Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 7/8 maq. 3-5
  • Ho Iphekola Melemo Le Likotsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Iphekola Melemo Le Likotsi
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Iphekola—Na ho Kotsi?
  • Ho Iphumanela Boloetse ka Tsela e Seng Kotsi—Joang?
  • Ke Joang U ka Thabelang Bophelo bo Botle?
    Tsoha!—1998
  • Sebelisa Meriana ka Bohlale
    Tsoha!—1996
  • Meriana ea Litlama—Na e ka U Thusa?
    Tsoha!—2004
  • Sebelisa Meriana ka Kelo-hloko
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 7/8 maq. 3-5

Ho Iphekola Melemo Le Likotsi

Ka mongolli oa Tsoha! Brazil

MOPRESIDENTE oa k’hamphani e khōlō ea meriana o re: “Lefatšeng ka bophara ’maraka oa ho iphekola oa hōla. Batho ba batla ho laola bophelo ba bona bo botle.” Le hoja ho ka ba joalo, na ho na le likotsi leha e le life tseo u lokelang ho li hlokomela?

Ka sebele, haeba moriana o sebelisoa ka tsela e loketseng, o ka phekola. Ka mohlala, insulin le lithibela-mafu hammoho le motsoako o nooang o theko e tlaase le o bonolo oa ho khutlisetsa metsi ’meleng li pholosa bophelo ba batho ba bangata. Phephetso ea ho iphekola ke ho lekanyetsa hore na ke neng melemo e fetang likotsi.

Ho ke ke ha latoloa hore linaheng tse ling lingaka tse tšoanelehang li ka ’na tsa e-ba hōle haholo kapa tsa lefisa chelete e ngata haholo. Kahoo, batho ba bangata ba tšepa maikutlo a metsoalle le beng ka bona kapa libuka tsa ho iphekola bakeng sa boitsebiso bo amanang le phekolo. Fernando Lefèvre, moprofesa Univesithing ea São Paulo, Brazil o re: “Matšolo a phatlalatso a [boetse a] fana ka maikutlo a hore ka ho reka pilisi e le ’ngoe, motho a ka phela hantle, a atleha.”a Ka lebaka leo, ho hlōla liphello tsa ho sebetsa haboima, khaello ea phepo e nepahetseng esita le mathata a fokolang a maikutlo, ba bangata ba tšepela merianeng. Lefèvre oa eketsa: “Ho e-na le ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba bona, batho ba leka ho rarolla mathata a bona ka ho noa meriana eo ba ithekelang eona.” ’Me ke mang ea tsebang hore na ebe bakuli ba tseba hantle hore na ba tšoeroe ke eng?

Ntle le ho sebelisa meriana bakeng sa ho phekola maloetse a kang hlooho, khatello ea methapo ea mali le ho ferekana ka maleng, ba bangata ba sebelisa meriana bakeng sa ho loantša matšoenyeho, tšabo le bolutu. Dr. André Feingold o re: “Batho ba batla thuso ea ngaka hobane ba nahana hore pilisi e tla rarolla bothata. Esita le litsebi tsa bophelo bo botle li na le tšekamelo ea ho fana ka meriana le ho buella litlhahlobo tse sa feleng. Ha ho etsoe boiteko ba ho tseba histori ea mokuli, eo maemong a mangata, mokhoa oa hae oa bophelo e leng o ferekaneng, o hatellang kelellong o bileng o leng kotsi.” Romildo Bueno oa Lekhotla la Lefatše la Thibelo ea Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi tse Fetolang Temoho Kapa Boitšoaro, oa lumela: “Nako ea ho hlahloba bakuli e nyenyane, ’me lingaka tse ling li tlosa mokuli pel’a tsona kapele, li phekola matšoao feela.” Ho sebelisa lithethefatsi “ke tsela ea bongaka ea ho [rarolla] mathata a maemo a bophelo.” Leha ho le joalo, ngaka e ’ngoe e lemosa hore ho bakuli ba bangata ho hlokahala kelo-hloko pele ba ka fuoa lithethefatsi tse fetolang temoho kapa boitšoaro.

Ka mor’a ho bua ka “Feshene ea Prozac,” koranta ea letsatsi le letsatsi ea Brazil O Estado de S. Paulo e re: “Pheko e fetohang feshene, feela joaloka mokhoa o mocha oa ho lokisa moriri, ha e le hantle ea makatsa.” E qotsa ngaka ea mafu a kelello Arthur Kaufman: “Ho se be le matla a ho talima lintho kamoo li leng kateng le ho se be le morero bophelong ho fa kelello maikutlo a hore pheko e sebetsang ke e phekolang mathata ’ohle.” Kaufman oa eketsa: “Motho o ntse a ameha haholoanyane ka lipheko tsa hang-hang, ka lebaka leo, a feletsoe ke thahasello ea ho fumana lisosa tsa mathata a hae, o ikhethela ho noa pilisi ho e-na le ho a rarolla.” Empa na ho iphekola ha ho na kotsi?

Ho Iphekola—Na ho Kotsi?

The New Encyclopedia Britannica e re: “E ’ngoe ea litšobotsi tse hlollang lefapheng la bongaka lekholong la bo20 la lilemo e bile ho etsoa ha lithethefatsi tse ncha.” Empa e boetse e re: “Mohlomong chefo e eketsehileng e bakoa ke meriana ho feta sesosa leha e le sefe se seng.” Ka sebele, feela joalokaha moriana o ka phekola, o ka boela oa ntša kotsi. Lipilisi tse hlokisang motho takatso ea lijo kapa tsa ho theola ’mele “li na le phello e itseng methapong, ka lebaka leo li ka qholotsa matšoao a kotsi a kang boloetse ba ho hlobaela, liphetoho boitšoarong, ’me maemong a mang esita le lipono tsa bohata tse tlang kelellong,” kamoo ho hlalosang mongoli Cilene de Castro. Oa eketsa: “Empa mang kapa mang ea nahanang hore lipilisi tse hlokisang motho takatso ea lijo li sebetsa mosebetsi oo feela, oa ithetsa. Pilisi e le ’ngoe e ka ’na ea e-ba qaleho ea letoto la meriana, o mong le o mong o thibela phello ea o mong.”

Lithethefatsi tse ngata tse atisang ho sebelisoa li ka baka ho kukuneloa ka maleng esita le ho nyeka ha pelo, ho hlatsa le ho tsoa mali. Lithethefatsi tse ling li ka lemalloa kapa tsa senya liphio le sebete.

Esita le lihlahisoa tsa bophelo bo botle tse tloaelehileng li ka ’na tsa belaelloa. Dr. Efraim Olszewer, mopresidente oa mokhatlo oa bongaka oa Brazil oa lemosa: “Feshene ena ea livithamine tse tlatselletsang e kotsi ka ho fetisisa. Hase feela hore baahi baa iphekola empa lingaka tse ling tse se nang tsebo li fana ka meriana e belaetsang, li hlokomoloha likotsi tse amehang.” Leha ho le joalo, ngaka e ’ngoe e bolela hore livithamine tse tlatselletsang ka tekanyo e loketseng li ka ’na tsa hlokahala kapa tsa e-ba molemo bakeng sa ho phekola maloetse a itseng le mefokolo.

Ho Iphumanela Boloetse ka Tsela e Seng Kotsi—Joang?

Kaha re ke ke ra ea ngakeng ka linako tsohle ha re sa ikutloe hamonate, thuto ea bophelo bo botle le ho iphekola ho bontšang kahlolo e molemo ho ka ba molemo malapeng a rōna. Leha ho le joalo, pele motho a iphekola ka tsela efe kapa efe, ke habohlokoa hore a fumane hantle boloetse bo mo tšoereng. Haeba ho se na ngaka haufinyane kapa u ke ke ua khona ho ea ho eona, ho batla boitsebiso bukeng ea bongaka e tšoanelehang ho ka ’na ha u thusa ho fumana hantle boloetse bo u tšoereng. Ka mohlala, Mokhatlo oa Amerika oa Bongaka o hatisa buka ea tataiso ea malapa ho tsa bongaka e nang le karolo ea maqephe a 183 ea lichate tsa matšoao a maloetse. Tsena li tataisa mokuli ka letoto la lipotso tse ka arajoang ka e, kapa che. Ka ho bapisa matšoao le mohloli ona oa boitsebiso, hangata bothata bo ka fumanoa le ho tsejoa.

Empa ho thoe’ng ka karolo e phethoang ke lingaka? Re lokela ho batla thuso ea litsebi neng? Re ka qoba joang ho fetella ka ho tšoenyeha haholo ka bophelo ba rōna bo botle kapa ho se bo tsotelle? Ka sebele, lefatšeng leo ho lona ho atileng ho kula le matšoao a boloetse ba kelello a bonahalang ’meleng, ke joang re ka thabelang bophelo bo botle ka tekanyo e itseng?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Linaheng tse ngata ho bapatsa lithethefatsi tse ka fumanoang ka taelo ea ngaka ho “moreki ka ho toba,” ho sa tsoa eketseha ka mokhoa o hapang tlhokomelo ho sa tsotellehe ho nyatsoa ha mokhoa ona ke lingaka tse ngata le mekhatlo ea bongaka.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

“Ha ho etsoe boiteko ba ho tseba histori ea mokuli, eo maemong a mangata, mokhoa oa hae oa bophelo e leng o ferekaneng, o hatellang kelellong o bileng o leng kotsi.”—Dr. André Feingold

[Lebokose le leqepheng la 4]

Meriana ea Lapeng ea Litlama

Ka lilemo tse likete, batho ba litso tse ngata ba ’nile ba phekola maloetse a bona ka meriana ea litlama, ba sebelisa limela tse fumanoang masimong le merung. Esita le lithethefatsi tse ngata tsa kajeno li entsoe ka limela, tse kang digitalis, e sebelisoang bakeng sa mathata a pelo. Kahoo Penelope Ody, setho sa Mokhatlo oa Sechaba oa Lingaka tse Phekolang ka Litlama, United Kingdom, bukeng ea hae o bolela hore “ho na le liphekolo tse fetang 250 tse seng kotsi bakeng sa ho kokobetsa bohloko bo tloaelehileng—ho tloha ho tšoaroeng ke sefuba se tloaelehileng, bohloko ba ka sefubeng le hlooho ho ea liphekolong tse khethehileng tsa maloetse a letlalo, mathata a tšilo ea lijo le maloetse a bana.”

Oa ngola: “Ho phekola ka litlama ho ’nile ha nkoa e le ‘pheko ea batho feela ba tloaelehileng’—meriana e bonolo e ka sebelisoang lapeng bakeng sa maloetse a sa tebang kapa ho tlatselletsa meriana e matla haholoanyane eo litsebi li faneng ka eona bakeng sa maloetse a sa foleng le a hlokang tlhokomelo e potlakileng.” O tsoela pele: “Le hoja litlama tse ngata ka tlhaho li se kotsi, li lokela ho hlomphuoa. U se ke ua noa se fetang tekanyo e bontšitsoeng kapa ua tsoela pele ho sebelisa meriana ea lapeng haeba boloetse bo sa khaotse, bo mpefala kapa haeba u sa tsebe hantle hore na u tšoeroe ke boloetse bofe.”—The Complete Medicinal Herbal.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela