Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 11/15 maq. 4-6
  • Jesu oa Pholosa—Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu oa Pholosa—Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moloko oa Batho o Tobana le Bothata bo Boima
  • Molimo o Fana ka Tharollo e Phethahetseng
  • Lefu la Jesu ke la Bohlokoa Haholo
  • Lefu le Tsoho ea Jesu li ka U Tsoela Molemo Joang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa Lefeela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Thekollo ea Kreste Tsela ea Molimo ea Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Utloa Bohloko a ba a Shoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 11/15 maq. 4-6

Jesu oa Pholosa—Joang?

“Jesu oa pholosa!” “Jesu ke Mopholosi oa rōna!” Linaheng tse ngata ho pota lefatše, melaetsa e kang ena e manehoa maboteng a mehaho le libakeng tse ling tsa sechaba. Batho ba limilione ba lumela ka tieo hore Jesu ke Mopholosi oa bona. Ha u ne u ka ba botsa ua re, “Jesu o re pholosa joang?” ha ho pelaelo hore ba ne ba tla araba ka ho re, “Jesu o re shoetse” kapa, “Jesu o shoele bakeng sa libe tsa rōna.” E, lefu la Jesu le etsa hore re khone ho pholoha. Empa ke joang lefu la monna a le mong le ka lefellang libe tsa boieane ba batho? Haeba u ne u ka botsoa hore, “Lefu la Jesu le re pholosa joang?” u ne u ka re’ng?

BIBELE e arabela potso ena ka tsela e bonolo empa e utloahalang eo e bileng e leng ea bohlokoa haholo. Leha ho le joalo, e le hore re ka utloisisa bohlokoa ba eona, pele re lokela ho nka bophelo ba Jesu le lefu la hae e le tharollo ea bothata bo boima haholo. Ka mor’a moo, ke hona feela re tla utloisisa hantle bohlokoa bo boholo ba lefu la Jesu.

Ka ho etsa hore Jesu a tele bophelo ba hae, Molimo o ne a sebetsana le boemo bo ileng ba hlaha ha Adama a etsa sebe. Sebe seo se ipakile e le ketsahalo e sehlōhō hakaakang! Monna oa pele le mosali oa hae, Eva, ba ne ba phethahetse. Lehae la bona e ne e le serapa se setle sa Edene. Molimo o ne a ba file mosebetsi o nang le morero oa ho hlokomela lehae la bona leo e le ng serapa. Ba ne ba lokela hore ka lerato ba hlokomele libōpuoa tse ling tse phelang lefatšeng. ’Me ha batho ba ntse ba ngatafala ’me ba tlatsa lefatše ka ba limilione ba mofuta oa bona, ba ne ba lokela ho atolosa paradeise ho ea fihla likhutlong tsa lefatše. (Genese 1:28) Ba ne ba fuoe mosebetsi o monate le o thabisang hakaakang! Ho feta moo, ba ne ba thabela botsoalle bo mofuthu pakeng tsa bona. (Genese 2:18) Ba ne ba sa hloke letho. Bophelo bo sa feleng bo thabisang bo ne bo larile ka pel’a bona.

Ho boima ho utloisisa kamoo Adama le Eva ba neng ba ka etsa sebe kateng. Empa batho bao ba babeli ba pele ba ile ba fetohela ’Mōpi oa bona—Jehova Molimo. Se sebelisa noha, sebōpuoa sa moea, e leng Satane Diabolose, se ile sa thetsa Eva hore a se mamele Jehova, ’me Adama o ile a mo etsisa.—Genese 3:1-6.

Ho ne ho se pelaelo ka seo ’Mōpi a neng a tla se etsa ka Adama le Eva. O ne a se a ntse a ba boleletse phello ea ho se mamele, ha a ne a re: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Joale potso ea bohlokoa haholoanyane e ne e hloka karabo.

Moloko oa Batho o Tobana le Bothata bo Boima

Sebe sa mathomo se ile sa baka bothata bo bohloko haholo ho moloko oa batho. Adama o qalile bophelo e le motho ea phethahetseng. Ka lebaka leo, bana ba hae ba ne ba ka thabela bophelo bo sa feleng bo phethahetseng. Leha ho le joalo, Adama o ile a etsa sebe pele a e-ba le bana. Moloko oohle oa batho o ne o sa ntse o le lethekeng la hae ha a fumana kahlolo ena: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao ho fihlela u khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona. Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Kahoo ha Adama a etsa sebe ’me a qala ho shoa kamoo Molimo a neng a boletse kateng, moloko oohle oa batho o ile oa ahloleloa lefu hammoho le eena.

Ka ho loketseng, hamorao moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) E, ka lebaka la sebe sa mathomo, bana ba neng ba tlameha ho tsoaloa ba phethahetse ba bile ba e-na le tebello ea bophelo bo sa feleng ba ile ba tsoaloa ba e-na le tebello ea ho kula, ho tsofala le ho shoa.

E mong a ka ’na a re: “Seo hase toka. Ha rea ka ra khetha ho se mamele Molimo—Adama ke eena ea entseng joalo. Ke hobane’ng ha re lokela ho lahleheloa ke tebello ea ho phela ka ho sa feleng le ka thabo?” Rea tseba hore haeba lekhotla la molao le ne le ka ahlolela mora ho ea chankaneng hobane ntat’ae a utsoitse koloi, ka ho loketseng mora o ne a ka tletleba a re: “Seo hase toka! Ha kea etsa letho le fosahetseng.”—Deuteronoma 24:16.

Ka ho susumelletsa monna oa pele le mosali oa pele hore ba etse sebe, mohlomong Satane o ile a nahana hore o kentse Molimo tsietsing. Diabolose o ile a hlasela qalong ea histori ea moloko oa batho—pele ho tsoaloa bana leha e le bafe. Motsotsong oo Adama a ileng a etsa sebe ka oona, potso ea bohlokoa e ne e le e reng, Jehova o tla etsa’ng ka bana bao Adama le Eva ba tla ba le bona?

Jehova Molimo o ile a sebetsa lintho ka toka le ka tsela e hlokang leeme. Monna ea lokileng Elihu o ile a re: “Ho ke ho be hōle le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo, le hore Ea Matla ’Ohle a sebetse ka mokhoa o hlokang toka!” (Jobo 34:10) Mabapi le Jehova, moprofeta Moshe o ile a ngola a re: “Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.” (Deuteronoma 32:4) Tharollo eo Molimo a faneng ka eona bothateng bo bakiloeng ke sebe sa Adama ha e re amohe monyetla oa bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.

Molimo o Fana ka Tharollo e Phethahetseng

Ak’u nahane ka tharollo eo Molimo a ileng a fana ka eona ha a ne a liha kahlolo holim’a Satane Diabolose. Jehova o ile a re ho Satane: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali [mokhatlo oa Molimo o hlophisitsoeng oa leholimo] le pakeng tsa peō ea hao [lefatše le tlas’a taolo ea Satane] le peō ea hae [Jesu Kreste]. E tla u [Satane] khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe [lefu la Jesu].” (Genese 3:15) Boprofeteng bona ba pele ba Bibele, Jehova o ile a bua ka mokhoa o sa tobang ka morero oa hae oa hore Mora oa hae oa moea oa leholimo a tle lefatšeng a tl’o phela e le motho ea phethahetseng Jesu ’me ka mor’a moo a shoe—a longoe serethe—a ntse a se na sebe.

Ke hobane’ng ha Molimo a ne a batla hore ho shoe motho ea phethahetseng? Jehova Molimo o ne a tla otla Adama ka eng haeba a ne a ka etsa sebe? Na e ne e se ka lefu? (Genese 2:16, 17) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Adama o ile a lefella sebe sa hae ka lefu la hae. O ile a fuoa bophelo, a khetha ho etsa sebe, ’me o ile a shoa e le kotlo bakeng sa sebe sa hae. (Genese 3:19) Ho thoe’ng ka kahlolo eo moloko oohle oa batho o bileng ka tlas’a eona ka lebaka la sebe seo? Ho ne ho hlokahala lefu bakeng sa ho koahela libe tsa oona. Empa ke lefu la mang le neng le ka koahela litlōlo tsa moloko oohle oa batho ka toka?

Molao oa Molimo ho sechaba sa boholo-holo sa Baiseraele o ne o batla “moea bakeng sa moea [kapa, bophelo bakeng sa bophelo].” (Exoda 21:23) Ho ea ka molao-motheo ona oa molao, lefu le neng le ka koahela litlōlo tsa moloko oa batho le ne le lokela ho ba le boleng bo lekanang le seo Adama a se lahlileng. Ke lefu la motho e mong ea phethahetseng feela le neng le ka lefa moputso oa sebe. Jesu e ne e le eena motho eo. Ka sebele, Jesu e ne e le “thekollo e lekanang” bakeng sa ho pholosa moloko oohle oa batho o ka lopolloang o tsoang ho Adama.—1 Timothea 2:6; Baroma 5:16, 17.

Lefu la Jesu ke la Bohlokoa Haholo

Lefu la Adama le ne le se na bohlokoa ba letho; o ne a tšoaneloa ke ho shoa bakeng sa sebe sa hae. Leha ho le joalo, lefu la Jesu e ne e le la bohlokoa haholo hobane o shoele a se na sebe. Jehova Molimo o ne a ka amohela bohlokoa ba bophelo ba Jesu bo phethahetseng e le thekollo bakeng sa litloholo tse mamelang tsa Adama oa moetsalibe. ’Me bohlokoa ba sehlabelo sa Jesu ha bo felle ka ho lefella libe tsa rōna tsa nako e fetileng feela. Haeba ho ne ho le joalo, re ka be re se na bokamoso. Kaha re emoletsoe sebeng, re tla ’ne re fose hape. (Pesaleme ea 51:5) Re ka ba motlotlo hakaakang hore ebe lefu la Jesu le re fa monyetla oa ho rua phetheho eo Jehova a neng a e reretse bana ba Adama le Eva ho tloha qalong!

Adama a ka tšoantšoa le ntate ea shoeleng ’me a re siile re e-na le sekoloto se seholo sa chelete (sebe) hoo ho seng tsela ea ho itšoasolla ho sona. Ka lehlakoreng le leng, Jesu o tšoana le ntate ea molemo ea shoeleng a re sietse lefa le lengata le sa re lokolleng sekolotong se boima seo Adama a re imelitseng ka sona feela empa hape le le lengata ka ho lekaneng bakeng sa hore re ka phela ka lona ka ho sa feleng. Lefu la Jesu ha le koahele libe tsa nako e fetileng feela; hape ke tokisetso e babatsehang bakeng sa bokamoso ba rōna.

Jesu oa pholosa hobane o re shoetse. ’Me lefu la hae ke tokisetso e babatsehang hakaakang! Ha re le nka e le karolo ea tharollo ea Molimo bakeng sa bothata bo rarahaneng ba sebe sa Adama, tumelo ea rōna ho Jehova le tsela eo a etsang lintho ka eona ea matlafatsoa. E, lefu la Jesu ke tsela ea ho lopolla “e mong le e mong ea bontšang tumelo” ho eena sebeng, ho kuleng, botsofaling le lefung. (Johanne 3:16) Na u leboha Molimo ka lebaka la ho etsa tokisetso ee e lerato bakeng sa hore re pholohe?

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Adama o tlisitse sebe le lefu holim’a moloko oa batho

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Jehova o ile a fana ka tharollo e phethahetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela