Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 3/8 leq. 3
  • Nako eo ka Eona Ho Neng ho se Tlōlo ea Molao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nako eo ka Eona Ho Neng ho se Tlōlo ea Molao
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlōlo ea Molao e Qalehile Kae?
  • Ke Hobane’ng ha Tlōlo ea Molao e Atile Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Hlōloa ke Ntoa Khahlanong le Tlōlo ea Molao
    Tsoha!—1998
  • Ho Fela ha Tlōlo ea Molao Joale ho Atametse!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Loanela ho Felisa—Tlōlo ea Molao
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 3/8 leq. 3

Nako eo ka Eona Ho Neng ho se Tlōlo ea Molao

NA U ka inahanela hore na lefatše le se nang tlōlo ea molao le joang? U ka ’na ua thatafalloa haeba u ile ua bala tlaleho e kang e hlahileng koranteng ea letsatsi le letsatsi ea Jeremane e bitsoang Süddeutsche Zeitung: “Litsebi tsa tlōlo ea molao li bua ka tekanyo e ncha ea tlōlo ea molao. Puo ea tsona e tletse mantsoe a bontšang ho tla ha tšenyo e eketsehileng ’me li fana ka maikutlo a tebello e tšosang.”

Ho ea ka phuputso e entsoeng ka 1995 ho batho ba Europe ba likete, hoo e batlang e le e mong le e mong oa bona o tšoenyehile ka ho hlaseloa ke tlōlo ea molao. Jeremane, Netherlands, Poland, Russia le United Kingdom, tlōlo ea molao ke eona e ka holimo-limo lethathamong la lintho tseo batho ba li tšabang ka ho fetisisa. Tšabo ea tlōlo ea molao e behiloe boemong ba bobeli Denmark, Finland le Switzerland ’me ea behoa boemong ba boraro Fora, Greece le Italy. Linaheng tse 12 tseo ho entsoeng phuputso ho tsona, ke Spain feela e sa kang ea thathamisa tlōlo ea molao e le le leng la mabaka a mararo a ka sehloohong a bakang tšabo.

Tlōlo ea molao e eketsehile ka sekhahla linaheng tsa Europe Bochabela lilemong tse supileng tse fetileng. Linaheng tse ’maloa ho tsona, e eketsehile ka karolo ea 50 lekholong ho ea ho ea 100 lekholong, athe linaheng tse ling, ka karolo ea 193 lekholong ho ea ho ea 401 lekholong!

Leha ho le joalo, ka nako e ’ngoe, ho kile ha e-ba le lefatše le se nang tlōlo ea molao. Le ne le le teng neng, hona lefatše leo le ile la senngoa ke eng?

Tlōlo ea Molao e Qalehile Kae?

Tlōlo ea molao, e hlalosoang e le “ho roba molao ka ho feletseng,” e qalehile sebakeng sa moea. Batho ba pele, Adama le Eva, ba ne ba sa bōpelloa le tšekamelo ea ho ba batlōli ba molao, leha e le hore ba ikarabella ka ho feletseng ka ho kena ha tlōlo ea molao mokhatlong oa batho. Mora oa moea ea phethahetseng oa Molimo o ile a lumella likhopolo tse fosahetseng ho mela pelong ea hae, tseo, e itseng ho ba li hōle, li ileng tsa tsoala tlōlo ea molao. Ke eena ea ikarabellang ka ho silafatsa lefatše leo qalong le neng le se na tlōlo ea molao. Ka ho roba molao oa Molimo, o ile a iketsa motlōli oa molao, ’me ka Bibeleng o tsebahatsoa e le Satane Diabolose.—Jakobo 1:13-15; Tšenolo 12:9.

A se a ikemiselitse ho ba khahlanong le Molimo maholimong a sa bonahaleng, Satane o ile a phehella ho jala litsela tsa hae tsa tlōlo ea molao bathong ba lefatšeng. Tlaleho ea Bibele ea kamoo Diabolose a ileng a etsa sena kateng e khutšoanyane ebile e bonolo, empa ke ea ’nete. (Genese, khaolo ea 2-4) Adama le Eva, ba khelositsoe ke motlōli enoa oa molao ea leshano, ea phahametseng motho, ba ile ba hana ho boloka litekanyetso tsa Molimo. Ba ile ba fetoha batlōli ba molao ka ho se mamele Molimo. Hamorao, ntle ho pelaelo ba ile ba nyaroha ha mor’a bona oa letsibolo, Kaine, a ea bohōleng ba ho amoha moen’ae Abele letlotlo la hae la bohlokoa ka ho fetisisa, bophelo!

Kahoo, ho batho ba pele ba bane ba qalileng ho aha lefatšeng, ba bararo ba bona ba ile ba fetoha batlōli ba molao. Ka hona, Adama, Eva le Kaine ba ile ba lahleheloa ke monyetla oa bona oa ho phela lefatšeng le se nang tlōlo ea molao. Ke hobane’ng ha, ka mor’a nako ee eohle, re ka kholiseha hore hona joale lefatše le joalo le atametse?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela