Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 8/15 maq. 3-4
  • Ke Hobane’ng ha Tlōlo ea Molao e Atile Hakaale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Tlōlo ea Molao e Atile Hakaale?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nako eo ka Eona Ho Neng ho se Tlōlo ea Molao
    Tsoha!—1998
  • Ho Fela ha Tlōlo ea Molao Joale ho Atametse!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Loanela ho Felisa—Tlōlo ea Molao
    Tsoha!—1996
  • Na Bothata ba Bokebekoa Bo Ka Rarolloa?
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 8/15 maq. 3-4

Ke Hobane’ng ha Tlōlo ea Molao e Atile Hakaale?

BUKANA e ’ngoe ea ’muso oa Brithani e re: “Karolo e khōlō ea tlōlo ea molao e etsoa khahlanong le thepa.” Empa, naheng eo tlōlo ea molao e etsoang ka mabifi khahlanong le batho e tlalehoa e le “mofuta oa tlōlo ea molao o eketsehang ka potlako e khōlō ka ho fetisisa,” le hoja e etsa feela karolo ea 5 lekholong ea litlōlo tsohle.

Boemo bona bo bontša ho phahama ha tlōlo ea molao lefatšeng ka bophara. Ho ntša baqhobi ba lifofane tseleng ea bona, bosholu ba boqhobane, peto, le liketso tse ling tse mabifi li hlahisoa ka mehla lihloohong tsa likoranta tsa lefatše, hangata li hapa tlhokomelo e khōlō ho feta litlaleho tsa tlōlo ea molao e sa etsoeng ka mabifi. Ka ho hlakileng he, uena hammoho le maruo a hao u ka ’na ua hlaseloa. Empa hobane’ng? Ke eng e susumelletsang batho ho fetoha batlōli ba molao?

Batlōli ba bangata ba molao ke batho ba nkang menyetla. Ka baka leo, ba boholong ba leka ho loantša keketseho ea tlōlo ea molao ka ho khothalletsa batho hore ba hlokomele se etsahalang tikolohong eo ba ahileng ho eona. Le hoja maqiti a joalo a sebelisoa ho leka ho thibela liketso tsa tlōlo ea molao, na a thibela batho ho fetoha batlōli ba molao? Che.

Botho ba motlōli oa molao ke taba e ntseng e fuputsoa haholo. Ho thahasellisang, Lentsoe la Molimo, Bibele, le nyarela ka hare ho monahano oa motlōli oa molao ha le lemosa bahlankana ka batho bao ka keko ba reng: “Tloho; a re fumaneng e mong eo re ka ’molaeang! A re hlaseleng batho ba bang ba se nang molato bakeng sa monyaka! Ba ka ’na ba be ba phela ’me ba atlehile ha re ba fumana, empa ba tla be ba shoele ha re qetile ka bona! Re tla fumana maruo a mefuta eohle ’me re tlatse matlo a rōna ka khapo! Tloho ’me u ikopanye le rōna, ’me kaofela re tla arolelana seo re se utsoang.” (Liproverbia 1:11-14, Today’s English Version) E, meharo, lerato la leruo, le pono ea litaba ea ho rata lintho tse bonahalang li khothalletsa tlōlo ea molao.

Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le mokhoa oa ho phelela menyaka le tsona li laola monahano oa ba bangata lekholong lena la bo20 la lilemo. Chelete ea hlokahala bakeng sa ho lefa litšenyehelo tse sa hlokahaleng, esita le haeba ho hlokahala hore e mong a utloisoe bohloko kapa a amohuoe bophelo hore motho a fumane chelete eo. ‘Mehleng ena eo ho leng thata ho sebetsana le eona,’ ka sebele ke ’nete hore batho ba ntseng ba eketseha “ba mathela tlōlong ea molao ka lebelo le leholo, ba potlakela ho ea tšolla mali.”—2 Timothea 3:1, 3, 4, NW; Liproverbia 1:16, The New English Bible.

Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e re tlōlo ea molao ke “tlōlo e tebileng haholo-holo khahlanong le boitšoaro.” Re phela mehleng ea ho hlepha ha boitšoaro. Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba Baefese ka batho ba “eang ka bosaoana ba likelello tsa bona; bao mehopolo ea bona e leng lefifing, ’me ba hole le bophelo ba Molimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba lipelo tsa bona. Ba timeletsoe ke kutlo eohle [“kutloisiso eohle ea boitšoaro,” NW].” Ka ho tšoanang, ho hlokahala hore re be seli kajeno.—Ba-Efese 4:17-19.

Na keketseho ea litheipi tsa video tse bontšang ho fumana monyaka oa likamano tsa botona le botšehali ka ho tlatlapa motho e mong, ho tlotlisa ntoa, le ho lelekisa menyaka e litšila ka boithati kaofela ha li tlatsetse ho etseng hore ba bang ba fetohe batlōli ba molao ha li ntse li etsa hore batho ba se nang molato ba hlaseloe ke tlōlo ea molao? Empa ho na le karolo e ’ngoe tšebetsong e mano ea tlōlo ea molao. Karolo ee ke efe?

Ke Satane Diabolose. Khalefo ea hae e hotetsa mollo oa pefo e se nang kelello le tlōlo ea molao e khethollang lefatše lena. (1 Johanne 5:19; Tšenolo 12:12) Sepheo sa hae ke ho etsa hore batho bohle ba furalle Molimo oa ’nete, Jehova. Le hoja a ka ’na a atleha ho ba bangata, ka boprofeta Bibele e senola hore o tla hlōleha ho senya botšepehi ba bahlanka ba ’nete ba Molimo. Qetellong, Satane o tla tlosoa. Empa, esita le haeba Satane a tlositsoe tseleng, na hoo ho tla bolela ho fela ha tlōlo ea molao? Hona na hona joale ho fela ha tlōlo ea molao ho atametse?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela