Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 3/8 maq. 16-20
  • Bibele ka Puo ea Bophelo ba Letsatsi le Leng le le Leng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele ka Puo ea Bophelo ba Letsatsi le Leng le le Leng
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Bafetoleli ba Neng ba Tlotlisa Molimo
  • Phetolelo e Halaletsang Lebitso la Molimo
  • Ho Nepahala le ho Hlaka
  • Ho Etsa Hore Lentsoe la Molimo le Fumanehe Lefatšeng ka Bophara
Tsoha!—1996
g96 3/8 maq. 16-20

Bibele ka Puo ea Bophelo ba Letsatsi le Leng le le Leng

By courtesy of the Director and University Librarian, The John Rylands University of Manchester

“HAEBA u lumela hore Bibele ke lentsoe la Molimo ho moloko oa batho, seo se bolela hore Molimo o buisana le rōna. . . . Haeba bolumeli ba hao bo ama bophelo ba hao bohle, joale puo [ea Bibele] e tlameha ho ba ea bophelo ba letsatsi le leng le le leng.” Setsebi Alan Duthie se ngotse joalo bukeng ea sona Bible Translations: And How to Choose Between Them.

Ba ratang Lentsoe la Molimo ba lumellana le seo ka pelo eohle. Ba lumela ka tieo hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Timothea 3:16) Ho hang Bibele hase buka ea lipolelo tsa bolumeli tse se nang moelelo tse fetiloeng ke nako. E-ea ‘phela ’me e fana ka matla,’ e fana ka litharollo tsa sebele mathateng a bophelo ba letsatsi le leng le le leng. (Baheberu 4:12) Leha ho le joalo, e le hore babali ba buka eo e halalelang ba ka e utloisisa le ho e sebelisa, e lokela ho ngoloa ka puo ea bophelo ba letsatsi le leng le le leng. Ha e le hantle, seo ho thoeng ke Testamente e Ncha se ile sa ngoloa, e seng ka Segerike sa boholo-holo se neng se sebelisoa ke bo-rafilosofi ba kang Plato, empa ka Segerike se tloaelehileng, sa letsatsi le leng le le leng se bitsoang Koine. E, Bibele e ile ea ngoloa e le hore e ka baloa le ho utloisisoa ke batho ba tloaelehileng.

Ho finyella sena, ho ’nile ha hlahisoa liphetolelo tse ngata tsa kajeno ka lipuo tse sa tšoaneng lilemong tsa morao tjena. Ka kakaretso phello e bile e molemo haholo. Ho entsoe hore Mangolo a fumanehe habonolo ho batho bohle. Leha ho le joalo, liphetolelo tse ngata ho tsena tse ncha li haelloa ka ho soabisang tabeng ea ho nepahala ho se nang leeme le tumellano. Ka mohlala, tse ling li na le tšekamelo ea ho pata lithuto tse hlakileng tsa Bibele mabapi le boemo ba bafu, ho khetholla soule ea motho, le lebitso la Molimo oa ’nete.

Ka hona ba ratang Lentsoe la Molimo ba amohela ho lokolloa ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Sesotho. Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsebisa ka ho lokolloa ha phetolelo ena ea kajeno Likopanong tsa Setereke tsa Barorisi ba Thabileng tsa 1995. Kaha ha e-ea susumetsoa ke lithuto tsa bolumeli, e bontša ho nepahala ho ikhethang ho fetoleleng ha eona, ho etsang hore ho be bonolo ho fumana kutloisiso e tebileng ea Bibele eo nakong e fetileng e neng e patetsoe batho ba sa tsebeng lipuo tsa boholo-holo. Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa, ke mang ea ikarabellang bakeng sa phetolelo ee e babatsehang?

Bafetoleli ba Neng ba Tlotlisa Molimo

Le hoja e ka ’na eaba Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e ncha ho batho ba buang Sesotho, ha e le hantle e bile teng ho tloha ka 1950. Nakong eo e ile ea lokolloa ka puo ea Senyesemane ke Watch Tower Bible and Tract Society—Mokhatlo oa Bibele oa machaba o nang le histori e telele ea ho hatisa Libibele. Sehlooho sa phetolelo ena e ncha—e leng ho kheloha ho sebete ho aroloeng ho tloaelehileng ha Bibele ka testamente “ea khale” le “e ncha”—ke e ’ngoe feela ea litsela tse ngata tseo ka tsona e neng e tla ipaka e ikhethile. The Watchtower ea September 15, 1950, e ile ea re: “Banna ba bōpang komiti ea phetolelo ba bontšitse takatso ea bona . . . ea ho lula ba sa tsejoe, ’me ka ho khethehileng ha ba batle hore mabitso a bona a phatlalatsoe ha ba ntse ba phela kapa ka mor’a hore ba shoe. Morero oa phetolelo ena ke ho phahamisa lebitso la Molimo ea phelang, oa ’nete.”

New World Translation of the Holy Scriptures, khatiso ea moqolo o le mong ea Bibele eohle, e ile ea lokolloa ka 1961. ’Me le hoja mabitso a bafetoleli ba eona a lutse a sa tsebahatsoa ho fihlela kajeno, ha ho pelaelo mabapi le boikemisetso ba bona kapa botebo ba boinehelo ba bona. Selelekela sa khatiso ea 1984 se itse: “Ho fetolela Mangolo a Halalelang ho bolela ho fetolela mehopolo le lipolelo tsa Jehova Molimo ho ea puong e ’ngoe . . . Bafetoleli ba mosebetsi ona, ba tšabang le ba ratang Mongoli oa Bomolimo oa Mangolo a Halalelang, ba ikutloa ba e-na le boikarabelo bo khethehileng ho Eena ba ho fetisa mehopolo le lipolelo tsa hae ka ho nepahetseng kamoo ho ka khonehang.”

Le hoja e ne e le ka sepheo se setle, na litho tsa komiti eo li ne li tšoaneleha ho amohela mosebetsi oo? Litsebi tse ling tse sa khotsofalang li ile tsa beha mabaka a hore ntle le hore ho tsebahatsoe mabitso a bafetoleli le bopaki ba litšoaneleho tsa bona tsa thuto, mosebetsi oo o lokela ho nkoa ntle le ho tsila-tsila e le oa batho ba se nang tsebo. Empa hase litsebi tsohle tse nang le boikutlo bo joalo bo se nang kahlolo e molemo. Alan S. Duthie oa ngola: “Haeba re tseba hore na bafetoleli kapa bahatisi ba phetolelo e itseng ea Bibele ke bo-mang, na seo se re thusa ho etsa qeto ea hore na phetolelo eo e molemo kapa e mpe? Ha ho hlile ha ho joalo. Ha ho letho le nkang sebaka sa ho hlahloba litšobotsi tsa phetolelo ka ’ngoe.”a

Ke sona seo babali ba bangata ba se entseng. Ho tla fihlela joale ho hatisitsoe likopi tse fetang 84400 000 tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha tse feletseng kapa tse sa fellang ka lipuo tse 26 lefatšeng ka bophara. Babali ba eona ba bangata ba hlokometse eng?

Phetolelo e Halaletsang Lebitso la Molimo

Ho Matheu 6:9, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ho rapela: “Ntate oa rōna ea maholimong, lebitso la hao a le halaletsoe.” Empa leha ho le joalo, liphetolelong tse ngata, Molimo ke motho ea se nang lebitso, ea khetholloang feela ka tlotla “Molimo” kapa “Morena.” Leha ho le joalo, ho ne ho se joalo qalong. Molimo o ile a khetholloa ka ho hlakileng ka makhetlo a ka bang 7000 ka Mangolong a Seheberu a qalong ka lebitso la botho “Jehova.” (Exoda 3:15; Pesaleme ea 83:18) Lilemong tsa morao tšabo ea tumela-khoela e ile ea etsa hore sechaba sa Bajuda se khaotse ho sebelisa lebitso la Molimo. Ka mor’a lefu la baapostola ba Jesu, pono ena ea tumela-khoela e ile ea tšoaetsa phutheho ea Bokreste. (Bapisa le Liketso 20:29, 30; 1 Timothea 4:1.) Bakopitsi ba likarolo tsa Segerike tsa Mangolo ba ile ba qala ho nkela lebitso la Molimo la botho, Jehova, sebaka ka mantsoe a Segerike Kyʹri·os le The·osʹ, ao ka ho latellana a bolelang “Morena” le “Molimo.”

Ka ho thabisang, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e nkile bohato bo sebete ba ho khutlisetsa lebitso Jehova ka Mangolong a Segerike a Bakreste (“Testamente e Ncha”), e leng lebitso le hlahang ka makhetlo a 237 ho ’ona. Ho khutlisetsoa hona ho thehiloe, e seng maikutlong a bafetoleli, empa patlisisong e tšepahalang, e hlokolosi. Ka mohlala, Luka 4:18 e qotsa mantsoe a Esaia 61:1. Tabeng e ngotsoeng ea Seheberu ea qalong, lebitso Jehova le ne le hlaha temaneng eo ho Esaia.b Ka hona, ka ho loketseng ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha, Luka 4:18 e fetoleloa tjena: “Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotsitse hore ke bolelle mafutsana litaba tse molemo.”

Ho fetoleloa ho joalo ho boetse ho thusa babali ho khetholla Jehova Molimo ho Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste. Ka mohlala, liphetolelo tse ngata li fetolela Matheu 22:44 e re: “Morena o ile a re ho Morena oa ka.” Empa ha e le hantle ke mang ea buang le mang? Ha e le hantle, temana ena e qotsitsoe ho Pesaleme ea 110:1, eo, tabeng e ngotsoeng ea Seheberu ea qalong, e nang le lebitso la Molimo. Ka hona Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetolela temana ena tjena: “Jehova o ile a re ho Morena oa ka: ‘Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao.’” Ho utloisisa phapang eo Mangolo a e etsang pakeng tsa Jehova Molimo le Mora oa hae hase taba e sa reng letho. (Mareka 13:32; Johanne 8:17, 18; 14:28) Ke habohlokoa bakeng sa hore motho a bolokehe. Liketso 2:21 e re: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”

Ho Nepahala le ho Hlaka

Ho na le litšobotsi tse eketsehileng tse ikhethang tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Taba e ngotsoeng ea sehlooho ea Segerike e ntlafalitsoeng haholo ea Westcott le Hort e ile ea khethoa e le motheo oa sehlooho bakeng sa phetolelo ena. Joale ho ile ha sebelisoa kelo-hloko e khōlō ho fetoleleng Segerike sa qalong ka mokhoa o nepahetseng ’me ho lateloa lentsoe ka lentsoe kamoo ho ka khonehang ka puo e bonolo, ea kajeno. Ho etsa joalo ha hoa ka ha boloka feela karolo e khōlō ea litšobotsi tse ikhethang le matla a lingoliloeng tsa Bibele tsa qalong empa ho ile ha boela ha etsa hore ho be bonolo ho fumana kutloisiso e batsi.

Ka mohlala, nahana ka temana e ho Baroma 13:1, moo moapostola Pauluse a ileng a khothalletsa Bakreste hore ba “ipehe tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela,” kapa mebuso ea lefatše. Liphetolelo tse ngata li tsoela pele ho bolela hore mebuso e joalo e “khethiloe ke Molimo” kapa e “behiloe ke Molimo.” (King James Version; Jerusalem Bible) Marena a mang a ’nile a sebelisa liphetolelo tse joalo ho lokafatsa bohatelli ba ’ona. Empa ka phetolelo ea lentsoe ka lentsoe le ho nepahala ho khethollang, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetolela temana ena tjena, “ba leng teng ba nang le matla a ho laela ba lutse ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.”c Joale ho ka hlokomeloa hore le hoja Molimo ka boeena a sa khethe babusi ba lefatše, o fela a lumella batho ba joalo ho ba maemong a matla a ho laela a lekanyelitsoeng kamanong le bona ka bobona—empa kamehla ba ntse ba le ka tlaase ho eena.

Phetolelo ea Lefatše le Lecha e boetse e leka ho fetisa meelelo e poteletseng ea maetsi a Segerike. Lipuong tse ngata tsa kajeno, maetsi a hlophisoa hore a fetise nako eo leetsi le etsahalang ka eona—ke hore, nako e fetileng, ea hona joale, kapa e tlang. Ka Segerike maetsi a boetse a bontša hore na ke ketso ea mofuta ofe e amehang—hore na ke ea nakoana, e phethiloe, kapa e tsoela pele. Nahana ka mantsoe a Jesu ho Matheu 6:33. Leetsi la Segerike le bolelang “ho batla” le fetisa khopolo ea ketso e tsoelang pele. Ka hona matla a feletseng a mantsoe a Jesu a hlahisoa phetolelong ena: “Joale, le ’ne le tsoele pele le batla ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” Ka ho tšoanang, Matheu 7:7 e fetoleloa tjena: “Le ’ne le tsoele pele ho kōpa, ’me le tla fuoa; le ’ne le tsoele pele ho batla, ’me le tla fumana; le ’ne le tsoele pele ho kokota, ’me le tla buleloa.”—Bona le Baroma 1:32; 6:2; Bagalata 5:15.

Phetolelo ea Lefatše le Lecha e etsa boiteko bo boholo ba hore e be le tumellano ’me e se ke ea fetoha ha e fetolela mantsoe a sehlooho. Ka mohlala, lentsoe la Segerike psy·kheʹ le fetoleloa e le “soule” ho le leng le le leng la makhetlo ao le hlahang ka ’ona. Ka lebaka leo, kapele-pele babali ba ka hlokomela hore, ho fapana le likhopolo-taba tsa bolumeli, soule hase ntho e ke keng ea shoa. E ka timela, e ka shoa.—Matheu 2:20; Mareka 3:4; Luka 6:9; 17:33.

Ho Etsa Hore Lentsoe la Molimo le Fumanehe Lefatšeng ka Bophara

Ho lokolloa ha Mangolo a Segerike a Bakreste ka Sesotho ke qalo feela. Ho entsoe litokisetso tsa ho fetolela Bibele eohle ka nako e loketseng. Leha ho le joalo, na babali ba ka kholiseha hore phetolelo ea Sesotho e tla ba le ho nepahala le tumellano e kang ea phetolelo ea Senyesemane e tšoanang le eona?

E, ka sebele. Lebaka ke hobane mosebetsi oa ho fetolela o ’nile oa laoloa haufi-ufi ke Mokhatlo oa Watch Tower. Ka bohlale, ho ile ha etsoa qeto ea hore ho tla ba molemo ha ho fetoleloa ha Bibele lipuong lisele ho etsoa ke sehlopha. Ka hona ho ile ha thehoa lihlopha tsa phetolelo ea Bibele linaheng tse ngata ho pholletsa le lefatše. Ho ile ha thehoa lefapha le bitsoang Translation Services ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower, Brooklyn, New York, e le ho finyella litlhoko tsa lihlopha tseo, ho araba lipotso, le ho tiisa hore ho ba le tumellano likhatisong tsa lipuo tse fapaneng tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Mokhatlo oa Watch Tower o boetse o hlahisitse kofuto e molemo haholo, e leng, tsamaiso ea k’homputha ho thusa bafetoleli ba Bibele. U ka kholiseha ka sena: Mosebetsi oa ho fetolela o ntse o hloka boiteko bo boholo ba batho. Empa tsamaiso ea k’homputha e nolofalitse haholo pakane e babatsehang e behiloeng bakeng sa lihlopha tsa phetolelo ea Bibele, e leng ho fetolela Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka ho nepahala le tumellano e tšoanang le ea phetolelo ea Senyesemane. Har’a lintho tse ling, tsamaiso ena ea phetolelo e bontša kamoo lentsoe ka leng la Seheberu le la Segerike le fetoletsoeng kateng khatisong ea Senyesemane—e leng thuso e khōlō ho bafetoleli ho khetheng mantsoe a puo ea habo bona a loketseng.

Katleho ea litokisetso tsena e ka bonoa habonolo ka ho sheba liphello feela. Re u khothaletsa hore u hlahlobe Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. U ka e fumana ho bahatisi ba makasine ena. Hape u tla thabela litšobotsi tsa eona tse ngata tse khethehileng: mongolo o hlakileng, o balehang; lihlooho tse hlahang ho pholletsa le maqephe, tse u thusang ho fumana litemana tse tloaelehileng kapele; le limmapa tse qaqileng; boitsebiso bo thahasellisang ba sehlomathiso. Habohlokoa ka ho fetisisa, u ka bala Bibele ena ka kholiseho ea hore e fetisa ka ho nepahetseng lipolelo tsa Molimo ka sebele ka puo ea bophelo ba letsatsi le leng le le leng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka ho thahasellisang, sekoahelo sa Khatiso e nang le Litšupiso (1971) ea New American Standard Bible ka ho tšoanang se ile sa re: “Ha rea sebelisa lebitso la setsebi leha e le sefe bakeng sa mohloli oa boitsebiso kapa lipuello hobane re lumela hore Lentsoe la Molimo le lokela ho ikemela ka bolona.”

b Ke ’nete hore phetolelo ea Septuagint ea Segerike e ile ea sebeletsa e le motheo bakeng sa mantsoe a qotsitsoeng ka Mangolong a Seheberu ho se bitsoang Testamente e Ncha. Kaha likopi tsa morao tsa Septuagint ha li na lebitso la Molimo, litsebi tse ngata li beha mabaka a hore ka ho tšoanang lebitso leo le lokela ho ntšoa Mangolong a Segerike a Bakreste. Leha ho le joalo, likopi tsa khale-khale tse ntseng li le teng tsa Septuagint li na le lebitso Jehova—ka sebōpeho sa lona sa qalong sa Seheberu. Sena se fana ka tšehetso e matla ho khutlisetsoeng ha lebitso Jehova ka Mangolong a Segerike.

c Bona A Manual Greek Lexicon of the New Testament, ea G. Abbott-Smith, le A Greek-English Lexicon ea Liddell le Scott. Ho ea ka mehloli ena le e meng e tšepahalang, lentsoe la Segerike ha e le hantle le bolela “ho beha ka tatellano, ho beha sebakeng ka tlhophiso.”

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Bangoli ba Bibele ba kang moapostola Pauluse ba ile ba ngola ka puo ea bophelo ba letsatsi le leng le le leng

[Setšoantšo se leqepheng la 18, 19]

Litšobotsi tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha:

Ho ile ha sebelisoa kelo-hloko e khōlō ho fetoleleng Segerike sa qalong ka mokhoa o nepahetseng ’me ho lateloa lentsoe ka lentsoe kamoo ho ka khonehang ka puo e bonolo, ea kajeno

Mongolo o balehang habonolo o etsa hore ho bala e be ho thabisang

Lihlooho tse hlahang ho pholletsa le maqephe li etsa hore ho be bonolo ho fumana litemana tsa Bibele tse tloaelehileng kapele

Limmapa tse qaqileng li thusa babali ho eketsa kutloisiso ea bona ea libōpeho tsa linaha tsa Bibele

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ho hlaka ha “Phetolelo ea Lefatše le Lecha” ho molemo haholo tšebeletsong ea Bokreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela