Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 10/8 maq. 19-21
  • Ke Hobane’ng ha ke Hōla Kapele Hakaale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Hōla Kapele Hakaale?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thabo le Bohloko ba ho ba Molelele
  • ‘Ba Nahana Hore ke Moholoanyane’
  • Ho Hlekefetsoa ka Likamano tsa Botona le Botšehali
  • Na ke Hōla ka ho Tloaelehileng?
    Tsoha!—1993
  • U ka Thusa Ngoana oa Hao Joang ha a Kena Lilemong Tsa Bocha?
    Tsoha!—2016
  • Ho Etsahala’ng ka ’Mele oa Ka?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • ‘Ho Etsahala Eng ka ’Na?’
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 10/8 maq. 19-21

Ke Hobane’ng ha ke Hōla Kapele Hakaale?

“Ha ke ne ke le sehlopheng sa botšelela, ke ne ke le motelele ho feta bohle. Ho ne ho ntlhabisa lihlong. Ke ne ke e-na le motsoalle ea hlileng a leng mokhutšoaane ’me ke ne ke atisa ho mo honohela.”—Annie.

“Kaha ke shebahala eka ke lilemo li 16 kapa 17 batho ba bangata, ho akareletsa le batsoali ba ka, ba lebeletse hore ke itšoare joaloka motho e moholo.”—Tanya, ea lilemo li 12.

NAKO ea bohlankana kapa boroetsana—ba bangata re fetile ho eona mohlomong re ka khetha ho lebala sohle se ileng sa etsahala. Ke nako e monate le e tšosang. Nakong ea bohlankana kapa boroetsana, ’mele oa hao o ba le liphetoho tse potlakileng, tse tšosang, ’me ka linako tse ling, e le tse hlabisang lihlong. U hlaseloa ke maikutlo a macha, litšusumetso, le litakatso. Bacha ba bangata ba fumana matšeliso bonneteng ba hore lithaka tsa bona li feta nthong e tšoanang. Leha ho le joalo, ho bacha ba bang, ho bonahala eka nako ea bohlankana kapa boroetsana e tla kapele haholo. Ba iphumana ba le ba tenya haholo, ba le batelele haholo, ba hōlile haholo, ba shebahala ba le baholo ho feta metsoalle ea bona le bao ba kenang sekolo le bona.

Haeba sena se u etsahalletse ho ka u tšelisa ho tseba hore ho tloaelehile ho fupuha esale qalong. Mokhoa oa tšebetso ea ’mele oa motho e mong le e mong o sebetsa ka lebelo la oona, ’me kamoo ho bonahalang ka teng, oa hao o sebetsa ka potlako e fetang ea lithaka tsa hao. Liphetoho tsa bohlankana ho moshanyana li ka hla tsa qalella a sa le lilemo li leshome, ’me ho ngoanana ha a sa le lilemo li robeli. Mohlomong haufinyane metsoalle ea hao e tla qala ho ba le liphetoho tse tšoanang. Ho sa ntse ho le joalo ho ka ’na ha e-ba le mathata ao u lokelang ho sebetsana le ’ona.

Thabo le Bohloko ba ho ba Molelele

Ngoanana e mong ea lilemong tse ka tlaase ho 20 o ile a bolella Tsoha!: “Ke rata hore ke be ngoanana ea molelele ka ho fetisisa ka tlelaseng. Batho baa u hlompha.” Liphuputso li bontša hore bashanyana ba hōlang kapelenyana ka ho khethehileng ba thabela menyetla e mengata e hlokomelehang ho feta lithaka tsa bona tse liehang ho hōla. Buka Adolescent Development, ea Barbara le Philip Newman e re: “Bashanyana ba hōlang kapelenyana ba ba balelele le ho ba matla ho feta ba bang ba lilemong tse tšoanang. . . . Bashanyana ba balelele le ba matla hangata ba ka ’na ba fuoa boikarabelo, ba talingoa e le baeta-pele ba lithaka tsa bona, le ho tšoaroa joalokaha eka ba hōlile haholo kelellong joalokaha ba hōlile ’meleng.”

Leha ho le joalo, ho ba molelele haholo kapelenyana ho boetse ho na le bothata ba hona. Ha e le hantle, u ka ’na ua fetoha mohlaseluoa oa mesoaso e mebe e sa feleng e tsoang ho bao u kenang sekolo le bona. Ngoananyana e mong o ile a bolella Tsoha!: “Ke ne ke le molelele ka ho fetisisa ka tlelaseng. Ba ne ba mpitsa ‘Maoto-Malelele.’” Mohlankana ea bitsoang Dwayne oa hopola: “Bana ba sekolo ba ne ba ntšoma ka mabitso a kang ‘Mokotatsie.’ Ka linako tse ling ba ne ba botsa, ‘Boemo ba leholimo bo joang holimo moo?’”a

Linako tse thata ka ho khethehileng ke ha litho tsa ’mele tse telele li hlōleha ho sebetsa hammoho ka tumellano. (Bapisa le Ba-Efese 4:16.) Christine o sa hopola ha a le lilemong tse ka tlaase ho 20: “Ke ne ke le motollo, ’me ke le sethoto.” Dwayne oa eketsa: “Ke ne ke le selehe haholo lipapaling. Ho ne ho bonahala eka ha ho tšebelisano-’moho mahareng a boko ba ka le maoto! Ho hang ke ne ke sa khahlise.” Leha ho le joalo, kholiseha hore nako ena e sa jeseng litheohelang ke ea tlhaho. Ha nako e ntse tsamaea e tla fela. Hape u ka ’na ua fumana hore ‘tlhakiso ea ’mele [e itekanetseng] e na le molemo.’ (1 Timothea 4:8, NW) Ha u sebelisa ’mele oa hao ka ho eketsehileng, litho tsa hao tsa ’mele li tla sebelisana hamolemonyana.

Ho thoe’ng ka ho rehoa mabitso a phoqang le mahlapa? Ho ka ’na ha u leka hore u iphetetse ka likarabelo tsa hao tse hlabang, empa Bibele e re: “U se ke ua fetola lehlanya ka bohlanya ba lona, e se re mohlomong le uena ua tšoana le lona.” (Liproverbia 26:4) Ntle ho moo, qetellong, ho “busetsa bobe ka bobe” ho mpefatsa boemo. (Ba-Roma 12:17) Bibele e bolela hore “e teng nako le ea ho tšeha.” (Moeklesia 3:4) Boikutlo ba ho tšeha bo ka u thusa hore u sebetsane le maemo a mangata a hlabisang lihlong.b

‘Ba Nahana Hore ke Moholoanyane’

Ka linako tse ling bothata hase ba lithaka, empa ke ba batho ba baholo ba nahanang hore u moholoanyane ho feta kamoo u hlileng u leng ka teng. Dwayne oa hopola: “Ke ne ke khethoa sehlopheng joaloka ea boholong, moeta-pele. Ka nako e ’ngoe ke ne ke le pel’a sehlopha sa bana, ’me ba ile ba qala ho akhela lintho ba le borokhong. Mapolesa a ile a fihla ’me a qala ho nkhoelehetsa kahobane ke ne ke le molelele ho feta bohle. Empa ke ne ke bile ke sa tsebe se etsahalang.”

Ka linako tse ling u ka ’na ua nkeha ke ho tšoaroa joaloka motho e moholo. Bothata ke hore, khōlo ea ’mele e ka potlaka ho feta khōlo ea kelello le ea maikutlo. Ho sa tsotellehe kamoo u shebahalang ka teng, u ka ’na ua se nahane le ho beha mabaka joaloka motho e moholo, empa joaloka motho ea lilemong tsa hao. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 13:11.) Ka hona ha batho ba batla hore u etse lintho joaloka batho ba baholo, u ka ’na ua ba le bothata ba ho etsa seo ba se lebeletseng.

Mohlomong ho ka ’na ha hlokahala hore nako le nako ka mosa u hopotse metsoalle le litho tsa lelapa hore ha u moholo joalokaha u shebahala. Liproverbia 15:22 e re: “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana.” Ka hona haeba u ikutloa hore batsoali ba hao ba batla ho hongata haholo ho uena, buisana le bona ka tlhompho. Makasine o mong oa bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20 o ile oa etsa tlhahiso ea hore u re: “Kea tseba hore kaha ke shebahala ke se ke hōlile, ho bonolo ho ntebella hore ke itšoare joaloka ea moholoanyane. Empa ka hare, ke ntse ke le lilemong tsa ka tsa sebele, ’me ka linako tse ling ho thata ho ikamahanya le sohle seo le batlang hore ke se etse le ho ba sona.”

Leha ho le joalo, se ke ua etsa phoso ea ho ea le khongoana holimo ka ho phahamisa maikutlo a ho ba moholo ka ho iketsa ea tsebang haholo, kapa ka mokhoa oo u itšoarang ka oona, kapa ka ho apara le ho itlhopha ka tsela e sa lokelang lilemo tsa hao. Bacha ba bang ba hōlang kapele ba bile ba lahla metsoalle ea bona ea bongoaneng e shebahalang e le menyenyane ’me ba leka ho imatahanya le letšoele la ba baholoanyane! Empa motho ea lekang ho pata seo a hlileng a leng sona tabeng ena a ka qetella a tlontlolotsoe. (Bapisa le Pesaleme ea 26:4.) Ha nako e ntse tsamaea ba bang ba tla bona boikaketsi ba hao. Ka hona ka bohlale Bibele e bolela hore, “bohlale bo ho ba ikokobetsang.” (Liproverbia 11:2; Mikea 6:8) Motho ea ikokobelitseng o tseba mefokolo ea hae.

Ho Hlekefetsoa ka Likamano tsa Botona le Botšehali

Ho itšoara ka boikokobetso ho ka boela ha u sireletsa bothateng boo hangata banana ba hōlang kapele ka ho khetheha ba thulanang le bona: ho hlekefetsoa ka likamano tsa botona le botšehali. Ka ho panya ha leihlo, ’mele oa ngoanana e monyenyane o ka shebahala joaloka oa mosali ea hohelang. (Bapisa le Sefela sa Lifela 8:8, 10.) Leha ho le joalo, ho banana ba bang ba banyenyane, ho ba le sefuba se seholo le ho nona liqhōlong e ka ba ho hlabisang lihlong.

Mongoli Ruth Bell oa hlokomela: “Banana ba hōlang haholo-holo ba fetoha bahlaseluoa ba liketso tsa banna habonolo.” Ngoanana e mong ea lilemo li 12 ea bitsoang Denise oa hlalosa: “Kaha ke se ke hōlile ’meleng batho ba tjamela ’mele oa ka ha ke itsamaela.” (Changing Bodies, Changing Lives) Bana bao u kenang sekolo le bona ba batona le ba batšehali ba ka ’na ba leka ho u phathatsa ka mokhoa o sa lokelang. Hase ho makatsang ha buka Adolescent Development e re: “Banana ba hōlang kapele ba ka ’na ba etsa lintho ka botsoa, ba apara lijeresi tse telele tse koahelang ’mele, kapa ba ba lihlong le ho ikhula ho ba bang bakeng sa ho qoba ho hlokomeloa ke lithaka tsa bona ka chebahalo ea ’mele oa bona o fetohang.”

Le hoja u tlamehile ho ipata ka thata ka ho apara liaparo tse ngata, taba e utloahalang feela ke hore u qobe mekhoa ea ho itlhopha le liaparo tse tsosang takatso kapa tse hulelang tlhokomelo e sa lokelang ho uena. Sena se lumellana le keletso ea Bibele ea ho apara “ka moaparo o hlophisitsoeng hantle le ho hlaphoheloa kelellong.”—1 Timothea 2:9, NW.

Ho ka ’na ha e-ba le mehato e meng e sebetsang eo u ka e nkang. Morao koana mehleng ea Bibele, Ruthe o ile a tobana le monyetla oa ho hlekefetsoa ka likamano tsa botona le botšehali ha a ne a il’o sebetsa tšimong ea Boaze. Ka mosa Boaze o ile a ‘laela bahlankana hore ba se ke ba mo ama.’ Esita leha ho ntse ho le joalo, o ile a mo lemosa: “U se ke ua ea thonaka tšimong e ’ngoe, . . . u sale mona le baroetsana ba ka.” (Ruthe 2:8, 9) Ka tsela e tšoanang, banana ba bang ba bacha ba khonne ho imatahanya le banana ba bang ba Bakreste ba kenang sekolong se tšoanang. Ba qoba ho tsamaela ba le bang libakeng tse tsejoang e le tse kotsi.

Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ha ho na motho ea nang le tokelo ea ho u hlekefetsa—e-bang ke ’meleng kapa ka mantsoe. Haeba u utloisoa bohloko ke mathata a itseng tabeng ena, buisana le batsoali ba hao kapa motho e moholo eo u mo tšepang. Ba ka ’na ba e-ba le litlhahiso tse itseng kapa ba ka ’na ba leka ho kenella ka tsela e itseng.

Esita le tlas’a maemo a molemo ka ho fetisisa, nako ea bohlankana kapa boroetsana ke nako e thata bophelong. Ho ba moholo haholo—kapa ho ba monyenyane—haholo ho feta lithaka tsa hao ho ka thatafatsa nako ena le ho feta. Esita le haeba u etsa boiteko bo matla ba ho fetola lintho, ha ho na ho hongata hoo u ka ho etsang ka khōlo ea hao ea ’mele. Empa u ka sebetsa ka thata khōlong ea hao ea moea. ’Me haeba u etsa joalo, joaloka Samuele e monyenyane oa mehleng ea Bibele, u tla hōla ‘u ntse u khahlisa Jehova le batho.’—1 Samuele 2:26.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a A mang a mabitso a fetotsoe.

b Bakeng sa litlhahiso tse eketsehileng mabapi le ho sebetsana le ho tlokoa bona Khaolo 19 ea buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Hangata bacha ba balelele ke bahlaseluoa ba mesoaso e mebe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela