Kamoo ho Bileng le Setsi sa Rōna se Ikhethang sa Potoloho ea Lipolanete
HO NA le lintho tse ngata tse sebelisanang hore sebaka seo setsi sa rōna sa potoloho ea lipolanete se leng ho sona bokahohleng e be se ikhethang. Setsi sa rōna sa potoloho ea lipolanete se lipakeng tsa liqhoqho tse peli tse ikharileng tsa sehlopha sa rōna sa linaleli sa Milky Way moo ho nang le linaleli tse seng kae. Hoo e ka bang linaleli tsohle tseo re li bonang ha e le bosiu, li hōle le rōna hoo e leng mathebanyana feela a khanya ha li shejoa ka libonela-hōle tse khōlōhali. Na ho loketse hore ebe setsi sa rōna sa potoloho ea lipolanete se moo?
Haeba setsi sa rōna sa potoloho ea lipolanete se ne se atamelane haholo le bohare ba sehlopha sa linaleli sa Milky Way, re ne re tla ba kotsing ea ho ba har’a sepenya sa linaleli. Ka mohlala, ho potoloha ha lefatše ho ne ho ka ’na ha ferekana, ’me sena se ne se tla ama bophelo ba batho haholo. Kamoo ho leng kateng, ho bonahala setsi sa potoloho ea lipolanete se le sebakeng se nepahetseng hantle sehlopheng sena sa linaleli, e le hore lefatše le qobe kotsi ena le tse ling, tse kang ho chesa ka mokhoa o feteletseng ha le feta har’a meea e kotsi, le hore le se ke la pepesetsoa linaleli tse phatlohang hammoho le lintho tse ling tse ntšang mahlaseli a kotsi.
Letsatsi ke naleli e loketseng litlhoko tsa rōna hantle. Le tuka le sa khaotse, ha le fele, ha le leholo ho tlōla ebile ha le chese ho tlōla. Linaleli tse ngata tsa sehlopha sa rōna sa linaleli li nyenyane ho feta letsatsi ’me ha li na khanya e lekaneng kapa mocheso o lekaneng hore ho be le bophelo polaneteng e kang lefatše. Ntle ho moo, linaleli tse ngata li hokahantsoe le tse ling ke matla a khoheli a khoeli, ’me lia potolohana. Ha ho bapisoa, letsatsi la rōna lona le ikemetse. Ha ho bonahale eka setsi sa rōna sa potoloho ea lipolanete se ne se ka tsitsa haeba se ne se hoheloa ke matsatsi a mabeli kapa ho feta.
Ntlha e ’ngoe e etsang hore setsi sa rōna sa potoloho ea lipolanete e be se ikhethang, ke sebaka seo lipolanete tse ka ntle tse khōlō tse potolohang litselaneng tsa tsona li leng ho sona empa matla a tsona a khoheli a sa bake pherekano ka ho hohela lipolanete tse ka hare tse batlang li tšoana le lefatše.a Ho e-na le hoo, lipolanete tsena tse ka ntle li sireletsa tse nyenyane ka ho monya le ho faposa lintho tse kotsi. Bo-rasaense Peter D. Ward le Donald Brownlee ba hlalosa se latelang bukeng ea bona e bitsoang Rare Earth—Why Complex Life Is Uncommon in the Universe: “Linaletsana le mechochonono ha li oele lefatšeng ka bongata ka hobane re potolohiloe ke lipolanete tse khōlō tse tletseng meea tse kang Jupitere.” Ho ’nile ha sibolloa litsi tse ling tsa litonanahali tsa potoloho ea lipolanete tse tšoanang le sa rōna. Empa boholo ba lipolanete tsena tsa litonanahali bo litselaneng tseo ho tsona li neng li ka lematsa polanete e nyenyane joaloka lefatše.
Mosebetsi oa Khoeli
Ho tloha mehleng ea khale, khoeli e ’nile ea hlolla batho. E susumelitse liroki le libini. Ka mohlala, seroki se seng sa boholo-holo sa Moheberu se hlalosa hore khoeli “e tla tiisoa ka thata . . . ho isa nakong e sa lekanyetsoang, le joaloka paki e tšepahalang maholimong.”—Pesaleme ea 89:37.
Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo khoeli e amang bophelo ka eona lefatšeng, ke ka matla a eona a khoheli a etsang hore metsi a leoatle a phahame le ho phalla ka tsela e sa tšoaneng. Litsebi li nahana hore ho phahama le ho kokobela ha metsi a leoatle ho bohlokoa bakeng sa ho phalla ha metsi a leoatle, ’me ke habohlokoa boemong ba rōna ba leholimo.
Morero o mong oa bohlokoahali oo khoeli ea rōna e o phethang ke oa hore matla a eona a khoheli a tsitsisa lefatše bohareng ba tselana eo le tsamaeang ho eona ha le ntse le potoloha letsatsi. Ho ea ka makasine ea saense e bitsoang Nature, ha khoeli e ne e se teng, tsela eo lefatše le sekamang ka eona ha le potoloha letsatsi e ne e tla fetoha ka mor’a nako e telele ho tloha mehatong “e ka etsang 0 ho isa ho e 85.” Nahana hore na ho ne ho tla ba joang haeba tselana eo lefatše le tsamaeang ka eona e ne e sa sekama! Re ne re sa tl’o ba le linako tse khathollang tsa selemo ebile re ne re tla haelloa ke pula. Ho sekama ha lefatše ho boetse ho thibela maemo a mocheso le mohatsela hore e se ke ea e-ba a feteletseng hoo a re sitisang ho phela. Setsebi sa linaleli Jacques Laskar se phetha ka ho re: “Ho tsitsa ha boemo ba rōna ba leholimo ba hona joale ho itšetlehile ka boteng ba Khoeli.” Khoeli ea rōna e phetha mosebetsi oa eona hobane ha e bapisoa le Lefatše la rōna, e khōlō ho feta likhoeli tsa lipolanete tse khōlō ha li bapisoa le lipolanete tsa tsona.
Empa mosebetsi o mong oa khoeli ea rōna, kamoo ho ileng ha bolela mongoli oa buka ea boholo-holo ea Bibele ea Genese, ke hore khoeli ea khantša bosiu.—Genese 1:16.
Li Etsahetse ka Tsietsi Kapa ka Morero?
Ebe motho a ka hlalosa joang lintho tsee tse ngata tse etsahalang ka nako e le ’ngoe tse etsang hore bophelo bo be teng lefatšeng le hore bo be monate? Ho bonahala eka ho na le litlhaloso tse peli feela. Ea pele ke hore liketsahalo tsena tsohle li hlahile feela ka tsietsi eseng ka morero. Ea bobeli ke hore ho na le matla a mang a bohlale le a nang le morero a li laolang.
Lilemong tse likete-kete tse fetileng, Mangolo a Halalelang a ile a bolela hore bokahohleng ba rōna bo ile ba qaptjoa ba ba ba etsoa ke ’Mōpi, Molimo Ea Matla ’Ohle. Haeba sena ke ’nete, ho bolela hore maemo a etsahalang setsing sa rōna sa potoloho ea lipolanete a qapiloe ka morero, hase ntho e etsahetseng ka tsietsi. Ka mantsoe a mang, re ka ’na ra re ’Mōpi o re etselitse tlaleho ea mehato eo a ileng a e nka hore ho be le bophelo lefatšeng. U ka ’na ua makala ho tseba hore le hoja tlaleho ena e e-na le lilemo tse 3 500, liketsahalo tsa histori ea bokahohle tse hlalositsoeng ho eona li lumellana haholo le seo bo-rasaense ba lumelang hore e tlameha ebe se etsahetse. Tlaleho ena e ka bukeng ea Bibele ea Genese. Nahana ka seo e se bolelang.
Tlaleho ea Genese ea Pōpo
“Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Mantsoe a qalang a Bibele a bua ka ho bōptjoa ha setsi sa rōna sa potoloho ea lipolanete, se akarelletsang polanete ea rōna, le ho bōptjoa ha linaleli tse sepakapakeng sa rōna tse lihlopheng tsa linaleli tse likete tsa limilione. Ho ea ka Bibele, ka nako e ’ngoe lefatše “le ne le se na sebōpeho ebile le se na letho.” Ho ne ho se na lik’honthinente le naha e behang. Empa mantsoe a latelang a hatisa seo bo-rasaense ba se bolelang ha ba re metsi a mangata ke ntho e ka sehloohong e hlokahalang polaneteng e nang le bophelo. Moea oa Molimo o ne o “e-ea koana le koana ka holim’a metsi.”—Genese 1:2.
E le hore metsi a se ke a hoama, polanete eo a leng ho eona e lokela ho ba hōle le letsatsi ka tekanyo e nepahetseng. Andrew Ingersoll, setsebi sa saense ea lipolanete, o hlalosa hore “Mars e bata haholo, Venus e chesa haholo, Lefatše lona le nepahetse hantle.” Ka tsela e tšoanang, e le hore limela li hōle, ho hlokahala khanya e lekaneng. Ke ntlha ea bohlokoa hore ebe tlaleho ea Bibele e bolela hore nakong ea ha ho ne ho qaloa pōpo, Molimo o ile a etsa hore khanya ea letsatsi e phunyeletse mouoane o teteaneng o neng o apesitse leoatle joaloka ‘lesela . . . le phuthetseng’ lesea.—Jobo 38:4, 9; Genese 1:3-5.
Litemaneng tse latelang tsa buka ea Genese, re bala hore ’Mōpi o ile a hlahisa seo Bibele e reng ke “sepakapaka.” (Genese 1:6-8) Sepakapaka sena se tletse meea e etsang tikoloho ea lefatše.
Bibele e hlalosa hore Molimo o ile a fetola karolo ea lefatše e neng e se na sebōpeho hore e be mobu o omileng. (Genese 1:9, 10) Ho bonahala eka o ile a etsa hore lehoho le neng le koahetse lefatše le kobehe ’me le sisinyehe. Ka lebaka leo, ho ka ’na ha etsahala hore ebe ho ile ha hlaha liforo tse tebileng eaba lik’honthinente li hlahella ka holimo ho leoatle.—Pesaleme ea 104:6-8.
Nakong e fetileng e sa boleloang ka ho toba, Molimo o ile a etsa bolele bo sa bonahaleng ka maoatleng. Bolele bona bo ikatisang bo nang le sele e le ’ngoe feela, bo ile ba sebelisa matla a letsatsi ho fetola carbon dioxide lijo ha bo ntse bo ntšetsa oksijene sepakapakeng. Tšebetso ena e ile ea potlakisoa letsatsing la boraro la pōpo ha ho ne ho etsoa limela tse ileng tsa qetella li tletse lefatšeng le omileng. Kahoo, oksijene e ile ea eketseha sepakapakeng, ’me e ne e tla etsa hore motho le liphoofolo ba phele ka ho phefumoloha.—Genese 1:11, 12.
E le hore lefatše le hlahise limela, ’Mōpi o ile a etsa hore likokoanyana tsa mefuta-futa tse sa bonahaleng li phele mobung. (Jeremia 51:15) Libōpuoa tsena tse nyenyane li putisa lintho tse shoeleng, ebe li li etsa metsoako e hōlisang limela. Libaktheria tsa mobu tsa mefuta e khethehileng li nka naetrojene moeeng ’me li fepa limela ka motsoako ona oa bohlokoa hore li hōle. Hoa hlolla hore ebe mobu o nonneng, o lekanang seatla, o ka ba le likokoanyana tsena tse sa bonahaleng tse ka bang limilione tse sekete!
Genese 1:14-19 e hlalosa kamoo ho ileng ha etsoa letsatsi, khoeli le linaleli kateng letsatsing la bone la pōpo. Ha motho a sa nahane taba ena ka botebo, ho ka bonahala sena se hanyetsa tlhaloso ea Mangolo e boletsoeng pele. Leha ho le joalo, u hopole hore Moshe, mongoli oa buka ea Genese, o ngotse tlaleho ea pōpo joalokaha eka ho ne ho e-na le motho oa lefatšeng ea neng a shebelletse. Ho bonahala eka, letsatsi, khoeli le linaleli li ile tsa qala ho bonahala lefatšeng ka nako eo.
Tlaleho ea Genese e bolela hore libōpuoa tsa leoatle li ile tsa bōptjoa ka letsatsi la bohlano la pōpo ’me ka letsatsi la botšelela, ha bōptjoa liphoofolo tsa lefatšeng le motho.—Genese 1:20-31.
Molimo o ne a Batla Hore Batho ba Thabele Bophelo Lefatšeng
Joalokaha tlaleho ea Genese e hlalosa hore na bophelo bo bile teng joang lefatšeng, na ha u bone eka bo ne bo etselitsoe hore bo thabeloe? Na u kile ua tsoha le sele hamonate, eaba u hema moea o hloekileng, ’me ua thaba hore ebe ua phela? Mohlomong u ile ua otlolla maoto serapeng se itseng eaba u thabela lipalesa tse ntle, tse nkhang hamonate. Kapa mohlomong u ile ua tsamaea serapeng sa lifate tsa litholoana eaba u kha litholoana tse monate haholo. Lintho tsena re ne re ke ke ra li thabela hoja e ne e se ka lebaka la: (1) metsi a mangata a lefatše, (2) mocheso o lekaneng le khanya e lekaneng ea letsatsi, (3) sepakapaka sa rōna se nang le meea e tsoakaneng ka nepo, le (4) mobu o nonneng.
Lintho tsena kaofela—tse sieo ho Mars, Venus, le lipolanete tse ling tse setsing sa rōna sa potoloho ea lipolanete, ha lia ba teng ka tsietsi feela. Li ile tsa etsoa ka bokhabane e le hore bophelo bo be monate lefatšeng. Joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša, Bibele e boetse e bolela hore ’Mōpi o entse hore polanete ena ea rōna e ntle e be teng ka ho sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipolanete tsa rōna tse ’nè tsa setsi sa rōna sa potoloho ea lipolanete—e leng Mercury, Venus, Lefatše le Mars—li bitsoa mafatše hobane li na le majoe. Lipolanete tse khōlō tse ka ntle—e leng Jupitere, Saturn, Uranus le Neptune—boholo ba tsona ke moea.
[Lebokose le leqepheng la 6]
“Haeba ho ne ho ka etsahala hore ke bitsoe joaloka setsebi sa thuto ea mafika hore ke hlalosetse batho ba sa rutehang, ba alosang mehlape, ba kang meloko e ileng ea ngolloa Buka ea Genese, hore na ka bokhutšoanyane maikutlo a rōna a morao-rao ke afe ka tšimoloho ea lefatše le khatelo-pele ea bophelo holim’a lona, ntho e molemo ka ho fetisisa eo ke neng ke tla e etsa ke ho latela haufi-ufi boholo ba se boletsoeng khaolong ea pele ea Genese.”—Wallace Pratt, setsebi sa thuto ea mafika.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
Li Sebakeng Se Loketseng Bakeng Sa Ho Ithuta Ka Linaleli
Haeba letsatsi le ne le le sebakeng se sele sehlopheng sa linaleli seo re leng ho sona, re ne re ke ke ra bona linaleli hantle joalokaha re li bona. Buka e bitsoang The Privileged Planet, e hlalosa hore, “Setsi sa rōna sa potoloho ea lipolanete se . . . hōle le libaka tse lerōle tse nang le khanya e hlahang ka mahohle, ’me sena se etsa hore [motho] a bone hantle linaleli tse haufi a be a bone le likarolo tse hōle tsa bokahohle.”
Ho feta moo, boholo ba khoeli le bolelele ba sebaka se pakeng tsa eona le lefatše, bo lekane hantle hore khoeli e sire letsatsi nakong eo e fetang pakeng tsa letsatsi le lefatše. Ketsahalo ena e tlang seoelo ebile e le e hlollang, e fa litsebi tsa linaleli monyetla oa ho ithuta letsatsi. Thuto ea mofuta ona e ’nile ea li thusa ho senola liphiri tse ngata tsa hore na ke eng e etsang hore linaleli li khanye.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Boima ba khoeli bo lekane ho etsa hore lefatše le sekame ka mokhoa o tsitsitseng tselaneng ea lona
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Ke eng e etsang hore ho be le bophelo lefatšeng? Ke metsi a lona a mangata, khanya e lekaneng le mocheso, sepakapaka le mobu o nonneng
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Globe: Based on NASA Photo; wheat: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.