Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 8/8 maq. 4-7
  • Ke Hobane’ng ha ba Bangata Hakaale ba Phela Tšabong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ba Bangata Hakaale ba Phela Tšabong?
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likotsi Tsa Metseng e Meholo
  • Tšabo ea ho Hlekahlekoa ke ba Batona Kapa ba Batšehali
  • Ho Tšaba ho Betoa
  • Ho Tšaba Pefo ka Lapeng
  • Na Tšabo e Ama Tsela eo U Etsang Lintho ka Eona?
  • Ho Tšaba Molimo—Na ho ka U Tsoela Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšaba Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Etsa Hore Pelo ea Hao e Tšabe Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Ithuta ho Fumana Thabo Tšabong ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 8/8 maq. 4-7

Ke Hobane’ng ha ba Bangata Hakaale ba Phela Tšabong?

MOEA oa tšabo o aparetse moloko oa batho. Ke boikutlo bo sa bonahaleng empa boa hlokomeleha, moea o amang hoo e batlang e le motho e mong le e mong, le hoja hangata o sa lemohuoe. Moea oo o bakiloe ke eng? Ke eng e etsang hore batho ba bang ba ikutloe ba tšohile ha ba tloha malapeng a bona? Ke hobane’ng ha ba bangata ba ikutloa ba sa sireletseha mosebetsing? Ke hobane’ng ha ba bangata ba amehile ka ho sireletseha ha bana ba bona? Ke likotsi life tse etsang hore batho ba ikutloe ba tšohile leha ba le malapeng a bona?

Ke ’nete hore ho na le lisosa tse ngata tse etsang hore batho ba lule ba tšohile, empa re tla tšohla likotsi tse ’nè tse ka amang batho joalo-joalo—pefo ea litoropong, ho hlekahlekoa ke ba batona kapa ba batšehali, peto le pefo ea lapeng. Pele, a re hlahlobeng pefo ea metseng e meholo. Taba ena e nakong haholo kaha hona joale hoo e ka bang halofo ea moloko oa batho e lula litoropong.

Likotsi Tsa Metseng e Meholo

Mohlomong pele metse e meholo e ne e hahetsoe hore e fane ka tšireletseho, empa hona joale batho ba bangata ba e talima e le libaka tse kotsi. Se kileng sa nkoa se fana ka tšireletso hona joale sea tšosa. Litoropo tse pepetehang batho li fana ka menyetla ho bakhocheli, ’me metseng e meng e meholo, ho kotsi ho kena libakeng tse futsanehileng tse nang le mabone a fokolang a seterateng le mapolesa a ’maloa.

Hase kamehla tšabo e feteletsoang; bongata bo tšosang ba batho bo bolaoa ka mabifi. Ho latela tlaleho ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, lefatšeng ka bophara batho ba limilione li 1,6 baa shoa ka lebaka la pefo selemo se seng le se seng. Afrika, bathong ba bang le ba bang ba 100 000, ba hakanyetsoang ho ba 60,9 ba shoa lefu le sehlōhō selemo le selemo.

Batho ba bangata, libaka le mekhatlo tseo pele li neng li nkoa li sireletsehile, hona joale li nkoa e le tse sokelang tšireletseho. Ka mohlala, hona joale mabala a mangata a lipapali, likolo le mabenkele li nkoa e le libaka tse tšosang tseo pefo e renang ho tsona. Maemong a mang baeta-pele ba bolumeli, basebeletsi ba sechaba le matichere—batho ba lokelang ho fana ka tšireletso—ba soetsitse batho ba neng ba ba tšepile. Litlaleho tsa hore ba bang ba bona ba hlekefetsa bana li entse hore batsoali ba be leqe ho siea bana ba bona tlhokomelong ea ba bang. Ho lebeletsoe hore mapolesa a sireletse batho, empa metseng e meng e meholo bobolu ba mapolesa le ho sebelisa matla a bona hampe ho tloaelehile. Ha e le mabotho a “tšireletso” ’ona, linaheng tse ling ho sa setse mehopolo ea lintoa tsa lehae tseo ho tsona baratuoa ba batho ba neng ba nyamele ka mor’a hore ba nkoe ke masole. Ka hona, likarolong tse fapa-fapaneng tsa lefatše, ho e-na le ho fokotsa moea ona oa tšabo, mapolesa le masole a ’nile a o eketsa.

Buka ea Citizens of Fear—Urban Violence in Latin America, e re: “Baahi ba metseng ea litoropo ea Latin America ba phela tšabong kamehla, har’a a mang a maemo a kotsi ka ho fetisisa lefatšeng. Sebakeng seo se seholo, batho ba ka bang likete tse 140 ba shoa ka sehlōhō selemo le selemo, ’me moahi a le mong ho ba bararo o ’nile a hlekefetsoa ka mabifi, ebang ke ka tsela e tobileng kapa e sa tobang.” Le libakeng tse ling tsa lefatše, mekoloko ea boipelaetso ea lipolotiki e ba hangata metseng e meholo. Ha ba ipelaetsang ba e-ba mabifi, batho ba bangata ba nka monyetla oa moferefere oo ebe ba inkela thepa mabenkeleng, ebe joale pherekano e ba e feletseng. Batho ba nang le likhoebo toropong ba ka iphumana ba qabeletsoe habonolo ke letšoele le halefileng.

Linaheng tse ngata, ho na le lekhalo le leholo pakeng tsa maemo a ba ruileng le ba futsanehileng, e leng ho entseng hore batho ba tlallane lehloeo. Batho ba bangata-ngata ba ikutloang ba tinngoe litlhoko tsa motheo ba ’nile ba tlatlapa libaka tseo ho lulang batho ba maemo ho tsona. Sena ha se e-s’o etsahale metseng e meng, empa boemo bo ka qhoma neng kapa neng—le hoja ho se ea tsebang hore na neng.

Ho tšoha masholu le ba khahlanong le ’muso ho ne ho ka ’na ha bonahala ho lekane ho bakela batho tšabo, empa ho sa na le lisosa tse ling tse etsang hore batho ba tšoenyehe, tse tlatsetsang moeeng o teng oa tšabo.

Tšabo ea ho Hlekahlekoa ke ba Batona Kapa ba Batšehali

Letsatsi le letsatsi, basali ba limilione ba lula ba le matsoalong a ho letsetsoa meloli, ho etsetsoa liketso tse itseng tse litšila le ho shejoa ka tsela e seleng. Asia Week e re: “Liphuputso li senola hore mosali oa Mojapane a le mong ho ba bane o ’nile a hlekahlekoa phatlalatsa ke banna, ’me karolo ea 90 lekholong ea liketso tseo e etsahetse litereneng. . . . Ke basali ba etsang karolo ea 2 feela lekholong ba nkang khato ha ba hlekefetsoa. Ba bangata ba bontša hore ba khetha ho thōla hobane ba tšaba tsela eo bahlekefetsi ba ka arabelang ka eona.”

Ho hlekahlekoa ha basali ho eketsehile haholo India. Moqolotsi e mong oa litaba oa hlalosa: “Neng le neng ha mosali a tsoa ka tlung ea hae, o otloa ke letsoalo. Hohle moo a tsamaeang o tobane le ho hobosoa le ho bueloa mantsoe a litšila.” Motseng o mong oa India oo baahi ba oona ba leng motlotlo ka tšireletseho e literateng tsa oona, ho bile le tlaleho ena: “Bothata [ba motse ona] ha bo literateng empa bo ka liofising. . . . Karolo ea 35 lekholong ea basali bao ho entsoeng liphuputso ho bona e boletse hore e ’nile ea hlekefetsoa ke ba batona mesebetsing. . . . basali ba etsang karolo ea 52 lekholong ba itse ka lebaka la ho tšaba ho hlekahlekoa ke banna mosebetsing, ba khetha ho etsa mesebetsi ea meputso e tlaase . . . moo ba sebetsanang haholo le basali [feela].”

Ho Tšaba ho Betoa

Ho na le ho hong hoo basali ba ho tšabang ho feta feela ho theoloa seriti. Ho hlekahlekoa ka linako tse ling ho bolela hore mosali o kotsing ea hore a ka betoa. Ka ho utloahalang, peto ke tlōlo ea molao eo basali ba bangata ba e tšabang ho feta lefu ka bolona. Ka tšohanyetso mosali a ka iphumana a le mong sebakeng seo a tšabang hore a ka ’na a betoa ho sona. A ka ’na a bona monna eo a sa mo tsebeng kapa eo a sa mo tšepeng. Pelo ea hae ea uba ha kelello e qala ho farasa ka boemo boo a leng ho bona. ‘Ebe monna eo o tla etsa’ng? Nka balehela hokae? Ke hoeletse?’ Ho hlaheloa ke maemo a joalo nako le nako ho qetella ho amme bophelo ba basali hampe. Batho ba bangata ba khetha ho se lule libakeng tsa litoropo kapa ho se etele metseng e meholo ka lebaka la ho tšaba lintho tse kang tsena.

Buka ea The Female Fear e re: “Tšabo, ho tšoenyeha le tsieleho ke karolo ea bophelo ba letsatsi le letsatsi ba basali ba bangata ba phelang litoropong. Ho tšaba ha basali ho betoa ho etsa hore kamehla ba lule ba itebetse, ba falimehile ba bile ba le seli, e leng boikutlo bo etsang hore basali ba tsitsipane ke tsieleho haeba ho e-na le motho ea ba setseng morao ea tsamaelang haufi le bona, haholo-holo bosiu. Ke . . . boikutlo boo basali ba lulang ba e-na le bona ka linako tsohle.”

Tlōlo ea molao e mabifi e ama basali ba bangata. Leha ho le joalo, ho tšaba pefo ho ama hoo e ka bang mosali e mong le e mong. The State of World Population 2000, e leng sengoliloeng sa Machaba a Kopaneng, se re: “Lefatšeng ka bophara, bonyane ke mosali a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo ea kileng a otloa, a qobelloa ho kopanela liphate, kapa a hlekefetsoa ka litsela tse ling—’me hangata e le motho eo a mo tsebang.” Na moea oo oa tšabo o kenelletse le libakeng tse ling? Ho tloaelehile hakae hore batho ba phele ka tšabo malapeng a bona?

Ho Tšaba Pefo ka Lapeng

Tloaelo ea ho shapa basali ka lekunutu hore ba ikokobelletse banna ke ho hloka toka ho tšabehang ho etsahalang lefatšeng ka bophara—’me ke haufinyane tjena ha ho ne ho qala ho nkoa e le tlōlo ea molao libakeng tse ngata. Tlaleho e ’ngoe ea India e boletse hore “bonyane basali ba etsang karolo ea 45 lekholong India baa jabeloa, baa rahoa kapa ba otloa ke banna ba bona.” Ho hlekefetsoa ke molekane oa lenyalo ke bothata bo boholo bo behang bophelo kotsing lefatšeng ka bophara. Mabapi le basali ba pakeng tsa lilemo tse 15 ho ea ho tse 44 United States, Federal Bureau of Investigation e tlaleha hore ba bangata ba lematsoa ke pefo ea lapeng ho feta ho lemala likotsing tsa mebileng, ho hlaseloa ke masholu le ho betoa kaofela li kopane. Ka hona, pefo ea lapeng e tebile haholoanyane ho feta ho se utloane ka mantsoe mona le mane ho etsang hore ka linako tse ling e mong a jabele e mong. Basali ba bangata ba phela tšabong ea hore ba tla lematsoa kapa ba bolaoe mahabona. Phuputso e ileng ea etsoa sechabeng sa Canada e bontšitse hore basali ba etsang karolo ea boraro ba ’nileng ba tšoaroa ka mabifi malapeng ho na le nako eo ba kileng ba tšoha hore ka le leng ba tla shoa. United States, bafuputsi ba babeli ba ile ba fihlela qeto ena: “Lapeng ke sebaka se kotsi ka ho fetisisa ho basali ’me hangata ke moo ba tšoaroang ka sehlōhō le ho hlokofatsoa teng.”

Ke hobane’ng ha basali ba bangata hakaale ba sa itšoasolle kamanong e kotsi joalo? Batho ba bangata baa ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha ba sa batle thuso? Ke hobane’ng ha ba sa tsamaee?’ Maemong a mangata, karabo ke tšabo. Tšabo e ’nile ea bitsoa letšoao le ikhethang la pefo ea lapeng. Ka tloaelo banna ba hlekefetsang ba laola basali ba bona ka pefo ebe ba ba koala melomo ka ho ba tšosa ka hore ba tla ba bolaea. Esita le haeba mosali ea otloang a ka fumana sebete sa ho kōpa thuso, hase kamehla a e fumanang. Esita le bathong ba nyonyang liketso tsa pefo, ho na le tloaelo e atileng ea ho nyenyefatsa, ho hlokomoloha kapa ho lokafatsa pefo e etsoang ke banna. Hape, ha a se lapeng monna ea hlekefetsang a ka ’na a bonahala e le motho ea hantle. Hangata metsoalle ha e lumele hore a ka otla mosali. Kaha ha ho motho ea ba kholoang ’me ha ho moo ba ka balehelang teng, basali ba bangata ba hlekefetsoang ba nka hore ha ho tsela e ’ngoe haese hona ho lula ba tšohile kamehla.

Basali ba otloang ba tlohang lapeng ka linako tse ling ba hlekefetsoa ka tsela e ’ngoe e bitsoang ea ho salama motho. Amerika Leboea, phuputso e sa tsoa etsoa basaling ba fetang sekete seterekeng sa Louisiana e bontšitse hore ba etsang karolo ea 15 lekholong ba bona ba tlalehile hore ba ’nile ba salangoa. Ak’u nahane tšabo eo ba bang le eona. Motho ea ’nileng a u sokela o tsoela pele a ba teng hohle moo u eang. O oa u founela, a u sale morao, a u behe leihlo le ho u lalla. A ka ba a bolaea phoofolo eo u e ruileng. O letšolong la ho tšosa motho haholo!

U ka ’na ua se ke ua ba mohlaseluoa oa tšabo e joalo. Empa ke ho isa bohōleng bofe tšabo e amang seo u se etsang letsatsi le letsatsi?

Na Tšabo e Ama Tsela eo U Etsang Lintho ka Eona?

Kaha re phela re aparetsoe ke tšabo, re ka ’na ra se ke ra lemoha hore na ke liqeto tse ngata hakae tseo re li etsang letsatsi le leng le le leng tse laoloang ke tšabo. Tšabo e ama tsela eo u etsang lintho ka eona hangata hakae?

Na ho tšaba pefo ho u entse hore u qobe ho fihla lapeng bosiu, uena kapa ba lelapa la hao? Na tšabo e amme ho sebelisa ha hao lipalangoang tsa sechaba? Na likotsi tsa ho tsamaea sebaka se seleletsana letsatsi le leng le le leng li amme hore na u khetha mosebetsi ofe? Kapa na ho tšaba batho bao u sebetsang le bona kapa batho bao u tla lokela ho sebetsana le bona ho amme hore na u khetha mosebetsi ofe? Na tšabo e amme bophelo ba hao ba boikhathollo kapa boithabiso boo u bo thabelang? Na ebe mohlomong ho tšaba ho kopana le matahoa le letšoele ho entse hore u tlohele ho ea lipapaling tse itseng le likonsareteng? Na tšabo e amme seo u se etsang sekolong? Ho batsoali ba bangata, tšabo ea hore bana ba bona ba fetohe litlokotsebe e amme khetho ea bona ea likolo, hape ho hlakile hore tšabo ke eona e etsang hore ba bangata ba bona ba khethe ho lata bana ba bona sekolong le hoja ba ne ba itsamaela ka maoto kapa ba sebelisa lipalangoang tsa sechaba.

Ka sebele, moloko oa batho o aparetsoe ke moea oa tšabo. Empa ho tšaba pefo ke ntho e ’nileng ea e-ba teng ho theosa le moloko oa batho. Na ka sebele re ka lebella ho itseng ho fapaneng? Na ho lokoloha tšabong ke toro feela? Kapa na ho na le lebaka le utloahalang la ho lebella bokamoso boo ho bona ho seng motho ea tla tšoha ntho e itseng e mpe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela