Ho Etela Temong ea Libanana
KA MONGOLI OA TSOHA! AFRIKA BOROA
HAESALE ke ntse ke rata ho ja libanana. Ke lumela hore batho ba bangata baa li rata. Hase feela hore libanana li monate, empa li boetse li tletse livithamine, matsoai a bohlokoa le likarolo tse tšohlehang. Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng ka tholoana ee e matlafatsang? Morao tjena molemi e mong le mosali oa hae ba ile ba mpontša tsela e hlollang eo libanana li hlahisang letlobo le lecha ka eona.
Tony le Marie (ba bontšitsoeng ka holimo) ke balemi Profinseng ea Limpopo, Afrika Boroa, sebakeng se bitsoang Levubu. Ba lema lijalo tse fapaneng polasing ea bona e boholo ba lihekthere tse 55. Leha ho le joalo, sejalo seo ba se lemang haholo ke banana. Tony o rata ho re bolella ho eketsehileng ka tholoana ena e ratoang.
Khōlo ea Eona le Maemo a Leholimo
Tony o hlalosa hore “mobu o motle ka ho fetisisa ke o nang le letsopa le lengata ka ho lekaneng le o se nang lehlabathe le lengata kapa majoe a mangata. Hape o lokela ho teba le ho monya metsi hantle. Libanana li hōla hantle libakeng tse se nang serame. Ha e le hantle, li rata moo ho chesang. Karolelano ea selemo le selemo ea mocheso oa Levubu e pakeng tsa likhato tse 12 ho ea ho tse 35 tsa Celsius.” Ha ke botsa ka pula, Tony o araba ka ho re: “Libanana li hloka pula e nang khafetsa kapa ho nosetsoa beke le beke.”
Semela sa banana se ka bonahala eka ke sefate, leha ho le joalo, kutu ea sona hase thupa empa e entsoe ka makhasi a pakellaneng. Ha e le hantle, banana ke semela se seholohali, hase sefate. Hoo e hlileng e leng kutu ho ka tlas’a mobu ’me ho bitsoa rhizome. Rhizome e hlahisa metso, e ntoo hlahisa makhasi ebe qetellong e hlahisa thunthung e khōlō e pherese. Rhizome e boetse e hlahisa lehlomela la limela tse ncha.
Limela tsa libanana li feta methating e meraro ea motheo ha li hōla, eo balemi ba moo ba e bitsang “nkhono, morali le setloholo.” (Bona setšoantšo.) “Nkhono” o tla beha litholoana selemong sena, se latelang e be “morali” ’me “setloholo” se tla beha selemong sa boraro. “Litloholo” li hlaha ka bongata pel’a “’m’a” tsona. Ha “bana” bana ba le bolelele ba ho fihla lengoleng, kaofela ha bona baa tlosoa ebe ho siuoa lehlomela le bonahalang le tšepisa hore le ka beha litholoana.
Thunthung e khōlō e pherese, eo qetellong e bang sehlopha sa libanana e hōla e ea holimo e hlaha ho rhizome e ka tlas’a mobu ’me e feta khubung ea semela sena. Qetellong e hlahella pakeng tsa makhasi a mabeli a ka holimo ’me ea leketla. Ha makhasi a thunthung a hlohloreha, ho hlahella lihlopha tse 10 ho ea ho tse 15 tsa libanana tse nyenyane—li bonahala eka li hōla li shebile tlaase ho motho ea se nang phihlelo! Sehlopha ka seng se etsoa ke libanana tse 20 kapa tse fetang moo tse ntseng li hōla.
Nako ea Kotulo
Nako ea ho tloha ha ho hlahella thunthung e pherese ho fihlela libanana li kotuloa ea fapana, e ka ba likhoeli tse tharo ho ea ho tse tšeletseng ho itšetlehiloe ka nako ea selemo. Litholoana tsena li kotuloa li le tala, empa feela ha li se li le chitja. Karolelano ea boima ba sehlopha sa libanana ha li rekisoa e ka ba lik’hilograma tse 35. Ha li kotuloa, sehlopha ka seng se koaheloa ka polasetiki e li phuthelang ho thibela hore li se ke tsa tetetseha ha li isoa moo li bokelloang teng ka koloi. Mohahong ona lihlopha tsena lia pongoa hore e be lihlotšoana tsa libanana tse pakeng tsa tse tharo le tse tšeletseng le ho kenngoa ka motsoakong o bolaeang fungi ho thibela collar rot.
Afrika Boroa litholoana tsena li tšeloa ka mabokoseng a tlotsitsoeng ka boka a kenyang moea o pholileng ’me li isoa sebakeng seo li butsoisoang ho sona. Mona khase e bitsoang ethylene ea li butsoisa.a Mabokose ana a bolokoa mona tlas’a mocheso o laolehileng ka letsatsi le le leng kapa a mabeli a ntan’o isoa ho bareki.
Tony o roba leihlo ’me o re, “Mohlomong ke leeme, empa ke nahana hore libanana tsa Levubu li monate ka ho khethehileng, mohlomong ke ka lebaka la mobu oa rōna. Ka masoabi, kahobane re hōle haholo le motse leha e le ofe o romelang thepa linaheng tse ling, li thabeloa naheng ena feela.”
Li ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao ba ’Mele
Libanana li na le potassium e ngata. Sehloohong se buang ka libanana, makasine ea Health e re: “Liphuputso tse ngata li bontša hore sematlafatsi sena se ka thusa ho tiisa masapo a hao le ho fokotsa kotsi ea hore u hlaseloe ke lefu la khatello e phahameng ea mali le stroke.” Makasine ena e eketsa ka ho re: “Libanana li na le folic acid e loantšang bokooa boo ngoana a ka tsoaloang a e-na le bona, e leng vithamine B e bohlokoa ho e mong le e mong eo e leng moimana kapa ea lilemong tsa ho pepa.” Libanana li na le matsoai a mang a bohlokoa, joaloka magnesium, e thusang masapo ho monya calcium ’me kahoo a lule a le matla.
Protheine e bananeng e entsoe ka li-amino acid tse 18, ho kopanyelletsa le tsohle tsa bohlokoa tseo ’mele oa hao o ke keng oa li hlahisa ka ho lekaneng kapa ka ho feletseng. Tholoana ena e na le lik’habohaedreite tse etsang karolo ea 22 lekholong, tse fanang ka matla ka potlako hobane libanana li sileha habonolo. Marie o thabela ho eketsa ka ho re: “Libanana ke mohloli o motle oa livithamine A, B le C. Hape, li bonahala li tlosa takatso ea lijo, kaha motho ea li jang o bonahala a sa ikemisetsa ho ja tse ngata ka nako e le ’ngoe.” Kahoo ke hobane’ng ha u sa je e ’ngoe—e tla u matlafatsa ebe e u natefele haholo!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha libanana li butsoa ka mokhoa oa tlhaho, li ntša khase e tšoanang, e li butsoisang haholoanyane. Kahoo, tsela e ’ngoe ea ho butsoisa libanana tse tala ke ea ho kenya tse ’maloa tse butsoitseng ka har’a tsona.
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Lekhasi
Thunthung/libanana
Karolo ea lekhasi e hlahang kutung
Mobu
Rhizome
Motso
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Sketch: Based on drawing from The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 27]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Nkhono
Morali
Setloholo
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Qetellong, thunthung e khōlō e pherese e ba sehlopha sa libanana
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photo by Kazuo Yamasaki
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Nako ea kotulo (ka ho le letšehali); lijalo tse sa tsoa hlaha tse ntseng li hōla (ka holimo)