Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/11 leq. 18
  • Matloana a Majabajaba a Istanbul

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matloana a Majabajaba a Istanbul
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2011
  • Ha Linonyana li Thula Mehaho
    Tsoha!—2009
  • ‘Talimang Linonyana ka Hloko’
    Tsoha!—2014
Tsoha!—2011
g 1/11 leq. 18

Matloana a Majabajaba a Istanbul

● Likarolong tse ngata tsa lefatše, motho a ka bona matloana a linonyana a entsoeng ka lehong. Ke libaka tse loketseng tseo linonyana li jellang ho tsona, li iphuthumatsang, li behelang, li hōlisetsang malinyane le ho itšireletsa liphoofolong tse li jang le maemong a mabe a leholimo. Istanbul, matloana a linonyana a entsoe hore a shebahale joaloka mehaho e meholo. A mang a tšoana le matlo a maholo a majabajaba; a mang a tšoana le matlo a thapelo a Mamosleme, kapa matlo a boreneng.a A tsejoa ka hore ke matloana a majabajaba a maeba, a linonyana le a lirobele.

Matloana a khale ka ho fetisisa ke a lekholong la bo15 la lilemo, ’me a hahiloe ho latela mehaho ea mehleng ea ’Muso oa Maottoman. Matloana ana a linonyana ke mehaho feela e itekanetseng, empa ho qala lekholong la bo18 la lilemo, ho ile ha hahoa a maholo le a majabajaba. A mang a ne a e-na le likotlolo tse tšelang lijo le metsi, litselana esita le mathule ao linonyana li ka emang ho ’ona, joalokaha eka li boha sebaka. Hangata matloana ana a linonyana a ne a hahoa ka lehlakoreng la mohaho le shebileng letsatsing le bileng le sireletsehileng moeeng—moo a ke keng a fihleloa ke likatse, lintja le batho. Ka linako tse ling matloana ana a ne a sa haheloe linonyana hakaalo empa a ne a haheloa ho khabisa mehaho e le karolo ea moetso oa eona. Motho a ka bona matloana ana a linonyana mahlakoreng a matlo a thapelo a Mamosleme, a maholo le a manyenyane, hammoho le lilibeng tsa sechaba, lilaebraring, marokhong le matlong a batho.

Ka masoabi, matloana a mangata a linonyana a sentsoe ke ho pepesehela maemo a mabe a leholimo, ha a mang ’ona a sentsoe ka boomo ke batho ba neng ba sa hlokomele bohlokoa ba ’ona. Matloana ana a linonyana a ntse a fokotseha. Leha ho le joalo, haeba u etela Istanbul ’me u rata mehaho ea khale, leka ho sheba matloana ana a haheletsoeng ka hloko marulelong. Kaha joale ua a tseba, u tla thabela leeto la hao motseng oo ha u bona matloana ana a majabajaba.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja matloana ana a linonyana e le a sebele, hase hangata a etsoang ho latela moralo oa mehaho e itseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela