Bafu ba ka Boela ba Phela!
LILEMONG tse ’maloa tse fetileng, filimi e ’ngoe e ile ea bontša mohlankana e mong a eme lebitleng la motho eo a mo ratang. O ile a re: “’Mè o ne a tloaetse ho re ho shoa ke karolo ea bophelo.” Ha k’hamera e shebisoa ka bokhutšoanyane mongolong o lebitleng, o ile a phaella ka ho re: “Ruri ke lakatsa eka ho ka be ho se joalo.”
Mantsoe ana a bontša tsela eo batho ba limilione tse likete ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona ba ikutloang ka eona. Lefu ke sera se sehlōhō hakaakang! Leha ho le joalo, Molimo o tšepisa hore: “E le sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.” (1 Bakorinthe 15:26) Empa ke hobane’ng ha re e-shoa, le hoja ho bonahala hore motho o na le matla a ho phela ka ho sa feleng? Lefu le tla felisoa joang?
Lebaka Leo re Tsofalang le ho Shoa ka Lona
Ha Bibele e bua ka ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, e re: “Mosebetsi oa hae o phethahetse.” (Deuteronoma 32:4; Pesaleme ea 83:18) Motho oa pele, Adama, o ne a bōpiloe a phethahetse ’me o ne a e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng Edene, e leng serapa sa Paradeise se neng se le lefatšeng, seo Molimo a neng a mo behile ho sona. (Genese 2:7-9) Ke hobane’ng ha Adama a ile a lahleheloa ke lehae leo la Paradeise ’me a tsofala, a ba a shoa?
Ka mantsoe a bonolo feela, Adama ha aa ka a mamela taelo ea hore a se ke a ja tholoana ea sefate se itseng. Molimo o ne a lemositse Adama ka ho hlaka hore na kotlo ea seo e ne e tla ba efe ka hore: “Ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Adama o ile a latela mosali oa hae, Eva, a tlōla taelo eo, kahoo Molimo o ile a ba leleka Edene. Lebaka leo Molimo a ileng a nka khato ka potlako ka lona lea utloahala. Bibele e re: “E le hore [Adama] a se ke a isa letsoho eaba o kha le litholoana tsa sefate sa bophelo [ka serapeng,] a ja ’me a phela [ka ho sa feleng].”—Genese 3:1-6, 22.
Adama le Eva ba ile ba shoa ka lebaka la ho se mamele ha bona, empa ke hobane’ng ha bana bohle ba bona ba tsofala ’me ba e-shoa? Ke hobane ba futsitse sebe ho Adama, ’me sebe se tliselitse bana bohle ba hae ho se phethahale le lefu. Bibele e hlalosa hore: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”—Baroma 5:12.
Batho ba ka Boela ba Phela
Joalokaha re ile ra bala pejana, “lefu le tla etsoa lefeela”—ruri le tla felisoa ka ho sa feleng! (1 Bakorinthe 15:26) Empa seo se tla etsahala joang? Bibele e hlalosa sena, e re: “Ka ketso e le ’ngoe ea tokafatso phello ho batho ba mefuta eohle ke ho bolela hore ba lokile bakeng sa bophelo.” (Baroma 5:18) Ke eng e etsang hore batho ba be le monyetla oa ho ba ba lokileng ka pel’a Molimo ’me ba phele ka ho sa feleng?
Ke tokisetso ea ho hlakola sebe seo batho bohle ba se futsitseng ho motho oa pele, e leng Adama. Bibele ea hlalosa: “Mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 6:23) Ha Jesu a bua ka tokisetso ena ea ho bolela hore batho ba lokile bakeng sa bophelo, o ile a re: “Molimo o ratile lefatše [la batho] haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Ak’u nahane ka lerato le tebileng leo Molimo a re ratileng ka lona, hammoho le la Mora oa hae, Jesu Kreste, ea ileng a utloa bohloko bo boholo molemong oa rōna. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Mora oa Molimo, [o ile] a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.” (Bagalata 2:20) Empa ke hobane’ng ha Jesu e le eena feela motho ea neng a ka “fana ka moea oa hae hore e be thekollo” bakeng sa rōna, ’me kahoo a re pholose liphellong tse bolaeang tsa sebe?—Matheu 20:28.
Jesu ke eena feela ea neng a ka fana ka bophelo ba hae e le thekollo hobane ke eena feela motho ea sa kang a futsa sebe sa motho oa pele, e leng Adama. Hobane’ng ha a sa ka a se futsa? Hobane bophelo ba Jesu bo ile ba tlosoa leholimong ’me ba fetisetsoa ka mohlolo pōpelong ea moroetsana Maria. Kahoo, joalokaha lengeloi le ile la bolella Maria, mora oa hae e ne e le ea “halalelang, Mor’a Molimo.” (Luka 1:34, 35) Ke kahoo Jesu a bitsoang “Adama oa ho qetela” ’me a sa kang a futsa sebe sa “motho oa pele Adama.” (1 Bakorinthe 15:45) Kahoo, e le motho ea se nang sebe, Jesu o ne a ka itela ho ba “thekollo e lekanang”—bophelo ba hae bo ne bo lekana kapa bo tšoana le ba motho oa pele, eo qalong a neng a phethahetse a bile a se na sebe.—1 Timothea 2:6.
Ka tokisetso ena ea thekollo, Molimo o ile a etsa hore re khone ho fumana seo Adama oa pele a se lahlileng, e leng bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng. Leha ho le joalo, e le hore batho ba fumane tlhohonolofatso ena, boholo ba bona bo tla lokela ho tsosoa bafung. Ena ke tšepo e hlollang hakaakang! Empa na seo ke takatso feela e ke keng ea etsahala?
Lebaka Leo re ka Lumelang Seo ka Lona
Na re thatafalloa ho lumela hore Jehova Molimo, ea entseng bophelo, o na le matla a ho tsosa motho bafung? Ak’u nahane ka matla a ho emola—kapa ho ima—ao Molimo a ileng aa fa mosali oa pele. ‘Adama o ile a kopanela liphate le Eva,’ ’me likhoeli tse ka bang robong hamorao ba ile ba e-ba le ngoana ea tšoanang le bona. (Genese 4:1) Se etsahetseng ka pōpelong ea Eva ho hlahisa likarolo tsohle tsa lesea le ho li kopanya se ntse se hlalosoa e le mohlolo, oo ho seng motho ea o utloisisang ka ho feletseng!—Pesaleme ea 139:13-16.
Ho hlaha ha lesea ha ho nkeloe hloohong hakaalo, kaha letsatsi le letsatsi ho hlaha masea a likete tse makholo. Leha ho le joalo, ba bangata ba nka hore ho tsosa motho ea shoeleng ke ntho e ke keng ea etsahala. Ha Jesu a ne a bolella batho ba neng ba llela ngoananyana ea shoeleng hore ba khaotse ho lla, ba ile “ba qala ho mo tšeha ka ho nyefola” hobane ba ne ba tseba hore o shoele. Empa Jesu o ile a bua le ngoanayana ea shoeleng, a re: “‘Ema!’ Kapele-pele moroetsana eo a ema ’me a qala ho tsamaea.” Rea bolelloa: “Hang-hang [ba neng ba le teng] ba hlolloa haholo.”—Mareka 5:39-43; Luka 8:51-56.
Ha Jesu a ne a laela hore lebitla la motsoalle oa hae eo a neng a mo rata, Lazaro, le buloe, khaitseli ea Lazaro, e leng Maretha, o ile a re: “Joale o se a nkha, kaha ke matsatsi a mane.” Leha ho le joalo, batho ba ile ba thaba hakaakang ha Jesu a tsosa Lazaro! (Johanne 11:38-44) Batho ba bangata ba ile ba tseba mehlolo eo Jesu a neng a e etsa. Ha Johanne Mokolobetsi, a ne a le teronkong, barutuoa ba Johanne ba ile ba mo tlalehela ka lintho tseo Jesu a neng a li etsa, ba re: “Bafu ba ntse ba tsosoa.”—Luka 7:22.
Ho Phela Hape ka ho Tsosoa Bafung
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa mehlolo eo, le hoja hamorao batho bao a ba tsositseng ba ile ba boela ba kula ’me ba shoa? O ile a etsa joalo e le ho paka hore seo Adama oa pele a se lahlileng—e leng bophelo bo sa feleng—se ka fumanoa hape, ebile se tla fumanoa. Liketso tseo Jesu a li entseng tsa ho tsosa bafu li ne li bontša hore na qetellong ke joang batho ba tlang ho “rua lefatše” ’me ‘ba lule ho lona ka ho sa feleng.’—Pesaleme ea 37:29.
Ho thabisang ke hore re ka ba har’a bao ba nang le tšepo e babatsehang ea ho phela ka ho sa feleng haeba re phela ka “boinehelo ba bomolimo.” Bibele e re boinehelo bo joalo, ‘bo na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.’ Bophelo boo bo “tlang” bo boetse bo bitsoa “bophelo ba sebele.”—1 Timothea 4:8; 6:19.
A re hlahlobeng hore na bophelo bona ba sebele, e leng bophelo bo tlang lefatšeng le lecha la ho loka, bo tla ba joang.
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 6]
Ba ile “ba hlolloa haholo”