Bokamoso bo Khanyang Bakeng sa Bana
BAETA-PELE ba bangata ba lefatše ba ile ba bua ka kholiseho ka bokamoso Sebokeng sa Lefatše Mabapi le Bana. Ba ile ba bua esale pele ka “mehla e mecha” bakeng sa bana, “boinehelo bo bocha litlhokong tsa ngoana.” Ba buile ka “‘merero e mecha le litekanyetso’ tsa ho fana ka ‘bophelo le boiteko bo kopanetsoeng ke lefatše lohle le bo bontšang boikemisetso’” ba ho thusa bana.
Ao ke mantsoe a tsebahalang. Empa hore na ke ho isa bohōleng bofe lichaba li tlang ho finyella lipakane tsa tsona ho tla bonahala. Ke habohlokoa ho hlokomela hore nakong ea likhoeli tse hlano ka mor’a seboka, lichaba li ile tsa loana ntoa ea Koung ea Persia e ileng ea ipaka e le e ’ngoe ea lintoa tse turang ka ho fetisisa—liranta tse limillione tse likete tse 168—’me e sentse tikoloho ka ho fetisisa. Liphello tsa eona e bile ho lahleha ha batho ba likete tse makholo Iraq le Kuwait. Ba likete-kete ba ile ba shoa—ka nako e ’ngoe batho ba makholo-kholo ba ile ba shoa letsatsi le leng le le leng—ba bolaoa ke tlala, ho se sireletsehe, khaello ea phepo e nepahetseng le mafu. Ba ka bang 8 ho ba 10 e ne e le basali le bana.
Litlokotsi Tse Boletsoeng Esale Pele
Liithuti tsa Lentsoe la Molimo lia hlokomela hore mathata a hlokofatsang bana ba lefatše a ile a boleloa esale pele hoo e ka bang lilemong tse 2000 tse fetileng. Bibele e ile ea bolela esale pele ka ‘mehla ena ea bofelo’:
◻ ‘Ho tla ba le . . . mafu a akaretsang.’—Luka 21:11.
◻ ‘Ho tla ba le likhaello tsa lijo.’—Mattheu 24:7.
◻ ‘[Batho] ba tla senya lefatše.’—Tšenolo 11:18.
◻ “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla.”—Mareka 13:8.
◻ “Linako tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla fihla. Hobane batho e tla ba baithati, . . . ba se nang lerato la tlhaho.”—2 Timothea 3:1-3, NW.
Bibele e boetse ea bolela esale pele hore haufinyane nako ea tla eo ka eona lichaba li tla nahana hore li entse tsoelo-pele e lekaneng tabeng ea ho rarolla mathata a batho hoo li tla hooa li re: “Khotso le tšireletseho!”—1 Ba-Thessalonika 5:3, NW.
Bokamoso bo Khanyang
Leha ho le joalo, mohoo oo o tla tšoaea nako eo ka eona Molimo o kenellang litabeng tsa batho. Molimo ka ’Muso oa hae oa leholimo o tla felisa tsamaiso ena ea lintho le ho tlisa lefatše le lecha la khotso ea ’nete le tšireletseho ea ka ho sa feleng bakeng sa bana le batho ba baholo.—Liproverbia 2:21, 22; Daniele 2:44; Mattheu 6:10.
Tlas’a tokisetso e babatsehang ea ’Muso oa Molimo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24, NW) Khaello ea phepo e nepahetseng e tla ba ntho ea nako e fetileng: “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase joale ka merokoli.” (Pesaleme ea 72:16) Esita le ntoa e ke ke ea hlola e-ba teng hobane Bibele ea tšepisa: “[Jehova] o felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Pesaleme ea 46:9.
Empa ho thoe’ng ka bana bohle—le batho ba bang—ba seng ba bolailoe ke khaello ea phepo e nepahetseng, mafu kapa lisosa tse ling? Lentsoe la Molimo le bululetsoeng lea bolela: “Tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.”—Liketso 24:15.
Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng o ile a bontša hore ho tsosetsoa bophelong lefatšeng le lecha la Molimo ho tla kopanyeletsa le bana. Ka mohlala, ha ngoanana ea ka bang lilemo li 12 a ne a shoa, “[batho] ba ne ba lla kaofela, ba mo llela.” Empa nakong eo, Jesu o ile a tšoara ngoanana ka letsoho ’me a re ho eena: “Ngoanana, tsoha.” Tlaleho ena ea histori ea bolela: ‘O ile a tsoha hona hoo, ’me [Jesu] a laela hore a fuoe lijo.’ Karabelo ea batsoali ba hae e bile efe? Bibele ea tlaleha: “Ba hlolloa.”—Luka 8:40-42, 49-56; Mareka 5:42.
Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a kopana le mokoloko oa lepato o akareletsang mohlolohali eo mora oa hae ea mong a neng a shoele. Jesu o ile a “atamela, a ama mojaro oa mofu. Eaba ba mo jereng ba ema. A re: Mohlankana, ke re ho uena: Tsoha! Eaba mofu oa lula, a qala ho bua; ’me Jesu a mo nea ’m’ae.” Ba neng ba le haufi le moo ba ile ba “rorisa Molimo.”—Luka 7:11-16.
Kahoo, tlas’a puso e lokileng ea ’Muso oa Molimo, bana, ho akareletsa le ba tsositsoeng, ba tla ba le bokamoso bo khanyang ka ho fetisisa. Ba tla khona ho hōlela lefatšeng la ho loka le khotso, tšireletseho le katleho hoo ka ho loketseng Jesu a le bitsang “Paradeise.”—Luke 23:43.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Lefatšeng le lecha la Molimo, bana ba tla hōla ba sireletsehile, ba phetse hantle ebile ba thabile