Stroke!
SESOSA se itlhommeng pele sa lefu le boqhoala linaheng tse tsoetseng pele moruong ka Bophirimela ke stroke. Lentsoe “stroke” ka bolona le bontša kamoo “boko bo tsietsanang” ka tšohanyetso kateng. Hona joale, u ka ’na ua ikutloa u phetse hantle, ’me motsotsong o latelang, ua ikutloa eka u otloa ke letolo—lefu le sekhahla la stroke le ka fetola bophelo ba hao ka tšohanyetso le ka tsela e tebileng. Le u holofatsa le ho u qhoalisa ka sehlōhō, le ka ’na la u sitisa ho bua, la u senya maikutlo, la fetola botho ba hao le matla a hao a ho nahana, la u qobella hore u hlanake ntoa e bonahalang e sa lale hore u boele bophelong bo tloaelehileng boo uena le litho tsa lelapa le neng le bo tseba.
Nahana ka Ellen Morgan.a Ka Laboraro, Ellen e ne e le motho ea phetseng hantle le ea sehlahlo ea lilemo li 64. Ka Labone, ha Ellen a ntse a reka le monna oa hae, ka tšohanyetso o ile a sitoa ho bua, ’me sefahleho sa hae sa sotheha. ’Mele oa hae o ile oa fokola, ’me a sala eka o tahiloe. Ellen o ne a otloa ke stroke se matla!
Ka mor’a ho otloa ke stroke seo, Ellen o ne a holofetse hoo a neng a sitoa ho iketsetsa le lintho tse bonolo ka ho fetisisa, joaloka ho itlhatsoa kapa ho ikapesa. A se a hlōleha ho ngola, ho loha, leha e le ho rōka, o ile a tleloa ke ho lla ho sa laoleheng le mokhathala o sithabetsang. Nakong ena eohle, Ellen o ne a ntse a nahana ka ho hlaka; kahoo, o ne a ikutloa a ferekane ha mohlomong a nahana hore ba bang ba mo nka e le tseketseke. Hamorao, Ellen o ile a hlalosa: “Ke ba seng bakae feela ba hlokomelang kamoo liphetoho tsena tsa tšohanyetso li amang motho kateng maikutlong le kelellong. Ke ne ke utloa eka ke qetellong ea bophelo ba ka.”
Ke’ng se bakang stroke? Na e mong le e mong ea otliloeng ke stroke o ameha ka tsela e tšoanang? Ke joang mahlatsipa a lefu lena a sebetsanang le lona ka katleho? Ke joang malapa a mahlatsipa a stroke a ka sebetsanang le boemo ka katleho? Ke’ng seo rōna bohle re ka se etsang ho tšehetsa? Tsoha! e hlahloba lipotso tsena ’me e u fa boitsebiso ka bophelo ba ba phelang ka mor’a ho otloa ke stroke le malapa a bona a ntoeng ena le bona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe molemong oa bakuli le malapa a bona.