Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 2/8 leq. 32
  • Li Etsa Hore a Lule a E-na le Tsebo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Li Etsa Hore a Lule a E-na le Tsebo
  • Tsoha!—1995
Tsoha!—1995
g95 2/8 leq. 32

Li Etsa Hore a Lule a E-na le Tsebo

’Mali oa Ohio, U.S.A., o ngotse: “Ke lakatsa feela ho le tsebisa kamoo ke ananelang limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! kateng. Ka sebele lia ipabola.” O hlalositse kamoo ho li bala ha hae ho mo etsang hore a lule a e-na le tsebo.

O ngotse: “Ke tsoile sekolong se phahameng pele ke qeta lilemong tse 13 tse fetileng. Haufinyane tjena, ’muso o ile oa batla hore ke ngole tlhahlobo e lekanang le ea sekolo se phahameng, e tsebahalang hamolemonyana e le tlhahlobo ea GED (General Educational Development [Ntšetso-pele Thutong e Akaretsang]). E le ho itokisetsa tlhahlobo ena ke ile ka lokela ho ba teng litlelaseng. Ka tloaelo, haeba motho a sebetsa hantle litlelaseng tsena nakong e nyenyane ea likhoeli tse tšeletseng, a ka ngola tlhahlobo ea GED. Leha ho le joalo, ’na ke ne ke se ke loketse ho e ngola nakong ea libeke tse ’nè, ’me ke ile ka fumana limaraka tse holimo haholo.

“Lebaka? Hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe tlhahlobong—saense, thuto ea maemo a bophelo, le tse ling tse joalo—li ne li tšohliloe ka tsela ena kapa eane litokollong tse fetileng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ka feela ho bala limakasine tsena, tsebo ea ka ea ho bala, ho peleta le mokhoa oa ho ngola matšoao li ile tsa chorisoa. Haele hantle, ha ho le e ’ngoe ea lithuto tsena eo ke ileng ka ithuta eona. Litlelase tseo ke ileng ka li kena li nthusitse feela ho leotsa tsebo ea ka ea lipalo.”

Haeba u lakatsa ho ba le boitsebiso ba kamoo u ka fumanang kopi ea Molula-Qhooa le Tsoha! kapa u lakatsa ho ba le thuto e sa lefelloeng ea Bibele, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela