Kamoo Tlōlo ea Molao e Hlophisitsoeng—E U Amang Kateng
KA MONGOLLI OA TSOHA! JAPANE
Matoetoe (moeta-pele) oa sehlopha sa Mafia o phatsa maithutoane e mocha monoaneng. Mali a rothela setšoantšong sa “mohalaleli.” Ka mor’a moo, mollo o chesa setšoantšo seo. Matoetoe o bolella mohlankana enoa: ‘Ha u ka ba ua ntša makunutu a mokhatlo ona, u tla chesoa joaloka mohalaleli enoa.’
MOLAO oa ho thōla—omertà ka Setaliana—o ile oa boloka boholo ba tlōlo ea molao e hlophisitsoeng e le pinyane ka lilemo-lemo. Leha ho le joalo, kajeno likenke tsa litlokotsebe li hlahella lihloohong tsa litaba hohle kaha litlokotsebe tse ling li fetoha limpimpi. Motho ea hlaheletseng ka ho fetisisa ea neng a lokela ho qosoa ke basokolohi bana, kapa mahlaba-phio a Mafia, ke Giulio Andreotti, eo e bileng tona-khōlō ea Italy ka makhetlo a supileng ’me eo hona joale a ntseng a le lipotsong mabapi le litšebelisano tsa hae le Mafia.
Libakeng tsohle mekhatlo ea litlokotsebe e keneletse maemong ’ohle a bophelo: Mafia e Italy le United States, moo e boetseng e bitsoang Cosa Nostra; mekhatlo e seng molaong ea lithethefatsi, Amerika Boroa; Triads ea Chaena; yakuza ea Japane. Mesebetsi ea eona e mebe ea re ama kaofela ’me e etsa hore bophelo bo be boima ho feta.
Ho boleloa hore United States, Mafia e arola motse o moholo oa New York pakeng tsa lihlopha tse hlano, e etsa lidolara tse limilione tse likete ka ho qhekella, ho lefisa tšireletso ea bomenemene eo li fanang ka eona, ho hirisa chelete ka phaello e hanyapetsang, ho bapala papali ea chelete, ho rekisa lithethefatsi le ka botekatse. Ho boleloa hore lihlopha tsa Mafia li na le taolo e matla mekhatlong ea basebetsi ea likhoebo tse qhalang lithōle, tse tsamaisang thepa ka literaka, tse hahang, tse thothang lijo le tsa masela. Ka matla ao li nang le ’ona mekhatlong ea basebetsi, li ka rarolla liqaka tsa mosebetsi kapa tsa thibela mosebetsi. Ka mohlala, setšeng sa mohaho, ka letsatsi le leng katakata e tla sitoa ho tsamaea, ka letsatsi le leng mariki a khofu a hane ho sebetsa, ’me lienjiniere tse sebetsang ka mechine li “sebetse butle” mosebetsing—liketsahalo tsena le tse ling tse eketsehileng li tsoela pele ho fihlela ha mong’a mohaho a lumela ho tenyetsehela litlhokong tsa kenke, ebang ke tsa meputso kapa litumellano tsa mosebetsi. Makasine ea Time e tlaleha hore ha e le hantle, “ho putsa Kenke ho ka fa bo-rakhoebo tiisetso ea hore thepa e tsamaisoe ka potlako, likamano li be mofuthu le basebetsi le ho fumana basebetsi ba lefuoang chelete e fokolang.”
Colombia, mekhatlo e ’meli e seng molaong ea lithethefatsi e ile ea hlōlisana ho fihlela ha Pablo Escobar, moeta-pele oa mokhatlo o mong o seng molaong oa Medellín, a thunngoa ka 1993. Ka morao ho moo, mokhatlo o seng molaong oa Cali o ile oa laola ka ho feletseng khoebo ea k’hok’heine lefatšeng. Kaha ka 1994, o amohetse lidolara tse limilione tse likete tse 7 (liranta tse limilione tse likete tse 33) United States feela, e ka ’na eaba e bile sehlopha se seholo ka ho fetisisa lefatšeng sa tlōlo ea molao se hlophisitsoeng. Empa ho tšoaroa ha moeta-pele oa oona José Santacruz Londoño ka 1995, ho ile ha thefula mokhatlo ona o seng molaong. Leha ho le joalo, kamehla ho teng ea lutseng e le malala-a-laotsoe bakeng sa ho kena lieteng tsa ’mampoli.
Ka mor’a ho oa ha Mokoallo oa Puso ea Lere la Tšepe, Mafia e Russia e ile ea qala ho hlahella boemong ba machaba. Ka lebaka leo, rabanka e mong ea qotsitsoeng ho Newsweek o re: “Khoebo e ’ngoe le e ’ngoe, Russia, e lokela ho sebetsana le mafia.” Esita le Brighton Beach, New York, Limafia tsa Russia li tlalehoa li bokella phaello mererong e rarahaneng ea bomenemene e amanang le peterole. Beng ba likoloi ba qetella ba lefa chelete e eketsehileng bakeng sa peterole, ’me ’muso o lahleheloa ke lekhetho. Likenke tsa Russia li boetse li laola maquloana a matekatse, Europe Bochabela. Li itsoella pele ka litlōlo tsa tsona tse ngata tsa molao li lokolohile li se na molato. Ke mang ea ka itetang sefuba ho tobana le batho ba hlometseng ka thata bao e kileng ea e-ba baatlelete le masole ntoeng ea Afghan?
Boemo boa tšoana le Bochabela. Ba nang le khoebo ea phatlalatso, Japane, ba lokela ho lebella mefuta ena kaofela ea likhathatso ntle le haeba ba ka hlompha sehlopha sa moo sa yakuza ’me ba se fa lithelo. Le hona mona chelete bakeng sa ho fana ka tšireletso e batluoa ho ba libareng esita le ho ba tsamaeang seterateng. Ho phaella moo, yakuza e ile ea ipetlela tsela bakeng sa ho kenella hare moruong oa Japane ka ho itlhophisetsa lik’hamphani tseo e leng tsa eona, ho qhekella mekhatlo e meholo ea khoebo cheleteng le ho hokahanya lihlopha tsa tlōlo ea molao tse linaheng tse ling.
Mekhatlo ea botlokotsebe e nang le litsi Hong Kong le Taiwan e boetse e namela lefatšeng ka bophara. Kantle ho lebitso la eona, Triads, ho tsejoa ho fokolang feela ka tlhophiso ea eona. Histori ea eona e tloha morao lekholong la bo17 la lilemo, nakong eo baitlami ba banna ba Machaena ba neng ba ikopanya hammoho ho loantša Manchuria e neng e hapile Chaena. Le hoja litho tsa eona li baloa ka mashome a likete, ho boleloa hore Triads ea Hong Kong e theha lihlopha tsa nakoana bakeng sa tlōlo ea molao e itseng ka ho khetheha kapa bakeng sa letoto la litlōlo tsa molao tse itseng, e leng ho etsang hore ho be thata ho mapolesa ho fumana hore na ke bo-mang. E fumana liranta tse limilione tse likete ka ho rekisa heroine ’me e fetotse Hong Kong setsi sa tšebeliso ea likarete tsa ho reka ka mokitlane tsa maiketsetso.
Bukeng ea hae e reng The New Ethnic Mobs, William Kleinknecht oa ngola mabapi le tlōlo ea molao United States: “Mekhatlong e mecha ea tlōlo ea molao e hlophisitsoeng, ha ho sehlopha sa botlokotsebe se nang le bokamoso bo batsi ho feta sa Machaena. . . . Lihlopha tsa tlōlo ea molao tsa Machaena li fumana matla ka potlako metseng e meholo ho potoloha le naha. . . . Ke tsona feela tse hlahlamang Mafia, New York.”
Mabapi le mofuta o mong oa khoebo e seng molaong o hlahellang Hong Kong, ofisiri e ’ngoe ea Lefapha la Toka United States e re: “Ho kenngoa ha bajaki ka hare ho naha ka sekhukhu ke pontšo e ’ngoe ea tlōlo ea molao e hlophisitsoeng.” Liofisiri tse ling li hakanya hore Machaena a ka bang 100 000 a kena United States ka sekhukhu selemo se seng le se seng. Ka tloaelo mojaki ea kentsoeng ka sekhukhu naheng e ruileng o lokela ho lefa bonyane $15 000 (R70 000) bakeng sa ho kenngoa ka hare ho naha eo, boholo ba eona o e lefa ka mor’a hore a fihle moo a eang. Kahoo, ho bajaki ba bangata bophelo naheng eo ba neng ba lakatsa ka matla ho phela ho eona bo fetoha phihlelo e tšosang ha ba qobelloa ho sebetsa lifekthering tseo ho tsona basebetsi ba sebetsang lihora tse ngata empa ba lefuoa moputso o tlaase ’me ba lula mehahong ea matekatse.
Kaha ha u kopanele mesebetsing ea tlōlo ea molao, u ka ’na ua nahana hore tlōlo ea molao e hlophisitsoeng ha e u ame. Empa na ho hlile ho joalo? Ba bangata ba lemaletseng lithethefatsi, ba phelang lik’honthinenteng tse ’maloa, ba retelehela tlōlong ea molao bakeng sa ho lefella lithethefatsi tse romelloang ke mekhatlo ea lithethefatsi e seng molaong ea Amerika Boroa. Tlōlo ea molao e hlophisitsoeng e etsa bonnete ba hore likonteraka tsa tšebeletso ea sechaba li abeloa lik’hamphani tse amanang le eona; ka lebaka leo, baahi ba lefa ho eketsehileng. President’s Commission on Organized Crime (Moifo oa Mookameli o Mabapi le Tlōlo ea Molao e Hlophisitsoeng) o kile oa bolela hore, United States, “tlōlo ea molao e hlophisitsoeng e sotha theko ea thepa ka lebaka la bosholu, ho qhekella, tjotjo, litumellano tsa likhoebo tsa ho rekisa ka theko e itseng le lithibelo tsa papatso” le hore basebelisi ba thepa ba qobelloa ho lefa “ho ka bitsoang lekhetho le eketsehileng” ho Mafia. Kahoo, ha ho le ea mong ea phemang liphello tsa tlōlo ea molao. Kaofela ha rōna rea nonyetseha licheleteng.
Empa ke hobane’ng ha tlōlo ea molao e hlophisitsoeng e atleha kajeno?
[Lebokose le leqepheng la 5]
Mafia—Qaleho Ea Eona
“Mafia e ile ea hlaha Sicily Mehleng e Bohareng, moo ho ka etsahalang hore ebe e ile ea qala mokhatlo oa lekunutu o neng o sebeletsa ho ketola puso ea melata e mengata e neng e hapile sehlekehleke seo—e kang, Masaracene, Manormane le Matsoalloa a Spain. Mafia e ile ea qaleha ’me ea nka litho tsa eona mabothoaneng a ’maloa a poraefete kapa mafie, a neng a hiriloe ke bo-rapolasi ba lulang hōle le masimo a bona bakeng sa maemo a bonokoane a neng a le teng ho theosa le makholo ao a lilemo Sicily. Lekholong la lilemo la bo18 le la bo19, bo-ralikhoka bana ba mabotho a poraefete ba ile ba itlhophisa ’me ba e-ba matla haholo hoo ba ileng ba fetohela bo-rapolasi ’me ba nka tsamaiso ea masimo a ba bangata, ba hanyapetsa bo-rapolasi licheleteng bakeng sa tšireletso eo ba neng ba fana ka eona lijalong tsa bona.” (The New Encyclopædia Britannica) Ho qhekella cheleteng ea tšireletso eo ba fanang ka eona ho ile ha fetoha mokhoa oa bona oa tšebetso. Ba ile ba isa mekhoa ea bona United States, moo ba ileng ba kenella lipapaling tsa chelete, likhoebong tse sebelisang botšosi, khirisong ea chelete ka phaello e hanyapetsang, thekisong ea lithethefatsi le botekatseng.