Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 12/8 maq. 24-28
  • Ho Kulisoa ke Chefu ea Loto—Liphello tsa Hona tse Senyang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Kulisoa ke Chefu ea Loto—Liphello tsa Hona tse Senyang
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Loto e Amang Bana ka Teng
  • Ke Hobane’ng ha Bana e le Bona ba Hlaseloang Habonolo?
  • Loto le Lesea le ka Pōpelong
  • Hase Bana Feela
  • Hlokomela Chefo ea Loto!
    Tsoha!—2009
  • Ho Kulisoa ke Chefu ea Loto—Bothata ba Lefatše Lohle
    Tsoha!—1992
  • Kamoo ho ka Thibeloang ho Kulisoa ke Chefu ea Loto
    Tsoha!—1992
  • Sehlooho sa Puisano
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 12/8 maq. 24-28

Ho Kulisoa ke Chefu ea Loto—Liphello tsa Hona tse Senyang

‘BOLOETSE bo atileng bo tebileng ka ho fetisisa ba nakong ea bongoana.’ “Boloetse bo sokelang bophelo ba bana ho feta maloetse ’ohle tikolohong.” Joalokaha u ka nahana, litšokelo tse boletsoeng mona li hlalosa ntho e le ’ngoe: ho kulisoa ke chefu ea loto.

Ho latela CDC (U.S. Centers for Disease Control [Litsi tsa Taolo ea Mafu tsa U.S.]), “ka ho khethehileng bana ke bona ba ka hlaseloang habonolo ke liphello tsa chefu ea loto. Hangata chefu ea loto ha e hlahelle: bana ba bangata ba nang le eona ha ba na matšoao a bohloko. Kahoo batho ba bangata bao e leng teng ho bona ha ba hlokomeloe hore ba na le eona ’me ha ba phekoloe. . . . Hase bothata ba batho ba lulang metseng ea litoropo e teteaneng kapa ba bana ba seng bakae. Ha ho na sehlopha sa batho, sebaka, kapa morabe kapa mofuta o itseng oa batho o sa ameheng.” Tlaleho ena ea phaella: “Loto e kulisang motho bongoaneng ke bothata ba lefatše lohle.”

Kamoo Loto e Amang Bana ka Teng

Ho hakanngoa hore United States feela ho tloha ho bana ba limillione tse tharo ho isa ho tse ’nè ba ka tlaase ho lilemo tse tšeletseng mali a bona a na le tekanyo ea loto e phahameng ka ho lekaneng hore e ka sitisa khōlo e tloaelehileng. Tšitiso ena e ka ba e pakeng tsa ho fokotseha ha tsebo ea ho bala le ho lieha ho nahana kapa ho etsa lintho. Haeba boo ke boemo bo leng teng naheng e le ’ngoe, lipalo tsa lefatše lohle e tlameha ebe lia tšosa.

Afrika, Asia, Bochabela bo Hare, le Mexico, ka linako tse ling batho ba sa hlokomeleng likotsi tsa loto ba ntse ba e sebelisa joaloka moriana. E sebelisoa bakeng sa ho felisa ho pipitleloa, ho thibela ho tšoaetsoa ha mokhujoana, hape e sebelisoa joaloka moriana oa bana oa ho melisa.

Kotsi ha e tabeng ea hore bana baa akhehisoa le hona ho bolaoa ke chefu ea loto. Joalokaha ho bontšitse tokollo ea 1991 ea FDA Consumer, mafu a bana ba bolaoang ke ho kulisoa ke chefu ea loto a se a hlaha ngope-a-setšoha. Empa liphello e ntse e le tse senyang. Ke ka nepo ho boleloang hore loto ke “’molai ea bohlale.” Makasine oa Newsweek o ile oa qotsa mantsoe a mohlanka oa bophelo bo botle a reng: “Ho na le lenane le leholo haholo la bana bao ho leng thata hore ba ka etsa mosebetsi o hlokang hore ba nahane esita le hona ho ema moleng oa lijo hobane boko ba bona bo imetsoe ke loto.”

Matšoao a mang a ho kula ha bana ho bakoang ke chefu ea loto a akareletsa bohale, ho hlobaela, mala le ho se hōle hantle. Tsamaiso ea methapo e senyehileng e tsamaeang le ho se tsitse ha nako e telele—ho tšoanang le hoa phoofolo e koaletsoeng ka sefeng, joalokaha ngaka e ’ngoe e ile ea ho hlalosa—ho ka ’na ha khetholla ngoana ea joalo. Boemong bo feteletseng haholoanyane, bana ba bang ba ka ’na ba ba boemong ba ho se ikutloe le ba ho hlaseloa ke boloetse ka tšohanyetso, esita leha e se e le batho ba baholo, ba ka ’na ba tsoela pele ho hlaseloa ke mathata a maikutlo. Mookameli oa Lekala la CDC la Thibelo ea Chefu ea Loto o ile a bolela hore tse ling tsa liphello tsena e ka ’na ea ba tse sa feleng. Ho fihlela ha li hlokometsoe ka tsela e khotsofatsang, hangata batsoali ba ferekanngoa ke taba ea hore na sesosa sa lefu lena le kotsi ke sefe.

Ke Hobane’ng ha Bana e le Bona ba Hlaseloang Habonolo?

Loto e kotsi ka ho khethehileng ho bana ka mabaka a mabeli. La pele, bana ba angoa ke litekanyo tse tlaase haholoanyane tsa loto ho feta tse amang batho ba baholo. Kaha boko ba bona le tsamaiso ea methapo e ntse e hōla, ba angoa ke liphello tsa loto ka tsela e tobileng. La bobeli, ka baka la tsela eo ba itšoarang ka eona le mesebetsi ea bona, ho ka etsahala hore bana ba fumane loto tikolohong ea bona.

Ka mohlala, nahana ka ferefe e nang le loto e ntseng e le mohloli o ka sehloohong oa tšilafalo. Linaheng tseo ho tsona molao o lumellang hore ferefe e joalo e sebelisoe matlong, re ka kholiseha hore batho ba kulisoang ke chefu ea loto ba tla eketseha. Kaha linaha tse ngata li thibetse litšebeliso tse ling tsa ferefe e nang le loto ka molao lilemong tsa morao tjena, ferefe ena e sa ntse e le teng matlong a khale. Mabota, mabota a ka tlas’a lifenstere, lipopi, libethe tsa bana le thepa ea ntlo kaofela e ka ’na eaba li ntse li na le loto. Ka mohlala, United States litekanyo tse phahameng tsa loto li ntse li le teng malapeng a ka bang limillione tse 57. Bohareng ba lilemo tsa bo-1980, bana ba Maamerika ba limillione tse 13,6 ba ka tlaase ho lilemo tse supileng ba ne ba lula malapeng a ferefiloeng ka ferefe e nang le loto. Mohlomong ba fetang millione ho bona mali a bona a ne a na le tekanyo ea loto e phahameng ka tsela e kotsi.

Sebaka seo ho sona ferefe e bataletseng ha se kotsi. Empa ha ferefe e ntse e tsofala, e qala ho petsoha le ho eboha. Kaha loto e na le tatso e monate, ho ka etsahala hore bana ba je liphatsa tsena tsa ferefe. Bana ba ’nile ba ja loto e khephohang leboteng le ka tlas’a lifenstere. Qetellong ha ferefe ena e fetoha lerōle, bana ba e nka ka menoana lipoping, fatše le ’meteng—’me ho hlakile hore ho tloha moo e kena ka hanong, tsamaisong ea mala le tsamaisong ea mali. Haholo-holo ke bana ba leng pakeng tsa likhoeli tse tšeletseng le lilemo tse tšeletseng ba hlaseloang habonolo.

Makasine oa Newsweek oa ngola: “Ke loto e nyenyane haholo e kulisang motho. Ngoana a ka kulisoa ke chefu ea loto ka tsela e mpe (li-microgram tse 60 ho ea ho tse 80 desilithareng) ka ho ja miligrama e le ’ngoe feela ea lerōle la ferefe e nang le loto—e leng e lekanang le hoo e ka bang lithollo tse tharo tsa tsoekere—ka letsatsi nakong ea bongoana.” Ngoana a ka ba boemong bo kotsi ha a ja lerōle la ferefe le lekanang le thollo e le ’ngoe feela ea tsoekere ka letsatsi. Tlalehong ea eona Newsweek e re: “Ke ka baka leo ngoana a ka kulang feela ka hore a tšoare lebota le ka tlas’a fenstere ka mehla ebe o nyanya monoana oa hae.” E phaella ka ho bolela hore batsoali ba bangata “ha ba hlokomele—kapa ho thata hore ba lumele—hore ka lenyele lerōle le leboteng le ka tlas’a lifenstere tsa ntlo ea bona le ka ’na la felisa matla a mang a bana ba bona a ho khona ho etsa lintho.”

Loto le Lesea le ka Pōpelong

Bothata bona bo fetela esita le ka lipōpelong tsa basali ba baimana, moo boko bo hōlang le litsamaiso tsa methapo ea masea a es’ong ho tsoaloe le tsona li ka ’nang tsa tsoa kotsi. Ha loto e kena ’meleng oa ’mè oa moimana, ka ho e ja kapa ka ho e hoha, e kena tsamaisong ea mali. Joale e fetela ho lesea le ka pōpelong le seng le na le sebōpeho ka mokhujoana. Tsamaiso ea methapo ea lesea e ka ’na ea holofala kapa tekanyo ea bohlale ba lona ea theoha. Mongoli e mong oa bophelo bo botle o re: “Haeba mosali oa moimana a ja esita le loto e nyenyane feela, e ka fetela ho lesea ka setho se fepang lesea le ka pōpelong.” ’Me Science News e ile ea tlaleha: “Liphuputso li pakile hore basali ba bangata ba sebetsang ka loto lifekthering ba hloka thari, baa senyeheloa, bana ba bona ba hlaha pele ho nako ba bile ba ba le bana ba nang le likoli.”

Bo-ntate le bona ba ka tlatsetsa likotsing tse joalo. Loto e leng tsamaisong ea mali a banna e ka etsa hore peō ea bona ea botona e be le bohole bo itseng hape e liehe ho tsamaea, e leng se ka thibelang kemolo kapa sa etsa hore masea a ka pōpelong a holofale. Hoo e ka bang masea a ka pōpelong a 400 000 a basali ba Maamerika a silafalitsoe ke loto ho isa bohōleng boo a tla sitoa ho hōla. Kaha ho kulisoa ke chefu ea loto ke seoa sa lefatše lohle, palo ea bana ba ka pōpelong bao e ba ammeng e tlameha e le khōlō.

Hase Bana Feela

Ho hlakile hore batho ba baholo le bona ba kotsing. E le hore ba ka sireletsa bana ba bona, ba tlameha ho itšireletsa. Ba fumana loto joang? Litsebi li lumela hore ka ntle ho ferefe ea ntlo, mehloli e tloaelehileng ea ho pepeseha lotong kajeno ke metsi ka baka la lipeipi tseo a tsamaeang ka ho tsona (joalokaha esita le lipeipi tsa koporo e ka ’na eaba li kopantsoe ka ho bitieloa ka loto) le peterole e nang le loto. Likolong le liofising, lipompo tsa metsi li na le litanka tsa metsi tse bitietsoeng ka loto moo likarolo tsa tsona li kopanang. Mohlanka e mong oa EPA (U.S. Environmental Protection Agency [Lekala la U.S. la Tšireletso ea Tikoloho]) oa hakanya: “Hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea batho bao loto e kenang ho bona e tsoa metsing a nooang.” Lekala le Leholo la Ngoliso ea Lintho tse Chefu le Maloetse le ile la tlaleha hore tekanyo ea loto “e tsoang metsing a li-cooler tsa motlakase e ka ba e phahameng haholo, ’me e ka baka kotsi e khōlō ea hore batho bohle eseng bana feela ba be kotsing ea ho kenoa ke chefu ena.”

Batsoali ba eketsa bothata bona ka ho tla malapeng a bona ba apere liaparo tsa mosebetsi tse nang le loto ’me ba etsa hore bana ba bona ba pepesetsehile ho eona. Ho hakantsoe hore hoo e ka bang basebetsi ba United States ba limillione tse robeli ba pepesetsehile lotong tikolohong ea bona ea mosebetsi. Karolo e khōlō ea batho bana ke basali.

Batho ba bolokang joala kapa lintho tse ling tse metsi ka har’a libotlolo tsa veine tse entsoeng ka kristale ea loto le bona ba ipeha kotsing e itseng, kaha loto e tsoang kristaleng ena e ka kena joaleng. Ka ho tšoanang, lijana tsa letsopa tse sa besoang mochesong o phahameng ka ho lekaneng li ka ’na tsa tsoa liphatsa tsa loto tse ka kenang lijong. Ka mohlala, banyalani ba bang ba ile ba reka sete ea likopi tsa kofi ha ba etetse naheng eo e seng ea habo bona. Ho ile ha hlokomeloa hore likopi tsena li tsoa loto e fetang tekanyo e lumeletsoeng naheng ea habo bona bakeng sa bophelo bo botle ka makhetlo a 300. Banyalani bana ba ile ba kula haholo ka mor’a ho sebelisa likopi tsena ka nako e khutšoane. Ho phaella moo, loto e bitielang makoti-koti a bolokang lijo, a ntseng a sebelisoa linaheng tse ling, e ikarabella karolong ea tekanyo e nyenyane ea ho kulisoa ke chefu ea loto.

Batho ba chesehelang ho sebelisa lithunya tse nyenyane le bona ba kotsing ea ho kulisoa ke chefu ea loto. Hobane’ng? Ha e le hantle, liphuputso tsa morao-rao li bontšitse hore batho bao hangata ba etelang libakeng tseo batho ba ikoetlisetsang ho thunya ho tsona ba na le tekanyo e phahameng ea loto e keneng ho bona ha ba hoha lerōle le nang le loto. Ho phatloha le ho petsoha ho sa bonahaleng ha likulo ha li ntse li tsoa molomong oa sethunya ho etsa hore mafoforetsane a loto a tsoele moeeng, ’me motho ea thunyang o a hohela ka matšoafong a hae, joalokaha makasine oa Science News o tlaleha. Matšoao a mang a thathamisitsoeng ke tatso e sa feleng ea tšepe le methapo ea letsoho e thothomelang. Liphuputso tse ling li ile tsa bontša hore litho tsa lelapa li ka ’na tsa ba kotsing e khōlō ea ho pepesetsehela loto e ngata e leng ho batho ba sebelisang lithunya tse nyenyane ba tlisang lerōle la loto le leng liaparong tsa bona lapeng.

Kaha ho kulisoa ke chefu ea loto ho atile ebile ho kotsi haholo ho bana le ho batho ba baholo ka ho tšoanang, potso e latelang ke e ke keng ea qojoa: Ke’ng se ka etsoang hore ho thibeloe?

[Lebokose le leqepheng la 25]

’Mele o ka Mamella Loto e Kae?

LOTO e ngata haholo ke e kae? Ke e kae eo ’mele o ka e monyang o sa tsoe kotsi? Le hoja bo-rasaense ba ntse ba pheha khang ka lipotso tse joalo, linaha tse ngata li entse melao ea ho thibela ho kula ho bakoang ke chefu ea loto, bonyane e tsoang ferefeng e nang le loto. Australia e ile ea etsa molao o joalo libukeng tsa molao morao koana qalong ea lilemo tsa bo-1920. Great Britain, Greece, Poland le Sweden li ile tsa etsa melao e tšoanang hamorao leshomeng lona leo la lilemo. United States ha ea ka ea etsa Molao oa eona oa Thibelo ea Chefu e Ferefeng e Nang le Loto ho fihlela ka 1971.

Leha ho le joalo, United States e entse melao e ntseng e eketsa ho ba thata karolong ena ho tloha ka nako eo. Ka 1985 CDC (U.S. Centers for Disease Control [Litsi tsa U.S. tsa Taolo ea Mafu]) e ile ea theolela tekanyo ea loto e amohelehang maling ho li-microgram tse 25 (karolo ea 25 millioneng ea grama) tsa loto desilithareng ea mali. Ena e ne e se e ntse e le tekanyo e ka tlaase ho halofo ea tekanyo ea loto eo ngaka e buoang e sebetsanang le mafu ’ohle e ileng ea e bontša morao koana ka 1970, e leng li-microgram tse 60 desilithareng. Empa ha lilemo li ntse li feta, liphuputso tse eketsehileng li ile tsa bontša hore esita le tekanyo e nyenyane ea loto e ka ntša bana kotsi. Kahoo ka 1991 CDC e ile ea boela ea fokotsa tekanyo e amohelehang ea loto hore e be li-microgram tse 10 desilithareng.

Le hoja ho na le khang e mabifi mabapi le e ’ngoe ea liphuputso tse ka sehloohong tse ileng tsa susumetsa phetoho ena, liphuputso tse ling li ile tsa ba le liphello tse tšoanang. Ka mohlala, liphuputso tse peli tse ileng tsa etsoa Scotland li ile tsa amahanya tekanyo ea loto e maling e leng tlaase ho isa bohōleng ba li-microgram tse 11 desilithareng le ho fokotseha ha bohlale le mathata a boitšoaro ba ngoana. ’Me joalokaha Bangkok Post e hlokometse qalong ea 1992, melao e kang oa Thailand o sireletsang batho ba baholo lotong o ka ’na oa se ke oa sireletsa bana—haholo-holo ba e-s’ong ho hlahe.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho Kulisoa ke Chefu ea Loto—Bothata ba Boholo-holo

E KA ’na eaba loto e ’nile ea sebelisoa pele ka 3000 B.C.E. Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba e sebelisa bakeng sa ho etsa litšoantšo tse betliloeng le lijana tsa letsopa, batho ba Phoenicia le Bakalede ba ne ba e rekisa, le Magerike a Athene a ne a e rafa ka makholo a supileng a lilemo. Empa ke Maroma, nakong ea puso ea Bo-Caesare, ao eleng ’ona a pele a ho hlokomela molemo oa loto mesebetsing e meholo—’me ba ile ba tšoenyeha haholo ka baka la seo ba ileng ba se sibolla.

Maroma a ne a e bitsa plumbum. Basebetsi ba nang le tsebo ba ne ba phutha makapa a maholo a loto ba etsa lipeipi tsa bolelele bo lekaneng tse 15 ba li sebelisa bakeng sa ho tsamaisa metsi ka bongata. Maroma le Magerike a ile a beela batho ba sebetsanang le lipeipi tsa tsamaiso ea metsi kajeno mohlala ka ho kenya lipeipi tsa loto e ’ngoe ka har’a e ’ngoe. Kahoo lipeipi tse bolelele ba lik’hilomithara li ne li ka kopanngoa hammoho hore li tsamaise metsi libakeng tse telele. Maroma le ’ona a ile a etsa likhalase tsa ho noela, lijana tse tšelang veine, le lipitsa ka loto. Lera le sa angoeng ke boemo ba leholimo le entsoeng ka loto le ile la etsoa bakeng sa ho rulela.

Empa feela joalokaha tšebeliso ea loto e se ncha, ’nete ea hore e kulisa batho le eona ha e ncha. Makasine oa Science News oa ngola: “Bonyane ka lilemo tse 2 000, lichaba li hlokometse hore loto ke chefu e matla empa taba ea hore na e kulisa joang e setse e le sephiri.” Leha ho le joalo, e ka ’na eaba Maroma a boholo-holo ka nako e ngata a ne a bonahala a kholisehile ka likotsi tsa sebele tsa loto. Ho latela Jerome Nriagu oa Setsi sa Sechaba sa Tlhahlobo ea Metsi sa Canada, ba ne ba tloaetse ho tšela veine ea bona ka sirapo ea morara e belisitsoeng ka lipitseng tsa loto. Makasine oa Newsweek o qotsa Nriagu a re: “Khaba e nyenyane e le ’ngoe ea sirapo e joalo e ne e feta e lekaneng bakeng sa ho kula ho sa feleng ho bakoang ke chefu ea loto.” Babusi ba Roma ba ne ba noa veine haholo. Nriagu o hakanya hore babusi ba Roma ba ne ba noa ho tloha ho lithara e le ’ngoe ho isa ho tse hlano tsa veine letsatsi le letsatsi!

The Medical Post ea Canada ea tlaleha: “Ho nahanoa hore se seng sa lisosa tsa ho oa ha ’muso oa Roma e bile lerato la bona la ho natefisa veine ea bona ka loto.” Tlaleho e ’ngoe e re: “Ho kula ho bakoang ke tšebeliso e pharaletseng ea loto lijaneng, libetseng, litlolong, lijaneng tsa veine le lipeiping tsa metsi e ka ’na eaba hoa ikarabella bakeng sa bohlanya ba baemphera ba Roma le bakeng sa ho hloka thari le ho senyeheloa tse ileng tsa sitisa lihlopha tse busang hore li ikatise ka tsoalo.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]

Loto Linonyaneng

HAEBA u rata liphoofolo tse hlaha, ho tseba hore linonyana tsa metsing tse ka bang limillione tse tharo li bolaoa ke ho kulisoa ke chefu ea loto selemo le selemo ho ka ’na ha u tšoenya. Le tabeng ena ho kulisoa ke chefu ea loto ho bitsoa “boloetse bo sa bonahaleng” kaha hangata ho kena ha bona ha ho bonahale. Lefapha la tsa ka Hare la U.S. le tlaleha hore ho nonyana e ’ngoe le e ’ngoe eo litsomi li khonang ho e bolaea, kotara ea kilograma ea likulo tsa loto tse tsoang lithunyeng tse nyenyane e fella tikolohong. Litsebi tsa lintho tse phelang tse nkang mobu o ka holimo ho fihlela botebong ba lisentimithara tse seng kae bakeng sa ho o hlahloba botlaaseng ba libaka tse metsi, matamong le matšeng, libakeng tse ling li fumane likulo tsa loto tse fetang 250 000 hekthareng e ’ngoe le e ’ngoe! Lilope tsa loto tse lahlehileng le tsona li alehile tlaase.

Ka mor’a hore nako ea ho tsoma e fete, matata le linonyana tse ling tsa metsing tse batlang lijo li ja likulo tsena. Matsatsi a mararo kapa a leshome hamorao, chefu e fihla tsamaisong ea mali a tsona ’me e ea lithong tsa bohlokoa—pelo, sebete le liphio. Ka matsatsi a ka bang 17 ho isa ho a 21, linonyana tsena li ba boemong ba ho se ikutloe ebe lia shoa. Lintsu tsa mofuta oa bald li ka kulisoa ke chefu ea loto ka ho ja likulo tsa loto tse leng ka ’meleng ea linonyana tsa metsing tseo li li jang. Ho tloha ka 1966, linonyana tse jang nama tse fetang 120 ho tsena tse sa atang li ’nile tsa fumanoa li bolailoe ke chefu ea loto—e leng tse fetang halofo ea tsena ho tloha ka 1980. Ho hlakile hore palo ena e emela feela lintsu tseo ’mele ea tsona e ileng ea hlahlojoa ha ba ha hlokomeloa sesosa sa lefu la tsona; mohlomong ke karolo e itseng feela ea palo ea sebele e feletseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela