Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 2/8 maq. 25-27
  • Ho Etsa ’Mapa oa Maholimo—Nakong e Fetileng le Hona Joale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsa ’Mapa oa Maholimo—Nakong e Fetileng le Hona Joale
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sibolla Litšoantšo Tse Sepakapakeng
  • Lichate Tsa Linaleli Tsa Nakong e Fetileng
  • “Sepakapaka sa Bokreste se Tletseng Linaleli”
  • Ho Fetoha ha Limmapa
  • Hona Joale le Nakong e Tlang
  • Linaleli le Motho na ho na le Kamano?
    Tsoha!—1994
  • “Botle” ba Linaleli
    Tsoha!—2012
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ke Naleli ea Mofuta Ofe e Ileng ea Isa “Banna ba Bohlale” ho Jesu?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 2/8 maq. 25-27

Ho Etsa ’Mapa oa Maholimo—Nakong e Fetileng le Hona Joale

KA MONGOLLI OA TSOHA! NETHERLANDS

HO BONAHALA ha linaleli tse qhalakaneng hohle sepakapakeng se setšo, se kang velvet, hangata ho ’nile ha tlatsa motho boikutlo ba ho hlolloa, ’me ho theosa le histori ho ’nile ha mo susumelletsa ho bontša kananelo ea hae ho ’Mōpi oa botle bo joalo. Khale, seroki se seng se ile sa phatlalatsa: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.” (Pesaleme ea 19:1) Leha ho le joalo, bashebelli ba sepakapaka bosiu mehleng ea boholo-holo ba ile ba bona ho fetang botle ba sona feela.

Ho Sibolla Litšoantšo Tse Sepakapakeng

Litsebi tsa linaleli tsa nakong e fetileng li ile tsa hlokomela hore lihlopha tsohle tsa linaleli li bonahala li tsamaea ka tsela e hlophisehileng. Le hoja linaleli li ne li haola sepakapaka ho tloha ka bochabela ho leba ka bophirimela, li ne li sa fetole boemo boo li leng ho bona e ’ngoe ha e bapisoa le e ’ngoe.a Ka mantsoe a mang, bosiu bo bong le bo bong ho ne ho bonahala lihlopha tse tšoanang tsa linaleli. Kaha motho o ne a batla ho hlophisa linaleli tsena tse se nang palo ka tsela e itseng, o ile a li khobokanya ka lihlopha. Ka ho nahana ho seng hokae, lihlopha tsena li ile tsa tšoana le liphoofolo, batho, kapa lintho tse sa pheleng. Ka tsela ena ho ile ha qaleha tloaelo ea ho nka linaleli tse itseng tse ipōpileng e le lihlopha.

Lihlopha tse ling tsa linaleli tseo re li tsebang kajeno li qalile ho hlalosoa Babylona ea boholo-holo. Har’a tsona ho na le lihlopha tse 12 tsa linaleli tse emelang matšoao a tsela eo lihloliloeng tsa leholimo li tsamaeang ka eona. Li ile tsa phetha—’me le kajeno li ntse li phetha—karolo ea bohlokoa bonoheng ba linaleli, e leng tšebetso ea bonohe eo ho eona ho lumeloang hore linaleli li susumetsa litaba tsa batho. Leha ho le joalo, Bibele e nyatsa ho sheba lipontšo tsa nako e tlang ho linaleli. (Deuteronoma 18:10-12) Leha ho le joalo, barapeli ba Jehova Molimo ba ne ba tseba hore ho na le lihlopha tsa linaleli. Ka mohlala, buka ea Bibele ea Jobo e bua ka Jehova e le eena ea ‘etsang sehlopha sa linaleli sa Ashe, sehlopha sa linaleli sa Kesile, le sehlopha sa linaleli sa Kima.’—Jobo 9:9, NW.

Mabitso a lihlopha tse ngata tsa linaleli tseo re li tsebang kajeno a tsoa litšōmong tsa Segerike. Mabitso a kang Cepheus, Cassiopeia, Andromeda le Hercules a ntse a ka fumanoa lichateng tsa kajeno tsa linaleli.

Lichate Tsa Linaleli Tsa Nakong e Fetileng

Hoo e ka bang ka 150 C.E., setsebi sa linaleli sa Mogerike Ptolemy se ile sa akaretsa tsebo ea linaleli e neng e fumaneha mehleng ea sona. Kakaretso ena, e bitsoang Almagest, e fupere lethathamo la lihlopha tse 48 tsa linaleli. Lichate le liatlelase tsa sepakapaka tse ileng tsa etsoa makholo a lilemo ka mor’a Ptolemy hangata li ne li bontša lihlopha tsena tse 48 tsa linaleli. Ha e le hantle, ho fihlela hoo e ka bang lekholong la bo16 la lilemo, palo ea lihlopha tsa linaleli ha ea ka ea fetoha.b Hamorao, lihlopha tse ling tse 40 tsa linaleli li ile tsa kenyelletsoa. Ka 1992 International Astronomical Union e ile ea amohela ka molao lethathamo la lihlopha tsena tse 88 tsa linaleli.

Ntle ho lihlopha tsa linaleli, khatiso ea Ptolemy e akarelletsa lethathamo la linaleli tse fetang sekete, hammoho le boitsebiso bo mabapi le ho khanya ha tsona le boemo ba tsona sepakapakeng. Hase hore Ptolemy o bolela boemo ba naleli ho ea ka bolelele le bophara ba tselana ea tsona sepakapakeng feela empa o fana le ka boitsebiso bo bong. Ka mohlala, naleli e ’ngoe e sehlopheng sa linaleli sa Ursa Major, kapa Great Bear, e hlalosoa e le “naleli e qalong ea mohatla,” ’me ho boleloa hore mochochonono o “ka lehlakoreng le letšehali la lengole le letona la Andromeda.” Ka hona, buka e ’ngoe ea thuto e re: “Setsebi se seng le se seng se hloahloa sa linaleli, se ne se lokela ho tseba kaheho ea karolo ea sona ea leholimo!”

Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha lihlopha tse ngata tsa linaleli tsa boholo-holo li fumaneha sepakapakeng se ka leboea? Moetsi e mong oa litšoantšo tsa leholimo kapa oa limmapa o hlalosa hore lebaka ke hobane tloaelo ea ho nka linaleli tse itseng e le lihlopha e qalile sebakeng sa Mediterranean, moo ho bonahalang sepakapaka se ka leboea. E bile feela hamorao, ha motho a qala ho hlahloba sepakapaka se ka boroa, moo lihlopha tse ncha tsa linaleli li ileng tsa tsebahala. Mabitso a tse ling tsa lihlopha tsena tse ncha tsa linaleli ke a kang Chemical Furnace, Pendulum Clock, Microscope le Telescope.

“Sepakapaka sa Bokreste se Tletseng Linaleli”

Ka 1627, setsebi sa Lejeremane Julius Schiller se ile sa hatisa atlelase ea linaleli e nang le sehlooho se reng, Coelum Stellatum Christianum (Sepakapaka sa Bokreste se Tletseng Linaleli). Se ne se nahana hore eo e ne e le nako e loketseng ea ho felisa bohetene maholimong. Kahoo, se ile sa ikemisetsa ho tlosa mabitso a bohetene sepakapakeng le ho a nkela sebaka ka mabitso a tsoang ka Bibeleng. Buka e reng The Mapping of the Heavens e hlalosa hore se ile sa abela “maholimo a ka leboea Testamente e Ncha ’me a ka boroa Testamente ea Khale.” “Karolo ea lefatše e ka boroa ea Schiller e ile ea fetoloa lethathamo la batho bao ho buuoang ka bona Testamenteng ea Khale—Jobo o ile a nka sebaka sa Indian le Peacock, Centaur ea fetoha Abrahama le Isaka.” Karolong ea Lefatše e ka Leboea, “Cassiopeia ea fetoha Maria Magdalena, Perseus ea e-ba Mohalaleli Pauluse, athe matšoao a 12 a Tsela eo lihloliloeng tsa leholimo li tsamaeang ka eona a ile a nkeloa sebaka habonolo ke baapostola ba 12.”

Ke sehlopha se le seng feela sa linaleli se sa kang sa angoa ke tlhoekiso ena. Sona ke sa Columba (Leeba), seo ho lumeloang hore se ne se emela leeba leo Noe a ileng a le romela ho ea fumana sebaka se omileng.

Ho Fetoha ha Limmapa

Ha nako e ntse e ea, ponahalo ea lichate tsa linaleli e ile ea fetoha. Lekholong la bo17 la lilemo, ka mor’a ho qaptjoa ha sebonela-hōle, ho ile ha hlokahala hore ho etsoe lichate tse fanang ka boitsebiso bo nepahetseng haholoanyane ka boemo ba linaleli. Ho phaella moo, mekhabiso e majabajaba e neng e tletse hohle lichateng tsa pele e ile ea ’na ea fokotseha ’me qetellong ea nyamela. Kajeno, liatlelase tse ngata tsa linaleli li na le linaleli feela, lihlopha tsa linaleli, li-nebula, li-galaxy le lintho tse ling tse thahaselloang ke moshebelli oa sepakapaka bosiu.

Bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, ho ile ha qala ho etsoa libuka tse thathamisang boitsebiso ka tsela e pharaletseng haholoanyane. E mong oa bo-pula-maliboho lefapheng lena e bile setsebi sa linaleli sa Lejeremane Friedrich Wilhelm Argelander. Hammoho le bathusi ba hae ba ’maloa, o ile a qala tšebetso e khōlō ea ho hlahisa buka e thathamisang boitsebiso ba linaleli tse sepakapakeng se ka leboea. Ba sebelisa sebonela-hōle, ba ile ba sibolla linaleli tse ka bang 325 000 ’me ba lekanyetsa boemo ba tsona le khanya ea e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona. Kaha sebaka seo ba neng ba sebeletsa ho sona se ne se le motseng oa Bonn, Jeremane, buka eo ea boitsebiso e ile ea tsebahala e le Bonner Durchmusterung (Phuputso ea Akaretsang ea Bonn). E ile ea hatisoa ka1863. Ka mor’a lefu la Argelander, mosebetsi oo oa hae o ile oa ntšetsoa pele ke e mong oa bathusi ba hae. O ile a etsa ’mapa oa linaleli tse sepakapakeng se ka boroa ’me a hatisa buka ea hae e bitsoang Südliche Bonner Durchmusterung (Phuputso e Akaretsang ea Boroa ea Bonn). Patlisiso ea ho qetela e ile ea hatisoa ka 1930. E ile ea lokolloa Cordoba, Argentina. Libuka tsena tse thathamisang boitsebiso e sa ntse e le tsa bohlokoa ho tla fihlela kajeno.

Hona Joale le Nakong e Tlang

Libuka tsa Argelander le bahlahlami ba hae li ile tsa lateloa ke libuka tse thathamisang boitsebiso tse bileng li ntlafetseng haholoanyane. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, hoba ho fihle libonela-hōle tsa sepakapaka, litsela tse tsoetseng pele tsa ho etsa ’mapa tse neng li sa tsejoe li ile tsa khoneha. Ka thuso ea Hubble Space Telescope, hona joale litsebi tsa linaleli li hlophisitse buka e thathamisang boitsebiso ba linaleli tse ka bang limilione tse 15!

Morao tjena tsoelo-pele e entsoeng ke European Space Agency ho etsoeng ha ’mapa oa maholimo, ke ea ho hatisoa ha libuka tse peli tse ncha tse thathamisang boitsebiso. Li thehiloe ho se hlokometsoeng ka sebonela-hōle sa sepakapaka sa sathelaete ea Hipparcos. Ho nepahala ha libuka tsena tse thathamisang boitsebiso e sa ntse e le ho ikhethang. Ho itšetlehiloe ka libuka tsena tse thathamisang boitsebiso, ho hatisitsoe liatlelase tse ncha tsa linaleli. Atlelase e ’ngoe e pharaletseng haholoanyane ke e nang le meqolo e meraro e bitsoang Millennium Star Atlas.

Sehlooho seo se ka ’na sa hopotsa babali ba Bibele ka Lilemo Tse Sekete, kapa Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete ea khotso, e boletsoeng ka Bibeleng. (Tšenolo 20:4) Nakong eo ha ho pelaelo hore batho ba tla ithuta ho hongata haholo ka bokahohle bona bo hlollang, boo esita le liatlelase tsa linaleli tsa kajeno tse khōlō ka ho fetisisa li ka bontšang karolo e nyenyane feela ea bona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Batho ba boholo-holo ba ne ba sa tsebe hore sena se bonahalang eka ke ho tsamaea ha linaleli se bakoa ke ho tsamaea ha lefatše moo le phikolohang teng. Ka lona lebaka leo, letsatsi le bonahala le chaba le bile le likela.

b Lihlopha tsena tse 48 tsa linaleli li ne li tsebahala Mesopotamia, Mediterranean le Europe. Hamorao, li ile tsa boela tsa tsebahala ho ba ileng ba fallela Amerika Leboea le Australia. Leha ho le joalo, batho ba bang ba kang Machaena le Maindia a Amerika Leboea, ba ile ba latela ho aroloa ho hong ho fapaneng ha sepakapaka.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Apian’s Star Chart, 1540

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

By permission of the British Library (Maps C.6.d.5.: Apian’s Star Chart)

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Karolo ea Lefatše e ka Boroa joalokaha e hlaha ’mapeng oa lekholong la bo19 la lilemo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© 1998 Visual Language

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Sehlopha sa linaleli sa Orion joalokaha se hlaha chateng ea kajeno ea linaleli

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 27]

Background on pages 25-7: Courtesy of ROE/Anglo-Australian Observatory, photograph by David Malin

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela