mameletse bohloko bo otlang pelo ho fihlela a shoa. (Johanne 19:1, 16-18, 30) Ke hobane’ng ha Jesu a ne a lokela ho utloa bohloko hakaalo? Ke hobane Satane o ne a itse ha ho motho ea ka lulang a tšepahalla Molimo ha a e-na le mathata a mangata kapa a utloisoa bohloko. Jesu o ile a paka hore motho ea phethahetseng a ka lula a tšepahala ho Molimo esita le ha a utloa bohloko haholo. U ka inahanela hore na Jehova o ile a ikutloa a le motlotlo hakaakang ka Jesu.—Liproverbia 27:11; sheba tlhaloso ea 15 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

13. Thekollo e ile ea lefshoa joang?

13 Ka la 14 Nisane selemong sa 33, ho latela k’halendara ea Sejuda, Jehova o ile a lumella hore batho ba khopo ba bolaee Jesu. (Baheberu 10:10) Ka mor’a matsatsi a mararo, Jehova o ile a tsosa Jesu bafung e se e se motho oa nama le mali. Hamorao ha Jesu a khutlela leholimong, o ile a lefa thekollo ka ho fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng ho Jehova. (Baheberu 9:24) Kaha joale Jesu o re rekollotse ka bophelo ba hae, re na le monyetla oa ho phela re se na sebe ebile re sa shoe.—Bala Baroma 3:23, 24.

THEKOLLO E KA U RUISA MOLEMO JOANG?

14, 15. Re ka etsa’ng e le hore re tšoareloe?

14 Thekollo e ntse e re tsoela molemo hona joale. A re ithute hore na e re tsoela molemo joang hona joale le hore na e tla re tsoela molemo joang le nakong e tlang.

15 Re tšoareloa libe. Re hloka ho sebetsa ka thata ho etsa se nepahetseng kaha re lula re etsa liphoso, ebang ke ka lintho tseo re li buang kapa tseo re li etsang. (Bakolose 1:13, 14) Re ka etsa’ng e le hore re tšoareloe? Re lokela ho soabela liphoso tseo re li entseng, ’me ka boikokobetso re kope Jehova hore a re tšoarele. Ka tsela eo, re ka kholiseha hore Jehova o tla re tšoarela.—1 Johanne 1:8, 9.

16. Re lokela ho etsa’ng ha re entse liphoso?

16 Re ka ba le letsoalo le khutsitseng. Ha letsoalo la rona le re bolella hore re entse phoso, re ikutloa re le molato ebile rea nyahama. Empa ha rea lokela ho nyahama. Haeba re kopa Jehova hore a re tšoarele, re ka kholiseha hore o tla re tšoarela. (Baheberu 9:13, 14) Jehova o batla hore re mo bolelle mathata le mefokolo ea rona. (Baheberu 4:14-16) Ha re etsa joalo, re tla ba le kamano e ntle le Molimo.

17. Re ka fumana melemo efe hobane Jesu a re shoetse?

17 Re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 6:23) Kaha Jesu o re shoetse, re ka phela ka ho sa feleng ebile re sa kule. (Tšenolo 21:3, 4) Empa re lokela ho etsa’ng e le hore re fumane lintho tsee tseo Jehova a re tšepisang tsona?

U KA BONTŠA JOANG HORE U ANANELA THEKOLLO?

18. Ke bopaki bofe ba hore Jehova oa re rata?

18 Motho e mong le e mong o thaba haholo ha a fuoa ntho eo a e hlokang. Thekollo ke mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa, ’me re lokela ho leboha Jehova hore ebe o re file eona. Johanne 3:16 e re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.” Jehova o re rata hoo a ileng a ba a tela mora oa hae molemong oa rona. Jesu le eena oa re rata, kaha o ile a ithaopela ho re shoela. (Johanne 15:13) Thekollo ke bopaki ba hore Jehova le Jesu baa re rata.—Bagalata 2:20.

Motho ea ithutang Bibele

Ha re ntse re ithuta ka Jehova, re tla ba metsoalle ea hae ’me re tla mo rata le ho feta

19, 20. (a) U ka etsa’ng hore u be motsoalle oa Jehova? (b) Re ka bontša joang hore re ananela thekollo?

19 Kaha joale u se u ithutile hore Molimo o u rata haholo, u ka etsa’ng hore u be motsoalle oa hae? Ha ho bonolo ho rata motho eo u sa mo tsebeng. Johanne 17:3 e re re ka tseba Jehova. Ha u ntse u ithuta ka eena, u tla mo rata le ho feta, u batle ho mo khahlisa ’me u be motsoalle oa hae. Kahoo, tsoela pele ho ithuta Bibele e le hore u tsebe Jehova.—1 Johanne 5:3.

20 Bontša hore u ananela thekollo. Bibele e re: “Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:36) Empa re ka bontša joang hore re na le tumelo? Re ka bontša ka ho etsa lintho tseo Jesu a re rutileng tsona. (Johanne 13:15) Ha hoa lekana ho bolela feela hore re na le tumelo kaha Jakobo 2:26 e re: “Tumelo e se nang mesebetsi e shoele.”

21, 22. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste selemo le selemo? (b) Re tl’o ithuta eng Khaolong ea 6 le ea 7?

21 E-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Bosiung ba pele Jesu a shoa, o ile a re re lokela ho lula re ikhopotsa lefu la hae. Re ikhopotsa lona selemo le selemo, ’me ketsahalo ena e bitsoa Sehopotso kapa “Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena.” (1 Bakorinthe 11:20; Matheu 26:26-28) Jesu o batla hore re hopole hore o ile a re shoela. O ile a re: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Bala Luka 22:19.) Ha u ea Sehopotsong, u bontša hore u ananela thekollo le lerato leo Jehova le Jesu ba re ratang ka lona.—Sheba tlhaloso ea 16 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

22 Thekollo ke mpho ea bohlokoa ho feta mpho leha e le efe. (2 Bakorinthe 9:14, 15) Khaolong ea 6 le ea 7 re tla ithuta hore na thekollo e tla thusa le batho ba limilione ba seng ba shoele joang.

KAKARETSO

MOLAETSA OA BIBELE 1: MOTHO E MONG LE E MONG O HLOKA THEKOLLO

‘Mor’a motho o tletse . . . ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’—Matheu 20:28

Ke hobane’ng ha re hloka thekollo?

  • Genese 3:17-19

    Adama o ile a ahloleloa lefu ka lebaka la ho se mamele Molimo. O ile a senya kamano e ntle eo a neng a e-na le eona le Jehova, a lahleheloa ke bophelo bo phethahetseng a ba a tebeloa Paradeiseng.

  • Baroma 5:12

    Ha Adama a etsa sebe, e ile ea e-ba lekhoba la sebe le lefu, eaba ka bomalimabe rea mo futsa.

  • Baefese 1:7

    Jehova o fane ka thekollo e le hore batho ba tšoareloe libe ba be ba phele ka ho sa feleng.

MOLAETSA OA BIBELE 2: JEHOVA O REKOLLOTSE BATHO

“Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.”—1 Johanne 4:9

Jehova o rekollotse batho joang?

  • Pesaleme ea 49:7, 8

    Kaofela ha rona re baetsalibe. Kahoo, ha ho letho leo motho a ka iketsetsang lona kapa a le etsetsa ba bang hore re fumane bophelo boo Adama a bo lahlileng.

  • Luka 1:35

    Jehova o ile a tlisa Jesu lefatšeng, ’me Jesu a tsoaloa e le motho ea phethahetseng, ea se nang sebe.

  • Baroma 3:23, 24; Baheberu 9:24

    Jehova o ile a tsosa Jesu bafung e se e se motho oa nama le mali. Hamorao ha Jesu a khutlela leholimong, o ile a lefa thekollo ka ho fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng ho Jehova.

MOLAETSA OA BIBELE 3: THEKOLLO E KA U TSOELA MOLEMO

“O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”—Tšenolo 21:4

Thekollo e re thusa joang?

  • 1 Johanne 1:8, 9

    Jehova o tla re tšoarela

  • Baheberu 9:13, 14

    Re ka kholiseha hore Jehova o tla re tšoarela.

  • Baroma 6:23

    Re ka phela re sa shoe.

  • Bagalata 2:20

    Thekollo ke bopaki ba hore Jehova le Jesu baa re rata.

MOLAETSA OA BIBELE 4: BONTŠA HORE U ANANELA THEKOLLO

“Molimo . . . o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena. . . a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16

U ka bontša joang hore u ananela thekollo?

  • Johanne 17:3

    Ithute ka Jehova le Jesu u be u etse lintho tseo ba re rutileng tsona.

  • Luka 22:19

    E-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste.

  • Johanne 3:36; Jakobo 2:26

    Re ka bontša hore re ananela thekollo ka ho etsa lintho tseo Jesu a re rutileng tsona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela