Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 12/8 maq. 24-26
  • Mafika A Fofang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mafika A Fofang
  • Tsoha!—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Polanete e Nang le Bophelo
    Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?
  • Na Koluoa ea Bokahohle e Tla Felisa Lefatše la Rōna?
    Tsoha!—1998
  • Kamoo ho Bileng le Setsi sa Rōna se Ikhethang sa Potoloho ea Lipolanete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lintho Tse Matla Tse Sireletsang Lefatše
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 12/8 maq. 24-26

Mafika A Fofang

NA U kile ua bona mochochonono o chalametsang o entse lelakabe ho khaohanya leholimo bosiung bo hlakileng? E ka ’na eaba haufinyane u tla bona o mong. Ho ea ka litsebi tsa saense mello ena ea tlhaho e latela litselana tsa eona tse khaohanyang sepaka-paka se ka holim’a lefatše ka makhetlo a ka bang 200-000 000 letsatsi le leng le le leng!

Ke eng? Empa e le feela ntho e kang majoe kapa tšepe e ipōpileng e tsebahalang e le li-meteoroid tse bonesoang hore li be tšoeu ke mocheso ha li hlahella tikolohong ea lefatše. Motoa o salang o khanya oa leseli o khaohanyang leholimo ha o talingoa ho tloha lefatšeng o tsebahala e le meteor.

Boholo ba li-meteoroid bo cha ka ho feletseng pele li fihla lefatšeng, empa tse ling li pholoha mochesong o matla haholo ’me li fihla lefatšeng. Tsena li tsebahala e le li-meteorite. Litsebi tse ling tsa saense li hakanya hore letsatsi le leng le le leng lithane tse ka bang 1 000 tsa lefika lena le fofang li bokellana lefatšeng.a

Ke seoelo ho soahlamana hona ho bang kotsi ho batho, haholo-holo ka lebaka la sebōpeho se batlang se le senyenyane sa mafika ana a fofang. Ha e le hantle, boholo ba li-meteor bo bakoa ke li-meteorite tse sa feteng thollo ea lehlabathe ka boholo. (Bona lebokose, “Mafika a Tsoang Sepaka-pakeng se Kantle.”) Empa ho thoe’ng ka likete-kete tsa mafika a maholoanyane a fofang sepaka-pakeng? Nka mohlala ka le tsebahalang e le Ceres, le bophara ba lik’hilomithara tse 1 000! ’Me ho boetse ho na le mafika a mang a ka bang 30 a tsejoang a bophara ba lik’hilomithara tse 190. Ha e le hantle mafika ana a maholoanyane ke lipolanete tse nyenyane. Litsebi tsa saense li a bitsa li-asteroid.

Ho thoe’ng hoja e ’ngoe ea li-asteroid tsena e ne e ka oela lefatšeng? Tšokelo ena e totobetseng ke lebaka la bohlokoa leo litsebi tsa saense li ithutang li-asteroid. Le hoja boholo ba li-asteroid bo potoloha sebakeng se lipakeng tsa Mars le Jupiter, ha e le hantle tse ling li ile tsa behoa leihlo ke litsebi tsa linaleli ha li tšela litselaneng tsa lefatše. Tšokelo ea ho thulana e matlafatsoa ke boteng ba mehohlo e meholohali joaloka Meteor Crater (eo hape e tsebahalang e le Barringer Crater) haufi le Flagstaff, Arizona, U.S.A. E ’ngoe ea likhopolo tse mabapi le ho fela ha li-dinosaur ke hore ho thulana ho hoholo ho ile ha fetola tikoloho ’me ha baka nako e eketsehileng ea boemo ba leholimo bo batang lefatšeng boo ho bona li-dinosaur li neng li ke ke tsa phela.

Kajeno ho thulana ho joalo ho kotsi ho ka ’na ha timetsa moloko oa batho. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore “ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Likhakanyo lia fapana.

[Lebokose le leqepheng la 24]

Khanare ea Mollo Theiping ea Video

Li-meteor tse ling li khōlō ebile li khanya ka ho sa tloaelehang. Li tsebahala e le likhanare tsa mollo. Ka la 9 October, 1992, khanare ea mollo e bontšitsoeng fotong e ka holimo e ile ea etsa motoa sepaka-pakeng se holim’a litereke tse ngatanyana tsa United States. Khanare ea mollo e ile ea bonoa pele holim’a West Virginia ’me ea hlahella sebakeng se boholo ba lik’hilomithara tse 700. Lekumane le leng le ka bang boima ba lik’hilograma tse 12, le ile la oela holim’a koloi e pakiloeng Peekskill, New York.

Ho ikhethang ka ketsahalo ena ke hobane ka lebaka la sekhutlo seo meteoroid e keneng sebakeng ka sona, khanare e khanyang haholo e ile ea hlahisoa ’me ea tšoarella ho feta metsotsoana e 40. Sena se ile sa fana ka monyetla o neng o sa lebelloa oa ho e rekota videong bonyane ho tloha libakeng tse 14 tse fapaneng moo e neng e bonoa. Ho ea ka makasine ea Nature, “tsena ke litšoantšo tsa pele tse tsamaeang tsa khanare tseo meteorite e ileng ea boela e fumanoa ho tsona.”

Khanare eo e ile ea qhetsoha ho etsa bonyane makumane a 70, ao litheiping tse ling tsa video a hlahang a le joaloka likulo tse hlenneng ke mocheso. Le hoja ho ile ha fumanoa meteorite o le mong feela, litsebi tsa saense li lumela hore lekumane le le leng kapa a mang a fetang e ka ’na eaba a ile a phunyeletsa tikolohong ea lefatše a ba a thula fatše. Seo ke sohle se ka ’nang sa sala ho meteoroid e khōlō eo pele e neng e le boima ba lithane tse 20.

[Lebokose le leqepheng la 25]

Mafika a Tsoang Sepaka-pakeng se Kantle

Asteroid: E boetse e tsebahala e le planetoid kapa lipolanete tse sa reng letho. Lipolanete tsena tse nyenyane ka ho fetisisa li potoloha letsatsi. Tse ngata li na le libōpeho tse sa tšoaneng e leng tse ka ’nang tsa bontša hore ke makumane a lintho tse khōloanyane.

Meteoroid: Ke ntho e batlang e le nyenyane e ipōpileng e kang tšepe kapa lefika e phaphametseng sepaka-pakeng kapa e oang ho phunyeletsa sepaka-paka. Litsebi tse ling tsa saense li nahana hore boholo ba li-meteoroid ke likaroloana tse tsoang ho li-asteroid tse hlahisitsoeng ke ho thulana kapa ke makumane a tsoang mechochononong e seng e timme.

Meteor: Ha meteoroid e phunyeletsa sepaka-pakeng sa lefatše, khohlano e bang teng moeeng e hlahisa mocheso o matla haholo le khanare. Mophula ona oa likhase tse tukang o bonahala ka nakoana e le motoa oa khanya sepaka-pakeng. Motoa oo oa khanya o tsebahala e le meteor. Ba bangata ba o bitsa mochochonono kapa naleli e oang. Li-meteor tse ngata li qala ho bonahala ha li le hoo e ka bang lik’hilomithara tse 100 ka holim’a lefatše.

Meteorite: Ka linako tse ling meteoroid e khōlō haholo hoo e fihlang tikolohong ea rōna e sa cha ka ho feletseng, ’me ebe e oela lefatšeng. Meteorite ke lentsoe le sebelisoang bakeng sa meteoroid e joalo. Tse ling li ka ba khōlō haholo le ho ba boima. Meteorite e ’ngoe Namibia, Afrika, e boima bo fetang lithane tse 60. Li-meteorite tse ling tse khōlō tse boima ba lithane tse 15 kapa ho feta li ile tsa fumanoa Greenland, Mexico le United States.

[Lebokose le leqepheng la 25]

Ida le Lelinyane la Eona la Khoeli

Ha se ntse se nka lifoto tsa polanete e nyenyane e bitsoang Ida, sefofa-sebakeng sa Galileo, ha se le tseleng ea sona e eang ho Jupiter, se ile sa etsa tšibollo e sa lebelloang—bopaki ba pele ba khoeli e potolohang asteroid. Joalokaha ho ile ha tlalehoa ho Sky and Telescope, litsebi tsa saense li hakanya hore khoeli ena e nang le sebōpeho se kang lehe, e bitsoang Dactyl, e bolelele ba lik’hilomithara tse 1,6 le bophara ba tse 1,2. Tselana eo e potolohang ho eona e ka ba bophara ba lik’hilomithara tse 100 ho tloha bohareng ba asteroid ea Ida, e bolelele ba lik’hilomithara tse 56 le bophara ba tse 21. Litšobotsi tsa ’mala oa tsona o benyang li bontša hore ka bobeli Ida le khoeli ea eona e nyenyane ke karolo ea Koronis e oelang sehlopheng sa lipolanete tse nyenyane, tseo ho nahanoang hore ke makumane a lefika le le leng, le leholo le ileng la pshatloa ke ho thulana ho bileng teng sepaka-pakeng.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

NASA photo/JPL

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Meteor Crater, haufi le Flagstaff, Arizona, U.S.A. e bophara ba limithara tse 1 200 ’me e botebo ba limithara tse 200

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo by D. J. Roddy and K. Zeller, U.S. Geological Survey

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

Sara Eichmiller Ruck

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela