Mahe a Linotši—Setlhare se Tsoekere
BABATLISISI ba bang ba tsa bongaka ba thabetse matla ao mahe a linotši a nang le ’ona a ho thibela ho petla le ho ruruha. Koranta ea Canada ea The Globe and Mail ea tlaleha: “Ho fapana le meriana ea lithibela-mafu e hlōlehang ho bolaea likokoana-hloko tse manganga, bonyane mahe a linotši a khona ho hlōla tse ling tsa tsona maqebeng a nang le tšoaetso.”
Mahe a linotši a na le eng e etsang hore a folise? Karabo e akarelletsa notši e bokellang lero le tsoekere lipaleseng. Mathe a notši a na le glucose-oxidase, e leng enzyme e ka sehloohong e fetolang glucose e lerong le tsoekere. Phetoho ena e hlahisa hydrogen peroxide, e leng eona eo hangata e sebelisoang ha ho hloekisoa maqeba. Ka tloaelo, tšebetso ea hydrogen peroxide leqebeng e felloa ke nako kapele; empa phello ke e fapaneng ha ho sebelisoa mahe a linotši. Tlaleho ea Globe e re: “Hang ha leqeba le tlotsitsoe ka mahe a linotši, maro a ’mele aa a hlapolla ’me sena se fokotsa asiti ea tlhaho ea mahe ana a linotši.” Joale enzyme e qala ho sebetsa ha asiti e se e fokotsehile. Ho fetoloa ha tsoekere e maheng a linotši ho etsahala butle ’me ho tsitsitse. Ha sena se etsahala, ho tsoa hydrogen peroxide butle-butle ’me e tsoa ka bongata bo lekaneng ho bolaea libaktheria, ha ka nako e tšoanang e sa senye lihlopha tsa lisele tse phelang tse pota-potileng leqeba.
Ho latela Globe, mahe a linotši a na le matla a fapaneng a tlatsetsang ho foleng ha leqeba. “Moalo o mosesaane oa mahe a linotši o etsa hore leqeba le be mongobo ’me mongobo ona o sireletsa letlalo le ho sitisa khoo hore e be teng. Mahe a linotši a susumelletsa methapo e menyenyane ea mali hore e hōle le ho tlokomisa lisele tse hlahisang letlalo le lecha.” Ho phaella moo, li-anti-oxidant tse maheng a linotši “li thibela ho ruruha, li ntlafatsa phallo ea mali le ho omisa leqeba hore le se ‘qhitse.’”
Tlaleho eo e fana ka tlhokomeliso ena: “Leha ho le joalo, hase motho e mong le e mong ea ka sebelisang mahe a linotši.” Ho hakanngoa hore mahe a linotši a na le karolo ea 5 lekholong ea chefo ea lijo. Mekhatlo e kang Health Canada’s Botulism Reference Service hammoho le makala a sebetsanang le mafu a bana a fana ka keletso ea hore bana ba e-s’o qete selemo ba se fuoe mahe a linotši hobane “mala a masea ha a e-s’o tiee ka ho lekaneng ho loantša baktheria eo.”