“Lenyalo la Moetlo” Ghana
KA MONGOLLI OA TSOHA! GHANA
LENYALO—lefatšeng lohle ba makholo a likete ba kena kamanong ena selemo le selemo. Ho tloaelehile hore ba etse joalo tumellanong le moetlo oa lenyalo o atileng moo ba phelang teng.
Lenyalo le tloaelehileng ka ho fetisisa Ghana ke le bitsoang lenyalo la moetlo. Lena le akarelletsa hore lelapa labo mohlankana le ntšetse moroetsana bohali. Batho ba nyalana ka lenyalo la moetlo karolong e khōlō ea Afrika le libakeng tse kang Hong Kong, Papua New Guinea, le Solomon Islands haesita le har’a Maindia a Goajiro ka leboea-bochabela Colombia le ka leboea-bophirimela Venezuela, ha re bolela tse seng kae feela.
Ho ntša bohali e ne e le tloaelo mehleng ea Bibele. (Genese 34:11, 12; 1 Samuele 18:25) Ho tšoana le mehleng ea boholo-holo, le hona joale ho utloisisoa hore bohali ke ho buseletsa batsoali ba ngoanana bakeng sa tahlehelo ea litšebeletso tsa hae, le bakeng sa nako, matla le litšenyehelo tsa ho mo ruta le ho mo hlokomela pele a nyaloa.
Boikarabelo ba Batsoali
Mehleng ea boholo-holo Ghana, bacha ba ne ba sa laetsane, ba sa ratane. Batsoali ba ne ba etsa litumellano tsa lenyalo bakeng sa bana ba bona ba baholo ka mor’a hore ba hlahlobisise bahlankana le baroetsana ba tikolohong ea habo bona, ba lilemong tsa lenyalo. Batsoali ba bang ba Ghana ba sa ntse ba etsa sena.
Batsoali ba moshemane ba talima litšobotsi tse kang botho ba ngoanana; botumo ba hae le ba lelapa labo; mafu a futsoang ao e ka ’nang eaba a teng lelapeng leo; ’me Lipaki tsa Jehova li talima le bomoea ba hae. Haeba ba khotsofetse, ka tloaelo batsoali ba moshemane ba ea ho batsoali ba ngoanana eo ebe ba kōpa mohope oa metsi.
Batsoali ba ngoanana joale ba hlahloba semelo sa moshemane le lelapa labo. Ho phaella lintlheng tse seng li boletsoe, ba talima hore na moshemane a ka tseba ho hlokomela mosali—na oa sebetsa kapa ha a sebetse? Haeba batsoali ba ngoanana ba khotsofetse, ba tsebisa batsoali ba moshemane ka seo, ’me batsoali ba kopanela ho etsa litokisetso tsa lenyalo, ka mor’a hore moshemane le ngoanana ba lumellane le seo.
Ke hobane’ng ha batsoali ba bang ba sa ntse ba ithoesa moroalo oa ho batlela bana ba bona ba baholo balekane? Mosali e mong oa India eo batsoali ba hae ba ileng ba lokisetsa lenyalo la hae o ile a re: “Mocha a ka tšoaneleha joang ho etsa qeto e boima hakaalo? Ho molemo haholo ho e tlohella bao lilemo tsa bona le phihlelo li etsang hore ba tšoanelehele ho tseba khetho e molemohali.” Lipolelo tsa hae li hlalosa maikutlo a Maafrika a mangata.
Leha ho le joalo, mehla ea fetoha Ghana. Ho laetsana le lefereho e ntse e e-ba tse ratehang haholoanyane. Ka mor’a ho ratana ka nako e itseng, moshemane le ngoanana ba tsebisa batsoali ba bona ka boikemisetso ba bona. Ka mor’a lipuisano pakeng tsa batsoali ba bona le ka mor’a hore batsoali ba ikhotsofatse hore baa tšoanelana, malapa a tsoela pele ka mokete oa molao oo ka lipuo tsa Ghana o tloaelehileng ka hore ke ho kokota monyako, monyako oa lenyalo.
Mokete oa ho Kokota Monyako
Batsoali ba moshemane le ba ngoanana ba tsebisa ba habo bona ka letsatsi le morero tsa ’moka. Ka mantsoe “ba habo bona,” ho boleloa litho tsa lelapa la Maafrika tse seng haufi tse akarelletsang bo-malome, bo-rangoane, bo-rakhali, bo-’mangoane, bo-motsoala, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba moshemane le ba ngoanana. Mohla monene, baemeli ba malapa ka bobeli baa bokana bakeng sa mokete oo. Mohlankana o ba teng ha a rata. Se latelang ke tlaleho e khutšoanyane ea se ileng sa etsahala moketeng o mong oa ho kokota monyako.
Moemeli oa ngoanana (MN): [A bua le baemeli ba mohlankana] Re tseba lebaka leo le tlileng ka lona, empa ho ea ka moetlo re sa ntsane re tla le botsa, Le behoa ke eng moo?
Moemeli oa moshemane (MM): Mora oa rōna Kwasi o ne a feta pel’a ntlo ea lōna eaba o bona palesa e ntle, joale o kōpa hore le mo lumelle ho e kha.
MN: [A imakatsa] Ha ho na palesa ntlong ena. Le ka inoesa ka nkho le lōna.
MM: Mora oa rōna ha aa fanya. Rea tiisa hore ho na le palesa e joalo e ntle ntlong ena. Lebitso la palesa eo ke Afi.
MN: Haeba ho joalo, palesa ena ke motho. Ke ’nete, Afi o lula mona.
MM: Re lakatsa ho kokota monyakong ona ’me re kōpe Afi hore a lumele ho nyaloa ke mora oa rōna Kwasi.
Ba habo moshemane joale ba fana ka lintho tse itseng, tse kang lino tsa mefuta-futa le chelete e itseng. Hore na ho tla fanoa ka lintho tsa mofuta ofe, tse kae, ho itšetleha ka hore na ke ba morabe ofe. Mokete ona o batla o tšoana le tebeletsano ea batho ba Bophirimela, ’me mabakeng a mang ho batloa reng ea tebeletsano.
Moemeli oa moroetsana joale o mo botsa ka pel’a bohle ba shebeletseng hore na lintho tse tlisitsoeng li ka amoheloa kapa che. Ha a lumela, bohle ba teng ke lipaki tsa hore o amohela lenyalo leo. Ho lumellanoa ka letsatsi le loketseng malapa ao ka bobeli bakeng sa mokete oa lenyalo. Mokete o phethoa ka lijonyana tse hlapholang.
Mokete oa Lenyalo
Lenane la batho ba bokanang habo ngoanana kapa ha moemeli ea khethetsoeng ho ntšoa ha bohali, e leng ketsahalo e bontšang ho tiisoa ha lenyalo, ka tloaelo le feta lenane la ba bang teng moketeng oa ho kokota monyako. Lebaka ke hobane joale metsoalle e mengata e teng.
Moea ke oa thabo. Bahlankana le baroetsana ba laba-labela ho bona thepa ea bohali. Empa moea oa thabo oa fela ha ba habo moroetsana ba belaela ka hore thepa ea bohali ha ea fella. Bamameli ba bang ba feha matšoafo ha ho bonahala eka ba habo moroetsana ba hana ho inehela. Moemeli oa moshemane o qekisa ba habo moroetsana hore ba be le mohau. Matšoafo aa kokobela ha ba habo ngoanana ba nolofala. Moea oa thabo oa khutla. Joale ke monyaka ’me ho feptjoa lijonyana tse hlapholang.
Ho qalisa mokete oa lenyalo, moemeli oa moroetsana o thōlisa batho ’me o amohela bohle. O botsa moemeli oa mohlankana morero oa ho tla ha bona. Moemeli oa mohlankana o bolela lebaka leo ba tlileng ka lona, a hopotsa ’moka hore ho se ho ile ha kokotoa monyako le hore ho se ho fanoe ka tumello ea ho kena.
Moemeli ka mong malapeng ana o tsebisa ’moka litho tse haufi tsa lelapa, ho kopanyelletsa le ea fanang ka moroetsana hammoho le ea nyalisang mohlankana. Mokete o tsoela pele.
MN: [A bua le baemeli ba mohlankana] Re kōpa hore le ntše thepa ea bohali eo re e kōpileng.
Moemeli oa moroetsana o lokolisa thepa ea bohali e le hore bohle ba ka netefatsa hore e teng. Haeba baemeli ba moshemane ba ikutloa hore ba habo moroetsana ba phahamisitse sekepele sa bona haholo, ba rarolla khang moo ba leng bang pele ho letsatsi la lenyalo. Leha ho le joalo, haeba ba bang ba habo moroetsana ba hana ho fetola maikutlo, ba habo mohlankana ba tla moketeng ba itokiselitse ho tla buella hore ho fokotsoe lintho leha e le life tse eketsehileng. Ho sa tsotellehe hore na motho o phela kae, thepa ea sehlooho ea bohali—ebang e phahame ka theko kapa e tlaase—e tlameha ho ntšoa kaofela.
Malapa a mang a thathamisa lintho tse kang lino, liaparo, lifaha, masale le lintho tse ling tsa basali. Ghana leboea, bohali bo ka ’na ba akarelletsa letsoai, matokomane a kola, khaka, linku haesita le likhomo. Kamehla ho ba le chelete e itseng eo e leng karolo ea bohali.
Ha lipuisano li ntse li tsoela pele, moroetsana ha a be teng empa o ba thōkonyana, a shebeletse. Mohlankana o ba teng ha a rata. Ka hona, motho ea lulang hōle a ka lumella batsoali ba hae hore ba etse litumellano tsa lenyalo lebitsong la hae. Leha ho le joalo, ketsahalong e hlalositsoeng mona, mohlankana o teng. Joale ke nako ea hore lelapa labo le etse kōpo ea lona.
MM: Re phethile tsohle tse hlokahalang, empa ha re e-s’o bone ngoetsi ea rōna.
Moketeng oa lenyalo hase moo lintho li nkoang ka botebo ka ho feteletseng; e boetse ke nako ea boithabiso. Batsoali ba ngoanana joale ba arabela kōpo ea ba habo moshemane ea ho bona moroetsana.
MN: Re lakatsa eka moroetsana a ka be a le teng mona. Ka bomalimabe, o etetse mose ’me ha re na liphasepoto kapa livisa tsa ho ea mo lata.
E mong le e mong oa tseba hore na seo se bolela’ng. Hang-hang, ba habo mohlankana ba fana ka chelete e itseng—chelete leha e le efe eo mohlankana a ka e khonang—’me ka ho panya ha leihlo! liphasepoto le livisa tsa papali li se li lokile. ’Me moroetsana o se a khutlile leetong la hae!
Hore monate o loeele, merabe e meng e lokisetsa metsoalle ea moroetsana hore e iketse eka ke eena. Letšoele le hana e mong le e mong ea iketsang eka ke eena ho fihlela ho hlahisoa moroetsana ea nepahetseng, har’a litlatse tse khōlō. Joale moemeli oa hae oa mo bitsa hore a tl’o sheba thepa e fapa-fapaneng ea bohali ba hae. Oa botsoa hore na ho ka amoheloa seo mohlankana a se tlisitseng. E mong le e mong oa shashabana ha ho emetsoe karabo. Banana ba bang ba lihlong empa ba bang ba sebete, empa kamehla karabo ke e, e lateloang ke litlatse tse khōlō.
Haeba mohlankana a le teng, ba habo moroetsana ba kōpa ho mo tseba. Monyaka o tsoela pele ntle ho tšitiso haeba ho lokiselitsoe hore e mong oa metsoalle ea hae a iketse eka ke eena. Motsoalle oa hae o ema ka makōkō ’ohle, empa kapele-pele ba mo qhelela ka thōko ka lerata.
Ba habo moroetsana ba kōpa ho bona mokhoenyana oa bona. Mohlankana ea nepahetseng joale oa ema, a ntse a bobotheha ke thabo. Ba habo moroetsana ba mo lumella hore a ee ho monna oa hae, ea mo roesang reng haeba e ne e thathamisitsoe thepeng ea bohali. Reng ke ntho e ncha e nkiloeng mekhoeng ea Bophirimela. Moroetsana le eena o roesa mohlankana reng. Hohle ho utloahala thabo le mantsoe a ho ba lebohela. Molemong oa ho fokotsa mathata le litšenyehelo, ba bang hona joale ba etsa mokete oa ho kokota monyako le lenyalo ka letsatsi le le leng.
Joale litho tse nang le phihlelo tsa malapa ka bobeli le ba bang, li laea banyalani ba bacha hore na ba ka etsa joang hore lenyalo la bona le atlehe ho fihlela ba aroloa ke lefu. Ho qetella letsatsi hamonate, ho feptjoa lijonyana tse hlapholang.
Mokete oa lenyalo o felile! Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, batho ba Ghana ba talima bao ba babeli ba nyalane ka molao. Haeba ka lebaka le itseng ba bang ba ka sehloohong habo moroetsana ba ile ba sitoa ho ba teng moketeng, ba romelloa lino tse ling tseo ho nyetsoeng ka tsona ho tiisa hore lenyalo le phethahetse. Haeba banyalani e le Lipaki tsa Jehova, maemong a mang Lipaki li lokisetsa hore joale ho fanoe ka puo ea Bibele e felehetsoang ka lijonyana tse hlapholang ka mor’a moo.
Ghana banyalani ba bang ba ba le tšebeletso ea lenyalo la mofuta oa Bophirimela, leo mona le bitsoang lenyalo la molao kapa lenyalo le laeloang ke molao. Lena ho ka kenoa tumellanong ea lona ka tumello ea batsoali kapa ntle ho eona hafeela ba babeli ba le lilemong. Lenyalong la moetlo, tumello ea batsoali ea tlama.
Lenyalong la molao, banyalani ba nka likano tsa lenyalo. Empa ha ho na likano manyalong a moetlo. ’Muso o hloka hore manyalo ’ohle a moetlo a ngolisoe, ’me Lipaki tsa Jehova li sebetsa tumellanong le sena. (Baroma 13:1) Joale ho fanoa ka lengolo la ngoliso.
Ho tloha mehleng ea khale ho fihlela ha Gold Coast, Ghana ea kajeno, e e-ba kolone ea Brithani, ho ne ho e-na le lenyalo la moetlo feela naheng eo. Eaba Mabrithani a kenya lenyalo la mokhoa oa Bophirimela bakeng sa baahi ba ’ona ba neng ba phela moo. Batala ba naha ena le bona ba ile ba lumelloa ho kena tumellanong ea lenyalo la mofuta ona, ’me ka lilemo tse ngata joale lenyalo la mokhoa oa Bophirimela le la moetlo a ’nile a tsoela pele hammoho. Ke manyalo a molao ka bobeli Ghana ’me kahoo aa amoheleha ho Lipaki tsa Jehova. Ho ho batho ka bomong ho khetha hore na ba batla lefe.
Linaheng tse ling tsa Afrika, ho hlokahala hore manyalo a moetlo a ngolisoe pele ba nyalanang ba ka nkoa ba nyalane ka molao. Leha ho le joalo, Ghana, joalokaha ho hlalositsoe ka holimo, lenyalo la moetlo lea amoheloa ka molao leha le sa ngolisoa, ho nkoa hore moroetsana le mohlankana ba nyalane ka molao ha ho phethiloe lenyalo la moetlo. Hamorao, lenyalo la moetlo le ngolisoa feela hore le kenngoe litlalehong.
Ka sebele lenyalo ke mpho e lerato eo Molimo a e fileng batho, e khethehileng eo le ’ona mangeloi a sa kang a e nehoa. (Luka 20:34-36) Ke kamano ea bohlokoa e tšoanelang ho bolokoa e hloekile tlotlisong ea Moqapi oa eona, Jehova Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ba roesana lireng