Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cl khao. 14 maq. 138-147
  • Jehova o Fana ka “Tefo Bakeng sa ho Lopolla Batho ba Bangata”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Fana ka “Tefo Bakeng sa ho Lopolla Batho ba Bangata”
  • Atamela ho Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Bakileng Tlhokahalo ea Tefo ea Topollo
  • Tefo ea Topollo e Tšoanang Hantle
  • “Tefo e Neng e Hlokahala”
  • Ke Mang ea Fanang ka Tefo ea Topollo?
  • O Phetha Mosebetsi oa Hae oa ho Lefa Topollo
  • Melemo ea Tefo ea Topollo
  • Topollo e Lekanang le se Lahlehileng Bakeng sa Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Thekollo ke Mpho ea Bohlokoa e Tsoang ho Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Thekollo ke Mpho ea Molimo e Khōlō ka ho Fetisisa
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Thekollo ea Kreste Tsela ea Molimo ea Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Atamela ho Jehova
cl khao. 14 maq. 138-147
Jesu o eme ka pel’a sekala se bekhang.

KHAOLO EA 14

Jehova o Fana ka “Tefo Bakeng sa ho Lopolla Batho ba Bangata”

1, 2. Bibele e hlalosa boemo boo moloko oa batho o leng ho bona joang, hona tsela feela ea ho tsoa ho bona ke efe?

“POPO eohle e ntse e bobola le ho utloa bohloko hammoho.” (Baroma 8:22) Ka mantsoe ao moapostola Pauluse o hlalosa boemo bo utloisang bohloko boo re iphumanang re le ho bona. Ho ea ka pono ea motho, ho bonahala eka ha ho na tsela ea ho lokoloha bohlokong, sebeng le lefung. Empa Jehova ha a na likhaello tseo batho ba nang le tsona. (Numere 23:19) Molimo oa toka o re lokiselitse tsela ea ho tsoa matšoenyehong a rona. E bitsoa tefo ea topollo.

2 Tefo ea topollo ke mpho e kholo ka ho fetisisa eo Jehova a e fileng moloko oa batho. E khona ho re lopolla sebeng le lefung. (Baefese 1:7) Ke motheo oa tšepo ea bophelo bo sa feleng, ebang ke leholimong kapa lefatšeng la paradeise. (Luka 23:43; Johanne 3:16; 1 Petrose 1:4) Empa ha e le hantle tefo ea topollo ke eng? E re ruta’ng ka toka ea Jehova e phahameng ka ho fetisisa?

Se Bakileng Tlhokahalo ea Tefo ea Topollo

3. (a) Ke hobane’ng ha tefo ea topollo e ile ea hlokahala? (b) Ke hobane’ng ha Molimo a ne a ke ke a fa bana ba Adama kotlo e ’ngoe e bobebe ho fapana le kotlo ea lefu?

3 Tefo ea topollo e ile ea hlokahala ka lebaka la sebe sa Adama. Ka ho se mamele Molimo, Adama o ile a fetisetsa baneng ba hae lefa la ho kula, masoabi, bohloko le lefu. (Genese 2:17; Baroma 8:20) Le hoja Molimo a ne a ka qenehela bana ba Adama, o ne a ke ke a bebofatsa kotlo ea bona. Ho etsa joalo e ne e tla be e le ho hlokomoloha molao oa hae: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Haeba Jehova a ne a ka fetola litekanyetso tsa hae tsa toka, ho ne ho tla ba le pherekano le ho hloka molao bokahohleng!

4, 5. (a) Satane o ile a etselletsa Molimo joang, hona ke hobane’ng ha Jehova a ne a tlameha ho araba liqoso tseo? (b) Satane o ile a qosa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ka eng?

4 Joalokaha re bone Khaolong ea 12, bofetoheli ba Edene bo ile ba hlahisa litseko tse tebileng le ho feta. Satane o ile a silafatsa lebitso la Molimo le letle. Ha e le hantle, o ile a qosa Jehova ka hore ke raleshano le mohatelli ea sehloho ea amohang libopuoa tsa hae bolokolohi. (Genese 3:1-5) Kaha ho ne ho bonahala eka o atlehile ho ferekanya morero oa Molimo oa ho tlatsa lefatše ka batho ba lokileng, Satane o ile a boela a qosa Molimo ka hore o hlolehile. (Genese 1:28; Esaia 55:10, 11) Haeba Jehova a ne a tloheletse liqoso tsena li sa arajoa, libopuoa tsa hae tse ngata tse bohlale li ne li ka ’na tsa felloa ke tšepo bobusing ba hae.

5 Satane o ile a boela a etselletsa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova, a ba qosa ka hore ba mo sebeletsa feela hobane ba habile lipakane tsa boithati le hore haeba ba ka ba tlas’a khatello, ha ho le ea mong oa bona ea ka lulang a tšepahala ho Molimo. (Jobo 1:9-11) Liqoso tsena e ne e le tsa bohlokoa haholo ho feta maqakabetsi ao batho ba leng ho ’ona. Ka nepo Jehova o ile a ikutloa a tlameha ho araba liqoso tsa Satane tsa bohata. Empa Molimo o ne a ka rarolla liqoso tsee a ba a boloka moloko oa batho joang?

Tefo ea Topollo e Tšoanang Hantle

6. Tse ling tsa lipolelo tse sebelisoang ka Bibeleng ha ho hlalosoa tokisetso ea Molimo ea ho pholosa moloko oa batho ke life?

6 Tharollo ea Jehova e ne e le mohau ka ho fetisisa ebile e e-na le toka ka ho feletseng, e le eo ho seng motho ea neng a ka e nahana. Leha ho le joalo, e ne e le bonolo ka tsela e hlollang. E hlalosoa ka litsela tse fapaneng e le ho reka, poelano, sehlabelo, topollo le ho koahela libe. (Pesaleme ea 49:8; Daniele 9:24; Bagalata 3:13; Bakolose 1:20; Baheberu 2:17) Empa polelo e batlang e hlalosa taba hamolemo ka ho fetisisa ke e builoeng ke Jesu ka boeena. O ile a re: “Mor’a motho ha aa ka a tlela lefatšeng ho sebeletsoa empa o tletse ho sebeletsa le ho fana ka bophelo ba hae e le tefo [lyʹtron, ka Segerike] bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.”—Matheu 20:28.

7, 8. (a) Poleloana “tefo ea topollo” e bolela eng ka Mangolong? (b) Tefo ea topollo e akarelletsa ho tšoana hantle ka tsela efe?

7 Tefo ea topollo ke eng? Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona le tsoa leetsing le bolelang “ho fasolla, ho lokolla.” Lentsoe lena le ne le sebelisetsoa ho hlalosa chelete e lefuoang e le phapanyetsano ho lokolla batšoaruoa ba ntoa. Ka hona, ha e le hantle, tefo ea topollo e ka hlalosoa e le tefo e lefuoang ho rekolla ho itseng. Ka Mangolong a Seheberu, poleloana “tefo ea topollo” (koʹpher) e tsoa leetsing le bolelang “ho koahela.” Ka mohlala, Molimo o ile a bolella Noe hore a “koahele” (e leng sebopeho se seng sa poleloana e tšoanang) areka ka sekontiri. (Genese 6:14) Sena se re thusa ho utloisisa hore tefo ea topollo e boetse e bolela ho tšoarela libe.—Pesaleme ea 65:3.

8 Ho hlokomelehang ke hore Theological Dictionary of the New Testament e hlalosa hore lentsoe lena (koʹpher) “kamehla le bolela se tšoanang,” kapa se lekanang hantle. Kahoo, e le hore tefo e lefuoang e rekolle, kapa e koahele sebe, e tlameha ho lekana hantle le tšenyo e bakiloeng ke sebe, kapa e e koahele ka ho feletseng. Kahoo, Molao oa Molimo ho Iseraele o ne o re: “Le fane ka bophelo bakeng sa bophelo, leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino, letsoho bakeng sa letsoho, leoto bakeng sa leoto.”—Deuteronoma 19:21.

9. Ke hobane’ng ha banna ba tumelo ba ne ba etsa mahlabelo a liphoofolo, hona Jehova o ne a talima mahlabelo ao joang?

9 Ho tloha ka Abele ho ea pele, banna ba tumelo ba ’nile ba etsetsa Molimo mahlabelo a liphoofolo. Ka ho etsa joalo, ba ne ba bontša hore ba ela sebe hloko le hore ho hlokahala topollo, ’me ba ne ba bontša hore ba lumela tšepiso ea Molimo ea ho ba lokolla ka “ngoana” ea hae. (Genese 3:15; 4:1-4; Levitike 17:11; Baheberu 11:4) Jehova o ile a ananela mahlabelo ao ’me a fa barapeli bao boemo bo botle. Leha ho le joalo, mahlabelo a liphoofolo e ne e mpa e le pontšo feela ea ho itseng. Ha e le hantle, liphoofolo li ne li hlile li ke ke tsa koahela libe tsa batho, kaha li ka tlasana ho batho. (Pesaleme ea 8:4-8) Kahoo, Bibele e re: “Ho ke ke ha khoneha hore mali a lipoho le a lipoli a tlose libe.” (Baheberu 10:1-4) Mahlabelo ao a ne a mpa a tšoantšetsa sehlabelo sa sebele sa tefo ea topollo seo e neng e le hona se tlang.

“Tefo e Neng e Hlokahala”

10. (a) Ea fanang ka tefo ea topollo o ne a lokela ho lekana le mang, hona hobane’ng? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala sehlabelo sa motho a le mong feela?

10 Moapostola Pauluse o ile a re: “Bohle [baa] shoa ka lebaka la Adama.” (1 Bakorinthe 15:22) Kahoo tefo ea topollo e ne e lokela ho kenyelletsa lefu la motho ea tšoanang hantle le Adama, motho ea phethahetseng. (Baroma 5:14) Ha ho sebopuoa sa mofuta o mong se neng se ka khotsofatsa se hlokoang ke toka. Ke motho ea phethahetseng feela, ea seng tlas’a kotlo ea Adama ea lefu, ea neng a ka fana ka “tefo e neng e hlokahala e le hore batho bohle ba lopolloe sebeng,” e leng motho ea lekanang le Adama ka ho phethahetseng. (1 Timothea 2:6) Ho ne ho sa tl’o hlokahala hore batho ba limilione-milione ba etsoe sehlabelo e le hore ho be le ea lekanang le setloholo se seng le se seng sa Adama. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] ’me sa tlisa lefu.” (Baroma 5:12) “Kaha lefu le bile teng ka motho,” Molimo o ile a lokisetsa hore topollo ea moloko oa batho “e [be] teng ka motho.” (1 Bakorinthe 15:21) Joang?

“Tefo e neng e hlokahala e le hore batho bohle ba lopolloe sebeng”

11. (a) Morekolli o ne a tla “shoela motho e mong le e mong” joang? (b) Ke hobane’ng ha Adama le Eva ba ne ba ke ke ba rua molemo tefong ea topollo? (Sheba naletsana.)

11 Jehova o ile a lokisetsa hore ho be le motho ea phethahetseng ea ithaopelang ho tela bophelo ba hae hore e be sehlabelo. Ho ea ka Baroma 6:23, “moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” Ka ho tela bophelo ba hae hore e be sehlabelo, morekolli o ne a tla “shoela motho e mong le e mong.” Ka mantsoe a mang, o ne a tla lefa sekoloto se bakiloeng ke sebe sa Adama. (Baheberu 2:9; 2 Bakorinthe 5:21; 1 Petrose 2:24) Sena se ne se tla ba le liphello tse tebileng tsa molao. Ka ho felisa kotlo ea lefu baneng ba Adama ba mamelang, tefo ea topollo e ne e tla tlosa matla a senyang a sebe hona mohloling oa ’ona.a—Baroma 5:16.

12. Bontša hore na ke joang ho lefa sekoloto se le seng ho ka ruisang batho ba bangata molemo kateng.

12 Ka mohlala: Nka hore u lula motseng oo baahi ba oona ba bangata ba sebetsang fekthering ea moo e kholo. Uena le baahelani le amohela moputso o motle kahoo le phela ka boiketlo. Empa ka letsatsi le leng fektheri ea koaloa. Lebaka? Mookameli oa fektheri o entse bomenemene, o lihile khoebo eo. Ha mosebetsi o se o felile, uena le baahelani le se le sitoa ho lefa likoloto. Balekane ba lenyalo, bana le batho ba kolotoang ba hula ka thata ka lebaka la bomenemene ba motho a le mong. Na tharollo e teng? E, e teng! Morui e mong ea pelo e ntle o etsa qeto ea ho thusa. O bona bohlokoa ba k’hamphani eo. O utloela le basebetsi ba eona ba bangata le ba malapa a bona bohloko. Kahoo, o lokisetsa ho lefa sekoloto sa k’hamphani eo le ho bula fektheri hape. Ho hlakoloa ha sekoloto seo ho tlisetsa basebetsi ba bangata le ba malapa a bona le batho ba kolotoang tokoloho. Ka ho tšoanang, ho hlakoloa ha sekoloto sa Adama ho ruisa batho ba limilione tse se nang palo molemo.

Ke Mang ea Fanang ka Tefo ea Topollo?

13, 14. (a) Jehova o ile a fana ka tefo ea topollo molemong oa moloko oa batho joang? (b) Tefo ea topollo e lefuoa ho mang, hona ke hobane’ng ha tefo eo e hlokahala?

13 Ke Jehova feela ea neng a ka fana ka “Konyana . . . e tlosang sebe sa lefatše.” (Johanne 1:29) Empa Molimo ha aa ka a romela lengeloi leha e le lefe feela tjee ho pholosa moloko oa batho. Ho e-na le hoo, o ile a romela Ea neng a ka fana ka karabo e feletseng le ea makhaola-khang qosong ea Satane ho bahlanka ba Jehova. E, Jehova o ile a etsa sehlabelo se phahameng ka ho fetisisa ha a romela Mora oa hae ea mong, “eo a mo ratang haholo.” (Liproverbia 8:30) Ka boithatelo, Mora oa Molimo “o ile a tlohela lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona” leholimong. (Bafilipi 2:7) Jehova o ile a fetisetsa bophelo ba Mora oa hae oa letsibolo popelong ea moroetsana oa Mojuda ea bitsoang Maria ka tsela ea mohlolo ho tloha leholimong. (Luka 1:27, 35) Ha e se e le motho oa nama, o ne a tla bitsoa Jesu. Empa ka kutloisiso ea molao, o ne a ka bitsoa Adama oa bobeli, kaha o ne a lekana le Adama ka ho phethahetseng. (1 Bakorinthe 15:45, 47) Kahoo, Jesu o ne a ka itela hore e be tefo ea topollo molemong oa moloko oa batho oa baetsalibe.

14 Tefo eo ea topollo e ne e tla lefuoa ho mang? Pesaleme ea 49:7 e bolela ka ho khetheha hore tefo ea topollo e lefuoa ho “Molimo.” Empa na Jehova ha se eena ea lokisetsang tefo ea topollo ho tloha sethathong? E, ke eena empa sena ha se etse hore tefo ea topollo e be phapanyetsano feela tjee e se nang morero, ea ho phetha molao e kang ho ntša chelete ka pokothong e ’ngoe ebe u e kenya ka ho e ’ngoe. Re lokela ho utloisisa hore tefo ea topollo ha se phapanyetsano ea sebele, empa ke khato ea molao. Ka ho lefella topollo, le hoja e bile ka tahlehelo e kholo ho eena, Jehova o ipakile a khomarela toka ea hae e phethahetseng a sa thekesele.—Genese 22:7, 8, 11-13; Baheberu 11:17; Jakobo 1:17.

15. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Jesu a utloe bohloko a be a shoe?

15 Nakong ea selemo ka 33 C.E., ka boithatelo Jesu Kreste o ile a mamella bohloko bo tebileng bo ileng ba lebisa ho lefshoeng ha topollo. O ile a itumella ho tšoareloa liqoso tsa bohata, ho ahloloa hore o molato, le ho khokhotheloa palong ea polao. Na ho ne ho hlile ho hlokahala hore Jesu a utloe bohloko bo bokaalo? E, hobane ho ne ho lokela ho rarolloa tseko ea botšepehi ba bahlanka ba Molimo. Ka ho hlokomelehang, Molimo ha aa ka a lumella Heroda ho bolaea ngoana Jesu. (Matheu 2:13-18) Empa ha Jesu a se a holile, o ile a khona ho ema a tiile khahlanong le litlhaselo tse matla tsa Satane a e-na le kutloisiso e feletseng ea se tsekoang.b Ka ho lula e le “ea tšepahalang, ea se nang molato, ea sa silafalang, ea fapaneng hole le baetsalibe” ho sa tsotellehe tšoaro e sehloho, Jesu o ile a paka ka hohle hore Jehova o fela a e-na le bahlanka ba lulang ba tšepahala leha ba le tlas’a teko. (Baheberu 7:26) Ke kahoo ha a le mothating oa ho shoa, Jesu a ileng a hooa ka tlholo: “Ho phethehile.”—Johanne 19:30.

O Phetha Mosebetsi oa Hae oa ho Lefa Topollo

16, 17. (a) Jesu o ile a ntšetsa pele mosebetsi oa hae oa ho lefa topollo joang? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Jesu a hlahe “ka pel’a Molimo bakeng sa rona”?

16 Jesu o ne a e-s’o phethe mosebetsi oa hae oa ho lefa topollo. Matsatsi a mararo ka mor’a lefu la Jesu, Jehova o ile a mo tsosa bafung. (Liketso 3:15; 10:40) Ka ketso ena ea bohlokoa, Jehova ha aa ka a putsa Mora oa hae bakeng sa tšebeletso ea hae e tšepahalang feela empa o ile a mo fa monyetla oa ho phetha mosebetsi oa hae oa ho lefa topollo e le Moprista ea Phahameng oa Molimo. (Baroma 1:4; 1 Bakorinthe 15:3-8) Moapostola Pauluse oa hlalosa: “Kreste o tlile e le moprista ea phahameng . . . O kene sehalalelisisong ka mali a hae eseng a lipoli kapa a lipohoana. O kene moo hanngoe ebile e le la ho qetela ’me a re pholosa ka ho sa feleng. Kreste ha aa ka a kena ka sehalalelisisong se entsoeng ke batho, seo e leng setšoantšo feela sa sehalalelisiso sa ’nete. O kene leholimong la sebele, moo a hlahang ka pel’a Molimo bakeng sa rona.”—Baheberu 9:11, 12, 24.

17 Kreste o ne a ke ke a ea le mali a hae a sebele leholimong. (1 Bakorinthe 15:50) Ho e-na le hoo, o ile a nka se neng se tšoantšetsoa ke mali ao, e leng tokelo eo a neng a e-na le eona ea ho phela lefatšeng e le motho ea phethahetseng. Joale, o ile a hlahisa ka molao bohlokoa ba bophelo boo ka pele ho Molimo e le tefo ea topollo eo e leng phapanyetsano molemong oa moloko oa batho oa baetsalibe. Na Jehova o ile a amohela sehlabelo seo? E, o ile a se amohela, ’me sena se ile sa totobala ka Pentekonta ea 33 C.E., ha moea o halalelang o tšolleloa ho barutuoa ba ka bang 120 ba neng ba le Jerusalema. (Liketso 2:1-4) Le hoja ketsahalo eo e ne e le e thabisang haholo, e ne e le hona tefo ea topollo e qalang ho hlahisa melemo e babatsehang.

Melemo ea Tefo ea Topollo

18, 19. (a) Ke lihlopha life tse peli tsa batho tse ruang molemo poelanong e tlisitsoeng ke mali a Kreste? (b) Melemo e meng ea tefo ea topollo e teng hona joale le e tla ba teng nakong e tlang ho ba “bongata bo boholo” ke efe?

18 Lengolong la hae le eang ho Bakolose, Pauluse o hlalosa hore Molimo o ile a bona ho le molemo hore a sebelise Kreste hore a boelanye lintho tse ling tsohle le Eena ka ho etsa khotso ka mali a Jesu a tšolotsoeng palong. Pauluse o boetse o hlalosa hore poelano ena e ama lihlopha tse peli tse arohaneng tsa batho, e leng “tse leholimong” le “tse lefatšeng.” (Bakolose 1:19, 20; Baefese 1:10) Sehlopha sa pele se entsoe ka Bakreste ba 144 000 ba nang le tšepo ea ho sebeletsa e le baprista leholimong le ho busa hammoho le Kreste Jesu e le marena holim’a lefatše. (Tšenolo 5:9, 10; 7:4; 14:1-3) Ba tla sebelisoa ho fetisetsa melemo ea tefo ea topollo butle-butle ho moloko oa batho o mamelang nakong ea lilemo tse sekete.—1 Bakorinthe 15:24-26; Tšenolo 20:6; 21:3, 4.

19 “Tse lefatšeng” ke batho ba mocheng oa ho thabela bophelo bo phethahetseng Paradeiseng lefatšeng. Tšenolo 7:9-17 e ba hlalosa e le “bongata bo boholo” bo tla pholoha “mahlomola a maholo” a tlang. Empa ha baa tlameha ho emela nako eo e le hore ba thabele melemo ea tefo ea topollo. Ba se ba ntse “ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.” Kaha ba bontša tumelo tefong ea topollo, esita le hona joale ba fumana melemo ea moea tokisetsong eo e lerato. Ba boletsoe ba lokile e le metsoalle ea Molimo. (Jakobo 2:23) Ka lebaka la sehlabelo sa Jesu, ba ka ‘atamela terone ea Molimo ea re bontšang mosa ’me ba mo rapela ka bolokolohi.’ (Baheberu 4:14-16) Ha ba fosa, ba tšoareloa e le kannete. (Baefese 1:7) Le hoja ba sa phethahala, ba thabela letsoalo le hloekileng. (Baheberu 9:9; 10:22; 1 Petrose 3:21) Kahoo ho boelana le Molimo ha se feela ntho eo ho tšeptjoang hore e tla etsahala, empa ke ntho ea sebele e etsahalang hona joale! (2 Bakorinthe 5:19, 20) Nakong ea Lilemo tse Sekete, butle-butle ba tla “lokolloa bokhobeng ba tšenyeho” ’me qetellong ba tla ‘fumana tokoloho joaloka bana ba Molimo.’—Baroma 8:21.

20. Ho nahanisisa ka tefo ea topollo ho u ama joang?

20 ‘Re leboha Molimo hobane o pholosa ka Jesu Kreste’ a sebelisa tefo ea topollo. (Baroma 7:25) Molao-motheo oa tefo ea topollo o bonolo, empa o tebile ka ho lekaneng ho re thusa hore re be le tlhompho e tebileng. (Baroma 11:33) Ha re nahanisisa ka kananelo ka tefo ea topollo, e re ama lipelo, e re atametsa haholoanyane ho Molimo oa toka. Ho tšoana le mopesaleme, re na le mabaka ’ohle a ho rorisa Jehova e le Molimo ea ‘ratang ho loka le toka.’—Pesaleme ea 33:5.

a Adama le Eva ba ne ba ke ke ba rua molemo tefong ea topollo. Molao oa Moshe o ile oa fana ka molao-motheo ona mabapi le ’molai oa ka boomo: “Le se ke la amohela chelete ea ho lopolla bophelo ba ’molai ea tšoanelang ho shoa.” (Numere 35:31) Ho hlakile hore Adama le Eva ba ne ba tšoanela ho shoa kahobane ha ba aa ka ba mamela Molimo ka boomo le hoja ba ne ba e-na le tsebo. Kahoo, ba ile ba lahla monyetla oa bona oa ho phela ka ho sa feleng.

b E le hore a etsolle sebe sa Adama, Jesu o ne a sa lokela ho shoa e le ngoana ea phethahetseng, empa o ne a lokela ho shoa e le motho ea moholo ea phethahetseng. Hopola hore sebe sa Adama e ne e le sa ka boomo, hore o se entse a tseba hantle ho teba ha ketso eo le liphello tsa eona. Kahoo e le hore Jesu e be “Adama oa ho qetela” ’me a koahele sebe seo, o ne a lokela ho ikhethela ho boloka botšepehi ho Jehova e le motho ea holileng ea nang le tsebo. (1 Bakorinthe 15:45, 47) Kahoo, tsela eohle ea bophelo ba Jesu ba botšepehi ho akarelletsa le lefu la hae la sehlabelo, e ile ea sebeletsa e le “ketso e le ’ngoe e lokileng.”—Baroma 5:18, 19.

Lipotso Tsa ho Thuisa

  • Numere 3:39-51 Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore tefo ea topollo e be ntho e tšoanang hantle le e ’ngoe?

  • Pesaleme ea 49:7, 8 Ke hobane’ng ha re kolota Molimo ka hore ebe o fane ka tefo ea topollo?

  • Esaia 43:25 Lengolo lee le re thusa joang ho bona hore ho bolokeha ha batho ha se lona lebaka le ka sehloohong le entseng hore Jehova a fane ka tefo ea topollo?

  • 1 Bakorinthe 6:20 Tefo ea topollo e lokela ho ama boitšoaro ba rona le tsela ea rona ea bophelo joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela