Ke Efe Naha e se Nang—Tlōlo ea Molao?
Phupu ea hae e bile e ’ngoe ea tse khōlō ka ho fetisisa tse kileng tsa e-ba teng Moscow ka nako e telele. Batho ba likete-kete ba ne ba eme literateng ho lebisa tlhompho ea bona ea ho qetela ho mocha enoa oa Lerussia eo bophelo ba hae bo ileng ba felisoa ka tšohanyetso ka la 1 March, 1995, ke likulo tsa babolai ba sekhukhu. Vladislav Listyev ea ileng a thunngoa ’me a shoela haufi le monyako oa ha hae, o ne a ile a phatlalatsoa e le moqolotsi oa litaba oa selemo ka 1994, ’me e ne ebile e le motho ea tummeng thelevisheneng.
LIBEKE tse ka tlaase ho tse tharo hamorao, ka la 20 March, seporo sa literene tse tsamaeang ka tlas’a lefatše Tokyo se ne se phethesela joaloka mehleng lihoreng tsa hoseng ha se fumana tlhaselo ea khase e chefo. Ba bangata ba ile ba shoa; ba bang ba bangata ba tsoa likotsi tse mpe.
Joale ka la 19 April, Oklahoma City ea fetoha sebonoang se bonoa ke bohle ho bashebelli ba thelevishene lefatšeng lohle. Ba ile ba shebella ka ho sisimoha ha basebetsi ba pholoso ba ntšetsa litopo tse hlenhlaneng kantle ho mohaho oa ’muso o soahlamantsoeng ke bomo ea likhukhuni. Palo ea ba shoeleng e ne e le 168.
Ho ea qetellong ea June selemong sona sena, tlhaselo e ’ngoe e joalo, pel’a Dhahran, Saudi Arabia, e ile ea bolaea Maamerika a 19 ’me ea ntša ba ka bang 400 likotsi.
Liketsahalo tsena tse ’nè li bontša hore tlōlo ea molao e nka mehato e mecha e tsoelang pele. Tlōlo ea molao “e tloaelehileng” e phaelloa holimo ke liketso tse sehlōhō tsa bokhukhuni. ’Me liketsahalo tsena tse ’nè kaofela—e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela ea eona e ikhethang—li bontša kamoo motho e mong le e mong ho leng bonolo kateng hore a hlaseloe ke tlōlo ea molao. Hore na u lapeng, mosebetsing kapa seterateng, tlōlo ea molao e ka u etsa e ’ngoe ea liphofu tsa eona. Ka sebele, phuputso e ’ngoe ea Brithani e ile ea bontša hore hoo e ka bang likotara tse tharo tsa Mabrithani li nahana hore hona joale menyetla ea ho ba liphofu tsa tlōlo ea molao e eketsehile ho feta lilemong tse leshome tse fetileng. Mohlomong boemo boa tšoana le moo u phelang teng.
Baahi ba bolokang molao ba laba-labela puso e tla etsa ho fetang feela ho laola tlōlo ea molao. Ba batla puso e tla hle e e felise. ’Me le hoja ho bapisoa ha litekanyo tsa tlōlo ea molao ho ka ’na ha fana ka maikutlo a hore mebuso e meng e atleha ho thibela tlōlo ea molao ho feta e meng, boemo ka kakaretso bo bontša hore puso ea motho ea hlōleha khahlanong le ho loantša tlōlo ea molao. Leha ho le joalo, hase ho sa utloahaleng kapa Khopolo e Inahaneloang ho lumela hore haufinyane ’muso o tla felisa tlōlo ea molao. Empa ke ’muso ofe? Hona neng?
[Lebokose/’Mapa o leqepheng la 4, 5]
LEFATŠE LE TLETSENG TLŌLO EA MOLAO
EUROPE: Buka ea Setaliana (“Monyetla le Lesholu”) e bolela hore ka nakoana e khutšoanyane feela, lenane la litlōlo tsa molao thepeng Italy, le ile la “finyella litlhōrō tseo ka nako e ’ngoe ho kileng ha nahanoa hore li ke ke tsa finyelloa.” Ukraine, rephabliki e ’ngoe ea seo e neng e le Soviet Union, e tlalehile litlōlo tsa molao tse 490 ho baahi ba bang le ba bang ba 100 000 ka 1985 le tse 922 ka 1992. Li tsoela pele ho phahama. Hase feela koranta ea Serussia (“Likhang le Linnete”) e ileng ea ngola: “Re laba-labela ho phela—ho lula re phela—ho pholoha mehla ena e tletseng tšabo . . . re tšaba ho palama terene—mohlomong e ka phethoha kapa ea senngoa; re tšaba ho palama lifofane—hangata lia koeteloa kapa mohlomong sefofane se ka soahlamana; re tšaba ho palama literene tse tsamaeang ka tlas’a lefatše—ka lebaka la ho thulana kapa ho phatloha ha tsona; re tšaba ho tsamaea literateng—u ka ’na ua tšoaselletsoa ho thunyaneng kapa ua nkeloa thepa ka likhoka, ua betoa, ua otloa, kapa ua bolaoa; re tšaba ho palama koloi—e ka ’na ea chesoa, ea phatloloa, kapa ea utsuoa; re tšaba ho kena liphasejeng tsa lifolete, libakeng tsa ho jela, kapa mabenkeleng—u ka ’na ua ntšoa kotsi kapa ua bolaeloa ho leha e le efe ea tsona.” Makasine ea Hungary HVG e ile ea tšoantša motse o khanyang oa Hungary le “ntlo-khōlō ea Mamafia,” ea bolela hore lilemong tse tharo tse fetileng, e bile “mohloli oa mofuta o mong le o mong oa tlōlo ea molao o mocha . . . Tšabo ea liketsahalo tse neheletsanang ea eketseha ha batho ba bona mapolesa a sa ikemisetsa ho loantša Mamafia.”
AFRIKA: Daily Times ea Nigeria e tlalehile hore “litsi tsa thuto e phahameng” sechabeng se seng sa Afrika Bophirimela li feta har’a “leqhubu la tšabo, le tlisoang ke litho tsa lihlotšoana tsa sephiri tsa bolumeli: ho isa mothating oa ho thibela pakane leha e le efe ea koetliso ea sekolo e nang le morero.” E ile ea tsoela pele: “Leqhubu le ntse le eketseha, hammoho le tahlehelo ea bophelo le thepa.” Mabapi le naha e ’ngoe ea Afrika, The Star ea Afrika Boroa e tlalehile: “Ho na le mefuta e ’meli ea pefo: ntoa ea merabe le pefo ea tlōlo ea molao e tloaelehileng. Oa pele o fokotsehile ka mokhoa o hlokomelehang, oa bobeli oona o hloele mekoalaba.”
OCEANIA: Institute of Criminology ea Australia e hakantse hore tlōlo ea molao moo e bitsa “bonyane lidolara tse limilione tse likete tse 27 [liranta tse limilione tse likete tse 97] selemo se seng le se seng, kapa hoo e ka bang $1600 [R5700] bakeng sa monna, mosali le ngoana e mong le e mong.” Hona ke “hoo e ka bang karolo ea 7,2 lekholong ea lihlahisoa ka kakaretso tse hlahisoang ka hare ho naha.”
LINAHA TSA AMERIKA LEBOEA LE AMERIKA BOROA: The Globe and Mail ea Canada e tlalehile hore ho bile le keketseho ea tlōlo ea molao e mabifi Canada lilemong tsa morao tjena tse 12 tse latellanang, seo sohle e le “karolo ea mokhoa o ileng oa hlahisa keketseho ea karolo ea 50 lekholong ea pefo lilemong tse leshome tse fetileng.” Ho sa le joalo, El Tiempo ea Colombia e tlalehile hore Colombia, batho ba 1714 ba ile ba koeteloa selemong se seng haufinyane, “e leng palo e menang habeli liketsahalo tsohle tsa ho koeteloa tse tlalehiloeng lefatšeng ka kakaretso ka nako e tšoanang.” Ho latela Lefapha la Toka Mexico, tlōlo ea molao e amanang le botona le botšehali e entsoe motse-moholo oa teng lihoreng tse ling le tse ling tse ’nè selemong se seng haufinyane. ’Muelli e mong oa mosali o ile a bontša hore lekholo la bo20 la lilemo le ’nile la khetholloa ka ho theoha ha seriti sa batho ka bomong. O ile a phetha: “Re phela molokong oa e sebelise u ntan’o e lahla.”
LEFATŠENG LOHLE: Buka ea The United Nations and Crime Prevention e bontša “keketseho e tsoelang pele e sa khaotse lefatšeng lohle ea mesebetsi ea tlōlo ea molao lilemong tsa bo-1970 le bo-1980.” E re: “Lenane la litlōlo tsa molao tse tlalehiloeng le ile la phahama ho tloha ho tse ka bang limilione tse 330 ka 1975 ho ea ho tse ka bang limilione tse 400 ka 1980 ’me ho hakanngoa hore le fihlile ho limilione tse 500 ka 1990.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Map and globe: Mountain High Maps® Copyright © 1995 Digital Wisdom, Inc.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Earth on pages 3, 6, and 9: NASA photo