Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 3/8 maq. 4-6
  • Ho Hlōloa ke Ntoa Khahlanong le Tlōlo ea Molao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlōloa ke Ntoa Khahlanong le Tlōlo ea Molao
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlōlo ea Molao e Qala Hanyenyane
  • Batlōli ba Molao ke Bo-mang?
  • Boikemisetso bo Molemo ha Boa Lekana
  • Bahlanka ba Molao ba Ikemiselitse Hakae?
  • Ho Loanela ho Felisa—Tlōlo ea Molao
    Tsoha!—1996
  • Nako eo ka Eona Ho Neng ho se Tlōlo ea Molao
    Tsoha!—1998
  • Ke Hobane’ng ha Tlōlo ea Molao e Atile Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Mapolesa—Bokamoso ba ’Ona ke Bofe?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 3/8 maq. 4-6

Ho Hlōloa ke Ntoa Khahlanong le Tlōlo ea Molao

EO E kileng ea e-ba motsamaisi oa Sepolesa sa Metropolitan o ile a qotsoa ho Liverpool Daily Post ea Engelane a re: “Tlōlo ea molao e ne e ka felisoa ka bosiu bo le bong feela haeba e mong le e mong a ne a ikemiselitse ho etsa boiteko.” Ka sebele, haeba e mong le e mong a ne a hlompha molao, tlōlo ea molao e ne e tla fela.

Leha ho le joalo, tlōlo ea molao ea eketseha libakeng tse ngata. Mantsoe a builoeng lilemong tse likete tse fetileng aa sebetsa mehleng ea rōna: “Lefatše le ne le bolile pel’a Molimo, ’me lefatše le ne le tletse ho bolaeana.” (Genese 6:11)—Bona lebokose le leqepheng le bapileng le lena.

Tlōlo ea Molao e Qala Hanyenyane

Ka ho roba molao linthong tse nyenyane, motho a ka ba boemong ba ho o roba le linthong tse khōlō. E le ho hatisa ntlha ena ho liithuti tsa eona, tichere e ’ngoe e ile ea hlalosa: “Batho ba thuhang libanka ba qalile ka ho utsoa lipensele sekolong.”

Ka mor’a nako, ke’ng se atisang ho etsahala mosebetsing? Batho ba lula mahae ba sa ee mosebetsing ka lebaka la ho kulisa bohata ebe ba amohela melemo eo ba sa tšoanelang ho e fumana. Tloaelo ena ea ho se tšepahale e atile ho feta kamoo motho a ka nahanang kateng. Ka mohlala, Jeremane, matsatsi ao basebetsi ba tlalehang hore baa kula ka ’ona, a etsang karolo ea 6 lekholong e ba a Laboraro, a etsang karolo ea 10 lekholong e ba a Labobeli, ’me a etsang karolo ea 16 lekholong e ba a Labone, empa a mangata ka mokhoa o makatsang ke a Mantaha a etsang karolo ea 31 lekholong, ’me a fetoa ke a Labohlano a etsang karolo ea 37 lekholong! Na e hlile batho ba atisa ho kula ka matsatsi a Mantaha le a Labohlano, kapa e mpa e le mofuta o mong feela oa bosholu?

Batlōli ba Molao ke Bo-mang?

Ke ’nete hore liketso tsa tlōlo ea molao tse entsoeng ke batho feela tjee hase hangata li bang le liphello tse tšoanang le ha li entsoe ke batho ba maemong a puso. Mathoasong a bo-1970, United States e ile ea sisinngoa ke tlōlo e ’ngoe ea molao e khōlō lipolotiking hoo lebitso le neng le amana le eona le ileng la fetoha karolo ea puo ea Senyesemane.

Ho ea ka Barnhart Dictionary of New English: “Watergate, [ke] mahlabisa-lihlong, haholo-holo a amanang le boiteko ba ho pata boitsebiso bo kotsi kapa liketso tse seng molaong.”a E tsoela pele: “Taba ea Watergate e siile phello e matla e sa hlakoleheng puong [ea Senyesemane] lilemong tsa bo-1970. Lentsoe leo le entse hore ho qaptjoe mantsoe a sa tšoaneng a kopanngoang le kutu -gate, ho hlalosa mahlabisa-lihlong kapa bobolu.”

Ho tloha nakong eo lenane leha e le lefe la liketsahalo tsa mofuta oa Watergate le bontšitse hore tlōlo ea molao e jele setsi, esita le ho bao e lokelang ho ba mehlala tabeng ea ho tšehetsa molao. Japane, bobolu ba lipolotiki bo ile ba ata hoo mathoasong a bo-1990 ho ileng ha tlameha hore ho ntšoe melao e mecha ho bo loantša. Ka 1992, mopresidente oa Brazil o ile a theoloa litulong ka liqoso tsa bobolu.

Na ha hoa totobala hore liphoso tse etsoang ke ba maemong a taolo, ho kopanyelletsa batsoali, matichere le bahlanka ba phethahatso ea molao, li tlatsetsa haholo liketsong tsa tlōlo ea molao?

Boikemisetso bo Molemo ha Boa Lekana

Batho ba bangata ba tla lumela hore mebuso e batla ho felisa tlōlo ea molao. Leha ho le joalo, mohlanka e mong oa ’muso ea seng a le phomolong o ile a hlokomela sena ka naha ea habo: “’Muso o entse ho fokolang mabapi le ho etsa hore tsamaiso ea toka e sebetse ka potlako le ka katleho. Ho na le baahloli ba fokolang, ’me ba seng bakae bao re nang le bona ba na le mosebetsi o mongata. Lebotho la sepolesa lea fokola ’me ha le na thepa e sebelisoang. Ka linako tse ling mapolesa ha a lefuoe meputso ea ’ona ka nako, e leng ho a hohelang hore a nke tjotjo.”

Makasine ea Italy e bitsoang La Civiltà Cattolica e tletleba ka hore “’Muso o hlōleha ho sebetsana le tlōlo ea molao e hlophisitsoeng” ’me e re: “Boikemisetso ba mekhatlo ea phethahatso ea molao le ea tsamaiso ea boahloli ba ho loantša tlōlo ea molao boa ananeloa, empa ho totobetse hore ho hang ha bo sisinye tlōlo ea molao e hlophisitsoeng; ho e-na le hoo, matla a eona le bokhoni lia hōla.”

Ho hlakile hore boikemisetso bo botle ba mebuso ba ho loantša tlōlo ea molao ha boa lekana. Anita Gradin, mokomishinara oa Europe lefapheng la bojaki le tsamaiso ea boahloli, o buile hantle ha a re: “Re hloka mekhoa e molemonyana, e sebetsang ka katleho haholoanyane bakeng sa ho iketsa khokanyana-phiri hore re loantše ho mokoloa ha lithethefatsi le ho etsoa ha khoebo e seng molaong, ho kenya melata ka har’a naha ka sekhukhu le ho e fa tjako ka ntle ho molao, tlōlo ea molao e hlophisitsoeng, bomenemene le bobolu.”

Bahlanka ba Molao ba Ikemiselitse Hakae?

Ba bang ba belaela ka hore na ba boholong ba hlile ba ikemiselitse hakae ho loantša tlōlo ea molao. E mong eo e kileng ea e-ba mohlahlobi-kakaretso oa sepolesa naheng e ’ngoe o bolela hore motho e mong le e mong, bonyane phatlalatsa, “o nyatsa bobolu le tlōlo ea molao moruong.” Leha ho le joalo, o bolela hore hase bohle ba nang le takatso e tiileng ea ho felisa tlōlo ea molao le bobolu. Palo e ntseng e eketseha ea batho—ho akarelletsa le bahlanka ba molao—kamoo ho bonahalang kateng ba nka ho amohela tjotjo, bomenemene le ho utsoa e le litsela tse amohelehang tsa ho iphumanela se molemo.

’Nete ea hore ba bangata “ba etsang tlōlo ea molao ba itsoella pele ho se kotlo eo ba e fumanang,” joalokaha mohlanka e mong oa lekhetho la thepa e kenang le e tsoang a hlalositse, ntle ho pelaelo ke lebaka le leng le etsang hore tlōlo ea molao e eketsehe. Ka mohlala, khatiso e ’ngoe ea Russia e bua ka “tsela e bonolo eo batlōli ba molao ba lokolohang ka eona ba sa fumane kotlo.” Khatiso ena e eketsa ka hore sena “se bonahala se susumelletsa baahi ba bang ho etsa liketso tsa tlōlo ea molao tse sehlōhō ka ho fetisisa.” Sena ke sona seo mongoli oa Bibele a ileng a se bolela lilemong tse ka bang 3000 tse fetileng: “Ereka ha kahlolo e ahlolang mesebetsi eohle e khopo e sa phakise ho etsahala, ka hoo pelo tsa bana ba batho li ntse li tlala takatso ea ho etsa hampe.”—Moeklesia 8:11.

Hase ho fetelletsa litaba ho bolela hore mebuso e hlōleha ho loantša tlōlo ea molao. Koranta e ’ngoe ea Jeremane e bitsoang Rheinischer Merkur ea hlalosa: “Sechaba se tšohile ka matla keketseho ea liketso tse mabifi tsa tlōlo ea molao ’me se ke ke sa kokobetsoa ke ho itlatlarietsa ha mekha ea lipolotiki leha e le lipalo-palo tse bolelang hore boemo ha bo bobe hakaalo.”

Ho e-na le hore tlōlo ea molao e se be mpe hakaalo, e bonahala e le mpe haholo. Leha ho le joalo, ho na le monyetla oa tšepo. Lefatše le se nang tlōlo ea molao le ntse le atamela ho feta leha e le neng pele, ’me u ka phelela hore u tle u le bone. Sehlooho se latelang se tla bontša hore na ke hobane’ng ha re bua joalo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Taba ea Watergate e ile ea rehelloa joalo hobane ho thuhuoa ha mohaho o rehiloeng lebitso leo ke hona ho entseng hore taba ena e phatlalle. Qetellong, mahlabisa-lihlong ana a ile a etsa hore Mopresidente oa United States, Richard Nixon, a itokolle mosebetsing le hore baeletsi ba hae ba ka sehloohong ba ’maloa ba koalloe chankaneng.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Batho ba bangata ba nka tlōlo ea molao e le tsela e amohelehang ea ho iphumanela se molemo

[Lebokose le leqepheng la 5]

Lefatše le Tletseng Pefo

AFRIKA BOROA: “Pefo e sa thibeheng le e sa laoleheng ka ho feletseng e sokela e mong le e mong oa rōna le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang—’me ho tlameha hore ho etsoe phetoho e khōlō.”—The Star.

BRAZIL: “Ka lebaka la leqhubu le sekhahla la pefo, batho ba makholo a likete ba ile ba tlala setsing sa khoebo sa toropo [ea Rio de Janeiro], ho bontša tšabo le khalefo ea bona ka lebaka la tlōlo ea molao e hapileng motse oa bona.”—International Herald Tribune.

CHAENA: “Lihlopha tsa botlokotsebe li boetse lia hlahella Chaena ’me ho bonahala liketso tse khōlō tsa tlōlo ea molao li sa laolehe. . . . Litsebi tsa Chaena li bolela hore lenane la lihlopha tsena le ‘mekhatlo ea sekhukhu’ le eketseha ka potlako ho feta kamoo mapolesa a ka li balang.”—The New York Times.

GREAT BRITAIN: “Lenane la liketso tsa pefo le eketsehile ’me ho na le monyetla o eketsehang oa hore motlōli oa molao o tla sebelisa pefo e le eona sebetsa sa pele.”—The Independent.

IRELAND: “Lihlopha tsa tlōlo ea molao tsa mofuta oa Mafia li se li itlhomme Dublin le metseng e haufi le eona e futsanehileng e ka bophirimela. Lihlopha tsa botlokotsebe li ntse li itlhomella ka ho eketsehileng.”—The Economist.

JEREMANE: “Lekhalo le pakeng tsa ho ikemisetsa ho sebelisa pefo le maemo a susumelletsang motho ho etsa joalo le ntse le nyenyefala ho ea ho ile. Kahoo, hase ho makatsang hore pefo e ba teng letsatsi le letsatsi.”—Rheinischer Merkur.

MEXICO: “Tlōlo ea molao e eketsehile ka sekhahla ka nako e khutšoanyane hoo e tšosang.”—The Wall Street Journal.

NIGERIA: “Ho ea ka ’muelli oa sepolesa Monghali Frank Odita, malapa, likereke, likereke tsa Mamosleme, likolo le mekhatlo ea boikopanyo li hlōlehile mosebetsing oa tsona oa ho thibela bacha ho kena liketsong tsa tlōlo ea molao.”—Daily Champion.

PHILIPPINES: “Ho malapa a mang le a mang a leshome, Philippines, a tšeletseng ho ’ona a bolela hore ha a ikutloe a sireletsehile ha a le lapeng kapa a le literateng.”—Asiaweek.

RUSSIA: “Lihlopha tsa botlokotsebe tse kang tsa Mafia li fetotse motse oo mehleng ea Soviet e kileng ea e-ba o mong oa e sireletsehileng ka ho fetisisa lefatšeng ho ba setsi sa tlōlo ea molao e feteletseng. . . . Molefothenente oa sepolesa Gennadi Groshikov o re: ‘Lilemong tse 17 tseo ke li qetileng ke etsa mosebetsi oa ho lebela, ha ho mohla nkileng ka bona liketso tse ngata tjena tsa tlōlo ea molao Moscow, leha e le hore nkile ka bona ntho e mpe tjena.’”—Time.

TAIWAN: “Taiwan . . . liketso tse eketsehang tsa bosholu, tlhaselo le polao li keneletse butle-butle sechabeng . . . Ka sebele, liketso tsa tlōlo ea molao li eketseha butle ’me libakeng tse ling li feta tsa linaha tse ka Bophirimela.”—The New York Times.

UNITED STATES: “United States ke naha e mabifi ka ho fetisisa linaheng tse tsoetseng pele moruong. . . . Ha ho naha leha e le efe e tsoetseng pele moruong e atamelang ho eona.”—Time.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela