Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/11 maq. 10-11
  • Likokoanyana Tsa Lero le Monate Limomonyane Tsa Lehoatateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likokoanyana Tsa Lero le Monate Limomonyane Tsa Lehoatateng
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Libululoana Tsa Lero le Monate
  • E-ea ho Bohloa
    Tsoha!—1990
  • Lebotho le Machang!
    Tsoha!—2003
  • Likokoanyana li Tsamaea Joang ka Tsela e Hlophisehileng?
    Na e Entsoe?
  • Mahe a Linotši—Setlhare se Tsoekere
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 5/11 maq. 10-11

Likokoanyana Tsa Lero le Monate Limomonyane Tsa Lehoatateng

MOTSOALLE oa rōna oa Moaborigin ea bitsoang Yuminiya, o batla ho re bontša tse ling tsa lintho tsa lehoatateng tseo re sa li tsebeng. O re isa letsoatlareng le ka leboea ho motse oa Alice Springs o Australia bohareng, moo a fihlang a shebisisa lehlabatheng le lengata. Tlas’a lifate tsa leoka, o bona likokoanyana tse tla re lebisa monateng oo re ntseng re o batla. Ke likokoanyana tsa lero le monate.

O epa ka matla, o latela mekoti ea likokoanyana tsena ’me o tebela tlaase lehlabatheng. Ho e-s’o ee kae o se a epile mokoti o botebo bo fetang mithara, o bulehileng hoo motho a ka lulang ka har’a oona. O hoeletsa a le ka mokoting o re: “Motho a ka tla neng kapa neng ho tla batla likokoanyana tsa lero le monate, empa nako e ntle haholo ke mariha kaha hlabula ho chesa haholo.” Re shebella motsoalle enoa ea tsebang seo a se etsang ha a ntse a hlahlobisisa mekoti. O re ho rōna: “U lokela ho tseba hore na u latela ofe.”

Ka mor’a nakoana Yuminiya o fumana seolo sa tsona. Ka har’a sona ho na le likokoanyana tsa lero le monate tse ka bang 20 ’me limpa tsa tsona tse tletseng lero le ’mala oa lamunu, li lekana le morara. Likokoanyana tsena tse nyenyane li leketlile holimo mokoting, li sitoa le ho sisinyeha ka lebaka la limpa tse bululohileng. Ka nako le motsotso Yuminiya o se a bokeletse likokoanyana tse fetang lekholo tseo a li fumaneng mekoting e seng mekae. O re: “Lero la likokoanyana tsena ke se seng sa lijo tse monate ka ho fetisisa libakeng tsena tsa mahaeng.”

Libululoana Tsa Lero le Monate

Likokoanyana tsa lero le monate ke mofuta o sa tloaelehang ka ho fetisisa mefuteng e fetang 10 000 e tsebahalang ea likokoanyana tse etsang liolo. Ho fapana le linotši tse bolokang mahe a tsona khekheng, likokoanyana tsa lero le monate li boloka lero la tsona likokoanyaneng tsa lero le monate tse nang le libululoana. Likokoanyana tsena tse nang le libululoana ke tsona tse fepelang seolo kaofela nakong ea ha ho se na lijo ka ntle ho seolo.

E le hore kokoanyana e kenye lero kapa e le ntše ka har’a e nang le sebululoana, e sebelisa manaka a eona ka tsela e khethehileng ho thetsa manaka a kokoanyana e nang le sebululoana. Kokoanyana e nang le sebululoana e bula molomo oa eona e le hore mpa ea eona e bulehe. Mpeng ea eona ho na le sekoahelo se khethehileng se laolang hore na ho kena lero le lekae le hore na ho tsoa le lekae. Nakong ea bophelo ba kokoanyana e nang le sebululoana, e leng likhoeli tse ’maloa, lero le ka har’a mpa ea eona le ka monngoa la ba la tšeloa ka makhetlo a ’maloa.

Ho tloaelehile hore likokoanyana tse nang le libululoana li se ke tsa tloha ka tlas’a lefatše moo li sa tšoengoeng ke komello, mocheso le likokoanyana tse jang tse ling. Sebakeng sena se lefifi se ka tlas’a lefatše, li itšireletsa libaktherieng le hlobong ka ho tlotsa ’mele ea tsona ka mokelikeli o thibelang likokoana-hloko o tsoang tšoeleseng e khethehileng.

‘Lero lee le monate’ le tsoa hokae? Le qala e le lero la lifate tsa leoka. Ebe hoaba ea le momona. Joale likokoanyana tsa lero le monate li momona lero leo hoaba e sa le hlokeng kapa li le lata ka ho toba lifateng. Qetellong li le tšela likokoanyaneng tse nang le libululoana. Bonneteng, kaha likokoanyana tse nang le libululoana ha li sebetse hakaalo, li ja hanyenyane ’me qetellong boholo ba lero le monate bo bolokoa ka har’a “libululoana”!

Empa ho etsahala’ng ka hoaba? Na ha ho na molemo oo e o ruang? O teng. Hobane likokoanyana tsena li e siela lero le lekaneng. Hape likokoanyana tsena li sireletsa hoaba hore e se ke ea hlaseloa ke likokoana-hloko le likokoanyana tse jang tse ling. Ka sebele, likokoanyana tsena le hoaba li rua molemo ka ho sebelisana ka tsela ena.

Bibele e re: “E-ea ho bohloa, . . . bona litsela tsa bona ’me u hlalefe. Le hoja bo se na molaoli, motsamaisi kapa ’musi, bo lokisa lijo tsa bona lehlabula; bo bokeletse phepelo ea bona ea lijo ha ho kotuloa.” (Liproverbia 6:6-8) Ruri mantsoe ana a opa khomo lenaka, etsoe likokoanyana tse etsang seolo joaloka bohloa, li sebelisana e le kannete, li hlophisitsoe ka tsela e tsotehang ebile li khothetse! Ka sebele hoa hlolla hore ebe likokoanyana tsena tse sebetsang ka thata tsa lehoatateng li hlahisa limomonyane tse joalo le hoja maemo a moo a se matle!

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Mpa ea kokoanyana e sasamalitsoeng ke lero le monate

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 11]

Pages 10, 11, top: M Gillam/photographersdirect.com; page 11: © Wayne Lynch/age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela