Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 2/8 maq. 4-8
  • Stroke—Lisosa Tsa Sona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Stroke—Lisosa Tsa Sona
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liphello Tsa Sona
  • Mathata a Puisano
  • Liphetoho Tsa Maikutlo le Tsa Botho
  • Litho Tsa Lelapa le Tsona ke Bahlaseluoa
  • Ho Sebetsana ka Katleho le Liphello Tsa Sona
    Tsoha!—1998
  • Stroke!
    Tsoha!—1998
  • Boko—“Bo Feta Computer”
    Tsoha!—1988
Tsoha!—1998
g98 2/8 maq. 4-8

Stroke—Lisosa Tsa Sona

SETSEBI sa methapo Dr. Vladimir Hachinski, Univesithing ea Western Ontario, London, Canada, o re: “Boko ke setho se senyehang habonolo ka ho fetisisa ’meleng.” Le hoja bo etsa karolo ea 2 lekholong feela ea boima ba ’mele, boko bo jere lisele tsa kutlo tse fetang limilione tse likete tse leshome, tseo kamehla li lulang li fetisetsana boitsebiso ho hlahisa monahano o mong le o mong, motsamao le boikutlo ho rōna. Kaha boko bo itšetlehile ka oksijene le tsoekere bakeng sa matla, bo li fepeloa ka ho tsoelang pele ke tsamaiso e rarahaneng ea methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong.

Leha ho le joalo, ha karolo e itseng ea boko e ka hloka oksijene esita le ka metsotsoana e seng mekae feela, tšebetso e amehang habonolo ea lisele tsa kutlo ea holofala. Haeba boemo bona bo tsoela pele nako e teletsana, boko boa senyeha, kaha lisele tsa boko li qala ho shoa hammoho le mesebetsi eo li e laolang. Boemo bona bo bitsoa ischemia, e leng ba ho haella ha oksijene hoo hangata ho bakoang ke ho koaleha ha mothapo o tsamaisang mali ho tsoa pelong. Ho haella ha oksijene ho boetse ho senya sehlopha sa lisele tsa boko kaha ho hlahisa motsoako o kotsi oa lik’hemik’hale. Phello e ba stroke. Stroke se boetse se ba teng ha methapo ea mali e phatloha, e qhalla mali bokong, e leng ho koalang litsela tse hokahanyang. Sena se thibela ho phalla ha lik’hemik’hale le motlakase mesifeng ’me ho senya sehlopha sa lisele tsa boko.

Liphello Tsa Sona

Stroke se seng le se seng sea fapana, ’me se ka ama batho ka litsela tse bongata bo se nang palo. Le hoja ho se motho ea ka bang le liphello tsohle tse ka tlisoang ke stroke, liphello li ka ’na tsa fapana ho tloha ho tse seng matla le tse sa bonahaleng hakaalo ho isa ho tse khōlō le tse totobetseng ka tsela e bohloko. Karolo ea boko e angoang ke stroke ke eona e rerang hore na ke mesebetsi efe ea ’mele e tla sitiseha.

Phello e tloaelehileng e ba ho fokola kapa ho shoa lehlakore. Hangata, ho shoa lehlakore le le leng, e leng lehlakore le bapileng le lehlakore la boko le otliloeng ke stroke. Kahoo, ho senyeha ha lehlakore le letona la boko ho holofatsa lehlakore le letšehali, ’me ho senyeha ha lehlakore le letšehali la boko ho holofatsa lehlakore le letona. Batho ba bang ba ka ’na ba tsoela pele ba sebelisa matsoho le maoto a bona, empa u fumane hore mesifa ea bona e thothomela hoo matsoho le maoto a bona a bonahalang a leketlile feela. Motho ea nang le bothata boo o tšoana le motho ea ithutang ho tsamaea ka skate ’me a leka ho boloka botsitso. Dr. David Levine, oa New York University Medical Center, o re: “Ba lahlehetsoe ke kutlo e ba bolellang hore na lenonyollo la bona lea tsamaea kapa che le hore na le sebakeng sefe.”

Mahlatsipa a stroke a fetang karolo ea 15 lekholong a kula ka tšohanyetso, e leng ho etsang hore a thothomele ’me a atise ho akheha. Hape, ho ba le mahlaba hammoho le liphetoho maikutlong ho atile. Lehlatsipa le leng la stroke le lulang le e-ba shohlo matsohong le maotong le re: “Ho na le masiu a mang ao ka ’ona ke thetsoang ke ho hong maotong ebe kea tsoha hobane ho ba joalokaha eka ke chesoa ke motlakase.”

Liphello tsa stroke li ka ’na tsa akarelletsa ho bona ntho e le ’ngoe eka ke tse peli le mathata a ho koenya. Haeba litho tsa kutlo molomong le ’metsong li senyehile, bahlaseluoa ba stroke ba ka ’na ba hlaheloa ke lintho tse soabisang ho feta, joaloka ho lutla liqhenqhe. Ho ka ameha kutlo leha e le efe ho tse hlano, e leng ho ka sitisang pono, ho utloa, ho fofonela, ho latsoa le ho ama.

Mathata a Puisano

Inke u setsoe morao ke liqhenqha tse peli tseo u sa li tsebeng le theosa seterateng se mabone a lerootho. Ha u hetla, u li bona li e-tla ho uena li matha. U leka ho hoeletsa hore u thusoe, empa lentsoe ha le tsoe! Na u ka inahanela boikutlo ba ho ferekana boo u bang ho bona boemong bo joalo? Ke bona boikutlo boo bahlaseluoa ba bangata ba stroke ba bang le bona ha ka tšohanyetso ba lahleheloa ke matla a bona a ho bua.

Ho sitoa ho bua ka seo motho a se nahanang, a ikutloang a le sona, a se tšepang le seo a se tšabang—e leng ho tšoanang le ho arohanngoa le metsoalle le lelapa—ke phello e ’ngoe ea tse bohloko ka ho fetisisa tsa stroke. Motho e mong ea phetseng ka mor’a ho ba le stroke o e hlalosa ka tsela ena: “Nako le nako ha ke ne ke leka ho itlhalosa ho ne ho se lentsoe le tsoang. Ke ile ka tlameha ho lula ke khutsitse ’me ke sitoa ho latela litaelo ebang ke tsa molomo kapa ke tse ngotsoeng. Mantsoe a ne a utloahala . . . eka ke pota-potiloe ke batho ba buang puo esele. Ke ne ke sitoa ho utloisisa leha e le ho sebelisa puo.”

Charles, eena o ne a utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e buuoang le eena. Empa ha a araba, oa ngola: “Ke ne ke ee ke bōpe mantsoe ao ke batlang ho a bua, empa a tsoe a kopa-kopane ’me a sothehile. Mothating oo ke ne ke ikutloa ke qabeletsoe.” Bukeng ea hae e bitsoang Stroke: An Owner’s Manual, Arthur Josephs oa hlalosa: “Mesifa e fetang lekholo e sa tšoaneng, ea laoloa le ho hokahanngoa nakong ea ha motho a bua, ’me o mong le o mong oa mesifa ena, ka karolelano o laoloa ke lihlopha tse fetang lekholo tsa lisele tse susumetsang kutlo. . . . Ho hlokahala liketsahalo tse hlollang tse 140 000 tsa lisele tsa kutlo le mesifa bakeng sa karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea puo. Na ke ho makatsang hore ebe kotsi efe kapa efe e hlahelang karolo e itseng ea boko e laolang mesifa ee e ka baka puo e sothehileng?”

Mathata a mangata a ferekanyang mokhoa oa ho bua a bakoa ke stroke. Ka mohlala, motho ea sitoang ho bua a ka ’na a khona ho bina. E mong a ka ’na a phasoloha feela a sa rera, kapa ka lehlakoreng le leng, a bua mocha-o-chele. Ba bang ba pheta-pheta mantsoe kapa lipolelo kapa ba sebelisa mantsoe a sa lokelang, ba re e, ha ba batla hore che kapa ba re che ha ba batla ho re e. Ba bang ba tseba mantsoe ao ba batlang ho a sebelisa, empa boko bo sitoa ho khannela molomo, lipounama le leleme ho a bitsa. Kapa mohlomong ba ka rareha leleme ka lebaka la bokooa ba mesifa. Ba bang ba ka ’na ba kōkōtletsa ka bohale.

Bothata bo bong ba stroke e ka ’na ea e-ba ho holofatsa karolo ea boko e laolang molumo oa lentsoe o hlalosang boikutlo. Phello e ka ba ho bua ka monyebe. Kapa ho ka ’na ha e-ba thata ho utloisisa molumo oa lentsoe o hlalosang boikutlo ba ba bang. Litšitiso tsa puisano tse joaloka tsena le tse hlalositsoeng ka holimo li ka baka lekhalo pakeng tsa litho tsa lelapa, joaloka pakeng tsa monna le mosali. Georg oa hlalosa: “Kaha stroke se ama tšobotsi le ponahalo ea ’mele, ha e le hantle botho bohle, ka potlako ha rea ka ra hlola re hula hammoho hantle joaloka pele. Ho ile ha ba joalokaha eka ke nyetse mosali e mong ea fapaneng ka ho feletseng, eo ke tlamehang ho ipha sebaka sa ho mo tseba ho tloha qalong.”

Liphetoho Tsa Maikutlo le Tsa Botho

Liqebo, ho phasoloha ka seboko kapa litšeho, bohale bo feteletseng, maikutlo a sa tloaelehang a ho ba le pelaelo le ho sareloa ho sithabetsang e mpa e le karolo feela ea likhathatso tse tsietsang maikutlong le bothong tseo bahlaseluoa ba stroke le malapa a bona ba ka ’nang ba tlameha ho sebetsana le tsona.

Mohlaseluoa e mong oa stroke ea bitsoang Gilbert oa pheta: “Ka linako tse ling, ke ameha maikutlo, ke tšehisoa kapa ke llisoe ke ntho e nyenyane ka ho fetisisa. Ka nako e ’ngoe, ha ke tšeha, motho e mong o ee a botse, ‘U tšeha eng?’ ’me bonneteng ho se seo nka reng kea se tšeha.” Sena, hammoho le ho therekela le ho qhiletsa, se ile sa khannela Gilbert ho re: “Ke ikutloa eka ke na le ’mele o mong, eka ke motho e mong osele, ke se ke se motho eo ke neng ke le eena pele ke otloa ke stroke.”

Ke batho ba seng bakae haeba ba le teng ba sa ferekanngoeng maikutlo ke ho phela ba e-na le likhoreletso tsa ho holofala kelellong le ’meleng. Hiroyuki, eo stroke se mo siileng a e-na le bothata ba ho bua ’me a batlile a e-shoa lehlakore, o re: “Esita le ka mor’a nako ke ne ke ntse ke sitoa ho hlaphoheloa. Ha ke hlokomela hore nke ke ka khona ho ntšetsa mosebetsi oa ka pele joaloka pele, ke ile ka nyahama. Ke ile ka qala ho nyatsa lintho le batho ’me ke ikutloa eka ke tla phatloha maikutlo. Ke ile ka sitoa ho itšoara senna.”

Ho tšaba le ho tšoenyeha ke lintho tse atileng ho bahlaseluoa ba stroke. Ellen oa hlalosa: “Ke ikutloa ke sa sireletseha ha ke utloa khatello hloohong e leng hoo e ka ’nang ea e-ba temoso ea hore stroke se seng se tseleng. Ke tlala tšabo ka sebele haeba ke itumella ho nahana se fosahetseng.” Ron o hlalosa ho tšoenyeha hoo a sebetsanang le hona: “Ho etsa liqeto tse nepahetseng ho batla ho sa khonehe ka linako tse ling. Ho rarolla mathatanyana a mabeli kapa a mararo ka nako e le ’ngoe hoa mpherekanya. Ke lebala lintho ka potlako hoo ka linako tse ling ke sitoang ho hopola qeto e entsoeng metsotsoana e seng mekae e fetileng. Ka lebaka leo, ke etsa liphoso tse makatsang, ’me lia ntšoabisa le ho soabisa ba bang. Ke tla be ke le joang lilemong tse seng kae tse tlang? Na ke tla be ke se ke sitoa ho bua lintho tse nang le kelello kapa ke se ke sitoa ho khanna koloi? Na ke tla fetoha moroalo ho mosali oa ka?”

Litho Tsa Lelapa le Tsona ke Bahlaseluoa

Kahoo, hoa bonahala hore bahlaseluoa ba stroke hase bona feela ba tlamehang ho tobana le liphello tse bohloko tsa sona. Malapa a bona le ’ona aa ameha. Maemong a mang ba tlameha ho tobana le boemo bo nyarosang ba ho bona motho eo pele a neng a bua ka tsela e hlakileng, a le matla, a theoha boemong boo ka tšohanyetso ba ntse ba mo shebile, a theohela boemong bo kang ba lesea le hlokang tlhokomelo. Likamano li ka ’na tsa senyeha kaha litho tsa lelapa li ka ’na tsa tlameha ho phetha likarolo tseo li sa li tloaelang.

Haruko o hlalosa liphello tsena tse bohloko ka tsela ena: “Monna oa ka o ile a lebala hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlokoa. Ka potlako re ile ra tlameha ho koala k’hamphani eo a neng a e tsamaisa le ho lahleheloa ke ntlo le matlotlo a rōna. Ho nkutloisang bohloko ho feta ke hore ha ke sa khona ho bua le monna oa ka ka bolokolohi kapa ho retelehela ho eena bakeng sa keletso. Kaha ha a sa bona phapang pakeng tsa bosiu le motšehare, hangata o tlosa phate e sireletsang e hlokahalang bosiu. Le hoja re ne re ntse re tseba hore ho tla tla nako eo ka eona a neng a tla theohela boemong boo, re ntse re thatafalloa ho amohela ’nete eo ka boemo ba hae. Boemo ba rōna bo fetohile ka ho feletseng, kaha joale ’na le morali oa ka re bahlokomeli ba monna oa ka.”

Elaine Fantle Shimberg oa hlalosa ho Strokes: What Families Should Know: “Ho hlokomela mohlaseluoa oa stroke—ho sa tsotellehe hore na le mo rata hakae—e ka ba ho sithabetsang ka linako tse ling. Khatello le mosebetsi ha li fokotsehe.” Maemong a mang tlhokomelo ea boleng bo phahameng eo litho tse ling tsa lelapa li fanang ka eona e ka ba le liphello tse senyang bophelong ba ’mele, maikutlong le bomoeeng ba mooki. Maria o hlalosa hore stroke sa ’mè oa hae se ba le phello e boima bophelong ba hae: “Ke mo etela letsatsi le leng le le leng ’me ke leka ho mo haha moeeng, ke bala le ho rapela le eena le ho mo bontša lerato, ho mo kopa le ho mo aka. Ha ke fihla hae, ke khathetse maikutlong—hoo ka matsatsi a mang ke buang hampe.”

Ntho e ’ngoe e thata ka ho fetisisa eo baoki ba lokelang ho tobana le eona ke ho fetoha ha boitšoaro. Setsebi sa methapo Dr. Ronald Calvanio o bolella Tsoha!: “Ha u tšoeroe ke lefu la boko le amang mesebetsi e rarahaneng ea methapo—ke hore, tsela eo motho a nahanang ka eona, a itšoarang ka eona bophelong, maikutlo ao a bang le ’ona—re sebetsana le botho ba motho eo ka ho toba, kahoo kholofalo ea kelello e bang teng ka sebele e fetola bophelo ba lelapa ka tsela e totobetseng.” Yoshiko oa pheta: “Monna oa ka o bonahala a fetohile ka ho feletseng ka mor’a ho kula ha hae, o halefisoa ke lintho tse fokolang ka ho fetisisa. Ka sebele ke ikutloa ke sithabetse haholo linakong tse joalo.”

Hangata, liphetoho bothong li ka ’na tsa se hlokomelehe ho bao eseng ba lelapa. Kahoo, baoki ba bang ba ikutloa ba qheletsoe thōko ’me ba jere mojaro oa bona ba le bang. Midori oa hlalosa: “Stroke se siile monna oa ka a holofetse kelellong le maikutlong. Le hoja a hloka ho khothatsoa haholo, ha a bue ka hona ho mang kapa mang ’me o jara boima a le mong. Kahoo, ho ho ’na hore ke jare maikutlo a hae. Ho bona ha boitšoaro ba monna oa ka bo fetoha letsatsi ka leng ho nketsa hore ke se phutholohe ’me ka linako tse ling hoa ntšosa.”

Ke joang mahlatsipa a mangata a stroke le ba malapa a ’ona ba sebetsaneng ka katleho le liphetoho tse tlisoang ke stroke bophelong ba bona? Ke ka litsela life e mong le e mong oa rōna a ka tšehetsang ba fetang tlas’a liphello tse fokolisang tsa stroke? Sehlooho sa rōna se latelang sea hlalosa.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

Matšoao a Lemosang

• Ho felloa ke matla ka tšohanyetso, ho ba shohlo, kapa ho shoa litho sefahlehong, letsohong kapa leotong, haholo-holo ka lehlakoreng le le leng la ’mele

• Ho fifalloa ke pono kapa ho se bone ka ho hlaka, haholo-holo ka leihlong le le leng; ho bona ntho e le ’ngoe eka ke tse peli

• Ho thatafalloa ke ho bua kapa ho utloisisa esita le lipolelo tse bonolo

• Ho ba le molikoalikoane kapa ho therekela kapa ho se sebelisane ha litho, haholo-holo ha ho kopane le letšoao le leng

Matšoao a sa Tloaelehang Haholo

• Ho tšoaroa ke hlooho e bohloko ka sekhahla, eo ho sa tsejoeng sesosa sa eona—eo hangata e hlalosoang e le “hlooho e bohloko ka ho fetisisa e kileng ea tšoara motho”

• Ho nyekoa ke pelo ho sekhahla le feberu—ho fapaneng le ho kulisoa ke kokoana-hloko ka lebaka la ho qaleha ha teng ka ho panya ha leihlo (ho nka metsotso kapa lihora ho fapana le ho nka matsatsinyana a ’maloa)

• Ho ea le mailiili kapa ho lahleheloa ke kelello ka nakoana (ho akheha, ho ferekana, ho tsitsipana, ho ilibana ka nako e telele)

U se ke Ua Hlokomoloha Matšoao

Dr. David Levine o khothalletsa hore ha matšoao ao a bonahala, mokuli “a potlakele phekolong ea maemo a tšohanyetso sepetlele. Ho na le bopaki ba hore haeba stroke se phekoloa lihoreng tse seng kae tse qalang, tšenyo eo se ka e bakang ea fokotseha.”

Ka linako tse ling matšoao ana a ka ’na a bonahala nakoana e khutšoaane ebe aa nyamela. Matšoao ana a tsejoa e le li-TIA, kapa transient ischemic attacks (litlhaselo tsa nakoana sehlopheng sa lisele). U se ke ua a hlokomoloha, kaha a ka ’na a supa menyetla ea ho ba le stroke se matla, ’me stroke se sekhahla se ka ’na sa latela. Ngaka e ka ’na ea phekola lisosa ’me ea thusa ho fokotsa menyetla ea ho ba le stroke nakong e tlang.

Adapted from guidelines provided by the National Stroke Association, Englewood, Colorado, U.S.A.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela