Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/11 maq. 24-27
  • Na ke Lemaletse Mecha ea Phatlalatso ea Elektronike?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lemaletse Mecha ea Phatlalatso ea Elektronike?
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Na ke e Lemaletse?’
  • Kamoo U ka e Sebelisang ka ho Leka-lekaneng
  • Na ke Lemaletse Mecha ea Phatlalatso ea Elektronike?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Romela Melaetsa ka Selefouno?
    Bacha Baa Botsa
  • Ke Joang Theknoloji e ka Amang Setsoalle sa Hao le Batho ba Bang?
    Tsoha!—2021
  • Nako ea Boikhathollo
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 1/11 maq. 24-27

Bacha Baa Botsa

Na ke Lemaletse Mecha ea Phatlalatso ea Elektronike?

Ke’ng se tšoanang ka bacha baa ba bararo?

“Ha ho ntho eo ke e ratang joaloka ho ngola melaetsa ka selefouno! Ke nahana hore ke ntho e babatsehang ka ho fetisisa. Ha e le hantle, ho ka ’na ha thoe ke phelela hona.”—Alan.a

“’Mè o ile a nthekela TV hore ke e behe ka kamoreng, ’me ka thaba haholo! Empa ho e-na le hore ke robale bosiu, ke ne ke qeta lihora ke e shebelletse. Ke ne ke khetha ho shebella TV ho e-na le ho qeta nako ke e-na le ba lelapa leso le metsoalle.”—Teresa.

“Ka nako e ’ngoe, ke ne ke sa khone ho ea sebakeng leha e le sefe kapa ho etsa ntho leha e le efe ke sa ipotse hore na ha ho na motho ea nkenyelitseng ntho e itseng Inthaneteng. Ha ke ne ke phaphama har’a bosiu, ke ne ke bula Inthanete. Hang ha ke fumana monyetla, ke ne ke ngola Inthaneteng lintho tse ncha tse etsahalang bophelong ba ka.”—Anna.

U ka re ke mocha ofe ho baa ba bararo ba qotsitsoeng ka holimo ea bontšang hore o lemaletse mocha o itseng oa phatlalatso oa elektronike?

□ Alan □ Teresa □ Anna

HA BATSOALI ba hao ba sa le bacha, TV le seea-le-moea e ne e le eona mecha e ka sehloohong ea phatlalatso ea elektronike. Ka nako eo, lifono li ne li sebelisetsoa ho letsa feela ’me mohlomong li kokoteletsoe leboteng. Na see se utloahala se siiloe ke nako? Ngoanana e mong ea bitsoang Anna o nahana joalo. O re: “Batsoali ba ka ba hōtse nakong eo ka eona theknoloji e neng e e-s’o tsoele pele. Ke hona ba qalang ho ithuta ho etsa lintho tse itseng ka liselefouno tsa bona!”

Kajeno u ka khona ho araba fono, ho mamela ’mino, ho shebella lenaneo le itseng, ho bapala papali e itseng, ho romela metsoalle ea hao melaetsa ea e-mail, ho nka litšoantšo le ho sebelisa Inthanete—tsena kaofela u li etsa ka sesebelisoa se fellang ka pokothong. Kaha u hōtse ho e-na le lik’homphieutha, liselefouno, TV le Inthanete, u ka ’na ua nahana hore ha ho na phoso haeba u qeta nako e ngata u li sebelisa. Empa batsoali ba hao ba ka ’na ba nahana hore u li lemaletse. Haeba ba u bolella hore ba tšoenyehile ka taba eo, u se ke ua hlokomoloha seo ba se buang hobane u nka hore ba siiloe ke nako. Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena.”—Liproverbia 18:13.

Na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha e ka ’na eaba batsoali ba hao ba tšoenyehile ka seo? Araba lipotso tse latelang ho hlahloba hore na u na le matšoao a bontšang hore u lemaletse mecha e itseng ea phatlalatso ea elektronike kapa che.

‘Na ke e Lemaletse?’

Encyclopedia e ’ngoe e hlalosa ho lemalla ntho e le “ho tloaela ho pheta-pheta boitšoaro bo itseng bo feteletseng boo motho a sa khoneng kapa a sa ikemisetsang ho bo tlohela, ho sa tsotellehe hore na liphello tsa bona li kotsi hakae.” Ho latela tlhaloso eo, bacha ba bararo ba qotsitsoeng qalong ea sehlooho sena ba lemaletse kapa ba ’nile ba lemalla mecha ea phatlalatso ea elektronike. Ho thoe’ng ka uena? Sheba lintlha tse ka tlaase tse nkiloeng tlhalosong e ka holimo. Bala mantsoe a bacha ba qotsitsoeng ’me u bone haeba le uena u kile ua bua kapa ua etsa se tšoanang. Ebe u ngola likarabo.

Boitšoaro bo sa laoleheng. “Ke ne ke qeta lihora ke bapala lipapali tsa elektronike. Li ne li ntšitisa ho robala ebile ke bua ka tsona nako ena kaofela. Ke ne ke ikarotse ho lelapa leso ’me ke iphelela lefatšeng la litoro la lipapali tseo ke li bapalang.”—Andrew.

U nahana hore letsatsi ka leng, bonyane u lokela ho qeta nako e kae u sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike? ․․․․․

Batsoali ba hao bona ba nahana hore u lokela ho qeta nako e kae? ․․․․․

Letsatsi ka leng u qeta nako e kae ka kakaretso u romela melaetsa ka selefouno, u shebeletse TV, u nka litšoantšo le boitsebiso Inthaneteng, u bapala lipapali tsa elektronike le lintho tse ling tse joalo? ․․․․․

Ha u sheba likarabo tseo u li ngotseng ka holimo, na u ka re u sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike ho tlōla?

□ E □ Che

Ha u khone kapa ha ua ikemisetsa ho khaotsa. “Batsoali ba ka ba mpona ke romela melaetsa ka selefouno nako ena kaofela ’me ba mpolella hore ke romela melaetsa e mangata haholo. Empa ha ke bapisa melaetsa eo ke e romelang le eo lithaka tsa ka li e romelang, ea ka ea fokola. Leha ho le joalo, ha ke bapisa melaetsa eo ke e romelang le eo batsoali ba ka ba e romelang, ea ka e mengata. Empa seo se tšoana le ho bapisa oli le metsi—ba lilemo li 40 ’me ’na ke lilemo li 15.”—Alan.

Na batsoali ba hao kapa metsoalle e re u qeta nako e ngata haholo u sebelisa mecha e itseng ea phatlalatso ea elektronike?

□ E □ Che

Na ha u khone kapa ha ua ikemisetsa ho laola tsela eo u e sebelisang ka eona?

□ E □ Che

Liphello tse kotsi. “Metsoalle ea ka e lula e romela melaetsa ka selefouno—esita le ha e khanna. Seo se kotsi hakaakang!”—Julie.

“Ha ke qala ho ba le selefouno, ke ne ke lula ke founa kapa ke ngolla motho ea itseng molaetsa. Ha ho na ntho e ’ngoe eo ke neng ke e etsa. ’Me seo se ile sa senya kamano ea ka le ba lelapa leso le metsoalle ea ka e meng. Hona joale kea hlokomela hore ha ke intšitse le metsoalle ’me re ntse re bua, nako le nako e re: ‘Ak’u ntšoarele hanyane. Ke batla ho araba molaetsa ona oa selefouno.’ Lena ke le leng la mabaka ao ka ’ona re seng re se metsoalle e haufi.”—Shirley.

Na u ee u bale kapa u romele melaetsa ka selefouno ha u ntse u khanna kapa u le ka tlelaseng?

□ E □ Che

Ha u ntse u qoqa le ba lelapa kapa metsoalle, na u lula u khaotsa moqoqo e le hore u arabe melaetsa ea e-mail, fono, kapa u ngole melaetsa?

□ E □ Che

Na tsela eo u sebelisang mecha ea phatlalatso ea elektronike, e u sitisa ho robala nako e lekaneng kapa ho ithuta?

□ E □ Che

Kamoo U ka e Sebelisang ka ho Leka-lekaneng

Haeba u sebelisa mocha o itseng oa phatlalatso oa elektronike—o kang k’homphieutha, selefouno kapa sesebelisoa se seng—ipotse lipotso tse ’nè tse latelang. Ho sebelisa keletso e thehiloeng Bibeleng le ho etsa lintho tse seng kae tse bonolo tseo u lokelang ho li etsa le ho qoba tseo u sa lokelang ho li etsa, ho tla u thusa hore u lule u sireletsehile ’me u khone ho laola lintho.

1. Ke fumana boitsebiso bo joang moo? “Tlatsang mehopolo ea lōna ka lintho tse molemo tse lokeloang ke thoriso: lintho tsa ’nete, tse babatsehang, tse tšoanelehang, tse hloekileng, tse ratehang le tse hlomphehang.”—Bafilipi 4:8, Today’s English Version.

Seo u lokelang ho se etsa: Buisana le metsoalle le ba lelapa, ’me u ba bolelle litaba tse hahang.—Liproverbia 25:25; Baefese 4:29.

Seo u sa lokelang ho se etsa: U se ke ua jala lesebo le kotsi, ua romela melaetsa kapa litšoantšo tsa boitšoaro bo litšila, kapa ua shebella livideo kapa mananeo a silafatsang boitšoaro.—Bakolose 3:5; 1 Petrose 4:15.

2. Ke e sebelisa neng? “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”—Moeklesia 3:1.

Seo u lokelang ho se etsa: Lekanyetsa hore na u tla qeta nako e kae u founa kapa u founeloa, u ngola melaetsa ea selefouno, u shebelletse mananeo a itseng kapa u bapala lipapali tsa elektronike. Ho bontša tlhompho, tima sesebelisoa sa hao ha u le libakeng tsa bohlokoa, joaloka libokeng tsa borapeli. U tla ’ne u fumane monyetla oa ho araba melaetsa eo hamorao.

Seo u sa lokelang ho se etsa: U se ke ua lumella mecha ea phatlalatso ea elektronike hore e kena-kenane le nako eo u ipehetseng eona hore u e qete u e-na le metsoalle le ba lelapa, u ithuta kapa u etsa lintho tsa moea.—Baefese 5:15-17; Bafilipi 2:4.

3. Ke tloaelana le bo-mang? “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”—1 Bakorinthe 15:33.

Seo u lokelang ho se etsa: Sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike ho tiisa maqhama le batho ba u khothalletsang ho hlaolela mekhoa e metle.—Liproverbia 22:17.

Seo u sa lokelang ho se etsa: U se ke ua ithetsa—u tla itšoara, u bue le ho nahana joaloka batho bao u khethang ho etsa setsoalle le bona ka e-mail, melaetsa ea selefouno, bao u ba bonang thelevisheneng, livideong kapa Inthaneteng.—Liproverbia 13:20.

4. Ke qeta nako e kae? “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”—Bafilipi 1:10.

Seo u lokelang ho se etsa: Boloka tlaleho ea nako eo u e qetang u sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike.

Seo u sa lokelang ho se etsa: U se ke ua hlokomoloha seo metsoalle ea hao e u bolellang sona kapa seo batsoali ba reng u lokela ho se etsa haeba ba bona hore u qeta nako e ngata haholo u sebelisa mocha o itseng oa elektronike.—Liproverbia 26:12.

Ha a bua ka ho sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike ka tsela e leka-lekaneng, Andrew ea qotsitsoeng pejana o akaretsa taba hantle ka ho re: “Hoa thabisa ho sebelisa mecha ea phatlalatso ea elektronike, empa ka nakoana feela. Ke ithutile hore ha kea lokela ho lumella theknoloji hore e nkarohanye le ba lelapa leso le metsoalle.”

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 25]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

“Batsoali ba ka ba ne ba atisa ho re, ‘Ho ka ba molemo hore re khomaretse matsoho a hao selefounong, ho latela kamoo u e sebelisang kateng!’ Qalong ke ne ke nahana hore baa soasoa, empa ha nako e ntse e ea ke ile ka hlokomela hore ba tiile. Hona joale ke fokolitse melaetsa eo ke e romelang, ’me seo se entse hore ke thabe haholo!”

“Ke ne ke nahana hore ke lokela ho bala melaetsa eo ke e romeletsoeng Inthaneteng nako le nako ha e kena. Ke ne ke hlokomoloha mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae le lithuto tse ling. Kaha hona joale ke fokolitse nako eo ke e qetang ke sebelisa Inthanete, ke ikutloa eka ho tlositsoe pitlahali ea lejoe mahetleng a ka. Ntho ea bohlokoa ke ho e sebelisa ka ho leka-lekaneng.”

[Litšoantšo]

Jovarny

Mariah

[Lebokose le leqepheng la 26]

“KE NE KE LEMALETSE HO ETSA METSOALLE INTHANETENG”

“Lelapa leso le ile la falla lilemong tse ’maloa tse fetileng. Ke ne ke batla ho lula ke buisana le metsoalle ea ka ’me e ile ea nkhothalletsa hore ke ingolise mocheng oa Inthanete oo re ka romellanang lifoto ka oona. Eo e ne e bonahala eka ke tsela e ntle haholo ea hore re lule re buisana. Ke ne ke tla be ke buisana feela le batho bao ke ba tsebang, eseng bao ke sa ba tsebeng, joale ebe phoso e ne e tla ba hokae?

“Qalong lintho li ne li itsamaela hantle. Ke ne ke bula Inthanete hang ka beke e le hore ke shebe lifoto tsa metsoalle ea ka, ’me ke ngole seo ke se nahanang ka tsona ’me le eona e ngole seo e se nahanang ka tsa ka. Empa ka mor’a nakoana ke ile ka nkeha ke seo. Le pele ho feta nako e itseng, ke ne ke se ke sa khaohane le mocha oo oa Inthanete. Kaha joale ke ne ke qeta nako e ngata ke sebelisa Inthanete, metsoalle e meng ea metsoalle ea ka e ile ea qala ho hlokomela, ’me ea ’mema hore le ’na ke be motsoalle oa eona. Ua tseba hore na ho joang—ha motsoalle a u bolella hore motho ea itseng oa khatholla, ua lumela. Le pele u hlokomela, u se u e-na le metsoalle e 50 Inthaneteng.

“Ka mor’a nakoana, ke ne ke se ke lula ke nahana ka Inthanete. Leha ke ntse ke sebelisa Inthanete, ke ne ke ipotsa hore na ke tla boela ke e sebelise neng ’me ke kenye lifoto tse ncha. Ke ne ke bala seo ba bang ba se ngotseng le ho kenya livideo tse seng kae, ’me ha ke re phapha! ke fumane hore ho se ho fetile lihora ke le moo.

“Ho ile ha feta selemo le halofo, empa qetellong ke ile ka elelloa hore ke lemaletse Inthanete. Hona joale, ke laola ka hloko tsela eo ke sebelisang Inthanete ka eona ebile ke etsa setsoalle le batho bao ke ba bonang, le bao ke tsebang hore re phela ka melao ea boitšoaro e tšoanang. Metsoalle e meng ea ka ha e utloisise tsela eo ke etsang lintho ka eona, empa ke ithutile thuto ea bohlokoa.”—Ellen ea lilemo li 18.

[Lebokose le leqepheng la 26]

KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?

Ka linako tse ling u ka ’na ua makala ha u qoqa le batsoali ba hao ka litaba tse amanang le boithabiso. Ngoanana e mong ea bitsoang Cheryl o re: “Ka lekhetlo le leng, Ntate o ne a nahana hore e ’ngoe ea li-CD tsa ka tsa ’mino e na le mantsoe a sa hloekang. Ke ile ka mo kōpa hore re mamele CD eo eohle. O ile a lumela. Ka mor’a moo, o ile a re ha aa utloa letho le belaetsang ka eona!”

Ka tlaase mona, ngola potso eo u ka ratang ho e botsa batsoali ba hao ka mecha ea phatlalatso ea elektronike.

[Lebokose le leqepheng la 27]

MOLAETSA O EANG HO BATSOALI

Na ngoana oa lōna ea lilemong tsa bocha o qeta nako e ngata haholo a sebelisa Inthanete ’me o romela le ho romelloa melaetsa e mengata haholo ea selefouno, kapa o qeta nako e ngata haholo a mametse MP3 ho feta eo a e qetang a e-na le lōna? Haeba ho joalo, le ka etsa’ng?

Ntho e ’ngoe eo le ka e etsang e ka ba ho mo amoha sesebelisoa seo. Empa le se ke la nka hore mecha eohle ea phatlalatso ea elektronike e fosahetse. Etsoe, mohlomong le lōna le sebelisa mocha o itseng oa phatlalatso oa elektronike oo batsoali ba lōna ba neng ba se na oona. Kahoo ho e-na le hore le amohe mocha sesebelisoa seo—ntle le haeba ho e-na le mabaka a le tlamang hore le etse joalo—ke hobane’ng ha le sa nke oo e le monyetla oa hore le koetlise mora kapa morali oa lōna hore a sebelise mecha ea phatlalatso ea elektronike ka tsela e bohlale le e loketseng? Le ka etsa see joang?

Lulang fatše ’me le buisane le mocha ka taba eo. Ntlha ea pele, mo bolelleng seo le tšoenyehileng ka sona. Ntlha ea bobeli, mo mameleng ha a bua. (Liproverbia 18:13) Ntlha ea boraro, buisanang ka hore na le ka rarolla bothata boo joang. Le se ke la tšaba ho mo behela lithibelo tse tiileng, empa le be le kahlolo e molemo. (Bafilipi 4:5) Ellen, eo ho builoeng ka eena pejana, o re: “Ha ke ne ke e-na le bothata ba ho lula ke romela melaetsa ka selefouno, batsoali ba ka ha baa ka ba nkamoha eona; empa ba ile ba mpehela melao. Tsela eo batsoali ba ka ba entseng lintho ka eona e nthusitse hore ke romele melaetsa ea selefouno ka tsela e leka-lekaneng, esita le ha ba sa mpone.”

Le ka etsa’ng haeba mora kapa morali oa lōna a leka ho ikemela? Le se ke la etsa qeto ea hore le ntse le hamela letanteng. Ho e-na le hoo, e-bang le mamello ’me le fe mocha nako ea hore a nahane ka taba eo. E ka ’na eaba o se a ntse a lumellana le lōna ’me o tla ntlafatsa moo ho hlokahalang hore a ntlafatse teng. Bacha ba bangata ba ikutloa joaloka mocha e mong ea bitsoang Hailey, ea reng: “Qalong, ke ile ka halefa ha batsoali ba ka ba ne ba mpolella hore ke lemaletse k’homphieutha. Empa hamorao, ha ke nahana ka taba eo, ka elelloa hore ba nepile.”

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Na u laola tsela eo ka eona u sebelisang lisebelisoa tsa elektronike kapa lia u laola?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela