Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/11 leq. 32
  • Ntate-moholo oa Hae o ne a sa Tsoa Hlokahala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntate-moholo oa Hae o ne a sa Tsoa Hlokahala
  • Tsoha!—2011
Tsoha!—2011
g 11/11 leq. 32

Ntate-moholo oa Hae o ne a sa Tsoa Hlokahala

● Monna e mong o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Mexico, a re: “Ha ke Paki ea Jehova, empa ke rata limakasine tsa lōna haholo. E ’ngoe ea tsona e ile ea bua ka bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. E ile ea nkhahla. Ntate-moholo o sa tsoa hlokahala. Nka rata ho fumana libukana tse robeli tseo ke tla li fa ba lelapa la ka ho ba tšelisa.”

Bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa e araba lipotso tse kang e reng: Nka phela le ho sareloa ha ka joang? Le e reng ho na le tšepo efe bakeng sa bafu? E bontša seo Bibele e se hlalosang ka lefu le hore na boemo ba bafu ke bofe. E boetse e bua ka tšepiso ea Molimo ea ho tsosetsa batho lefatšeng le hloekisitsoeng la paradeise, a sebelisa Jesu Kreste.

U ka kōpa bukana ena ka hore u tlatse setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse bukana e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela