Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 10/8 maq. 6-8
  • Ho Loanela ho Felisa—Tlōlo ea Molao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Loanela ho Felisa—Tlōlo ea Molao
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Maikutlo aa a Fosahetse Haholo?
  • Mebuso ea Leka
  • Ho Lahleheloa ke Tšepo
  • Ho Hlōloa ke Ntoa Khahlanong le Tlōlo ea Molao
    Tsoha!—1998
  • Mapolesa—Bokamoso ba ’Ona ke Bofe?
    Tsoha!—2002
  • Ke Hobane’ng ha Tlōlo ea Molao e Atile Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ke Efe Naha e se Nang—Tlōlo ea Molao?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 10/8 maq. 6-8

Ho Loanela ho Felisa—Tlōlo ea Molao

SEHLOOHO sa koranta e tsebahalang ea Brithani se ile sa phatlalatsa: “Bacha ba Itšireletsa ka ho re ho Boreha ke Lona Lebaka le ka Sehloohong la Tlōlo ea Molao Bacheng.” E ’ngoe e ile ea re: “Lintoa ka Malapeng li Bakile ho Phahama ha Tlōlo ea Molao.” ’Me ea boraro e ile ea re: “Ho Lemalla Lintho Tse Itseng ‘ho Susumelletsa ba Likete ho Tlōla Molao.’” Makasine ea Philippine Panorama e hakantse hore karolo ea 75 lekholong ea litlōlo tsohle tsa molao tse mabifi, Manila, e entsoe ke ba sebelisang lithethefatsi hampe.

Lisosa tse ling mohlomong le tsona li tlatsetsa ho susumelletseng boitšoaro ba tlōlo ea molao. Mohlahlobi-kakaretso oa mapolesa oa Nigeria o ile a supa se seng e le ha “bafutsana ba le haufi le baruihali.” Khatello ea lithaka le menyetla e fokolang ea mesebetsi, bosieo ba lithibelo tse matla tsa molao, ho hlepha ho akaretsang ha litekanyetso tsa lelapa, ho se hlomphe bolaoli le molao, le pefo e feteletseng lifiliming le livideong le tsona li ile tsa boleloa.

Sesosa se seng ke hore batho ba bangata ba se ba lumela hore tlōlo ea molao ea putsa. Setsebi se seng litabeng tsa kahisano Univesithing ea Bologna, Italy, se ile sa hlokomela hore ka lilemo tse ngata, “lenane la liketsahalo tsa ho utsoa tse tlalehiloeng le ile la nyoloha ha lenane la batho ba ahlotsoeng bakeng sa tsona le ile la theoha.” O ile a hlokomela hore “lenane la ba ahlotsoeng ha le bapisoa le lenane la liketsahalo tsa ho utsoa tse tlalehiloeng ka kakaretso le ile la theoha ka sekhahla ho tloha ho karolo ea 50 ho isa ho 0,7 lekholong.”

Mantsoe a The New Encyclopædia Britannica ke ’nete le hoja a le bohloko: “Ho bonahala eka ho eketseha ha tlōlo ea molao ke tšobotsi ea lichaba tsohle tse tsoetseng pele kajeno, ’me ha ho tsoelo-pele molaong kapa tšoarong ea batlōli ba molao e ka bontšoang e e-na le phello e hlokomelehang bothateng bona. . . . Lichabeng tsa metse e tsoetseng pele, moo khōlo ea moruo le katleho ea motho ka mong e leng lintho tsa bohlokoa tse ka sehloohong, ha ho lebaka la ho nahana hore lenane la litlōlo tsa molao ha le na ho tsoela pele ho eketseha.”

Na Maikutlo aa a Fosahetse Haholo?

Na ehlile boemo bo bobe hakaalo? Na libaka tse ling ha lia tlaleha ho fokotseha ha tlōlo ea molao? Ke ’nete, tse ling li tlaleha joalo, empa lipalo li ka u khelosa. Ka mohlala, ho tlalehiloe hore tlōlo ea molao Philippines e fokotsehile ka karolo ea 20 lekholong ka mor’a hore thibelo ea lithunya e kene tšebetsong. Empa Asiaweek e hlalositse hore ofisiri e ’ngoe e lumela hore masholu a likoloi le a thuhang libanka a khaolitse ho utsoa likoloi le ho thuha libanka ’me a “retelehetse ho koeteleng.” Ho fokotseha ha ho thuhuoa ha libanka le ho utsuoa ha likoloi ho ile ha etsa hore kakaretso ea liketso tsa tlōlo ea molao e fokotsehe, empa ho fokotseha hona ho ile ha lahla moelelo ha ho talingoa keketseho e imenneng hane ea bokoeteli!

Ha e fana ka tlaleho ka Hungary, makasine ea HVG e ile ea ngola: “Ha ho bapisoa le halofo e qalang ea 1993, lenane la litlōlo tsa molao le ile la fokotseha ka karolo ea 6,2 lekholong. Seo mapolesa a lebetseng ho se bolela ke hore ho fokotseha hona . . . ho itšetlehile haholo ka liphetoho tsa tsamaiso.” Tekanyo ea lichelete eo liketso tsa bosholu, bomene-mene, kapa bosenyi ba thepa, e neng e ngolisoa ka eona e nyolohile ka karolo ea 250 lekholong. Kahoo litlōlo tsa molao thepeng tse ka tlaase ho tekanyo ena ha li sa ngolisoa. Kaha tlōlo ea molao e akarelletsang thepa e etsa likarolo tse tharo ho tse ’nè tsa tlōlo ea molao naheng eohle, phokotseho eo e ne e se ea sebele.

Ka sebele ho fihlela lipalo tse nepahetseng ho thata. Lebaka le leng ke hore litlōlo tse ngata tsa molao—mohlomong ho isa ho karolo ea 90 lekholong ea mofuta o itseng—ha li tlalehoe. Empa ho pheha khang ea hore na tlōlo ea molao e fokotsehile kapa e eketsehile ha e le hantle hase eona taba. Batho ba laba-labela hore tlōlo ea molao e felisoe, e seng feela hore e fokotsoe.

Mebuso ea Leka

Phuputso ea 1990 ea Machaba a Kopaneng e ile ea senola hore linaha tse tsoetseng pele haholo moruong li sebelisa karolelano ea 2 ho isa ho 3 lekholong ea meralo ea tšebeliso ea lichelete tsa tsona tsa selemo le selemo bakeng sa ho thibela tlōlo ea molao, ha linaha tse tsoelang pele moruong li sebelisa e ngata le ho feta, karolelano ea 9 ho isa ho 14 lekholong. Ho eketsa mabotho a sepolesa le ho a hlomella ka lisebelisoa tse molemo ho etelelitsoe pele libakeng tse ling. Empa liphello li kopakane. Baahi ba bang ba Hungary baa belaela: “Ha ho mohla ho nang le mapolesa a lekaneng bakeng sa ho tšoara batlōli ba molao empa kamehla a lekane ho tšoara ba tlōlang melao ea sephethe-phethe.”

Mebuso e mengata morao tjena e ile ea fumana ho hlokahala ho fetisa melao e boimanyana bakeng sa litlōlo tsa molao. Ka mohlala, kaha “ho koetela ho ntse ho phahama ho pholletsa le Latin America,” ho bolela makasine ea Time, mebuso ea moo e ile ea arabela ka melao eo “kaofela ha eona e leng matla e bileng e sa hlahiseng litholoana.” Ea lumela: “Ho fetisa melao ke ntho e ’ngoe, ho e sebelisa ke e ’ngoe.”

Ho hakanngoa hore Brithani ho ne ho e-na le merero ea ho lebela tikoloho e fetang 100 000, e neng e lebela bonyane malapa a limilione tse ’nè, ka 1992. Mananeo a tšoanang a ile a kenngoa tšebetsong Australia bohareng ba bo-1980. Institute of Criminology ea Australia e re, sepheo sa ’ona ke ho fokotsa tlōlo ea molao “ka ho ntlafatsa ho hlokomela ha baahi tšireletso ea sechaba, ka ho ntlafatsa boikutlo le boitšoaro ba bona ha ba tlaleha tlōlo ea molao le liketsahalo tse belaetsang tikolohong ea bona le ka ho fokotsa menyetla ea ho etsahala ha tlōlo ea molao ka thuso ea matšoao a thepa le ho kenya lisebelisoa tse sebetsang tsa tšireletso.”

Lithelevishene tse hokahantsoeng lia sebelisoa libakeng tse ling bakeng sa ho hokahanya liteishene tsa mapolesa le mehaho ea likhoebo. Lik’hamera tsa video li sebelisoa ke mapolesa, libanka le mabenkele bakeng sa ho thibela tlōlo ea molao kapa e le sesebelisoa sa ho khetholla batlōli ba molao.

Nigeria, mapolesa a na le libaka tsa tlhahlobo litseleng tse khōlō ho leka ho tšoara ba utsoang le ba nkang likoloi ka likhoka. ’Muso o thehile komiti ea bohlahlobi bakeng sa ho hlahloba mekhoa e sa nepahalang likhoebong e le ho loantša bomene-mene. Likomiti tsa likamano tsa sepolesa le sechaba tse entsoeng ka baeta-pele ba sechaba li tsebisa mapolesa ka liketso tsa tlōlo ea molao le ka batho ba mekhoa e belaetsang.

Baeti ba eang Philippines baa hlokomela hore matlo ka kakaretso ha a siuoe feela ho se motho ea a lebetseng ’me batho ba bangata ba na le lintja tse lebelang. Bo-rakhoebo ba ikhirela balebeli ba tšireletso bakeng sa ho sireletsa likhoebo tsa bona. Lintho tse thibelang bosholu ba likoloi li rekoa haholo. Batho ba nang le matla ba tšepela matlong a sirelelitsoeng ka thata kapa mehahong ea bolulo e kopanetsoeng ke batho ba bangata.

Koranta ea London The Independent e hlalositse: “Ha tšepo tsamaisong ea molao e ntse e fokotseha, baahi ba itlhophisetsa ho sireletsa metse ea bona ka manane a eketsehang.” ’Me batho ba ntseng ba eketseha baa itlhomella ka bobona. Ka mohlala, United States ho hakanngoa hore lelapa le leng le le leng ho a mabeli le na le bonyane sethunya se le seng.

Mebuso e lula e ntse e qapa mekhoa e mecha ea ho loantša tlōlo ea molao. Empa V. Vsevolodov, oa Academy of Home Affairs ea Ukraine, o bontša hore ho latela mehloli ea Machaba a Kopaneng, batho ba bangata ba nang le bokhoni ba fumana “mekhoa e ikhethang ea ho ntšetsa pele liketso tsa tlōlo ea molao” eo “koetliso ea baphethahatsi ba molao” e ke keng ea e thibela. Batlōli ba molao ba masene ba kenya lichelete tse ngata haholo ka bolotsana likhoebong le litšebeletsong tsa sechaba, ba ikopanya le sechaba ’me ba “iphumanela litulo tse phahameng sechabeng.”

Ho Lahleheloa ke Tšepo

Palo e ntseng e eketseha ea batho linaheng tse ling ebile e lumela hore ’muso ka booona ke karolo ea bothata. Asiaweek e ile ea qotsa mantsoe a moeta-pele oa sehlopha se loantšang tlōlo ea molao a re: “Hoo e ka bang 90% ea batho ba belaelloang bao re ba tšoarang haese mapolesa e ba masole.” Ebang ke ’nete kapa che, litlaleho tse kang ena li ile tsa etsa hore e mong oa baetsi ba molao a hlalose: “Haeba batho ba hlapantseng hore ba tšehetsa molao ke bona ba o tlōlang, sechaba sa rōna se tsietsing.”

Mahlabisa-lihlong a bobolu a kenyelletsang liofisiri tse phahameng a tsukutlile mebuso likarolong tse fapaneng tsa lefatše, a fokolisitse tšepo ea baahi le ho feta. Ntle le hore ba lahleheloa ke tumelo bokhoning ba mebuso ba ho thibela tlōlo ea molao, hona joale batho ba belaella boikemisetso ba eona ba ho e thibela. Morupeli e mong o ile a botsa: “Ke joang balaoli baa ba ka loantšang tlōlo ea molao hona joale ha bona ka bobona ba khelelletse ka melala ka har’a qhafutso?”

Kajeno ke ’muso ’ona, hosasa ke oane, empa tlōlo ea molao ea sala. Leha ho le joalo, nako ea tla haufinyane eo ho eona tlōlo ea molao e ke keng ea hlola e e-ba teng!

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Lintho tse thibelang tlōlo ea molao: K’hamera ea TV e hokahantsoeng le monithara, keiti e ikoalang ea tšepe le molebeli ea nang le ntja e koetlisitsoeng

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Tlōlo ea molao e etsa batho batšoaruoa ka malapeng a bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela