Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 2/15 leq. 8
  • Mpho ea ka ho sa Feleng e Tsoang ho ’Mōpi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mpho ea ka ho sa Feleng e Tsoang ho ’Mōpi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Tšepisa Hore Lefatše le Tla Lula le le Teng
    Tsoha!—2023
  • Na Batho ba Tla Senya Lefatše ka ho Feletseng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Na Lefatše le Tla Felisoa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Kamoo ho Bileng le Setsi sa Rōna se Ikhethang sa Potoloho ea Lipolanete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 2/15 leq. 8

Mpho ea ka ho sa Feleng e Tsoang ho ’Mōpi

NA HA u hlolloe ke hore ebe lintho tseo bo-rasaense ba lumelang hore lia hlokahala hore bophelo bo be teng polaneteng efe kapa efe li hlaha khaolong ea pele feela ea Bibele kapa li akarelletsoa ka ho toba ho eona? Ke lintho life?

Bophelo bo atleha ha ho e-na le metsi a mangata, joalokaha ho boletsoe ho Genese 1:2. Ho lokela hore ho be le mocheso o lekaneng le mohatsela o lekaneng hore metsi a se ke a hoama. Sena se hloka hore polanete e be hōle le letsatsi la eona ka tsela e lekaneng. Khafetsa tlaleho ea buka ea Genese e bua ka letsatsi le karolo ea lona lefatšeng.

E le hore batho ba lule polaneteng leha e le efe, ho hlokahala hore e be le sepakapaka se nang le motsoako oa meea e itseng. Ntlha ena ea bohlokoa e boleloa ho Genese 1:6-8. Limela tse hōlang tse hlalosoang ho Genese 1:11, 12, ke tsona tse etsang hore ho be le oksijene e ngata. Polanete eo ho eona ho ka phelang liphoofolo tsa mefuta-futa e hloka hore ho be le lik’honthinente tse nang le mobu o omileng, o behang, joalokaha ho hlalositsoe ho Genese 1:9-12. Qetellong, e le hore ho be le boemo ba leholimo bo loketseng, polanete e lokela ho sekama ka tekanyo e lekaneng ’me e se ke ea sutha sebakeng sa eona, ’me bakeng sa lefatše la rōna, karolo e ’ngoe ea mosebetsi ona e phethoa ke matla a khoheli a khoeli. Boteng ba khoeli le melemo e meng ea eona bo hlakisoa ho Genese 1:14, 16.

Ebe ha Moshe, mongoli oa boholo-holo, a ne a sa tsebe letho ka saense ea kajeno, o ile a khona joang hore a bue ka lintho tsee? Na ebe mohlomong Moshe o ne a mpa a e-na le kutloisiso e fetang ea batho ba mehleng ea hae? Karabo ke hore o ne a bululetsoe ke ’Mōpi oa maholimo le lefatše. Re lokela ho ela taba ena hloko ha re nahana kamoo tlaleho ea Genese e nepahetseng kateng litabeng tsa saense.

Bibele e tiisa hore limakatso tseo re li bonang hohle leholimong le lefatšeng li entsoe ka morero. Pesaleme ea 115:16 e re: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, empa lefatše o le file bara ba batho.” Pesaleme e ’ngoe e re: “O thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng; le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 104:5) Haeba bokahohle le polanete ea rōna e ntle bo qapiloe le ho etsoa ke ’Mōpi, ka sebele hoa utloahala ho lumela hore o bile o na le matla a ho bo boloka. Sena se bolela hore u ka lebella ka kholiseho hore tšepiso ena e hlollang e tla phethahala: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Ha e le hantle, Molimo ‘ha aa ka a bōpela lefatše lefeela,’ empa ‘o le etselitse hore le ahuoe’ ka ho sa feleng ke batho ba nang le teboho ba sa latoleng mesebetsi ea hae.—Esaia 45:18.

Ho ea ka Mangolo, Jesu o ile a tla lefatšeng ho tla re ruta ka Molimo le morero oa Hae oa ho fa batho ba mamelang bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16) Re kholisehile hore haufinyane Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše,” empa batho ba ratang khotso ba lichaba tsohle ba amohelang tokisetso ea hae ea topollo, ba tla pholoha. (Tšenolo 7:9, 14; 11:18) Bophelo bo tla ba monate hakaakang ha batho ba ntse ba sibolla limakatso tsa pōpo ea Molimo le ho e thabela ka ho sa feleng!—Moeklesia 3:11; Baroma 8:21.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]

NASA photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela