Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/11 maq. 16-17
  • Tsela e Babatsehang eo ’Mè a Pepang ka Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela e Babatsehang eo ’Mè a Pepang ka Eona
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo—Mpho e Tsoang ho Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Phello E Bohloko Ea Ho Ntša Limpa
    Tsoha!—1993
  • Thero ea Malapa Pono ea Mokreste
    Tsoha!—1993
Tsoha!—2011
g 1/11 maq. 16-17

Tsela e Babatsehang eo ’Mè a Pepang ka Eona

QETELLONG, likhoeli tse robong tsa ho leta li felile ’me lesea leo e leng khale le lebeletsoe le mothating oa ho hlaha.a Molomo oa pōpelo ea ’mè ea lebeletseng ngoana o ’nile oa lula o koalehile ka thata e le hore lesea le lule le bolokehile ka pōpelong. Empa joale molomo oo oa sesefala, oa nolofala ’me oa buleha. Joale ho qaleha tsela e hlollang eo lesea le hlahang ka eona.

Ke’ng se qalisang ketsahalo ee e babatsehang ea ho hlaha ha lesea? Har’a lintho tse ’maloa tse etsahalang, ho na le tse peli tse hlollang ka ho khetheha. Ea pele, boko bo ntša homone e bitsoang oxytocin. Boko ba banna le basali bo ntša homone ena, empa boko ba ’mè oa moimana bo ntša e ngata ha a qala ho ba mahlabeng, e leng se etsang hore molomo oa pōpelo o bulehe ’me mesifa ea eona e finahane.

Hore na tšoelesa ea pituitary ea ’mè oa moimana e tseba joang hore ke nako ea ho ntša homone ena, e ntse e le sephiri. Buka e bitsoang Incredible Voyage—Exploring the Human Body e re: “Ka tsela e itseng boko ba hae boa utloa hore nako ea boimana e felile le hore joale ke nako ea hore mesifa e matla ea pōpelo . . . e phethe mosebetsi oa eona oa bohlokoa o nkang nako e khutšoanyane.”

Ntho e ’ngoe e amehang ke hore thari e khaotsa ho hlahisa homone ea progesterone. Ha ’mè e ntse e le moimana, homone ea progesterone e ’nile ea thibela mesifa ea pōpelo ho finahana. Empa joale, kaha progesterone ha e sa e thibela, mesifa ea pōpelo e qala ho finahana. Ka tloaelo, ka mor’a hore ’mè a be mahlabeng ka lihora tse 8 ho isa ho tse 13, lesea le tsoa molomong oa pōpelo o bulehileng. Ka mor’a moo, thari le eona ea tsoa.

Joale lesea le sa tsoa hlaha le lokela ho ikamahanya ka potlako le maemo a macha a bophelo, a fapaneng hōle le a ka pōpelong. Ka mohlala, ha lesea le ntse le le ka pōpelong, matšoafo a lona a ne a tletse mokelikeli o bitsoang amniotic fluid, o ileng oa tsoa ha le hlaha. Joale matšoafo a lokela hore a tlale moea e le hore le qale ho hema, e leng seo hangata se bonahalang ha le qala ho lla. Ho boetse ho ba le liphetoho tse khōlō pelong le tsamaisong eohle ea ho phalla ha mali ’meleng. Lesoba le kopanyang likarolo tse peli tse ka holimo tsa pelo le mothapo oa mali o faposang tsela eo mali a potolohang ka eona lea koaleha, ’me seo se etsa hore mali a ee matšoafong, e leng se tla etsa hore mali a fumane oksijene. Ke ntho e hlollang hore ebe ho ikamahanya ha lesea le maemo a ka ntle ho pōpelo ho etsahala ka potlako.

Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang ha ’mè a le mahlabeng le ha ngoana a hlaha e re hopotsa mantsoe a Bibele a reng: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, esita le nako bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe tlas’a maholimo.” Seo se akarelletsa “nako ea tsoalo.” (Moeklesia 3:1, 2) Ha ho pelaelo hore u tla lumela hore lintho tsena tse etsahalang ’meleng ha lesea le hlaha, tseo kaofela ha tsona li etsahalang ka lihora tse seng kae feela, li bontša ka ho hlaka hore li qapiloe ke ’Mōpi oa rōna, eo Bibele e reng ke “mohloli oa bophelo.”—Pesaleme ea 36:9; Moeklesia 11:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hangata nako ea boimana e nka libeke tse 37 ho isa ho tse 42.

[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse maqepheng a 16, 17]

Se Etsahalang ha Lesea le Hlaha

1 Boemo ba lesea pele ’mè a ba mahlabeng

2 Lesea le atamela molomong oa pōpelo

3 Molomo oa pōpelo oa buleha

4 Lesea lea hlaha

[Setšoantšo se Qanollang]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

1

thari

setho sa botšehali

molomo oa pōpelo

2

3

4

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela